“Liqeto Tsa Molao ka Phekolo ea Tšelo ea Mali”
LEFU la morao-rao haholo, le leo ho bonahalang le tla ba kotsi ka ho fetisisa la lekholo la mashome a mabeli la lilemo, AIDS.” Ke tsela eo ka eona Ngaka L. A. Laskey (Ramahlale ea Moholo, mokhatlong oa Genentech) a hlalositseng bothata bo entseng hore ho tšoaroe seboka ka la 19-20 Loetse, 1985, Washington, D.C., U.S.A.
Mohlomong u tseba hore AIDS [lefu le etsang hore ’mele o sitoe ho itsireletsa mafung] e ’nile ea amahanngoa le lintho tse etsoang ka mali le litselo [tsa mali]. Lenaneo le ngotsoeng le e beile ka tsela ena:
“Ha ho taba le e ’ngoe ea bohlokoa bophelong mehopolong ea rōna e tsoetseng lipuisano tse ngata le ho tšoha ho hongata hakana har’a batho ka kakaretso. Palo ea batho ba tsoaroang ke AIDS e ka ‘na ea imena habeli selemong se tlang, ‘me Maamerika a mangata boo e ka bang a millione e le ’ngoe [le ba se nang palo ba linaheng tse ling] e ka ’na ea ba ama. Ka baka leo, tšitiso e lebelletsoeng ka molao e bakoang ke AIDS, e khōlō.”
Ba ka bang 200 ba akhang lingaka, babuelli ba molao le basebeletsi ba libanka tsa mali ba ile ba bokana sebokeng se neng se bua ka “Liqeto tsa Molao ka Phekolo ea Tšelo ea Mall.” Mesebetsi e mengata ea bona e ne e amahana le tšelo ea mali. Empa le ba bang ho Lipaki tsa Jehova ba bile teng. E re re ke re kopanele le uena tse qotsitsoeng ho se senotsoeng ke libui.
Litaba tsa bohlokoa e ne e le likotsi tsa ho jala AIDS ka mali le likotsi tsa molao bakeng sa bao khoebong ea bona ba bokellang, ba sebetsang kapa ba rekisang mali. Taba ena ea ho qetella e ile ea totobala puong ea pele e neng e bua ka ‘tlhophiso, paballo, le molao oa tsamaiso ea ho boloka mali.’ Ngaka P. J. Schmidt o itse molao o joalo ke oa lilemong tsa bo1600. Ngaka ea Lefora Denis o ile a ameha “nyeoeng ea pele ea tšebeliso e mpe ea tšelo” historing, ka ho tšela “mali a konyana ho mohlankana ea ileng a shoa.” Na molao o sa ntsane o hlokahala? Schmidt oa lumela: “Ke nahana hore li-sa-tsejoeng li ngata. Ho ntse ho le joalo, oona mosebetsi oa ho tšela [mali] ke phephetso e khōlō ea kamehla. Ka makhetlo a limillione ka khoeli naheng ena ke teko eo hangata e leng e ikhethang ea hore na ’mele o ka itšireletsa joang likokoaneng-hloko tse bakang mafu le boithutong ba hore na mafu a ata joang.”
Hamorao, Ngaka Paul Ness (Oa Sepetlele sa Johns Hopkins) o buile ka “Ho ka ’Nang Hoa Fosahala ka Tšelo [ea mali].” O ile a Ikutloa hore ka ’metsotso e mashome a mararo feela ho thata haholo ho bua ka sohle se ka fosahalang ka tšelo ea mali.’ Ha e le hantle, o ne a rerile ho bontša slide se reng, “Temoso,” joalokaha eka e ne e le tlhokomeliso, “phoso e ka ’nang ea hlaha ka tšelo ea mali ke ena,” a thathamisa “lintho tse ka bang 50 tse sa tšoaneng . . . [Empa] ke ile ka tseba hore letoto leo e ne e ke ke ea e-ba le feletseng ka tsela leha e le efe.”
Ngaka Johanna Pindyck (oa Lenaneo la Mali la New York e Kholoanyane) o boletse hore ‘lefu la sebete ke bona bothata bo matla haholo ba mafu a tšoaetsanoang ka tšelo ea mali boo re talimaneng le bona lefapheng la tšelo ea mali.’ Lefu lena la sebete le bakoang ke tšelo ea mali “ho nahanoa hore bonyane le bakoa ke likokoana-hloko tsa mefuta e ’meli, empa ha ho e-s’o tsebahale hantle hore na ke tsa mofuta ofe. Boithuto bo tsoetse pele ka lilemo tse ngata, tse 10 ho isa ho tse 15, empa ha rea s’o sibolle sesosa.” Mabapi le litlhahlobo tse molemo ka ho fetisa tse teng tsa ho sireletsa mali lefung lena la sebete, o hlalositse: “Nka re, mohlomong hona joale ho hlahlojoa karolo ea 10 lekholong kapa e ka tlaasenyana ho moo ea phepelo ea mali.”
Ngaka Pindyck le ba bang ha ba bua ka AIDS ba boletse tšepo ea hore litlhahlobo tsa hona joale tse sirelelitsoeng li nolofaletsa libanka tsa mali hore li batle li felisa “tšelo ea mali e le mohloli oa ho jala AIDS.” Na li ka ho etsa? Ngaka Laskey hamorao o boletse hore litlhahlobo tsa hona joale ‘li hloka chelete e ngata haholo, ho kotsi ho li etsa ’me ha lia nepahala ka ho feletseng.’ Ho thoe’ng ka mokhoa o qaphoeng bocha oo a ikutloang hore o phahame haholoanyane? O boletse ka liteko tse entsoeng ka bakuli ba nang le AIDS kapa Marang-rang a Amanang le AIDS. Ho ba ’maloa ho bona, litlhahlobo li hlolehile ho senola hore ho na le kamano le AIDS. O itse ‘Ha ho [tlhahlobo le e ’ngoe] e ka beng e fumane’ AIDS.
Kahoo u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba nahana ka ho boloka mali a bona kapa ho amohela mali a tsoang ho motsoalle kapa mong ka bona feela. Empa Ngaka Joseph Bove (Sepetleleng sa Yale-New Haven) o hanyelitse sena ka maikutlo a hore ho tla hloka chelete e ngata ’me ho tla baka likhaello. A phaella: “Se seng sa lisosa tse khōlō tsa mafu a amanang le ho tšeloa mali ke liphoso tsa basebetsi, ho tšela mali a fosahetseng ho motho ea fosahetseng. Ke lihlong . . . ho bolela hore ka 1985, ka boqapi bohle ba tsa mahlale boo re nang le bona, ka li-computer le ntho e ’ngoe le e ’ngoe, re ke ke ra tšela botlolo e nepahetseng ea mali ho mokuli ea nepahetseng. Empa ’nete ea taba ke hore, ha re ho etse kamehla, ’me ke kamoo re bolaeang batho kateng.”
Ka lebaka leo, ba neng ba bokane ba buile ho hongata ka liqeto tsa molao. Banka ea mali e ka itšireletsa joang khahlanong le liqoso tsa mosebetsi o bohlasoa? Ha joale e le mona litlhahlobo li fumaneha, haeba litlhahlobo tsa mali a mofani li bontša AIDS, na banka ea mali e lokela ho hlokomelisa ba amohetseng mali a hae lilemong tse seng kae tse fetileng? Ngaka Schmidt (motsamaisi oa banka ea mali) o itse: “Hona joale ke hanana le tlhokomeliso eo. Re etsa feela seo re lokelang ho se etsa, e seng ho feta moo.” Na ho lokeloa hore ho fumanoe litaelo tsa lekhotla ho qobella mali ho ba a hanang, ba kang Lipaki tsa Jehova ba hanang ka mabaka a bolumeli?
Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova ho ile hoa nahanoa ka tsona puong ea Ngaka Willlam Dornette, “Liqeto ka Bohlasoa le Boikarabello.” O hlalositse hore motheo o mong oa hore Lipaki li hane mali “ke khaolo ena e tsoang ho Genese [9:3, 4]. ‘Me ka ho toba e bolela hore ‘ke le neile tsona tsohle. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.’” Boemo boo ke bo utloahalang hakae, hona Lipaki tsa Jehova li na le tokelo efe ea molao ea ho hana mali?
Dornette, ngaka ea meriana le ea molao, a lemosa: “Ka lilemo tse ngata litho tsa tumelo ea Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa nkoa e le lequloana la mekhelo e sa tsebeng hore na e etsa’ng, hobane “na lefapha la bongaka, ngaka, ke tsebanyane.’ Re tlameha ho hlokomela hore, pele ho tsohle, ke batho ba tebileng bolumeling. Hoa bobeli, ke baahi ba Amerika . . . Hoa boraro, ba fela ba e-na le tokelo ea ho sebelisa bolumeli, ’me ba thahasella ho phela hantle. . . . Ba lumela tlhokomelo ea meriana. ’Me ke nahana hore re lokela ho hlompha litokelo tsa bona e le batho ka bomong ho sebelisa bolumeli ka bolokolohi.” A eketsa: “Ho hlōleha ho fumana tumello efe kapa efe ke bompoli. Ho hlōleha ho fumana tumello ea ho tsela mali ke bompoli. . . . Haeba mokuli ea bohlale le ea nang le tlhalohanyo a u hanela, u itokollotse ho pepesetsoeng ho ikarabella ka lekhotleng la molao.”
Sebui se seng, ’muelli oa molao Susan Lentz, a hatisa sena, a re: “Ke hoa bohlokoa ho utloisisa hore tumello e fanoeng ka tlhalohanyo e na le seo e hlileng e se bolelang hafeela u hlokomela hore ha e akarelletse feela tokelo ea ho fana ka tumello empa hape le tokelo ea ho hula tumello.” A eketsa ka hore “selemong sona sena feela ho bile le liqeto tse tharo kapa tse ’nè [tsa lekhotla] tse tiisang litokelo tsa bakuli ba Lipaki tsa Jehova ho hana tselo ea mali.” A qetella ka hore: “Ha seo le se utloileng ka letsatsi le fetileng le halofo ea letsatsi mabapi le AIDS le mathata a amanang le eona se fetoha bothata bo boholoanyane, bonyane likelellong tsa batho feela, mathata a amanang le ho hana [tšelo ea mali] le oona a tla eketseha.”
(U tla fumana boitsebiso bo eketsehileng ka AIDS ho Tsoha! ea May 8, 1986.)
[Lebokose le leqepheng la 26]
Na bakuli ba ka ba le tšepo ea hore banka ea mali e tla khona ho fumana mali a silafalitsoeng ke AIDS? Ngaka Myron Essex, molula-setulo oa lefapha la khōlo ea kankere Sekolong sa Harvard sa Bophelo ba Sechaba, o sa tsoa re: “Ha ho bonahale ho ka etsahala hore ebe tlhahlobo ena e fumana ho fetang karolo ea 90 lekholong, ’me ’na hamolemo haholo ke nahana hore ke karolo ea 75 ho isa ho ea 80 lekholong. Nka makala haholo haeba ekaba molemo ho feta moo”—The New York Times, la 4 Mphalane, 1985.
[Lebokose le leqepheng la 27]
“Tlhahlobo e ncha ea mali, e ananetsoeng ngoahola ka ’Mesa le e sebelisoang ke libanka tsohle tsa mali, e fumana feela boitsireletso ba ’mele kokoaneng-hloko e bakang AIDS, HTLV-llI. Ka bomalimabe hoo e sa ho fumaneng ke batho ba nang le kokoana-hloko e patehileng e tšoaetsanoang ea AIDS ’me ’mele ea bona e e-s’o khone ho itšireletsa kokoaneng-hloko ea AIDS . . . Kahoo, palo e nyenyane empa e le ea bohlokoa ea batho ba ka bang millione o le mong bao ho patehileng ka ho bona kokoana-hloko ea AIDS ba sa ntsane ba sa tl’o senola boitsireletso ba ’mele khahlanong le kokoana-hloko mokhoeng o lateloang hona joale oa litlhahlobo libankeng tsa mali.”—Sanford F. Kuvin, M.D., Jerusalema, la 17 Pulungoana, 1985.