Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Na Lipaki tsa Jehova li tiile ka bonyollo joalokaha li tiile ka mokhoa o kotsi oa koae har’a litho tsa tsona?
Lipaki tsa Jehova li nka boemo bo theiloeng Bibeleng khahlanong le koae, ’me ka ho tšoanang li amohela mokhoa oo Bibele e nyatsang bonyollo ka oona.
Li lumela hore ho tsuba ho tlōla metheo ea Bibele. Ho tsuba ho ama ho lemalla bokoali. Ho feta moo, hase tlhaho ho phefumoloha mosi. Mosi o silafatsa ’mele, o baka mathata a bophelo, ’me o khutsufalitse bophelo bo ka beng bo sebelisitsoe thorisong ea Molimo. Ho tsuba ho boetse ho silafatsa ka mokhoa o kotsi moea oo ba bang ba o phefumolohang, ka sebele hoo ha se ho rata bao ho ahisanoeng le bona.—2 Ba-Korinthe 7:1; Ba-Roma 12:1; Mareka 12:33.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho ja ka bonyollo? Ho hlakile hore Bibele e nyatsa bonyollo, e leng ho ja ka meharo kapa ho ja ka ho fetisisa. Mora oa Moiseraele eo e neng e le “mohlakafollela [monyollo] le letahoa” ea sa bakeng o ne a lokela ho bolaoa. (Deuteronoma 21:18-21) Liproverbia e lemosa khahlanong le ‘ho tloaelana le manyolo-nyolo [menyollo].’ (Liproverbia 28:7; 23:20, 21) Bonyollo hape bo fosahetse kaha re bolelloa hore “litlofa [menyollo]” li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo. (1 Bakorinthe 6:9, 10, TLP; bapisa 1 Petrose 4:3; Ba-Filippi 3:18, 19.) Balebeli ba Bakreste ba lokela hore ba “be le boitšoaro” e seng e be “menyollo e botsoa.” (Tite 1:8, 12, TLP) Hona ho tebile hoo balebeli ba bang ba tlositsoeng ka lebaka la ho ja hoa bona ho se nang boitaolo.
Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore, ho lekanyetsa hore bonyollo bo entsoe ha ho bonolo. Ho ja (ha ho bapisoa le ho phefumoloha mosi oa koae) ke ntho ea tlhaho le e loketseng. Leha e le hore ho nona ke bopaki feela ba bonyollo; motho ea mosesaane haholo e ka ’na ea e-ba monyollo. Bibele ha e nyatse botenya empa e nyatsa ho ja ka ho tlolisa, ho ka ’nang kapa ho fellang ka ho nona.
Batho ba bang ba nonne ka lebaka la ho se sebetse hoa mekotlana ea maro kapa lefu, le hoja setsebi Judith Rodin a e-na le maikutlo a hore ke feela “karolo ea 5 lekholong ea bohle ba nonneng ba ho bakeloang haholo-holo ke mathata a bophelo.” Lefutso le ka ’na la sekamisetsa motho ho noneng. Ngaka William Bennett o-oa hlalosa: “Batho ba bangata ba nonneng ba nontšoa ke ho ja se ka ’nang sa jeoa ke motho ea itekanetseng feela . . . ’Mele ea bona e monya lijo ka mokhoa o fapaneng.” Bo-ramahlale ba itseng ba bile ba ikutloa hore haeba motho ea nonneng a e-ja hanyenyane, ’mele oa hae o theola mokhoa oo o silang lijo ka oona e le hore o sebelise butle tse fanang ka matla. Empa le haeba motho ea nonneng e se monyollo ka kutloisiso ea hore o ja ka meharo, ho ka ’na hoa hlokahala hore a sebelise keletso ea Molimo ka ho teba haholoanyane.
Ka mohlala, Bakreste ba lokela ho hlaolela boitšoaro le ho jeng. (Ba-Galata 5:22, 23; 2 Petrose 1:5-8) Moapostola Pauluse o phehelletse Mokreste hore a tšoane le semathi ‘se nang le boitšoaro linthong tsohle.’ Pauluse ‘o ile a hlokofatsa ’mele oa hae ’me a ithapisetsa oona e se re a fumanoa a sa amohelehe.’ (1 Bakorinthe 9:24-27, TLP) Motho ea nonneng a ka ’na a ba le lebaka la ho ‘hlokofatsa ’mele oa hae’ ka ho re na o ja hakae, o ja eng, o ja neng le hona joang.a
Ho nona ho ka ba kotsi. Litlaleho li bontša hore ho nona ho ka tšoarisa lefu la phallo e holimo ea mali le ho eketsa nyooko, le hore motho a tšoaroe ke lefu la tsoekere a se a le moholo, mefuta e mengata ea kankere, pelo, le mafu a mokotlana oa nyooko, serame, le mathata a phefumoloho. “Motho ea nonneng ka karolo ea 20 lekholong o talimane le lefu ka tekanyetso ea e le ’ngoe ho tse tharo ho se tloaelehileng; ho ba nonneng ka karolo ea 30 ho isa ho ea 50 lekholong, litekanyetso ke karolo ea 50 le 100 lekholong ka ho latellana.” (The New York Times, la 27 Tlhakola, 1985) Litlaleho tse tšoanang tsa mathata a bophelo li hlaha Engelane, Jeremane, le Italy.
Ka ’nete Mokreste o batla ho ‘rata Jehova ka pelo, moea, khopolo, le matla tsa hae tsohle.’ (Mareka 12:30) Ba bangata, ha ba ithuta Bokreste ba tlohela ho tsuba ho ipoloka ba phela hantle le hore ba ’ne ba phele. Na Bakreste ba ke ke ba ameha ka ho tšoanang ka ho nona ka lebaka la ho ja ka ho tlōlisa hobane ho ka ’na hoa senya ’mele ea bona le bophelo ba bona bo nehetsoeng ho Jehova?
Batho ba bang ba ja haholo ha ba hloname, ba tsielehile, ba hlorile, kapa ba halefile. Ha ho ba Mokreste ho sa thibele boikutlo bona ka ho feletseng, ho e-na le ho itopolla ka ho ja ho sa hlokahaleng, Mokreste a ka retelehela ho Molimo le ho baena ba hae. Ntlheng ena bala Ba-Filippi 4:6, 7, 11-13. Le bona bo-ramahlale ba nkang hore motho o na le tšekamelo ea tlhaho ea ho ba le ’mele o itseng ba lumela hore hona ho ka fetoloa. Ba hatella hore ho fokotsoe lijo tse nang le mafura a mangata le ho eketsa mosebetsi o etsoang ka matla. Ho thahasellisang, libakeng tse ngata Mokreste ea kopanelang kamehla tšebeletsong ea ntlo le ntlo o tsamaea haholo le ho nyolosa haholo ka mokhoa o phelisang. Pauluse le eena, ‘o sebelitse le ho ba maqakabetsing’ tšebeletsong.—2 Bakorinthe 11:26, 27, TLP.
Ka hona, Lipaki tsa Jehova li nyatsa bonyollo ka lebaka la seo Bibele e se buang. Ho sa tsotellehe hore na ’mele oa tsona o mokae, li loanela ‘boitšoaro linthong tsohle,’ ho akarelletsa ho ja. Hona hase haholo-holo ka lebaka la hore na se tloaelehileng ke eng empa hobane li batla ho phela ka metheo ea Bibele le ho ba Bakreste ba mafolofolo ba amohelehang ho Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hakae: ka ho tsitsa a e-ja hanyenyane nako le nako. Eng: a fokotse lijo tse se nang thuso tse nang le starch le lino tsa soda, lipong-pong le mafura, a kang botoro le lioli, bakeng sa lijo tse matlafatsang le tse leka-lekaneng. Neng: a sa kenye lijo tse bobebe lipakeng kapa ka lekunutu. Joang: a e-ja butle haholoanyane.