Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
“Ho lehlohonolo motho ea . . . [ithabelang] molaong oa Jehova.”—PESALEME EA 1:1, 2.
1. Ke bo-mang ba abetsoeng ho ruta ba bang ‘litaba tse senotsoeng’ ke Jehova?
KAHA ‘litaba tse senotsoeng’ ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa ho pholoha hoa rōna, Jehova o atisa ho abela ba ikarabellang hore ebe baruti ba ’nete e senotsoeng. (Deuteronoma 29:29) Iseraele, baprista le Balevi ba ne ba phetha tšebetso ena. (Levitike 10:8-11; 2 Likronike 35:3) Batsoali ba Baiseraele le bona, ba ne ba ruta bana ba bona. (Deuteronoma 11:19; Liproverbia 6:20) Lekholong la pele la lilemo C.E., baholo ba khethiloeng ka tšoanelo ba ne ba sebeletsa e le baruti phuthehong ea Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me batsoali ba Bakreste ba ne ba khothalletsoa ho ruta bana ba bona. (Ba-Efese 6:4; 1 Timothea 3:2; 2 Timothea 2:2) Ho phaella moo, Mokreste e mong le e mong o ne a ikarabella bakeng sa ho tsebahatsa lintho tseo Jehova a li senotseng ho ba neng ba sa le kantle ho phutheho ea Bokreste.—Liketso 1:8.
2. Na ho lekane ho itšetlehile ka ba bang ha ba re ruta Lentsoe la Jehova? Hlalosa.
2 Empa na ho lekane ho itšetleha ka ba bang hore ba re rute Lentsoe la Molimo? Che. E mong le e mong ho rōna o-oa ikarabella bakeng sa ho ithuta ‘litaba tse senotsoeng’ ke Jehova. Kahoo, mopesaleme o ile a ngolla Baiseraele ’moho le eena: “Ho lehlohonolo motho ea . . . [ithabelang] molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.” (Pesaleme ea 1:1, 2) Moapostola Petrose le eena, o ile a khothaletsa barapeli ’moho le eena, a ngola: “Le lapele . . . lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le hōlele poloko ke lona.”—1 Petrose 2:2.
3. Tšekamelo ea tlhaho ea ba bangata mabapi le ho ithuta e hloka eng?
3 U talima thuto ea Bibele joang? Haeba u ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla, ha ho pelaelo u utloa lipuisano tse monate tse theiloeng Bibeleng. ’Me haeba ‘u holetse ’neteng,’ joalokaha ba bang ba bolela, ha ho pelaelo batsoali ba hao ba u rutile ‘litaba tse ngata tse senotsoeng’ ke Jehova. Empa ntle ho moo, na uena u ithuta Bibele? Ho totobetse hore mopesaleme o ne a thabela mofuta o joalo oa thuto, empa mohlomong uena ka bouena ha u ho fumane ho le bonolo. Haeba ho joalo, ha u mong. ’Nete ea hore Petrose o ile a susumelletseha ho khothaletsa balumeli ’moho le eena hore ba “lapele . . . lebese la moea” ho hlahisa hore thuto ea botho e ke ke ea itlisa ka tlhaho ho ba bangata. Empa re ka ithuta ho e thabela. Joang?
4. Ke eng e bontšang hore thuto ea botho e ka etsoa hore e be e hapang thahasello haholoanyane?
4 Ho thoe’ng haeba u ne u bolelloa hore u cheke mokoti o tebileng fatše? Ntle le haeba ka tlhaho u sekametse ho etsa mosebetsi o thata, mosebetsi oa lipotomane, u ne u ke ke oa thahasella mosebetsi oo. Empa ha re re u ne u bolelletsoe hore ho na le letlotlo le tsetetsoeng fatše moo? Joale mosebetsi oa ho cheka o ne o ke ke oa bonahala o le thata hakaalo! O ka ba oa ’na oa thahasellisa, kaha u tla be u lebelletse ho tsetolla letlotlo le patiloeng. Ka ho tšoanang, esita le haeba u se motho ea tloaetseng ho ithuta ka tlhaho, ho ithuta e ka ba ntho e thahasellisang le e khathollang haeba u e-na le boikutlo bo nepahetseng. ’Me ho na le litsela tsa ho hlaolela boikutlo bona.
Hlaolela Boikutlo bo Nepahetseng
5, 6. Hlalosa a mang a mahlohonolo a ke keng a bapisoa ao re a fumanang ka Lentsoe le senotsoeng la Jehova.
5 Pele, nako le nako re lokela ho nahana hore na rena le letlotlo lefe ka Bibeleng. Moapostola Pauluse o itse: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo!” (Ba-Roma 11:33) Merero ea Jehova, e ileng ea senoloa butle-butle ka lilemo tse liketekete, ke e hlollang, e re bulelang tšepo e babatsehang le e tiileng. Keletso ea ho phela eo Jehova a entseng hore e tlalehoe ka Bibeleng kamehla e-ea atleha ha e sebelisoa. (2 Timothea 3:16) Hase feela mopesaleme a bileng a bina: “Tšenolo ea mantsoe a hao ea elisa, e nea lithoto kutloisiso”!—Pesaleme ea 119:130.
6 Ho feta moo, Bibele e fupere menahano ea Molimo, ’me ka ho ithuta menahano ena, re atamela ho oona haholoanyane. (Jakobo 4:8) Hape, re romiloe ho ea ruta ba bang hore ebe barutuoa ba Jesu. (Mattheu 28:19, 20) Kaha Bibele ke kofuto ea rōna e khōlō mosebetsing ona, ho hlokahala re ithute eona e le hore re ka e sebelisa hamolemo. (Ba-Efese 6:17; 2 Timothea 2:15) Ntlha ea ho qetela, ho tlatsa likelello tsa rōna ka menahano e theiloeng Bibeleng ho ea re sireletsa, ho re thusa ho tsamaea ka botšepehi ba rōna le ho qoba lipelaelo tse ka fokolisang tumelo le mehopolo e fosahetseng.—Liproverbia 4:5, 6; 20:7; Ba-Filippi 4:8.
7, 8. Mabapi le ‘litaba tse senotsoeng,’ ke hobane’ng ha re hlohonolofatsoa haholoanyane ho feta bahlanka ba Molimo ba mehleng e fetileng?
7 Hape, hlokomela hore kajeno re khona ho ‘utloisisa le bahalaleli bohle bophara, le bolelele, le botebo’ ba ’nete ka tsela eo bahlanka ba Molimo ba neng ba ke ke ba ho etsa nakong e fetileng. (Ba-Efese 3:14-18) Empa hopola, Abrahama o ile a siea lehae la hahabo ’me a ea phela litenteng le hoja bophelong ba hae a ne a ke ke a bona ho phethahala hoa litšepiso tsa Molimo. (Ba-Heberu 11:8-10) Le Daniele o ile a kōpa kutloisiso ea lipono tseo a neng a li bona empa a bolelloa: “Litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo.” (Daniele 12:8, 9) Kajeno, ke khale Peō eo Abrahama a neng a e lebelletse e hlahile. Hona joale, re phela “nakong ea bofelo” ha moelelo oa boholo ba seo Daniele a se boneng o ekelitsoe kutloisisong ea rōna ea ‘litaba tse senotsoeng.’
8 Moapostola Petrose o ngotse: “Poloko eo ke eona e kileng ea batloa haholo, ea ba ea botsisisoa ke baprofeta ba profetileng mohau o le hlahetseng. ’Me ba senoletsoe hoba e ne se ka baka la bona, empa e le ka baka la lōna, ba neng ba beiloe basebetsi ba tseo le li behetsoeng . . . e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela har’a tsona.” (1 Petrose 1:10, 12) Kaha hona joale Jehova o chabisitse leseli holim’a lintho tse ngata haholo tseo baprofeta ba pele ba neng ba labalabela ho li tseba, ka tieo a re nkeng linnete tsena e le tse molemo ’me re se ke ra li nka habobebe.
9, 10 Ke mehlala efe e lokelang hore etsa hore re ananele bolokolohi boo boholo ba rōna re nang le bona ba ho tšoareha thutong ea Bibele ea botho?
9 Hore re be le boikutlo bo nepahetseng, re lokela ho ananela kamoo ba bang ba ileng ba lokela ho loana ka thata e le hore ba ka ithuta Bibele. Mehleng ea William Tyndale, e ne e le tlōlo ea molao ho motho ofe kapa ofe oa Lenyesemane ho rekisa, ho reka, kapa ho bala phetolelo ea Mangolo a Segerike ka puo ea habo. John Foxe, ’moleli oa lekholong la bo16 la lilemo oa Puritan, o tlalehile se etsahetseng ha Moprostanta e mong ea neng a sa tsoa sokolloa a khukhuntša Libibele ho li isa Spain. O ile a ekoa ’me a chesetsoa thupeng, ’me ba 800 ba ileng ba reka Libibele ba tšoaroa. Ba mashome a mabeli ba ile ba halikoa ba totometsoe thupeng. Ba bang ba kenngoa teronkong bophelo bohle, ba shapuoa phatlalatsa, kapa ba romeloa ho ea etsa motsebetsi o boimahali. Palo e fokolang ea khaoloa melala.
10 Le mehleng ea kajeno, Lipaki tsa Jehova ka linako tse ling li ile tsa tlameha ho ithuta Bibele li tobane le likotsi tse tebileng. Ha li le likampong tsa mahloriso kapa literonkong, li ile tsa ipea kotsing ea ho tšoaroa kapa ho bolaoa ha li leka ho fumana Bibele. Moromuoa e mong, ea ileng a kenngoa teronkong a le mong ka lebaka la tumelo ea hae, o ile a ngola fatše mangolo ’ohle ao a neng a ka a hopola ebe joale o thalatsa mahlo pampiring ea litaba ea “bolumeli” bakeng sa ho fumana litemana tsa Bibele tse neng li ka hlaha mona le mane. Ka lilemo, oo e bile oona mokhoa feela oa ho bala Bibele. E, ha Bibele e thibeloa, Bakreste ba labalabela ho e bala. Na re lokela ho nyehlisa ha, mabakeng a mangata, seo re lokelang ho se etsa feela e le ho e nanabela rakeng ya libuka?
11. Na ’nete ea hore boitsibiso bo itseng ho buisanoa ka bona khafetsa e lokela ho re etsa hore re amehe hanyenyane ka ho ithuta Bibele?
11 Ba bang ba boletse hore ba ka arabela lipotso tse makasineng oa Molula-Qhooa ntle ho bothata bo bokaalo kahobane boitsebiso bo bong boa phetoa. Ka lebaka leo, ha ba bone ho hlokahala ho ba le thuto ea botho. Ba joalo ba nyenyefatsa molemo oa pheta-phetane. Mopesaleme o ne a rata likhopotso tsa Jehova, kahoo le rōna re lokela ho li rata. (Pesaleme ea 119:119, NW) Hopola, lefatše le ntse le re hoka ka mashano a boitšoaro le a lintho tse bonahalang. Kahoo ho hlokahala re matlafatse likelello tsa rōna khahlanong le lona ka likhopotso tsa Bibele tse pheta-phetoang.
Sebeletsa Ho Hlōla Mathata
12. Fana ka litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho hlōla bothata ba ho fumana nako ea ho ithuta Bibele.
12 Motho ea nang le boikutlo bo nepahetseng ka ho ithuta Bibele hangata u tla fumana tsela ea ho ithuta, empa hona ho ka ’na hoa e-ba thata. Ho ka ’na hoa e-ba le mathata ao a lokelang ho a hlōla. Ka mohlala, ke hokae moo re ka fumanang nako ea ho ithuta bophelong ba kajeno bo maphatha-phatha? Bohato ba pele ba ho rarolla bothata bona ke ho hlokomela hore ho ithuta Bibele hoa hlokahala, joaloka tšebeletso ea tšimo le ho ba teng libokeng. (1 Timothea 4:15) Joale re ka hlahloba mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi bakeng sa ho ho fumanela sebaka. Ba bang ba khona ho ithuta ha ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba. Ba bang ba mamela ’malo oa Bibele likaseteng ha ba qhoba makoloi kapa ba sebetsa ka tlung. Ho na le ba bang ba ithutang nakong ea bona ea khefutso mosebetsing bakeng sa lijo tsa motšehare. Ba bang ba tsoha e sa le hoseng ebe ba ea ithuta pele mesebetsi ea letsatsi e qala kapa ba qete nako ba ithuta mantsiboea kamor’a hore bana ba robale. Hangata re lokela ho reka nako mesebetsing e meng—mohlomong le linakong tsa ho phomola—bakeng sa ho ithuta. (Ba-Kolosse 4:5) Empa ba bangata ba fumana kapele hore ha ba hloke mekhoa e meng ea ho phomola hobane ho ithuta ka bohona ha e le hantle hoa ba khatholla.
13. Re ka thusoa joang ho bea maikutlo a rōna tabeng eo re ithutang eona?
13 Ba bang ba fumana e le bothata ho bea maikutlo tabeng. Ba thatafalloa ke ho khaotsa ho nahana ka mathata a bona a letsatsi le letsatsi ’me ba bee maikutlo a bona thutong ea Bibele. Thapelo e ka thusa ho hlōla bothata bona. Pele u qala ho ithuta, ke hobane’ng ha u sa lebohe Jehova bakeng sa lintho tseo a li senotseng ’me o mo kōpe hore a u thuse ho bea maikutlo ho tsona le ho lemoha molemo oa tsona? (Ba-Filippi 4:6; 2 Timothea 2:7) Thapelo e joalo e lumellana ka botlalo le thato ea Jehova bakeng sa rōna. (1 Johanne 5:14) Ho ikhalemela le hona ke hoa bohlokoa, haholo-holo qalong. (1 Ba-Korinthe 9:25) Baberea ba ne ba hlahloba Lentsoe la Molimo kamehla. (Liketso 17:10, 11) Mohlala oa bona o motle. Ho ithuta kamehla hamorao e tla ba ho thahasellisang, ’me mohlomong u tla be u ho lebelle, ho se ho sa hlokahale hore u iqobelle ho etsa joalo.
14. Ke hobane’ng ha tulo e khutsitseng e lakatseha ha re tšoarehile thutong ea botho?
14 Tulo e tšoanelehang le eona e ka thusa bakeng sa ho bea maikutlo tabeng. Isaaka o ile a tsoela naheng ha a batla ho thuisa—hōle le lerata le bakoang ke ho tsukutleha hoa litente. (Genese 24:63) Ke ’nete, hase bohle re ka fumanang sebaka se khutsitseng sa ho ithuta se se nang litšitiso ho hang, empa kamehla re ka fokotsa litšitiso tse re pota-potileng. Ho ithuta o buletse thelevishene kapa ho e-na le lerata la seea-le-moea kamorao ho ke ke hoa bea litholoana—kapa ho ke ke hoa thahasellisa—ho feta ho ithutela kae-kae moo ho khutsitseng. Re ke ke ra qoba litšitiso kamehla, empa boholo ba rōna ka sebele re ka fumana sebaka se batlang se khutsitse bakeng sa ho ithuta.
15. Ke litsela life tse ling tse sa reroang tsa ho rua tsebo ea Bibele?
15 Ho ka ’na hoa e-ba le bothata bo bong: Ba bang e ka ’na eaba ha ba tsebe mokhoa oa ho ithuta. Haholo-holo mehleng ena, ho ke ke hoa nkoa habobebe hore bana ba ithuta mokhoa oa ho ithuta sekolong, ’me le bao e leng khajana ba tsoile sekolong ba ka ’na ba lebala mokhoa oa ho ithuta. Empa ha e le hantle, ho ithuta ha ho hlile ha ho thata. Ho ka ba bonolo joaloka ho bala lihlooho tse u khahlang bukeng ea Aid to Bible Understanding kapa ho bala New World Translation Reference Bible. Ho mamela ’malo oa Bibele likaseteng kapa ho latela mekhoa ea ho batlisisa ea botho ke litsela tse ling tsa ho ithuta. Na u se u lekile ho thalatsa mahlo litokollong tse fetileng tsa makasine oa Molula-Qhooa kapa Tsoha! le ho bala lihlooho tse u khahlang? Ke ’nete hore hona hase thuto eo u beileng maikutlo a hao ho eona, empa ho tla u thusa ho hōlisa ho thabela hoa hao Lentsoe la Jehova.
16. Morero oa rōna e lokela ho ba ofe ka ho ithuta bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke?
16 Empa ho thoe’ng ka ho ithuta ka ho teba, ka mohlala, joalokaha u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke? Bakeng sa thuto e joalo, ho hlokahala hore seithuti se be le sepheo kelellong. Sepheo sa mofuta ofe? Tabeng ea ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, seithuti se lokela ho lakatsa ho fumana molemo o moholo ‘lijong’ tse lokiselitsoeng ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ‘ka nako ea teng’ ’me hape se lokela ho lakatsa ho thusa ba bang ka litlhaloso tsa sona sebokeng. (Mattheu 24:45) Se ka etsa see joang? Ha ho melao, empa tlhahiso ke ena:
17, 18. (a) Fana ka litlhahiso tse ling tsa kamoo seithuti se ka lokisetsang Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke. (b) Fana ka litlhahiso tseo u li fumaneng li le molemo thutong ea botho. (Bona botlaaseng ba leqephe.)
17 Pele, bala sehlooho seo kaofela, mohlomong hang ho ba u fumane kopi ea hao ea Molula-Qhooa. Ho bala ho joalo e sa le pele ho ka ’na hoa u nka metsotso e 20 feela, empa ho tla u fa maikutlo a akaretsang a lintlha tse khōlō le moko oa sehlooho seo. Ha nako e fihla ea ho ithuta sehlooho seo ka matla, lula fatše u nkile Bibele le pene kapa ntho e ’ngoe eo u ka tšoaeang ka eona. Ebe joale u bala serapa sa pele ka hloko, u hlokomela likhang le tsela eo menahano e beiloeng ka eona. Hlahloba mangolo leha e le afe a beiloeng serapeng empa a sa qotsoa ’me u bone hore na a beiloe serapeng moo ka lebaka lefe. Ebe u bala potso ea serapa seo ’me u bone hore na u tseba karabelo ea eona. Hoba u fumane karabelo, thalla mantsoe a seng makae serapeng a tla u hopotsa karabelo eo ha u le Thutong ea Molula-Qhooa. Ka thoko ho leqephe, u ka ’na oa lakatsa ho ngola hakhutšoanyane ka mangolo ao u a talimileng, lintlha tseo u ratang ho fuputsa ka ho eketsehileng ka tsona, le tse ling tse joalo.
18 Ha u qetile sehlooho sohle ka tsela ena, talima lipotso tsohle tse ka lebokoseng le rutang qetellong ea sehlooho seo ’me u bone hore na u utloisisitse lintlha tsa sehlooho. Haeba ho e-na le lipotso tseo u ke keng oa li arabela, khutlela sehloohong seo ’me u iphumanele karabo ka bouena. Haeba u etsa sena matsatsi a seng makae pejana ho Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke, u ka ’na oa ho fumana ho le molemo ho nyemotsa sehlooho seo feela letsatsing la thuto ho ikhopotsa taba e ithutoang.a
Ho Thuisa Hoa Hlokahala
19. Ho thuisa ho ka u thusa ho hōlisa lerato la hao joang bakeng sa Lentsoe la Jehova?
19 Hopola hore thuto e lokela ho akarelletsa ho thuisa. Ho ithuta u sa thuise ho tšoana le ho ja qati e sa sebetse. Kahoo, nahanisisa ka seo u ithutang sona. Leka ho se amahanya le lintho tse ling tseo u li tsebang. Se ama bophelo ba hao joang? U ka se sebelisa ho thusa ba bang joang? (Liproverbia 15:28) Ithute ho bea tlhokomelo linthong tse eketsehileng. Bua le ba bang ka seo u ithutang sona. Arolelana le ba bang lintho tseo u li fumaneng bocha. (Liproverbia 27:17) Hona le hona ho tla hōlisa thabo eo u e fumanang Bibeleng.
20. Hlalosa kananelo e tebileng eo Morena Davida a bileng le eona ka Lentsoe le senotsoeng la Jehova.
20 Morena Davida o ne a ananela Lentsoe la Jehova ka ho khethehileng. O ngotse: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto. Litemoso tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo; litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo. Tšebeletso ea Jehova e hloekile, e hloleha kamehla; likahlolo tsa Jehova ke ’nete, li lokile kaofela; li fetisa gauda ka theko, le gauda e ngata e tšekehileng, li fetisa le linotši ka monate le tse rothang khekheng ea tsona.”—Pesaleme ea 19:7-10.
21. Re tla kotula mahlohonolo afe haeba re hōlisa lerato la sebele bakeng sa ‘litaba tse senotsoeng’ ke Jehova?
21 Ka ho latela keletso ea Pesaleme ea pele, le ka ho ithuta Bibele kamehla, le uena u tla haha kananelo ea mofuta ona bakeng sa ‘litaba tse senotsoeng’ ke Jehova. ’Me le hona ho ka isa ho thabeleng hoa hao mahlohonolo a tšepisitsoeng pesalemeng eo bakeng sa ea ithabelang Lentsoeng la Jehova: “O joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla. . . . Jehova o tseba tsela ea ba lokileng.”—Pesaleme ea 1:3, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso lintlheng tse ling tsa ho ithuta le mokhoa oa ho lokisetsa lipuo, bona buka ea Watch Tower Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo.
U Ne U TIa Hlalosa Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho sa lekana ho itšetleha ka ba bang ho re ruta Lentsoe la Molimo?
◻ Ke mahlohonolo afe ao re tla a amohela ka ho ithuta Bibele?
◻ Nako ea ho ithuta Bibele e ka fumanoa joang?
◻ Lithuso tse ling tsa ho bea maikutlo a rōna tabeng ha re ithuta ke life?
◻ Sepheo sa rōna e lokela ho ba sefe ha re lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa?
[Setsoantso se leqepheng la 17]
Batho ba shoele ka lebaka la ho bala Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Re lokela ho fumana nako ea ho nahana ka Lentsoe la Molimo kae-kae bophelong ba rōna bo maphatha-phatha