Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 maq. 3-4
  • Senotlolo se Isang Bolumeling ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Senotlolo se Isang Bolumeling ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Senotlolo
  • Senotlolo sa Bokreste ba ’Nete ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na u Fumane Senotlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Latela Tsela e Fetisisang ea Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 maq. 3-4

Senotlolo se Isang Bolumeling ba ’Nete

LEKHOLONG lena la bo20 la lilemo ke batho ba bangatanyana ba ipolelang hore ke ba bolumeli ba Bokreste ho feta ho ba ba bolumeli bofe kapa bofe. Leha ho le joalo, lekholo lena la lilemo e bile le likhathatsong ka ho fetisisa historing ea batho. Ho ikhanyetsa hoo ho tsoaloa ke eng?

Ha e le hantle, ba bangata ha ba nke bolumeli ba bona ka botebo. Ho bona, Bokreste ke ntho feela tjee e tloaelehileng e sa buseng bophelo ba bona. Ho feta moo, ba bolelang hore ba hlile ba nka bolumeli ba bona ka botebo ba tšehetsa litumelo tse ngata tse loantšanang esita le litekanyetso tse sa tšoaneng tsa boitšoaro. ’Me ba arohantsoe ke ho se tšoane ka bochaba, morabe le moruo. Ho feta moo, baa tlatlapana, ba bile baa hlorisana, baa loantšana le ho bolaeana. Ke ka lebaka leo lintoa tse peli tse khōlōhali historing li ileng tsa loanoa haholo-holo pakeng tsa lichaba tsa “Bokreste.”

Ka see re ka fihlela qeto efe? Hore Bokreste hase bolumeli ba ’nete kapa hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa hore motho a ipolele feela hore ke Mokreste le hore e hle e be Mokreste. Ho ea ka Jesu Kreste mothei oa Bokreste, qeto ea bobeli ke eona e nepahetseng. Ka lekhetlo le leng o buile ka ba bang ba neng ba tla re ho eena: “Morena, Morena.” Ka mantsoe a mang, ba ne ba tla ipolela hore ke Bakreste, ba amohela Jesu e le Morena oa bona. ’Me ba ne ba tla tšoareha haholo ka ho etsa mesebetsi eo ho bonahalang eka ke ea bohlokoa ka lebitso la hae. Empa Jesu o ne a tla re ho bona: “Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:22, 23.

Ka sebele, ha ho lea mong ho rōna ea batlang ho ba boemong boo! E be joale re ka lekanyetsa joang hore na re Bakreste ba ‘nete kapa che? Na ho na le senotlolo se isang bolumeling ba ’nete?

Senotlolo

E, se teng. Ha e le hantle, Bokreste bo ama lintho tse ngata. Ka mohlala, Mokreste oa sebele o lokela ho ba le tumelo e matla ho Molimo, hobane “tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang.” (Ba-Heberu 11:6) Hape o lokela ho kopanela mesebetsing e nepahetseng. Morutuoa Jakobo o lemositse hore “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Ho feta moo, moapostola Pauluse o hatisitse bohlokoa ba ho ba le “tsebo [e nepahetseng] ea thato ea [Molimo], ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea.” (Ba-Kolosse 1:9) Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e fanang ka senotlolo se isang Bokresteng.

’Nete ke hore, re ka ’na ra ba le tsebo e ntle ea Bibele le tumelo e matla ’me ra tšoareha haholo mesebetsing e metle, empa re le Bakreste ka lebitso feela. Ho ka ba joalo joang? Moapostola Pauluse o hlalositse: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo. ’Me leha nka ba le neo ea boprofeta, kapa leha nka tseba liphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa le lithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho. ’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.”—1 Ba-Korinthe 13:1-3.

E, senotlolo sa ho lemoha bolumeli ba ’nete ke ho ananela hore bo theiloe leratong la ’nete. Tumelo ea rōna, mesebetsi e metle le tsebo e nepahetseng ke tsa bohlokoa, ha ho ho ka nkang sebaka sa tsona. Empa ha re sa li etse ka lerato, li ke ke tsa re tsoela molemo o mokaalo. Hobane’ng? Ke eng e etsang hore tšobotsi ea lerato e be ea bohlokoa hakaale-kaale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela