Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 maq. 10-14
  • Na ho na le se ka u Arohanyang le Lerato la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le se ka u Arohanyang le Lerato la Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘O Tla Le Tiisa, O Le Fe Matla’
  • Ho Itsetsepela hoa Sebe ka Nama e Oeleng
  • Kotsi ea ho Suthela Hōle
  • Ke Mang ea Tla re Arohanya le Lerato la Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-shoa?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ipoloke Leratong la Molimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 maq. 10-14

Na ho na le se ka u Arohanyang le Lerato la Molimo?

“Ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e la borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—BA-ROMA 8:38, 39.

1. Lerato la Molimo le bontšoa ka litsela life letsatsi le leng le le leng?

MOLIMO ke lerato. Hona re ho bontšoa ka litsela tse phelisang ka letsatsi le leng le le leng. Moea oo re o phefumolohang, metsi ao re a noang le lijo tseo re li jang—kaofela li tla e le lipontšo tsa lerato la Molimo. Ho feta moo, li tlela ba lokileng le ba babe ka ho tšoana, e-bang ba ho ananela kapa che. Jesu o tiisitse sena ha a re ka Ntat’ae oa leholimo: “O chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.” (Mattheu 5:45) Sebopuoa se seng le se seng se phelang lefatšeng se lokela ho leboha Molimo ka lintho tseo se phelang ka tsona.—Pesaleme ea 145:15, 16.

2. Lerato le leholo la Jehova bakeng sa batho le bonahalitsoe joang, ’me Jesu o bontšitse ho ananela seo Jehova a se batlang joang?

2 Lerato la Molimo ho libopuoa tse batho le tšetse moeli oa ho boloka feela bophelo ba hona joale bo ponang joaloka palesa ’me bo omelle joaloka joang. (1 Petrose 1:24) O lokiselitse hore batho ba phele ka ho sa feleng: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Tokisetso ena e entsoe ka tahlehelo e khōlō ho Ntate le ho Mora. Gethsemane bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a khumama ’me a rapela ka tsela e bohloko hoo “mofufutso oa hae o ileng oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.” Motsotsong ona oa mahlomola, Jesu o ne a le seli ka thohako e neng e phaelloa holim’a lebitso la Molimo, ’me a ba a kōpa hore senoelo se tlosoe. Empa a phaella: “Empa ho etsoe se ratoang ke uena, e seng ke ’na.” (Luka 22:44, TLP; Mareka 14:36, TLP) Le hoja Jesu a ne a le bohlokong bo boholohali, seo Jehova a se batlang se ne se e-tla pele. Le hona ho lebella chapo le ho shoa butle ka ho khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso ho ne ho ke ke hoa mo arohanya le lerato la Molimo.

3. Lipaki tsa Jehova kajeno li fetola mantsoe afe a Pauluse hore e be a tsona, ’me e le ka liphello life ho tsona?

3 Seo Jehova a se batlang se ntse se e-tla pele ho Lipaki tsa Jehova tse tsamaeang mehlaleng ea Jesu kajeno. Li bua mantsoe a moapostola Pauluse, li re, “ha Molimo o eme le rōna, ke mang ea ka hanang ho rōna na? Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo . . . Che! Empa nthong tseo tsohle, re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.” (Ba-Roma 8:31, 35, 37) Lekholong lena la lilemo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa ke mahoo-hoo, tsa shapuoa, tsa tlotsoa ka bōka eaba li hlongoa masiba ho li hobosa, tsa holofatsoa ’meleng, tsa betoa, tsa bolaisoa tlala, tsa thunngoa ke masole ’me tsa khaoloa lihlooho likampong tsa mahloriso tsa Nazi—tsohle ka lebaka la ho hana ho ikarohanya le lerato la Molimo.

4. Ho hana hoa mohlankana e mong ho ikarohanya le lerato la Molimo ho u ama joang?

4 Lilemong tse fetileng tse mashome a mane a metso e mene, mohlankana e mong, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a ngolla batsoali ba hae a le kampong ea mahloriso ea Nazi, har’a tse ling a re:

“Hona joale ke hora ea borobong ea letsatsi la nyeoe ea ka, empa ke tlameha ho ema ho fihlela 11:30. Ke ngola mela ena ke le phaposing ea boinotši ea chankane ea lekhotla la sesole la naha. Ke na le khotso e ngata hoo ka sebele ho leng thata ho e kholoa; empa tsohle ke boetse ke li beile ho Morena, ka hona nka letela hora ena le mahlaahlela ana a kamehla ka khutso. Ba le boleletse hore nke ke ka tlangoa ka mahlaahlela. Ke leshano! Bosiu le motšehare: motho o tlamolloa feela hore a apare le ho hlobola le hore a hloekise phaposi ea chankane . . .

“12:35. Ho felile joale. Ka lebaka la hore ke hanne [taelo ea bona ea hore a tele borapeli ba hae ba Jehova Molimo], ke ahloletsoe lefu. Ke ile ka mamela, ’me kamor’a hore ke bue mantsoe ‘U tšepahale ho isa lefung’ le mantsoe a mang a seng makae a Morena oa rōna, eaba ke phetho. Empa le se ke la tšoenyeha ke hoo. Ke khotsong le khutsong tseo ho leng thata hore le ka li utloisisa. . . . Khotso ena le thabo ena tse ntletseng ha ke ntse ke le ka lekhotleng, tseo ho leng thata hore lefatše le ka li utloisisa, li ile tsa ntšusumetsa le ho nkapesa ha ke khutlela ka phaposing ea ka ea chankane . . . Le se ke la lla. . . . Hona ke ho molemohali hoo nka le neang hona kajeno le banab’eso bohle ba ratehang, ka Sontaha sa ho qetela pele ke bolaoa (ho khaoloa hlooho), e leng letsatsi leo ke tlang ho tlamolloa ka lona.”a

‘O Tla Le Tiisa, O Le Fe Matla’

5, 6. Ke tiiso efe eo Pauluse le Petrose ba fanang ka eona e tšelisang ba lekoang ka matla ka baka la ho tšoarella ka matla leratong la Molimo?

5 Mohlankana enoa o ile a arohanngoa le bophelo, e seng le lerato la Molimo. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoaroa ka sehlōhō se joalo ka makholo ana ’ohle a lilemo. Matla ana a hore bahlanka ba Molimo ba mamelle mahloriso a joalo haesita le ho isa lefung, hase a bona, empa ke a Molimo. Pauluse o’a re tiisetsa: “Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” (1 Ba-Korinthe 10:13) Ha Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova kajeno, li le tlas’a teko, li ’nile tsa bua joaloka Pauluse ha a ne a le litlamong: “Morena a nkemela, ’me a nkenya matla.”—2 Timothea 4:17.

6 Moapostola Petrose, hoba a re lemose ka hore re ikalose khahlanong le Diabolose, ea lika-likang joaloka tau e purumang e batlang ho re harola, o tiisa hore: “Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.” (1 Petrose 5:8-10) Ho totobala ntho e le ’ngoe ha ho nahanoa ka tšehetso ena eohle ea bomolimo: lerato la Molimo ha le sitoe ke letho; ha re arohana le lona e tla be e le molato oa rona, e seng oa Molimo.

7. Satane o ile a sebelisa maqheka afe ho Jesu, ’me Jesu o ile a mo hlōla joang?

7 Hase kamehla Satane a hlaselang joaloka tau e purumang. Ka makhetlo a mangata o tla joaloka ‘noha e bolotsana’ hape le joaloka “lengeloi la leseli” la mokoenehi. O re reretse bobe, ’me re tlameha ho falimeha e le hore a tle a se ke a re fumana. Re tlameha ho apara lihlomo tse feletseng tsa Molimo “ho ema re tiile khahlanong le liketso tsohle tse bolotsana tsa Diabolose.” (Genese 3:1; 2 Ba-Korinthe 2:11; 11:13-15; Ba-Efese 6:11, NW Ref. Bi., botlaaseng ba leqephe) Qalehong ea tšebeletso ea Jesu, Satane o tlile ho eena a qotsa mangolo, a a sebelisa hampe ka boiteko ba ho leka Jesu hore a fose. Ka makhetlo a mararo o ile a leka Jesu ’me a hlōleha ka makhetlo a mararo. Jesu a qhela ho sotha hoa Satane Mangolo ka litemana tseo a ileng a li sebelisa ka nepo. Joale Jesu a bolella Satane hore a tlohe. Empa Satane a mpa “a mo tlohela, nako e ’ngoe e tle e be e fihle.”—Luka 4:13; Mattheu 4:3-11.

8, 9. Satane o ile a khutla ka litsela life tse thetsang ho tla hlasela Jesu, ’me Pauluse o re laetse hore re etse joang ho itšireletsa?

8 Satane o leqoophe. O khutla khafetsa a ikhakantse ka mekhoa e sa tšoaneng. O ile a khutlela ho Jesu ka baruti ba bolumeli ba mehleng eo. Jesu a utloisisa sena ’me a ba bolella sefahla-mahlo: “Le tsoa ho ntat’a lona, e leng Diabolose.” Batho ba bang ba ka ba ba sebeletsa merero ea Satane e se ka morero. Moapostola Petrose o ile a etsa sena, le hoja e ne e le ka sepheo se setle, ha a khalemela Jesu, a re: “Morena, u ikutloele bohloko: tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Jesu a eletsa Petrose ka thata: “Tloha ho ’na, Satane, u khopiso ho ’na.” (Johanne 8:44; Mattheu 16:22, 23) Ka ho tšoanang, mohiri, mosebetsi-’moho, eo u kenang sekolo le eena, motsoalle, mong ka uena, motsoali kapa molekane oa lenyalo, ba ka phetha merero ea Satane e se ka boikemisetso. Re tlameha ho falimeha ka linako tsohle ’me re se lumelle letho ho fokolisa kamano ea rōna le Jehova.

9 Kahoo, ho’a hlokahala hore re ‘apare lihlomo tsohle tsa Molimo, re tle re tsebe ho hlōla lihlōhō tsohle tsa Diabolose. Hobane ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.’—Ba-Efese 6:11, 12.

Ho Itsetsepela hoa Sebe ka Nama e Oeleng

10. Lentsoe “sebe” le bolela eng, ’me ke mekhoa efe e tla re arohanya le lerato la Molimo?

10 Satane o otla moo re fokolang. Hantle feela o korola tšekamelo ea rōna ea sebe. (Pesaleme ea 51:5) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le sebe ke ha·mar·tiʹa. Leetsi ke ha·mar·taʹno, eo haholo-holo e bolelang “ho fosa pakane.” (Ba-Roma 3:9, NW Ref. Bi., botlaaseng ba leqephe) Ha re ntse re fosa pakane haholoanyane ’me re hlōleha ho boloka litaelo tsa Molimo, ke moo re ntseng re suthela hōle haholoanyane le lerato la Molimo, hobane “ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa ’ona.” (1 Johanne 5:3) Bofebe, bohlola, ho kopanela liphate ka mokhoa o sa hloekang, botahoa, meketjana e hlaha, ho ineela litakatsong tsa nama, mohono, bohale le takatso ea leruo—lintho tsohle tse joalo li re arohanya le lerato la Molimo, ’me “ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.

11. Sebe se ka re hapa bohato ka bohato joang, hona e le ka phello efe?

11 Libaesekopo, libuka, lipapali le mananeo a TV—tse tlatsitsoeng ka liphatlalatso tsa lintho tse bonahalang, maikutlo a ’napele le ho kopanela liphate—li hōlisa hore ho phehelloe menyaka e sa thijoeng le e se nang moeli. Sebe sa pele se nolofatsa sa bobeli haholoanyane, sa boraro le sa bonè lia latela, ’me kapele ke ho oela bolefatšeng ka sekhahla se seholo. Qetellong, ba “ratang menate ea nama e seng Molimo” ba tšoareha ka ho “baballa nama ho e khorisa litakatsong tsa eona.” (2 Timothea 3:4; Ba-Roma 13:14) Ba baholo le ba banyenyane ba hoholoa ke ho kena litleneng tsa sebe, ’me matsoalo a bona a cha ka ho feletseng. “Ba timeletsoe ke kutlo eohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala ’ohle ka takatso e se nang ho kholoa.”—Ba-Efese 4:19; 1 Timothea 4:2.

12. Ke mangolo afe a bontšang matla a sebe holim’a rōna, ’me Pauluse o ile a itlhomohela joang ka see?

12 Ba ikemiselitseng hore ha ba na ho arohanngoa le lerato la Molimo ba tlameha ho itšireletsa ho itsetsepeleng hoa sebe ka nama e oeleng. Ke sera se manganga, joalokaha nako le nako Bibele e hatisa: “E mong le e mong ea etsang sebe, ke mohlanka oa sebe,” ’me “bohle . . . ba sebeng,” “bohle ba sitiloe,” “sebe se se ke sa busa ’meleng ea lona e shoang,” “le bahlanka ba eo le mo utloang,” “moputso oa sebe ke lefu,” ‘bohle ba hlahletsoe sebeng.’ (Johanne 8:34; Ba-Roma 3:9, 23; 6:12, 16, 23; Ba-Galata 3:22) Pauluse o ne a ‘rekisitsoe’ sebeng, e le “mohlanka oa sebe,” ho mo etsa hore a itlhomohele: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.” (Ba-Roma 7:14, 19, 23) Kahoo o’a bokolla: “Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla nkholla ’meleng ona oa lefu?” Joale ho tla karabelo e thabisang: “Ke leboha Molimo ka Jesu Kreste, Morena oa rōna!”—Ba-Roma 7:24, 25.

13, 14. (a) Re lokolotsoe sebeng ka mekhoa efe? (b) Re ka lula leratong la Kreste joang?

13 Ho fihlela Kreste Jesu a e-tla, “sebe se busitse ka lefu.” (Ba-Roma 5:14, 17, 21) Empa morena sebe o theotsoe teroneng ka lefu la Jesu le tsoho ea hae bakeng sa ba arabelang neo e lerato ea Molimo ea Mora oa Oona. O re pholositse libeng tsa rōna, a li hlatsoa, a re hloekisa ho tsona, a re lokolla ho tsona ’me a re hlakolela tsona ka ho feletseng. (Mattheu 1:21; Liketso 3:19; 22:16; 2 Petrose 1:9; 1 Johanne 1:7; Tšenolo 1:5) Ka hona hase moapostola Pauluse feela empa bohle ba lumelang maling a tšolotsoeng a Kreste Jesu ba lokela ho leboha Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna ka hore o bule tsela ea ho lokoloha bokhobeng bo bohloko ba nama sebeng le lefung.

14 Ka hona ke tlamo hore re se ke ra qoba feela ho arohana le lerato la Molimo empa hape le ho lula leratong la Kreste. Tekanyetso ea ho ba haufi le Jesu e tšoana le ea ho ba haufi le Molimo. Jesu o totobalitse sena, a re: “Joale ka ha Ntate a nthatile, le ’na ke le ratile joalo; lulang leratong la ka. Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joale ka ha le ’na ke bolokile melao ea Ntate, ’me ke lutse leratong la hae.”—Johanne 15:9, 10.

Kotsi ea ho Suthela Hōle

15. Ke eng e ka re hlaselang habonolo, ’me re lokela ho etsa’ng ho qoba kotsi?

15 U se ke ua lahleheloa ke tokoloho ena ho tloha botlamuoeng ba sebe le lefu ka ho khutlela morao kapa ka ho suthela hōle. Ho ka etsahala butle hoo ho ka ’nang hoa re tsometsa. Joalokaha Ba-Galata 6:1 e re: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.” Leha e mong a ntse a eletsa e mong, o tlameha ‘a iponele.’ Bohle re ka hlaseleha habonolo! “E ka khona re ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko, e se re ra suthela hole le tsona.”—Ba-Heberu 2:1.

16, 17. Ke eng e bontšang kotsi ea ho suthela hōle moeeng, ’me re lokela ho etsa’ng ho e qoba?

16 Ho suthela hōle ha ho hloke boiteko. Ke ka lebaka leo ka puo ea moea ho leng bonolo hakana—ho bileng ho leng kotsi hakana. U ka iphumana u arohana le lerato la Molimo pele u ho hlokomela. Ho tšoana le nku e khelohang. E lahleha joang? Molisa o’a hlalosa: ‘E itahla ka ho ’na e tlaro-tlarola. E bona sehlotholanyana sa joang bo botala thōkoana ka lehlakoreng le leng, e ee e se tlarole. E boele e re heli setsiketsinyana se seng maoto a leshome thōkoana ’me e ee e se tlarole. Le sa boraro se e hohele, e be nku e ea ho se tlarola. Ho se hokae e se e le hōle le mohlape. E itahlile ka ho ’na e tlaro-tlarola.’

17 Ho joalo le ka ba suthelang hōle moeeng. Ho ka ’na hoa qala ho se molato ka linthoana tse seng kae tse bonahalang, kapa metsoalle ea lefatše, kapa khopolotaba ka mangolo a itseng. Empa butle-butle, ba joalo ba suthela hōle le mohlape oa Molimo, ’me ba phakise ba ikarohanye le phutheho le lerato la Molimo. Ha baa ka ba ela hloko keletso ea Pauluse: “Itekoleng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lōna.”—2 Ba-Korinthe 13:5.

18, 19. Re ka itelekela Diabolose joang, ’me re ka atamela ho Molimo joang?

18 Rea bolelloa: “Le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.” Ka tšebeliso e bohlale ea “lerumo la Moea, e leng Lentsoe la Molimo,” re ka qhela litlhaselo tse bolotsana tsa Satane. Jesu o lelekile Satane joalo lefeelleng. Re boetse rea bolelloa: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jakobo 4:7, 8; Ba-Efese 6:17) Joaloka bangoli ba Lipesaleme, re lokela ho atamela Molimo ka ho khomarela Lentsoeng la oona: “Bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto.” “Ke mpa ke ela likeletso tsa hao hloko. Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka. . . . Ha kea ka ka kheloha likeletso tsa hao.”—Pesaleme ea 19:7; 119:95, 105, 157.

19 Ka thapelo, ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, ka ho rata baena ba rōna le ka ho kopanela le bona kamehla, ka ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo—ka litsela tsena tsohle re atamela haufi le Molimo le lerato la oona joalokaha li bonahalitsoe ho Kreste Jesu Morena oa rōna.—1 Ba-Thessalonika 5:17; Ba-Roma 12:2; Ba-Heberu 10:24, 25; Luka 9:2.

20. Ke boikemisetso bofe boo Pauluse a bo boletseng boo Lipaki tsa Jehova kajeno li bo entseng ba tsona?

20 Ka polelo e akaretsang le e matla Pauluse o boletse boikemisetso ba lipaki tsohle tse tšepahalang tsa Jehova tse lefatšeng kajeno, a re: “Ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:38, 39.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Watchtower, August 1, 1945, maqephe 237, 238.

Na U Sa Hopola?

◻ Lerato la Jehova le bontšoa joang litokisetsong tsa hae bakeng sa bophelo?

◻ Ho arohanya Lipaki tsa Jehova le lerato la Molimo, Satane o lekile mekhoa efe?

◻ Ke mangolo afe a bontšang ho itsetsepela hoa sebe ho rōna, ’me ho ka khaoloa joang?

◻ Ke hobane’ng ha ho suthela hōle ho le kotsi hakana, ’me ho ka hlōloa joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Nku e kheloha butle-butle ho fihlela e lahleha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela