Ho Amohela ‘Tse Batloang ke Pelo ea ka’
Joalokaha ho boletse P. J. Wentzel
HA SEKEPE sa rōna se emisa koung ea New York ho tloha Afrika Boroa, motho e motšo a re khahlametsa koung ea likepe. O ne a tlile ho tla re isa libakeng tseo re neng re amohetsoe ho tsona ’na le mosali oa ka Lina le mosali e mong ea hōlileng ea neng a tsamaea le rōna. Ra emisa motseng o haufi oa batho ba batšo ’me moqhobi a hlahloba aterese bakeng sa motsoalle oa rōna eo re tsamaeang le eena. A re ho ’na, “Empa Piet, mona ke ba batšo feela!”
Ka mo hopotsa, “Mona ke Amerika. Ha ho na phapang pakeng tsa e motso le e mosoeu mona; rea tšoana kaofela.” (Empa ka pelong ke ne ke tšepile hore ’na le mosali oa ka re tla isoa lelapeng la ba basoeu!) Joale moqhobi a tla lata motsoalle oa rōna ea ileng a amoheloa ka mofuthu ke lelapa la ba batšo.
Eaba ho tla monyetla oa rōna—e ntse e le sebakeng sa ba batšo. Ha moamoheli oa rōna le mosali oa hae ba atamela koloi, ka rapela Molimo ka tieo ho nthusa ho tlosa lehloeo lefe kapa lefe la merabe leo e neng e ka ’na eaba le ntse le saletse—e leng leo ke neng ke le amohetse ho batsoali ba ka.
Baamoheli ba rōna ba batšo ba New York ba re amohela ka mofuthu. Ba re isa phaposing ea rōna moo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e hloekile e se na le letheba. Ha ba re siea re le bang, pele re ne re thotse. Eaba Lina o ea betheng, a phahamisa qola ea lakane ’me a tsoa molomo: “Piet, ho nahana hore bosiung ba kajeno, ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke tšoanela ho robala betheng ea mosali e motšo!” Empa re ile ra tseba ’me ra rata baamoheli bao ba rōna haholo.
Ke hobane’ng ha ho hlōla lehloeo la morabe e ne e se ntho e bonolo ho ’na ’moho le metsoalle ea ka eo ke neng ke tsamaea le eona?
Litšusumetso tsa Pele
Bonnievale, moo ke hlahetseng teng ka 1922, ke toropo e nyenyane lik’hilomithara tse ka bang 160 ka bochabela ho Cape Town, Afrika Boroa. Ntate e ne e le setho sa Kereke ea Dutch Reformed. E ne e le kereke ea ba basoeu feela. Ba batšo ba ne ba e-na le likereke tsa bona litoropong tse kathoko moo ba neng ba lula teng. Ka hona ra hōlisoa re amohela ho aroloa hoa merabe.
’Me lehloeo la merabe le ka teba hakaakang! Re ne re rutiloe hore morabe oa rōna ke o phahameng. Re ne re talima ba batšo e le batho ba tlamehang ho tšoaroa joaloka batho empa e seng ba boemo ba rōna. Ha ke ntse ke hōla tloaelo e ne e le ho ba amohela ka lemating le kamorao, ’me haeba re ne re ba fa tee, re ba fella eona lebekereng le khethehileng le boloketsoeng ba batšo feela. Ra rutoa ho lumela hore lintho e ka ’na eaba li fapane leholimong, empa lefatšeng ho teng khethollo e ke keng ea fosoa.
Hang hoba ke be lilemo li 17, ka botsa ntate hore na nka tiiseletsoa, empa a ba le maikutlo a hore ke sa le monyenyane haholo. Leha ho le joalo, selemo se latelang a mpolella hore joale ke nako ea hore ke tiiseletsoe. Ka nka sena ka ho teba haholo. Ho ’na sena se ne se bolela ho inehela ho Molimo le ho etsa thato ea oona. ’Me kaha ke ne ke phelela lefatše le menate ea lona, ’moho le ho tsuba haholo, ka hlokomela hore ke ne ke tšoanela ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba ka.
Ka hona nakong ea khefutso e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo tsa motšehare, ke ne ke qeta boholo ba nako ea ka ke bala Bibele. Ho ’na e ne e le tšenolo—ka khona ho bona hore tsela eo ’na le lelapa leso re neng re phela ka eona e ne e fapane hole le seo Mangolo a neng a se batla. Empa le hoja ke ne ke bala Bibele ka puo ea heso, Afrikaans, ke ne ke sa utloisise ho hongata hoo ke ho balang. Ka hona, ke ne ke sa bale feela empa ke ne ke bile ke rapela Molimo ho nthusa ho utloisisa Bibele.
Ha nako ea lihlopha tsa thuto ea tiiseletso e atamela, ke ne ke se ke balile boholo ba Bibele. Ka botsa ntate hore na tiiseletso e hlalositsoe hokae ka Bibeleng e le hore nka ithuta eona.
A araba: “Ha e ka Bibeleng. Ke se batloang ke kereke.” Ke ne ke maketse!
Ka botsa: “Empa haeba tiiseletso ha e hlahe ka Lentsoeng la Molimo, nka e amohela joang? ’Me haeba rea khelosoa tabeng ena ea bohlokoa, nka nehela bophelo ba ka kerekeng joang?”
Eaba ho tloha nakong eo ke qala ho batla ’nete.
Ho Batla ’Nete
Ka letsatsi le leng motsoalle e mong a ’memela ho ea tšebeletsong ea Kereke ea Dutch Reformed—e ne e se e le nako ke sa ee. Moruti a bua ka tšepo: “Empa ha re lebella seo re sa se boneng, re se lebella ka sebete.” (Ba-Roma 8:24, 25) Aha, sena ke seo ke neng ke se batla! Tšepo ea rōna ke efe? Ke phelela eng? Na joale ke tla fumana likarabo? Empa moruti a hlōleha ho hlalosa tšepo ea nako e tlang. Ha ke lutse mono, ka kōpa Molimo ho thusa moruti hore a nthuse!
Ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea ntšoenya. Ka hlokomela hore boholo ba batho bo ne bo otsela. Ke ne ke labalabela ho utloa ’nete, ’me ke mona batho ba ne ba robetse! Ka tloha kerekeng ke nyahame, ’me ha kea ka ka hlola ke khutlela le kamohla.
Hamorao ka qoqa ka Bibele le motsoalle ea neng a e-na le likhopolo tsa kereke ea Pentakonta. A re motho ea batlang ho sebeletsa Molimo o tšoanela ho kolobetsoa ka ho qoelisoa metsing ka ho feletseng. Ka hona ka kopanela tšebeletsong e latelang ea sehlotšoana sena ’me ka kolobelletsoa nōkeng. Sena sa halefisa ntate haholo. O bile a ntšokela ka ho mpolaea ka ho leka ho kopanela le mokha oa bokhelohi! Ke ne ke se ke sitoa ho balla Bibele lapeng empa ka etsa joalo le sehlotšoana se senyenyane seo ke neng ke kopanela le sona. Ke ne ke bile ke sitoa feela le ho ja le ntate, ’me neng le neng ha re ne re kopana o ne a mpolella hore ke mo furalle. O ne a sa rate ho bona sefahleho sa ka!
Sehlotšoana sa Pentakonta se ne se ipalla Bibele feela, se bina ’me se rapela hammoho le ho bua lipuo. Ka nako eo ke ne ke se ke hloekisitse bophelo ba ka, ho akarelletsa le ho tlohela ho tsuba. Ka leka ka matla ho fumana moea joaloka ba bang, ka ba ka itima lijo ka matsatsi a seng makae empa hoa se ke hoa etsahala letho. Eaba ke qala ho nahanisisa litaba hape. Ke ne ke tseba hore ho ne ho e-na le ba bang toropong ba neng ba bolela hore ba bua lipuo, empa ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Joale ebe ke joang Molimo o neng o ka fana ka moea oa oona o halalelang ho batho bao bophelo ba bona bo neng bo se tumellanong le thato ea oona? Empa ke ile ka makatsoa ke ntho e ’ngoe hape. Ka rera ho botsa moeta-pele oa sehlopha sa rōna.
Ka botsa: “Na moea o halalelang oo uena le ba bang le o amohelang ke moea o halalelang o tšoanang le o bululetseng Bibele?”
A arabela, “E.”
“Haeba ho joalo, na lefatše e tla ba lehae la motho ka ho sa feleng, kapa le tla felisoa?”
“Lefatše le tla felisoa, ’me Bakreste ba tla phela leholimong.”
Ka arabela: “Empa ho na le ho fosahetseng mona, kaha Bibele e re lefatše le tla hlola ka ho sa feleng—polelo e bululetsoeng ke moea oa Molimo—moea o le mong le oo le bolelang hore le na le oona.”—Moeklesia 1:4.
Ka tseba joale hore sehlotšoana sa rōna se ne se se na ’nete. Eaba ke ntšetsa pele letšolo la ho e batla.
Ka letsatsi le leng moeta-pele oa sehlopha sa rōna sa Pentakonta a ntlisetsa buka e bitsoang Riches, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower. Hang ha ke qalisa ho e bala, ka bona hore e lumellana le seo ke se balileng ka Bibeleng. Qetellong ke ne ke fumane ’nete! Ka kōpa ho romelloa likhatiso tse eketsehileng. Tsena tsa amoheloa ka mafolo-folo ke sehlotšoana sa rōna ’me ra li sebelisa ho ithuta Bibele le ho pakela ba bang. Hang kamor’a mona Lipaki tsa Jehova tse seng kae tsa etela Bonnievale ka nakoana, ’me ra ba le lipuisano tse ntle le tsona. Ho feta moo, ba bane ba sehlopha sa rōna ba kopanela le bona boboleling ba ntlo le ntlo Sontaha se latelang.
Re Thea Phutheho e Nyenyane
E le hore re ka khona ho tsoela pele re hasa molaetsa oa tšepo, ra kōpa ho romelloa libuka tse eketsehileng ke ba ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watchtower e Cape Town. Ba araba hore re tšoanela hore re kōpe ho theoa hoa phutheho. Qalong re ne re tsaba ho etsa sena, empa ha tlhokahalo ea libuka e phahama, ra qetella re kōpile ’me ra etsoa phutheho e ncha—bone ba rōna feela, le hoja ho ne ho se le ea mong oa rōna ea neng a kolobelitsoe e le Paki!
Khoeli e ’ngoe le ’ngoe, re ne re tlaleha mosebetsi oa boboleli oo re o entseng. Empa kaha re ne re sa rupeloa, re ne re sa etse maeto a ho boela ho batho ba neng ba bontša thahasello. Ofisi ea lekala ea re bontša sena khoeli le khoeli. Qetellong ba babeli ba rōna ba iteta sebete ho ea lelapeng la batho ba neng ba bonahala ba amohela. Ra bokella lelapa ’me ra bina sefela hammoho. Eaba joale ke bula ka thapelo ’me ke bapala e ’ngoe ea lithuto tsa J. F. Rutherford tsa Bibele tse rekotuoeng. Bohle ba mamela ka hloko. Eaba joale re koala ka sefela se seng le thapelo. Ha re khutlela hae ka re: “Leo e ne e le ‘leeto la ho boela’ la pele la rōna!”
Nakong ena eohle khanyetso ea ntate ea ’na ea tōta. Tsebo ea ka ea Bibele e ne e fokola. Empa seo ke neng ke se tseba, ke ne ke se lumela botebong ba pelo ea ka. Ka letsatsi le leng Rachel, e mong oa likhaitseli tsa ka, a re chakela. Nakong ea khefutso ea ka ea lijo tsa motšehare, a qala ho phea khang ka Boraro-bo-bong.
A botsa: “Ke hobane’ng ha lōna le hana thuto ea Boraro-bo-bong? Kereke ea rōna e ruta ka ho hlaka hore Ntate, Mora le Moea o Halalelang ba’a lekana ka tlhaho le ka matla.”
Ka araba: “Haeba moea o halalelang o lekana le Ntate le Mora, o ka nketsetsa hantle seo Ntate le Mora ba ka se etsang. Ka hona nka ’na ka rapela moea o halalelang ka mokhoa o tšoanang.”
Rachel a se ke a araba. Empa ntate, ea neng a le ka phaposing e ’ngoe, a hoelehetsa: “Rachel, mo tlohele. U ke ke oa mo tlosa maikutlong ao a hae.” Lelapa lohle la bokana ho tšehetsa Rachel. Eaba ntate o kena a khorohile, a halefile hampe. A fina setebele, a se tlisa phatleng ea ka—empa a emisa ’me a se hula. Ka lula ke thotse ’me ke sa sisinyehe.
Ntate a hoelehetsa, “U lutse moo joaloka lengeloi la moikaketsi.” A nkhopotsa ka nako ea ha ke ne ke ithaopela ho ea loantša Hitler ’me a hana ho ntumella kaha ke ne ke sa le monyenyane. A kharuma, “Hona joale ke lakatsa eka u ka be u ile oa ea ’me oa bolaoa!” Eaba ka pelong kea mo leboha hore ebe o ile a nthibela ho kenela sesole.
Ha hoo ho fetile, ka tsoela ka ntle ’me ka inahana. Pele ke thahasella Bibele khotso e ne e le teng. Joale ho ne ho le teng qhoebeshano ka lapeng. Ke lokela ho etsa’ng? Ke khutlele kerekeng hape ’me ka hona ke boloke khotso ea lelapa? Haeba nka etsa joalo, ke tla be ke lahla linnete tsa bohlokoa tseo ke ithutileng tsona. Batsoali ba ka ba ntlisitse lefatšeng, empa ke Molimo feela o neng o ka mpha bophelo bo sa feleng. Ke beile letsoho la ka sefateng se setle sa palema, se neng se eme se tiile, ka etsa qeto hona moo: “Ba ka mpolaea, empa nke ke ka khutlela morao.”
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ke le lesooa, ke le mocha ’me ke le matla, ka qala ho ikutloa ke tšoasehile haholo mosebetsing oa ka femeng e etsang cheese hae moo. Ke ne ke sebeletsa moputso o fokolang ka matsatsi a tšeletseng ka beke moo empa nka sebetsa letsatsi le le leng feela ka beke tšebeletsong e halalelang ho Jehova, eo ke neng ke lebeletse bophelo bo sa feleng ho eena. Ke hobane’ng ha ke tsoela pele ho etsa cheese empa ke na le linnete tse ka pholosang bophelo ba ba bangata? Ke ne ke batla ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng.
Ka ngolla Mokhatlo ’me ka bolela hore ke batla ho ba “pula-maliboho,” kapa mosebetsi oa nako e tletseng. Ka botsa, “Empa joang?” Ke ne ke le lilemo li 18 feela ’me ntate o ne a ke ke a ntumella. Ka fumana karabo e neng e qotsitse mantsoe ana a ratehang: “U ikhahlisetse ho Jehova, ’me o tla u nea se batloang ke pelo ea hao.” (Pesaleme ea 37:4) Takatso ea pelo ea ka e ne e ka khotsofatsoa joang ha ntate a ne a hanyetsa hakaalo? Leha ho le joalo, ka thuisa mantsoe ao ’me ka tsoela pele ho rapela.
Qetellong ka loha leqheka. Ka bolella ntate hore ho ne ho se bokamoso ba letho ho ’na Bonnievale le hore ke ne ke batla ho ea Cape Town. A re: “Ke tseba lebaka. U rata ho ea rekisa libuka tseno tsa Moahloli Rutherford!” Empa a lumela.
Ha ke le Cape Town ka sebetsa ka thata ho fumana chelete e lekaneng ho reka lintho tse fokolang tseo ke neng ke tla li hloka ho qalisa tšebeletso ea nako e tletseng. Ha ke kopana le molebeli oa lekala, George Phillips, ke ne ke e-na le bothata. Kaha ke ne ke e-tsoa moo ho buuoang Afrikaans, Senyesemane sa ka se ne se fokola hoo ke neng ke tlameha ho buisana le eena ka mofetoleli. ’Me libokeng ke ne ke utloisisa hanyenyane hoo ka nako e ’ngoe ha kopano e ne e reretsoe ho tšoareloa Cape Town e ileng ea ntlhōla hobane ke ne ke sa ka ka utloisisa tsebiso!
Ka Pulungoana Moena Phillips a mpolella hore ho ne ho e-na le monyetla oa hore ke e’o bula maliboho Kimberley, le hore nka qalisa khoeling e hlahlamang. Ka ea hae ho ea lumelisa lelapa leso. Ka tlameha ho laola maikutlo a ka hobane ke ne ke nahana hore ke ne ke sa tl’o hlola ke ba bona hape pele ho Harmagedone! Empa ha kea ka ka ba bolella hore ke ne ke il’o ba pula-maliboho.
E ne e le ka la 1 Tšitoe, 1941, ha ke le lilemo li 19, ha ke qalisa mosebetsi oa ka oa ho bula maliboho Kimberley. Ha ke le moo ka ngolla batsoali ba ka. Ke ne ke sa khopehela ntate ka tsela eo a neng a ile a ntšoara ka eona. ’Mè a nkaraba ka hore o ne a thabisitsoe ke hore ebe ke ne ke khona ho phethahatsa takatso ea pelo ea ka. Ruri, ke ne ke ‘ikhahlisitse ho Jehova’ hobane o ne a mphile ‘se batloang ke pelo ea ka’—tšebeletso ea nako e tletseng.
Ho Amohela e ’Ngoe ea ‘Tse Batloang ke Pelo ea Ka’
Ka 1942, kopanong ea sechaba e Johannesburg eo ke bileng ho eona ka lekhetlo la pele, ka bontša boinehelo ba ka ho Molimo ka kolobetso. Lilemo tse peli hamorao ka kopana le khaitseli e mocha oa pula-maliboho, Lina Muller. O ile a nkhahla ’me le ’na ka mo khahla, empa ra lumellana hore re tlameha re ke re eme nakonyana ho fihlela kamor’a mahlomola a maholo pele re ka nahana ka ho teba ka lenyalo.
Phutuho ea liboka tsa phatlalatsa ea qala ka 1945. Ka nako eo ke ne ke sebeletsa Vereeniging le bo-pula-maliboho ba bang ba babeli, bao e mong oa bona e neng e le Frans Muller, khaitseli ea Lina. Ha re qala ho utloa ka phutuho ena e ncha, ra lumellana hore e ne e sa etsetsoa rōna—re ne re se na phihlelo joaloka libui tsa phatlalatsa. Leha ho le joalo, ka khothaletso ea Mokhatlo, ra khetha lipuo. Ho ikoetlisetsa ho fana ka tsona ra khetha sebaka se ngoese haufi le nōka ea Lekoa, moo re neng re buisana le “bamameli” ba rōna—nōka eo! Ra ikutloa re putsitsoe hantle ha, khoeli hamorao, ho e-na le ba 4 kapa ba 5 sebokeng sa sehlopha sa rōna, ho ba teng ba 37 puong ea pele!
Ka 1947 ka abeloa mosebetsi oa potoloho. Selemo se latelang ra nyalana le Lina. Ha esale ho tloha ka nako eo, mosali oa ka ea ratehang o ’nile a sebetsa ka thata lehlakoreng la ka—motsoalle ea tšepahalang ka ho fetisisa. Ka hona, ka fuoa e ’ngoe ea ‘tse batloang ke pelo ea ka.’
Ho Ithuta Lithuto tsa Bohlokoa
Ka 1953 ’na le Lina ra ba le tokelo e khōlō ea ho ba teng Kopanong e New York, U.S.A. ea “Mokhatlo oa Lefatše le Lecha”—leeto la rōna la pele la ho ea mose. Ke nakong ea ha e mong oa baena ba rōna ba Bakreste a tla tla ho tla re khahlametsa koung ea likepe ho re isa lehaeng la lelapa la ba batšo la Lipaki leo re ileng ra lula le lona. Kamoo re ileng ra rata baena le bokhaitseli bao ba ratehang!
Phihlelo ena ea re thusa haholo ha hamorao ke le molebeli oa setereke bakeng sa Lipaki tsa ba batšo tse Afrika Boroa, moo re neng re atisa ho amoheloa mahaeng a tlaase haholo, ka nako e ’ngoe re lula fatše ’me hang re bile re robala fatše.
Ho tloha ka 1966 ’na le mosali oa ka re ’nile ra sebeletsa Bethele mona Afrika Boroa. Ke qetile nako e ka etsang lilemo tse 20 ke le molebeli ea tsamaeang, qalong ke ile ka fumana ho le thata ho tloaela bophelo ba Bethele. Ke ne ke rata haholo ho ba kantle ke bolela, ke ruta ’me ke koetlisa ba bang. Empa ha nako e ntse e feta, ka ithuta ho ananela ka botebo tšebeletso ea Bethele. Kamor’a nakoana ka tlotloa ka ho sebeletsa Lefapheng la Tšebeletso ’me ka lilemo tse ’maloa hona joale ke le setho sa Komiti ea Lekala.
Ha ke hetla morao, ke hopola hore ka 1942, ha ke ntse ke le Kimberley, re ile ra utloa ka lefu la mookameli oa Mokhatlo, J. F. Rutherford. Tlaleho ea litaba ea etsa tlhahiso: ‘Kaha joale moeta-pele oa Lipaki tsa Jehova o shoele, mokhatlo oo o tla omella ’me o shoe joaloka semela sa mokopu letsatsing le chesang.’ Ho e-na le hoo, mokhatlo oo o hlophisitsoeng o ’nile oa atleha hakaakang ka lilemo—ekasitana le har’a mocheso o tlabolang oa mahloriso! ’Me ke khōlo e hlollang hakaakang e etsahetseng Afrika Boroa ha esale ho tloha lilemong tseo tse qalang Bonnievale! Ka nako eo ho ne ho le teng Lipaki tse ka bang 1 000 Afrika Boroa; hona joale li ka holimo ho 36 000.
Ha ke nahana ka seo Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o nketselitseng sona le seo o se boletseng ho ’na ka lilemo, ke khothatsa ka cheseho eohle baena ba ka bohle ba Lipaki ba bacha ho fana ka sebaka sa tšebeletso ea nako e tletseng haeba ho khoneha. Ho tlisa meputso e enneng. Kea tseba hore ha ke ntse ke tsoela pele ho ikhahlisetsa ho Jehova ka ho etsa thato ea hae, o tla mpha se batloang ke pelo ea ka—tšebeletso e thabisang ea ka ho sa feleng.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]
Re ile ra tseba le ho rata baamoheli ba rōna ba batšo haholo
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 12]
Ntate a hoelehetsa, “U lutse moo joaloka lengeloi la moikaketsi. Hona joale ke lakatsa eka u ka be u tsamaile ’me oa bolaoa!”
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 13]
Mokhatlo oo o hlophisitsoeng o ’nile oa atleha hakaakang ka lilemo—ekasita le nakong ea mocheso oa mahloriso!
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
P. J. Wentzel le mosali oa hae Lina