Ho Ema le Baboloki ba Botšepehi ba Jehova
“Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka toka [“ka botšepehi,” NW] ea ka. . . . Ke tla roka Jehova liphuthehong.”—PESALEME EA 26:11, 12.
1, 2. (a) Malumeli a mang a Bokreste-’motoana a fumana balateli joang? (b) Jesu o ile a sebelisa mekhoa efe ea ho ruta? (Mattheu 11:28-30)
KA 1985, batho ba 189 800 ba ile ba kolobetsoa tšoantšetsong ea boinehelo ba bona ho Jehova e le lipaki tsa hae tsa Bakreste. Hoo ke karolelano ea ba 520 ka letsatsi. Batho baa bohle ba ile ba iketsetsa qeto ea ho kolobetsoa joang? Na ba ile ba ea pitsong e khōlō, ba mamela ’moleli ea buang ka cheseho e khōlō, eaba joale ba etsa qeto ea ho nkeha maikutlo bakeng sa ho emela Kreste? Eo ke tsela eo malumeli a mang a Boprostanta le a Boevangeli a sebetsang ka eona. Empa na eo ke tsela eo Kreste a ipokellang balateli ka eona?
2 Ha re hlahlobisisa boboleli ba pontšeng ba Jesu, ha re fumane a sebelisa ho nkeha maikutlo. Ka mohlala, na o kile a ipiletsa ho bamameli ba hae ka lihlopha tse binang? Kapa na o ile a sebelisa bohlale ba hore bamameli ba hae ba ikutloe ba le molato ’me a ba etsa hore ba ntše lichelete? Ho fapana le hoo, mokhoa oa hae oa ho ruta o entse hore batho ba nahane le ho ipeela mabaka. Kaha boholo ba bamameli ba hae e ne e le Bajode, ba ne ba se ba e-na le semelo sa Mangolo a Seheberu. O ne a ka etsa hore ba nahane motheong oa tsebo eo ba neng ba e-na le eona pele hore ba mo hlokomele e le Messia.—Mattheu, likhaolo 5-7; Luka 13:10-21.
3. Re tseba joang hore Pauluse o ne a sa etse hore batho ba nkehe maikutlo ha a ruta?
3 Ka ho tšoanang, Pauluse, le hoja ba bang ba ne ba mo nka e se kheleke puong, o ne a ipiletsa matleng a ho nahana. (Liketso 20:7-9; 2 Ba-Korinthe 10:10; 11:6) O ngotse: “Banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng. . . . Le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello [“e le hore boikutlo bohle ba kelello tsa lōna bo ka fetoha,” Phillips] ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.”—Ba-Roma 12:1, 2.
4. Pele motho a ka kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tlameha ho nka mehato efe?
4 Ka ho tšoanang kajeno, ba kolobetsoang ke batho ba ithutileng Mangolo ’me ba bea mabaka ka hloko ka oona pele ba nka bohato bo tebileng ba kolobetso kapa qoeliso e feletseng metsing. (Liketso 17:11, 12) Qeto ea bona ha e’a ba ea lepotla-potla le ea ho nkeha maikutlo. Ho fapana le moo, pele ba amoheloa bakeng sa kolobetso ba ne ba se ba kopanetse ka mehla libokeng tsa Bokreste ka sepheo sa ho fumana tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le merero ea hae a Kreste Jesu. (Ba-Heberu 10:25) Hape ba ne ba kopanetse kamehla tšebeletsong ea Bokreste, ba abelana litaba tse molemo tsa ’Muso le ba bang. (Liketso 5:42; 1 Ba-Korinthe 9:16) Joale, libekeng tsa ho qetela pele ba kolobetsoa, ka hloko ba hlahlobile le baholo ba fapa-fapaneng ba phutheho lipotso tse fetang 120 ka thuto le boitšoaro tsa Bokreste hammoho le ho nahanisisa ka litemana tse makholo-kholo tse tšehetsang tsa Bibele—hona hohle ho etsa hore ba fetohe baboloki ba botšepehi ba amohelehang pele ba kolobetsoa.—Liketso 8:34-36.a
Phapang e Etsoang ke Kolobetso
5. Kolobetso e khetholla motho e le oa boitšoaro bofe?
5 Motho o finyella eng ka ho kolobetsoa? Pele ho tsohle, o ikhetholla le ’moloki e moholo oa botšepehi ea kileng a tsamaea lefatšeng—Kreste Jesu. Eena ka boeena o beile mohlala ka ho kolobetsoa ha a le lilemo tse ka bang 30. (Luka 3:21-23) Hamorao o ile a laela balateli ba hae hore ba rute le ho kolobetsa lefatšeng lohle. (Mattheu 28:19, 20) Empa na o ne a bolela hore barutuoa ba hae ba kolobetse batho ntle ho khethollo, ho sa tsotellehe hore na boitšoaro ba bona ka nako eo ke bofe?
6, 7. (a) Ho hlokoa eng ho molateli oa ’nete oa Kreste? (b) Ho halalela ho fana ka maikutlo afe?
6 Moapostola Petrose o fana ka pono e nepahetseng ha a ngola: “Le halalele metsamaong ea lona eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Halalelang, hobane kea halalela.” (1 Petrose 1:15, 16) Joale, ho Mokreste ea inehetseng, ho bolela eng ho ba ea “halalelang”?
7 Ho latela Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, lentsoe la Segerike haʹgi·os (le fetoletsoeng e le “halalela”) “haholo-holo le bolela se arotsoeng . . . ’me kahoo, Lengolong [la Bibele] bohlokoeng ba lona ba boitšoaro le ba moea, se arotsoeng sebeng ’me ka lebaka leo se nehetsoe ho Molimo.” Seithuti se seng sa Segerike se bolela hore “se khetholloa ka ho tšoana le Molimo.” Kutloisiso ena e beha tekanyetso e phahameng ho ba tla kolobetsoa e le Bakreste ba ’nete. Ke tekanyetso ea botšepehi, ’me botšepehi ke ‘ho tšoarella ka tieo molaong oa boitšoaro’—tabeng ea Mokreste, melao-metheong ea bohlokoa ea Kreste.—Johanne 17:17-19; 18:36, 37.
8. (a) Ke litekanyetso life tse neng li busa phuthehong ea pele ea Bokreste mabapi le boitšoaro? (b) Na Bokreste-’motoana bo latetse litekanyetso tseo? Fana ka mehlala liketsahalong tsa moo.
8 Phutheho ea ’nete ea Bokreste kamehla e ’nile ea hatella botšepehi, ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekileng. Ke ka hona Pauluse a ileng a laela Bakreste ba pele hore “le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena. . . . Tlosang e mobe har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 5:9-13; 2 Johanne 10, 11) Na baruti ba Bokreste-’motoana ba sebelisitse tekanyetso eo e phahameng ea botšepehi mehlapeng ea bona? Bokreste’motoana bo amohela—batho ba kopanelang kamehla libeng le tlōlong ea molao tsa mefuta eohle—e le litho tsa bona tse sa etseng letho kapa tse mafolo-folo. Melao-metheo ea Bibele ha e lumelle bolokolohi bo joalo bo se nang moeli.—Bapisa Jeremia 8:5, 6, 10.
9. Ke eng e hulelang batho ba bangata boinehelong le kolobetsong?
9 Ka lebaka la ho tšoarella ka thata-thata tekanyetsong ena e phahameng har’a Lipaki tsa Jehova, ba ratang ’nete le botšepehi ba huleloa hore ba inehele ho Morena ’Musi oa bokahohleng, Jehova Molimo. (Habakuke 3:18, 19) Ba bona phapang e hlakileng pakeng tsa boitšoaro ba malumeli a lefatše le ba Lipaki tsa Jehova. Ke ’nete, batho ba bangata ba nyelisa borapeli bo hloekileng. (1 Petrose 4:3, 4) Leha ho le joalo barati ba botšepehi ba retelehela ’neteng ba le likete. Ba bontša hore ba rata Molimo le litekanyetso tsa oona ha ba inehela kolobetsong ea metsing.—Bapisa Mareka 1:10; Johanne 3:23; Liketso 8:36.
Botšepehi bo Theiloeng Leratong le Mamellong
10. Ho hlokahala eng hore Mokreste a boloke botšepehi ba hae?
10 Botšepehi bo na le moputso. Jesu o hlakisitse hoo ha a mema batho hore e be balateli ba hae. “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea ratang ho ntatela, a ke a itele [“a itšiee morao,” The New English Bible], a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.” (Mareka 8:34) Bophelo ba botšepehi ba Bokreste bo akarelletsa liteko le boitelo ’me ka lebaka le tšoanang le le etsahelletseng Kreste—re na le sera se tšoanang, Satane. (Ba-Efese 6:11, 12) Ka hona mamello e’a hlokahala e le hore re ka latela Jesu kamehla. Ka lebaka leo, boinehelo ha bo akarelletse qeto e bobebe; ha bo’a lokela ho ba ho nkeha maikutlo ho fetang feela. Empa ba seng bakae ba furaletse ’nete kamor’a likhoeli kapa lilemo tse seng kae ba kolobelitsoe. Hoo re ka ho hlalosa joang?
11. Ke hobane’ng, mohlomong, ha ba bang ba sa tsoela pele tseleng ea botšepehi?
11 Mohlomong ba bang ba ile ba atamela kolobetso ka khopolo e nkehileng ho e-na le e tsitsitseng. Ba bang mohlomong ba ne ba shebile liphello tse potlakileng ’me ba etsa boinehelo ba boikhabi le ba nakoana. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ba lahlile kamano ea bona e matla le Jehova. Ha ba a ka ba ‘talimisisa’ Mohlala oa bona, Jesu Kreste. (Ba-Heberu 12:1, 2) Ka lebaka leo, lerato la bona ho Molimo la fela ’me botšepehi ba bona ea e-ba ba nakoana. Ebe ke hobane’ng ha lerato e le ntho ea bohlokoa joalo? Hobane ke oona motheo feela o tiileng bakeng sa boinehelo bo tšoarellang ho Jehova.—Mareka 12:30, 31; 1 Johanne 4:7, 8, 16; 5:3.
Ho Lekanya Seo Botšepehi bo se Hlokang
12. Ke tsela efe e bohlale e ka nkoang pele ho kolobetso?
12 Jesu ha a ka a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba mo latele ka bofofu ba sa itekanye mesikaro. O elelitse: “Ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?” E, motho ea bohlale o nahana ka hloko ka tsela eo a tlang ho e nka kamoso. O lokela ho tiisa hore na sepheo sa hae ke sefe pele a amohela boikarabelo bo feletseng ba boinehelo ba Bokreste le kolobetso. ’Me Jesu o bontšitse hore na hoo ho ne ho ka bolela eng ha a eletsa: “Ka mokhoa o joalo, e mong le e mong har’a lōna, ea sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.”—Luka 14:28-33.
13. Haeba moko oa thuto ea Jesu e le lerato, o ne a bolela eng ha a bua ka ‘ho hloea’ litho tsa lelapa la motho? (Mattheu 22:37-40)
13 Boinehelo ho Jehova bo biletsa botšepehi ba moea oohle ho etseng thato ea bomolimo. Ha ho motho kapa matlotlo tse ka lumelloang ho phahamela lerato la motho ho Molimo. Ke ka lebaka leo Jesu a itseng: “Ekare ha e mong a e-tla ho ’na, a sa hloee ntat’ae, le ’m’ae, le mosali oa hae, le bana ba hae, le banab’abo, le bo-khaitselie, le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:26) E be joale Jesu o ne a bolela eng ha a bua ka ho hloea litho tsa lelapa la motho le hore motho a itlhoee ka boeena? Kaha o rutile balateli ba hae hore ba rate le tsona lira tsa bona, ke ka kutloisiso efe a sebelisitseng lentsoe ho hloea moo? (Luka 6:27, 35) Mona lehloeo le na le khopolo ea ho rata hanyenyane.—Bapisa Mattheu 12:46-50.
14. Metsoalle e meng le beng ka motho ba ee ba itšoare joang ha motho e e-ba Paki ea Jehova? (Johanne 15:18, 19)
14 Ka sebele ha motho a fetoha Paki ea Mokreste ea Jehova, o fumana kapele hore na metsoalle ea hae ea ’nete ke efe. Ba bang mohlomong ba tla mo qoba kapa ba mo furalle ka lebaka la hobane a lahlile bolumeli ba hae ba pele, le hoja bona ka bobona ba sa sebelise bolumeli leha e le bofe ka nepo. Empa Jesu o tšepisitse hore ho ne ho tla ba le matšeliso bakeng sa tahlehelo leha e le efe e joalo, a re: “Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, kapa ntat’ae, leha e le ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, . . . ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.
15. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba halala Lipaki tsa Jehova?
15 Mabakeng a mang tsela ea boinehelo le botšepehi e ka ’na ea bolela ho lahleheloa ke tlhompho mahlong a batho ba bang. (1 Ba-Korinthe 4:12, 13) Hoo ho lokela ho etsahala hobane’ng? Hobane joale o sebelisa bolumeli bo sa “hlompheheng.” (Bapisa Mareka 2:15, 16.) Ha e le hantle, ha ho hlomphehe ‘ho khathatsa batho ba bang ka bolumeli ba hao ka ntlo le ntlo.’ Ha ho hlomphehe ho ea chankaneng ho e-na le ho tlōla ho se nke lehlakore hoa motho litabeng tsa bochaba le leratong la naha. (Johanne 18:36) Ha ho hlomphehe ho hana litšelo tsa mali ka lebaka la letsoalo le koetlisitsoeng ke Bibele—le hoja seoa sa hona joale sa AIDS se etsa hore batho ba bang ba inahane habeli ntlheng eo.—Bapisa Liketso 15:28, 29; 17:6, 7; 24:5.
16. Re thusoa joang hore re tšepahale?
16 Le hoja tsela ea botšepehi ba Bokreste e le tšesanyane ’me e leka, re na le thuso kamehla. (Mattheu 7:13, 14) Ka baka leo Pauluse o ne a ka re: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13) ’Me re ka fumana matla ao ka ho rapela kamehla, ka thuto ea Lentsoe la Molimo le ka ho kopanela le phutheho ea Bokreste. Re le baboloki ba botšepehi ba kolobelitsoeng, re ka lula re tšepahetse re bile re le khabane, liteboho li lebisoa matleng ao Molimo o fanang ka ona.—Ba-Efese 4:11-13; 6:18; Pesaleme ea 119:105.
Melemo ea Tsela ea ho Boloka Botšepehi
17. Kolobetso e ka isa mahlohonolong afe?
17 Bohato ba boinehelo le kolobetso bo isa mahlohonolong a mangata. Ka lebaka le leng, bo ka bolela tšebeletso e batsi le e khotsofatsang haholoanyane. Ho na le tebello ea tšebeletso ea kamoso u le pula-maliboho ea thusang, hoo mabakeng a mang ho isang tšebeletsong ea bopula-maliboho ba kamehla le bo khethehileng, tšebeletso ea boromuoa, mosebetsi oa potoloho le oa setereke le tšebeletso ea Bethele. (Bona lebokose le leqepheng 26.) Bakeng sa baena ba kolobelitsoeng ho buleha tsela ea ho sebeletsa ba bang ka phuthehong e le bahlanka ba sebeletsang ’me, kamorao ho nako e le baholo. Empa bakeng sa mahlohonolo ana oohle, ho na le tlhokahalo e tšoanang ea motheo—botšepehi.—1 Timothea 3:1-10.
18. Bophelo ba rōna ba boinehelo bo lokela ho ama ba bang bao re kopanang le bona joang?
18 Melemo ea bophelo ba boinehelo le botšepehi e atolohela ho ama ba bang. Ka lebaka la ho hata mehlaleng ea Jesu, motho o fetoha monna kapa mosali, ntate kapa ’mè ea molemonyana. (1 Petrose 2:21; Ba-Efese 5:21-33; 6:4) Bacha ba ba le kamano e hahang le batsoali ba bona, matichere le baholo ba phutheho. (Tite 2:6, 7) Mokreste e mong le e mong ea kolobelitsoeng o fetoha moahelani, mohiri kapa mohirioa ea molemonyana. (Mattheu 22:39; Ba-Efese 6:5-9; Tite 2:9, 10) ’Me joaloka Kreste, Mokreste e mong le e mong o lokela ho fetoha motsoalle ea khathollang ba bang, joalokaha Jesu a itse: “Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo.”—Mattheu 11:29.
19. Melemo e meng e meholohali e tlisoang ke bohato ba boinehelo ke efe?
19 Molemo o moholohali oa ho nka bohato ba boinehelo le kolobetso ha re kena har’a baboloki ba botšepehi ba Jehova ke ho fumana kamano e nang le khotso le ’Mōpi. E isa khotsong ea kelello. Joalokaha Pauluse a elelitse: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me “khotso ea Molimo,” e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
20. (a) “Khotso ea Molimo” e theuoe ho eng? (b) Ke monyetla ofe o bulehelang motho ea kolobetsoang?
20 Khotso ena ea Molimo e theiloe kutloisisong e tebileng ea mohlala oa Jesu le sehlabelo sa hae. Tsebo ena ea Kreste e isa ba bangata pakong ea ’nete le phetohong ea ’nete ea boitšoaro, kapa ‘ho sokoloheng’ sebeng. (Liketso 3:19, 20) Ka lebaka leo ba inehetseng ba re, joaloka mopesaleme: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka toka [“ka botšepehi,” NW] ea ka; . . . Ke tla roka Jehova liphuthehong.” (Pesaleme ea 26:11, 12) Motho ea kolobetsoang metsing tšoantšetsong ea boinehelo ba hae ho Molimo o ema le baboloki ba botšepehi ba Jehova ba lefatšeng lohle. (1 Petrose 2:17) O boetse o ‘tšoarella bophelong ba sebele,’ bophelo bo sa feleng, boo Jehova a bo tšepisitseng ka Kreste Jesu.—1 Timothea 6:19; Tite 1:2
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa oa June 1, 1985, maqephe 29-31, o thathamisa tsela e loketseng mabapi le kolobetso ’me o na le lipotso tse peli tse tekoang ka pel’a ba eang kolobetsong ho ea qetellong ea puo ea kolobetso.
U Ka Arabela Joang?
◻ Bakreste ba pele ba ne ba hohelloa ’neteng e rutiloeng ke Jesu le baapostola joang lekhetlong la pele?
◻ Khalalelo e amana joang le Mokreste ka mong le phutheho?
◻ Botšepehi bo lokela ho theoa ho eng?
◻ Ho lekanyetsa se batloang ke botšepehi ho ama eng?
◻ Melemo ea ho boloka botšepehi ke efe?
[Lebokose le leqepheng la 26]
Litokelo Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Pula-maliboho ea Thusang: Mosebeletsi ea kolobelitsoeng ea etsang bonyane lihora tse 60 mosebetsing oa boboleli ka khoeli.
Pula-maliboho ea Kamehla: Mosebeletsi ea kolobelitsoeng ea etsang lihora tse 90 ka karolelano ka khoeli mosebetsing oa boboleli.
Pula-maliboho e Khethehileng: Mosebeletsi ea kolobelitsoeng ea etsang bonyane lihora tse 140 ka khoeli tšebeletsong ’me a amohela thuso e nyenyane ea chelete bakeng sa litšenyehelo tsa bohlokoa. Bo-pula-maliboho bana hangata ba abeloa lihlopha tse kathoko le liphutheho tse nyenyane.
Moromuoa oa Gileade: Mosebeletsi ea kolobelitsoeng ea koetlisitsoeng Sekolong sa Watchtower sa Bibele sa Gileade bakeng sa tšebeletso linaheng lisele ’me le eena o etsa bonyane lihora tse 140 ka khoeli tšebeletsong.
Balebeli ba Potoloho le ba Setereke: Baholo ba tsamaeang ba etelang liphutheho le lipotoloho ka sepheo sa ho haha baena tšebeletsong ea bona le libokeng. Ba nka lihora tse ngata tšebeletsong ea tšimo.
Tšebeletso ea Bethele: E etsoa ke basebeletsi ba nako e tletseng liofising leha e le life tsa lekala tsa Mokhatlo oa Watch Tower le likhatisong tsa oona lefatšeng lohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Kolobetso e bulela motho tsela ea . . .
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
. . . tšebeletso ea ho tšepahala