Ho Ikatisa hoa Bophelo—Ka ho Iphetola hoa Lintho Kapa ho Tsoa ho Molimo?
“LI RARAHANE ka mokhoa oa mohlolo.” Ke kamoo pampiri ea litaba Science News e hlalosang litho tsa mosali tse sebetsang ’moho tsa ho ikatisa. Empa lehe le tsoang lipolokelong tsa mosali tsa mahe le ke ke la etsa bophelo ka bolona. Hore sena se etsahale, peō e tona e tsoang lithong tsa monna tse sebetsang ’moho tsa ho ikatisa e tlameha ho kopana le lehe leo. Empa peō ee e tona e etsa eng ho lehe hore le hōle? Potso eo e ntse e tsielitse bo-ramahlale.
Tumelo ea hore lintho li iphetotse e boetse e hlahisa potso e ’ngoe: Haeba litho tsa ho ikatisa tsa botona le botšehali li ’nile tsa iphetola, bophelo bo hlahile joang pele ho kaheho e feletseng ea tsona ka bobeli?
Ho ikatisa ho akarelletsa mehlolo e meng. Ntho e hahang liphatsa tsa lefutso leheng le emolisitsoeng e ka bonoa feela ka thuso ea sehōlisa-lintho. Empa joalokaha Liprofesara Frair le Davis li hlalosa bukeng ea tsona A Case for Creation, e emela “pokello ea libuka tse ngata haholo tsa boitsebiso.” Baa eketsa, “ha ho mohlala o mong oa kaho e nyenyane o ka bapisoang le hanyenyane feela le ona.” Pokello ena e nyenyane ea boitsebiso e laola khōlō ea likarolo tsohle tsa ’mele, ho akarelletsa le likaroloana tse kang ’mala oa mahlo le moriri.
Hang kamor’a kemolo, sele e aroha likotoana tse peli, tse peli li fetoha tse ’ne, joalo-joalo, ho fihlela ho le teng boieane ba lisele. Ho arohana hoa lisele ho akarelletsa ho hlophisa likaroloana tse nyenyane tse khethehileng tse limillione le ho hlahisa tse ling tse tšoanang le tsona. Ho tšoana le fektri e ikarotseng lihlopha tse peli tse arohaneng tse nang le mechine e tšoanang ho fana ka sehlahisoa se le seng, ’me tšebetso ena ea katiso e tsoela pele e sa emise. Joale ho boetse ho etsahala ntho e ’ngoe e makatsang.
Lisele tse bōpehileng ka mokhoa o fapaneng li qala ho haheha—lisele tsa methapo, tsa mesifa, tsa letlalo le mefuta e meng eohle e etsang ’mele oa motho. Ho fapana hoa lisele ke sephiri. Ho joalo le ka ho bokellana hoa lisele. Science Digest e-ea bolela, “ha ho ea tsebang hantle hore na ke hobane’ng ha lisele tse ling li bokellana ho etsa phieo ha tse ling li kopana ho etsa sebete, le tse ling.” Qetellong, ’mele oa motho o fihlela khōlō e feletseng, o entsoe ka lisele tse ka bang 100 000 000 000 000.
Ho ea ka khopolo ea ho iphetola hoa lintho, bophelo ba motho bo fetohile liphoofotsoaneng tse ka bonoang ka sehōlisa-lintho. Empa, ho fapana le batho, boholo ba liphoofotsoana tse ka bonoang ka sehōlisa-lintho bo tsoa motsoaling a le mong feela. Li ikatisa ka botsona. Ke joang mofuta ona oa ho ikatisa o neng o ka fetohela mofuteng o rarahaneng haholoanyane o batlang batsoali ba babeli? Bo-ralintho-liiphetotse ba thatafalloa ke ho araba sena, joalokaha ho bontša bahlalosi leqepheng le ka pele.
Ho laqoma hona ho hlalosoa ntle le ho nahanisisoa e le “ho qaptjoa hoa ho ikatisa ka mokhoa oa botona le botšehali.” Empa bo-ramahlale ba bang ba na le sebete sa ho hanyetsa. Moprofesa Jaap Kies, oa Univesithi ea Cape e ka Bophirimela, Afrika Boroa, o ho hlalosa e le “khopolo e tlotseng meeli ea sebele.”
Ho na le tlhaloso e le ’ngoe feela e khotsofatsang bakeng sa ho ikatisa hoa bophelo. Ke mpho e tsoang ho ’Mōpi ea bohlale bohle, Jehova Molimo. Joalokaha Bibele e bolela: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo.”—Jakobo 1:17.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Seo Bo-ralintho-li-iphetotse ba se Lumelang ka ho Ikatisa
“Ha re tsebe le hanyenyane feela mothati oa ho qetela o tsosang takatso ea botona le botšehali; hore na ke hobane’ng ha bophelo bo bocha bo tlameha ho hlahisoa ka ho kopana hoa litho tse peli tsa botona le botšehali, ho e-na le ka ho hlahisoa ke ho ikatisa ho batlang feela motsoali a le mong . . . Taba ena eohle e sa patehile lefifing.”—Charles Darwin, 1862.
Ha e bua ka pono ena ea Darwin, Science News, ea la 8 Loetse, 1984, e-ea eketsa: “Ho tšoana leha a ne a ntse a ngola kajeno.”
Selelekeleng sa Sex and Evolution, Moprofesa George C. Williams o re, “buka ena e ngotsoe ka kholiseho ea hore ho anafala hoa ho ikatisa ka botona le botšehali liphoofolong le limeleng tse ka holimonyana ha ho lumellane le khopolo ea joale ea ho iphetola hoa lintho.”
Bukeng ea hae The Evolution of Sex, Moprofesa John Maynard Smith o fana ka “moralo oa tšimoloho ea botona le botšehali,” a o bitsa “moralo o molemohali oo nka fanang ka oona.” O qetella ka ho re: “Nke ke ka etsa eka ke na le tšepo e khōlō tlhalosong ena.”
“Botona le botšehali ke mofumahali oa mathata thutong ea bophelo ea ho iphetola hoa lintho. . . . Ho bonahala eka tse ling tsa lipotso tsa bohlokoahali thutong ea bophelo ea ho iphetola hoa lintho li ile tsa botsoa ngope-setšoha . . . E khōlō ka ho fetisisa le e ke keng ea qheleloa kathōko ho hang ’me e le e thata ka ho fetisisa ea lipotso tsena ke ena, hobane’ng botona le botšehali?”—The Masterpiece of Nature, ea Moprofesa Graham Bell.