Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/1 maq. 8-9
  • Ke Eng e Loketseng ka Sabbatha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Loketseng ka Sabbatha?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Loketseng ka Sabbatha?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Kha Liqoapi ka Sabbatha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Ke Eng e Loketseng ka Sabbatha?

KE SABBATHA e ʼngoe hape ha Jesu a etela ntlo e ʼngoe ea thapelo haufi le leoatle la Galilea. Ho teng monna eo letsoho la hae le letona le omeletseng. Bangoli le Bafarisi ba talimisisa ho bona hore na Jesu o tla mo phekola. Qetellong baa botsa: “Ana ho ka lokela ho folisa ka tsatsi la sabbatha na?”

Baetapele ba bolumeli ba Bajode ba lumela hore ho phekola ho loketse ka Sabbatha feela ha bophelo bo le kotsing. Ka mohlala, ba ruta hore ka Sabbatha ho phoso ho khutlisetsa lesapo malumong kapa ho tlamisa ea nonyetsehileng. Ka hona bangoli le Bafarisi ba botsa Jesu ka ho leka ho fumana seo ba tla mo nģosa ka sona.

Leha ho le joalo, Jesu o tseba mabaka a bona. Ka nako e tšoanang, o hlokomela hore ba na le pono e fetelletseng le eo e seng ea mangolo ea se boleloang ke ho tlōla molao oa letsatsi la Sabbatha o thibelang mosebetsi. Ka hona Jesu o lokisetsa hore eo ho buuoang ka eena a bonoe ke bohle ka ho bolella monna eo ea letsoho le omeletseng: “Ema mona, hare.”

Joale, Jesu o retelehela ho bangoli le Bafarisi, o re: “Motho ke ofe ho lōna ea nang le nku e le ʼngoe, ekareng ha e oela sekoting ka sabbatha, a ke keng a e tšoara, a e ntša?” Kaha nku e emela chelete eo motho a nang le eona, ba ne ba ke ke ba e tlohela ka sekoting ho fihlela letsatsing le latelang, hobane hoo ho ka e kulisa kapa ha theola theko ea eona. Ntle le moo, Mangolo a re: “Motho ea lokileng o baballa ho phela ha khomo ea hae.”

Ha Jesu a bapisa, o tsoela pele: “Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka sabbatha.” Baetapele ba bolumeli ba sitoa ho hanyetsa peho eo ea mabaka e utloahalang le e nahanelang, baa khutsa.

Jesu a halefile a bile a soabisitsoe ke bothoto bo manganga ba bona, o ba talima kaofela. Joale o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao.” ʼMe oa le otlolla ʼme letsoho la fola.

Ho e-na le hore ba thabele hore letsoho la monna eo le folisitsoe, Bafarisi ba tsoela ka ntle ʼme kapele ba rera le balateli ba sehlopha sa Heroda ho bolaea Jesu. Sehlopha sena sa bopolotiki ka ho totobetseng se entsoe ka litho tsa Basaducci ba balumeli. Ka tloaelo, sehlopha sena sa bopolotiki le Bafarisi ba nyatsana phatlalatsa, empa ba tlamahane ka thata khanyetsong ea bona ho Jesu. Mattheu 12:9-14; Mareka 3:1-6; Luka 6:6-11; Liproverbia 12:10; Exoda 20:8-10.

◆ Ke tokisetso efe e ileng ea etsoa hore eo ho buoang ka eena ke Jesu le baetapele ba bolumeli ba Bajode a bonoe ke bohle?

◆ Bajode ba ne ba lumela eng ho ka phekola ka Sabbatha?

◆ Ke papiso efe eo Jesu a e sebelisitseng ho hanyetsa lipono tsa bona tse fosahetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela