Karolo e Hlomphehang ea Mosali
“KE HOBANE’NG ha mosali a lokela ho tšoana haholoanyane le monna?” Potso ena e batlang e sa hlaka e ne e le sehlooho sa taba ea setsebi sa kelello Carol Gilligan seo a itseng ho sona: “Sebaka sa mosali bophelong ba monna e bile sa moholisi, mohlokomeli le mothusi, molohi oa marang-rang ao a likamano ao hamorao le eena a itšetlehileng ka oona. Empa le hoja basali ba hlokometse banna, ke ’nete ka ho tšoanang hore banna . . . ba sekametse ho nyenyefatseng tlhokomelo eo.”—Psychology Today.
Ke ’nete ea kajeno hore basali ba bangata ba ikutloa ba lokafalitsoe ka ho belaela ka ho se lekane ho itseng le ho khetholloa ho itseng khahlanong le botšehali ba bona. Ke ’nete, banna ba baithati ba tlatlapile basali likarolong tsohle tsa lefatše—linaheng tse ling le mekhatlong e tsoetseng pele ho feta ho tse ling. Ba bang ba hlalosa hona e le ka lebaka la litsamaiso tsa botsoalle tse abelang basali karolo e tlaasana. Ba bang ba supa Bibele e le eona eo bonyane e ka beoang molato karolong e ’ngoe, ba bolela hore Mangolong a Seheberu le a Segerike (ao ka tloaelo a bitsoang Testamente ea Khale le e Ncha) Bibele e thatafaletsa basali lintho. Na hoo ke ’nete?
Morero oa Molimo ka Mosali
Bibele e re: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; . . . Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” Morero oa ho khetholloa ka botona le botšehali e ne e le ofe? Karabelo e hlakile. Ho ne ho tla nolofaletsa banyalani ba pele ho phetha taelo ea bomolimo e tekiloeng hona temaneng e latelang: “Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse . . . tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Genese 1:27, 28.
Hlokomela hore ‘ba’ ile ba fuoa taelo ena ka ‘bobeli,’ monna le mosali. Bobeli ba bona ba ne ba ke ke ba kopanela feela ho tlatseng lefatše ka batho ba bang empa ba ne ba tla boetse ba buse lefatše le libopuoa tse tlaasana tumellanong le thato ea Molimo. Ho etsa sena, ka bobeli ba ne ba tla hloka litšoaneleho tsa bohlale le tsa moea, ’me ba ne ba e-na le matla a tšoanang a ho li hlahisa.
Leha ho le joalo, Molimo o ile oa abela monna le mosali likarolo tse sa tšoaneng le boikarabelo bo sa tšoaneng. Ka nako eo Adama a ileng a e nka ho ithuta lihlopha tsa liphoofolo le ho li rea mabitso, o entse joalo e le monna ea phethahetseng le ea feletseng. O ne a sa haelloe ke letho bakeng sa mosebetsi oo a o abetsoeng. (Genese 2:19, 20) Empa ha nako e fihla ea hore motho a qale ho tlatsa lefatše ka bana, ka ho totobetseng o ne a hloka mosali. Ke ka lebaka leo ” Jehova Molimo [a ileng a re]: Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši; ke tla mo etsetsa molekane mothusi, e le motlatsi oa hae.”—Genese 2:18, NW.
Bibele e re Molimo o mo entse e le “mothusi, e le motlatsi oa hae.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “motlatsi” le ka boetse la ngoloa e le “molekane,” e leng le ’nileng la hlalosoa e le “ntho e tšoanelang e ’ngoe hantle.” Morero oa Molimo ka mosali e ne e le hore e be motlatsi ea tšoanelehang oa monna phethahatsong ea thomo ea bona eo ba e kopanetseng, eo e neng e le ‘ho tlatsa lefatše le ho rena holim’a lona.’
Tokisetso ea Molimo ea Mantlha e Sothiloe
Bibele e hlile e’a bolela hore “Adama o bōpiloe pele, hamorao ha bōpjoa Eva.” (1 Timothea 2:13) E hlalosa mosali e le “pitsa e fetisang ka ho fokola,” ’me e bolela hore, feela joalokaha monna a e-na le hlooho (Kreste), “hloho ea mosali ke monna.”—1 Petrose 3:7; 1 Ba-Korinthe 11:3.
Ho latela tokisetso ea Jehova ea mantlha, molekane a le mong e ne e le tekanyetso bakeng sa lenyalo. (Genese 2:24) Monna o bopiloe pele ’me o ne a lokela ho etella pele litabeng tsohle tse amanang le borapeli le litšebeletso tsa bomolimo tse phethoang ka pono ea ho tlatsa lefatše le ho le busa. Hona ho ne ho tla akarelletsa litaba tsa lelapa. Ntate e ne e lokela ho ba hlooho ea lelapa, empa o ne a ke ke a bo sebelisa ka tsela e tla utloisa mosali bohloko. Ho e-na le hoo, e ne e tla ba molemong oa hae hobane o ne a tla ba le eo a mo tšehelitseng ha a sebelisa ka nepo matla ao a a filoeng ke Molimo holim’a bana ba hae.—Baefese 6:1-4.
Joaloka libakeng tse ling tsa boiteko ba batho, sebe le ho se phethahale li sentse kamano ena e ntle pakeng tsa monna le mosali. (Ba-Roma 7:14-20) Banna ba baithati ba sebelisitse tokelo ea bona ea bohlooho hampe, ’me ho hlokofalitse basali ka lilemo-lemo. Ka ho bonela pele phello ena e ikhethang ea sebe, Jehova a re ho Eva kamor’a bofetoheli ba hae: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Puso ena e mpe e ne e ke ke ea e-ba tšebeliso e nepahetseng ea bohlooho. E ne e tla bontša boemo ba boetsalibe ba monna, le ba mosali, hobane ka linako tse ling bo ne bo tla tsoaloa ke ha mosali a leka ho inkela matla a monna oa hae.
Basali Tlas’a Molao oa Moshe
Molao oo Jehova a neng a o file Iseraele o ne o sireletsa litokelo tsa baroetsana. (Exoda 22:16) O ne o sireletsa “tokelo e tšoanelang barali.” (Exoda 21:9, NW) Basali ba ne ba lokela ho ‘hlokomeloa,’ e seng ho ba “etsa ka bolotsana.” (Deuteronoma 13:6, NW; Malakia 2:14, 15) Seriti sa basali se ne se lokela ho hlomphuoa litabeng tsa ho kopanela liphate. (Levitike 18:19) Basali ba ne ba sa lokela ho tšoaroa hampe likamanong tsa liphate.—Levitike 18:8-17.
Ha a ngola bukeng Religion and Sexism, setsebi sa thuto ea bolumeli Phyllis Bird o re: “Melao ea Iseraele e fapana ka ho hlokomelehang haholo le melao e meng e tsejoang ka ho ba thata hoa eona lefapheng la ho sitoa tabeng ea botona le botšehali . . . pono ea Iseraele ea sebaka se nepahetseng sa ho kopanela liphate le likotlo tse boima ho ba sebelisang botona le botšehali hampe eo ho bonahalang e ne e bontša khanyetso ea ka boomo mekhoeng ea batho ba ba potolohileng (ka ho toba Bakanana) . . . litšito tsa ho kopanela liphate ke litšito tsa bolumeli Iseraeleng. Hase litaba tsa lekunutu empa litaba tsa bohlokoa bo boholo ho batho bohle.” Melao e thata joalo ka sebele e ne e sireletsa litokelo tsa basali.
Iseraeleng, banna le basali ba ne ba lekana ka pel’a Molao haeba ba ne ba fumanoa ba le molato oa bofebe, ho nyalana hoa batho ba amanang, ho robala le liphoofolo kapa litlōlo tse ling. (Levitike 18:6, 23; 20:10-12) Melao e mabapi le melemo ea Sabbatha, mekete, likano tsa Bonazare le litokisetso tse ling e ne e sebetsa ka ho lekana ho banna le ho basali.—Exoda 20:10; Numere 6:2; Deuteronoma 12:18; 16:11-14.
Bukeng ea Liproverbia, Bibele e rorisa “mosali oa sebele,” “mosali ea khabane,” “mosali ea kelello,” le “mosali ea bohlale.” (Liproverbia 18:22; 12:4; 19:14; 14:1) Liproverbia khaolo ea 31 e hlalosa “mosali ea khabane” joalo ’me e bontša hore na monna oa hae o mo tšepa hakae le litokelo tse ngata tseo a li lumellang mosali ho sebetsa litaba tsa bohlokoa tsa tšoaro ea lelapa. Ha ho pelaelo, ha Molao o ne o lateloa Iseraeleng, basali ba ne ba sa tšoaroe hampe.
Basali Phuthehong ea Bokreste
Tlas’a Molao oa bapatriareka le oa Moshe, ho ne ho lumelloa sethepu le lirethe; empa li ne li laoloa, ’me litokelo tsa basali le tsa lirethe li ne li sireletsoa. (Genese 16:3; 29:23-29; Exoda 21:7, 8; Deuteronoma 21:14-17) Leha ho le joalo, Kreste, o ile a tsosolosa tekanyetso ea Molimo ea mantlha bakeng sa lenyalo, e leng, monna a le mong bakeng sa mosali a le mong. (Mattheu 19:4-6) O boetse a felisa tlhalo ea mofuta ofe kapa ofe, a lumella lebaka le le leng feela la bohlokoa—bohlola.—Mattheu 19:7-9.
Ha e le hantle, ho tiisa hoa Kreste tokisetso ea lenyalo ho tsoetse banna le basali molemo ka phuthehong ea Bokreste. Empa ho totobetse hore basali ke bona ba neng ba rua molemo pele.
Ho ea ka litekanyetso tsa Bokreste, basali ba ne ba lokela ho ratoa le ho hlokomeloa. (Ba-Efese 5:28, 29, 33) Ba batona ka phuthehong ba ne ba lokela ho tšoara basali ba bacha “joale ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Basali ba Bakreste ba ile ba amohela moea o halalelang ’me ba “profeta,” kapa ba bua ka sebete ka “limakatso tsa Molimo.” (Liketso 2:11-18) Basali ba hōlileng ba Bakreste ba ne ba lokela hore “ba rute tse ntle” bakeng sa banab’abo bona ba moea ba banyenyane. (Tite 2:3, 4) Bohle ba baholo le ba banyenyane, ba ne ba lokela ho nka karolo e mafolofolo ho phethahatseng thomo ea ho ‘etsa barutuoa ba batho ba lichaba tsohle.’—Mattheu 28:19, 20.
Tokisetso ea Molimo ea mantlha bakeng sa lenyalo e tsosolositsoe phuthehong ea Bokreste. Mona molao-motheo oa bohlooho ba bonna o ne o lokela ho hlomphuoa. (1 Ba-Korinthe 11:3) Basali ba Bakreste ba ne ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona. (Ba-Efese 5:22-24) Hape ba ne ba lokela ho hlompha baholo ba khethiloeng ka phuthehong, bao kaofela e leng banna, ho sa tsotellehe hore na bana ke masooa kapa ke ‘banna ba nang le basali ka bo mong.’ (1 Timothea 3:2) Basali ba Bakreste ba ne ba lokela ho tlohella thuto ea phatlalatsa phuthehong ho “baholo” ba joalo ba khethiloeng ’me ba tlohele ho hanyetsa baruti ba joalo phatlalatsa. (Tite 1:5-9; 1 Timothea 2:11-15; 1 Ba-Korinthe 14:34, 35) Hona ho ne ho tla bōpa khotso ka hare ho phutheho ka ’ngoe. (1 Ba-Korinthe 14:33, 40) Tšusumetso leha e le efe e sa tšoanelang ea motho e motšehali ka phuthehong e ne e tla tlisa kahlolo e sa rateheng ea Kreste.—Tšenolo 2:20-23.
Kameho ea Jehova ka Basali
Na Bibele e thatafaletsa basali lintho? Che. Maqepheng ’ohle a eona, e senola kameho e tebileng ea Jehova bakeng sa thabo le boiketlo ba ‘pitsa ena e fetisang ka ho fokola,’ eo e leng ’Mōpi oa eona. Ba filoe tlhompho. (1 Petrose 3:7) O tseba hamolemo hore na ba batona kapa ba batšehali ba tšoaneloa ke karolo efe, bakeng sa ho etsetsana melemo. O file banna bohlooho empa litokelo tse ngata tsa bohlokoa ho bahlanka ba hae ba batšehali, ho akarelletsa tlhompho e khōlō ea ho ba Lipaki tsa hae. “Morena [Jehova] o utloahatsa lentsoe la hae; basali ba tsebisang hlōlo ke lekhotla le leholo.”—Pesaleme ea 68:11.
Setsebi sa kelello Carol Gilligan o ile a botsa potso, “Ke hobane’ng ha mosali a lokela ho tšoana haholoanyane le monna?” Bibele e’a arabela: Ha ho na lebaka le letle. O tla thaba haholoanyane eena ka boeena ’me o tla thabisa ba bang haholoanyane haeba a phetha karolo eo a e abetsoeng ke Molimo.