Daniele—Buka ea ’Nete ea Boprofeta
TLALEHO ea Bibele e’a re bolella: “Ka selemo se qalang puso ea Belshatsare, morena oa Babylona, Daniele a bona toro a le litaong tsa hae, ’me a ba le lipono moeeng oa hae; a ngola toro eo, a bolela lihloho [“tlaleho e feletseng,” NW] tsa eona.”—Daniele 7:1.
E ne e le karolong ea bobeli ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E. ha Daniele a ngola toro ena le litoro tse ling le lipono tse re amang kajeno. Re na le “tlaleho e feletseng” ea lipono tse joalo bukeng ea boprofeta ea Daniele.
Moprofeta oa ’Nete
Kreste ka boeena o pakile hore Daniele e ne e le moprofeta. Ho khahlisang, Jesu o entse joalo boprofeteng ba hae bo buang ka pontšo ea ‘ho tla ha hae le ea ho fela ha lefatše.’ Kahoo a bolela e sa le pele phethahatso e feletseng ea boprofeta ba Daniele ho tla fihlela nakong ea rōna, ha re bona lintlha tse fapa-fapaneng tsa pontšo, tse kang lintoa tsa machaba, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le tsieleho ea lefatše ka bophara.—Mattheu 24:3-8, 15.
Jesu o itse: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata. . . . Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang. Joale, etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nģalong e halalelang—ea balang a lemohe!—Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng. . . . Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.”—Mattheu 24:11-34.
’Nete ea hore Jesu o lemositse hore ho tla ba le baprofeta ba bohata pele a supisa barutuoa ba hae ho “moprofeta Daniele” e paka hore o ne a nka Daniele e le moprofeta oa ’nete oa Molimo. Re hlokometse sehloohong se fetileng hore tse ling tsa lipolelo tsa Daniele tse susumelitsoeng tsa boprofeta, tse kang tse profetileng bohlanya ba nakoana ba Nebukadnezare le ho oa hoa Babilona, li phethahalitsoe Daniele a sa phela. Empa Daniele o boetse a profeta lintho tse neng li tla etsahala makholo a lilemo hamorao. Bo bong ba boprofeta bona ba nako e telele bo ngotsoeng bukeng ea Daniele ke bofe?
Ho Tla Hoa Messia le Lefu la Hae
Boprofeta boo ntle ho tikatiko bo bontšang hantle hore Daniele ke moprofeta oa ’nete bo tsejoa e le libeke tse 70 tsa boprofeta. Karolo e ’ngoe ea bona e re: “Veke li mashome a supileng tse baliloeng holim’a sechaba sa heno, le holim’a motse oa heno o halalelang, ho koalla bobe, le ho felisa sebe, le ho phekola bokhopo, . . . Tseba ke hona, u utloisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli [kaofela li le 69], . . . Ka mora’ liveke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli [ke ho re 7 + 62, kapa kamor’a beke ea bo69] motlotsuoa o tla tlosoa, . . . o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le ’ngoe [ea bo70], ’me mahareng a veke o tla felisa sehlabelo le nyehelo.”—Daniele 9:24-27.
Liithuti tse ngata tsa Bibele tsa Sejode, Bok’hatholike le Boprostanta li lumela hore “liveke” tsa boprofeta bona ke libeke tsa lilemo. Revised Standard Version, “Ecumenical Edition,” e re: “Ho laetsoe libeke tse mashome a supileng tsa lilemo bakeng sa sechaba sa heno.” Lilemo tseo tse 490 li qalile ka 455 B.C.E. ha Artexerxese, Morena oa Persia, a lumella Nehemia hore “Jerusalema o tla tsosoa o hahuoe.” (Nehemia 2:1-8) Libeke tse mashome a tšeletseng a metso e robong tsa lilemo hamorao, ke hore, ka 29 C.E., Jesu a kolobetsoa a ba a tlotsoa, a fetoha Kreste, kapa Motlotsuoa, Messia. “Mahareng a veke [ea bo70],” ka 33 C.E., a “tlosoa.” Lefu la hae la sehlabelo la etsa pheko bakeng sa libe tsa batho, kahoo le etsa hore mahlabelo a liphoofolo tlas’a Molao oa Moshe ‘a felisoe.’a
Ka lebaka la boprofeta bona bo tšepahalang, batho ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo “ba tsebile hore libeke tse mashome a supileng tsa lilemo tse boletsoeng ke Daniele li ne li le haufi le ho fela; ha ho ea ileng a makala ha a utloa Johanne Mokolobetsi a phatlalatsa hore ’muso oa Molimo o atametse.”—Manuel Biblique, ea Bacuez le Vigouroux.
Mebuso ea Lefatše e Kang Libatana
Boprofeta bo bong ba nako e telele, ba bohlokoahali ho batho ba phelang kajeno, bo profetile tatelano ea mebuso ea lefatše, e tšoantšelitsoeng ka libatana tse tšabehang, e neng e tla hleka tsela bakeng sa ’Muso oa Molimo.
Daniele o itse: “Liponong tsa ka tsa bosiu ha ke talima, . . . Libatana tse kholo tse ’ne tsa nyoloha li e-tsoa leoatleng, se seng se le hosele ho se seng. Sa pele se ne se ka tau, . . . Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobeli se le joale ka bere, . . . Ka mora’ seo, ha ke boela ke talima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, . . . Ka mora’ moo, ha ke talima liponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tšabehang, se bohale, se fetisang ka matla, . . . Libatana tse kholo tseo tse ’ne ke marena a mane a tlang ho hlaha lefatšeng. Empa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng ba tla amohela ’muso, ba o rue ka ho sa eeng kae.”—Daniele 7:2-18.
Hore libatana tsena li emela mebuso ea lefatše ho totobatsoa ke pono e ’ngoe eo Daniele a bileng le eona. Ha a hlalosa pono ena, o ngotse: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike.”—Daniele 8:20, 21.
Ka ho tšoanang, libatana tse ’nè tsa Daniele khaolo ea 7 li tšoantšetsa mebuso e mene ea lefatše ho tloha mehleng ea Daniele le ho ea pele, ho tla fihlela nakong ea ho hlongoa hoa ’Muso oa Molimo. Daniele o phetse ho fihlela ho ba ho lihuoa ’Muso oa Lefatše oa Bababilona (tau) le ho kenella qalehong ea mohlahlami oa oona, Medo-Persia (bere). Boprofeta ba nako e telele ba Daniele bo profetile ho oa hoa Medo-Persia ka pel’a Greece (lengau), eo le eona e neng e tla nkeloa sebaka ke “sebatana sa bone,” ’Muso o Moholo oa Roma le lehlomela la oona, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.b
Ka nepo Daniele o profetile tatelano ea mebuso ea lefatše, eo kaofela ha eona e tšolotseng mali joaloka libatana tse hlaha lenyoreng la eona bakeng sa puso ea lefatše. Ka ho tšoanang, ’Muso oa ho loka oo a o profetileng o tla tloha o nka sebaka sa mebuso ea joale ea lipolotiki. Ponong, Daniele o bone “Moholo oa matsatsi,” Jehova Molimo, a nea “mor’a motho,” Jesu Messia, “ ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” Na hoo ho tla fana ka pheko ea ka ho sa feleng mathateng a batho? E, hobane mona puso ea Jesu e hlalosoa e le, “ ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Daniele 7:13, 14; bapisa Mattheu 16:27, 28; 25:31.
Boprofeta ba nakoana le ba nako e telele boo ho buisanoeng ka bona hakhutšoaane lihloohong tsena tse peli e mpa e le mohlala feela oa litoro, lipono le boprofeta tse ka ho Daniele. Mehlala ena ke bopaki ba hore Daniele ke buka ea ’nete ea boprofeta—histori e ngotsoeng pele ho nako. Phethahatso ea boprofeta bona e tsoela pele ho tla kenella lekholong la bo20 la lilemo, ’me e fana ka tšepo e hlollang, joalokaha litokollo tse latelang tsa makasine ona li tla hlalosa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng ka boprofeta bona, bona khaolo ea 7 ea buka ea “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea boprofeta bona, bona likhaolo 6 le 7 tsa buka Our Incoming World Government—God’s Kingdom, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 6]
KHOPOLO EA HORE “KE EA MORAONYANA”
BIBELE e tlotla buka ea Daniele ka lebitso la moprofeta eo, e leng ho neng ho tla bolela hore buka ena e ngotsoe lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. (Daniele 7:1) Empa boprofeta bo ka ho eona bo tsoteha hoo ba bangata ba belaelang hore na e be bo ngotsoe pele ho liketsahalo tse profetiloeng. Ba bang bao e seng Bakreste, haesita le bahlalosi ba bangata ba Bibele ba ipitsang Bakreste, ba bontšitse lipelaelo ka bonnete ba buka ea Daniele. Ba ikhethela hoo ho thoeng ke khopolo ea hore ke ea moraonyana, kapa ea mehla ea Maccabees, e qapiloeng ke mohlalefi oa lekholong la boraro la lilemo C.E. ea neng a le khahlanong le Bokreste ea bitsoang Porphyry. Mabaka a tšehetsang khopolo ee ke afe, hona ke a bohlokoa bofe?
Motheong oa hore boprofeta bohle bo ke ke ba etsahala, Porphyry a tiisa hore buka e nang le lebitso la Daniele, ha e le hantle, e ngotsoe ke Mojode e mong ea sa tsejoeng mehleng ea Maccabees, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ke hore, kamor’a hore ho etsahale liketsahalo tse ngata tse profetiloeng ho Daniele. A ba le khopolo-taba ea hore moikhakanyi ea ngotseng ka lebitso la Daniele o entse joalo e le ho phahamisa maikutlo a Bajode phetohelong ea Maccabees khahlanong le Baseleucid lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Empa na boitsoaro bo hlomphehang le bo seng mabifi ba Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu Babilona bo ka nkoa ka tsela leha e le efe e le bo khothalletsang bofetoheli ba lihlomo? Le hanyenyane. (Daniele 1:8; 2:49; 3:16-18, 30) Ho hlaha hoa “motlotsuoa Morena” hantle ka nako ka 29 C.E., bofelong ba “liveke” tse 69 tsa lilemo tsa Daniele 9:25, le hona ho etsa hore lipolelo tsa Porphyry tsa lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. li utloahale e le tsa booatla.
Ho latela mongoli oa histori oa Mojode Josephus, moqolo oa Mangolo a Seheberu, o akarelletsang Daniele, o phethiloe mehleng ea Esdrase lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Joale ho ka boleloa joang hore Daniele ha e’a ngoloa ho fihlela “hamorao” lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.? Ho feta moo, Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e bontšitse hore buka ea Daniele e ne e amoheleha ka bophara e le lengolo tikolohong ea Sejode lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Na hoo ho ne ho ka etsahala haeba buka ee e ne e ngotsoe hamoraonyana?
Khang e ’ngoe e sebelisoang ke Porphyry le bafuputsi ba bang ba bangata ba phahameng ke hore buka ea Daniele e na le liphoso historing. Khopolo ea bona ke hore Daniele e ngotsoe lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Empa ka nako eo, Bajode ba lemohang ba ne ba hana Buka ea Pele ea Maccabees e le e sa lokelang hore e ka akarelletsoa moqolong oa Lengolo, le hoja ba ne ba nka hore litabeng tsa histori e nepahetse. Bajode ba rutehileng, ba neng ba e-na le mokhoa oa ho fumana libuka tsa bo-rahistori ba lefatše ba kang Herodotus, ka sebele ba ka be ba hanne buka ea Daniele haeba e ne e e-na le liphoso tsa histori. Ho feta moo, mesaletsa ea liepolloa tsa lintho tsa khale e sibolotsoeng e tiisitse hore Belshatsare o kile a ba teng le lintho tse ling tse qaqileng tse ho Daniele tseo Porphyry le bafuputsi ba bang ba bangata ba phahameng ba neng ba li nka li fosahetse.
Mabapi le qoso ea Porphyry ea hore boprofeta ba Daniele bo ngotsoe kamorao ho liketsahalo tse profetiloeng, Philip R. Davies, oa Lefapha la Lithuto tsa Bibele, Jonefesithing ea Sheffield, Engelane, o ngola hore: “Hona ke qeto e soabisang ka buka ea Daniele hobane taba-khōlō ke bolotsana bo etsetsoang babali (bao ho nahanoang hore) ba qhekelleha habonolo, feela e le hore bo etsetsoa ho ikhapela tlotla ka leshano . . . Ke thatafalloa ho lumela hore babali bao ba pele ba buka ena ba ne ba qhekelleha habonolo joalo. Haeba qhekello e teng tabeng ena, mohlomong ba qhekelletsoeng ke bafuputsi ba batlang mabaka.”—Journal for the Study of the Old Testament, Tokollo 17, 1980.
Hase ho makatsang hore mohlalefi ea emelang Plato a ka latola hore mongoli oa Bibele o ne a bululetsoe ke Molimo hore a profete liketsahalo tsa nako e tlang. Empa hore bahlalosi ba Bibele ba ipolelang hore ke Bakreste ba leke ho senya tšepo ea batho bukeng ea bohlokoa ea boprofeta ea Mangolo, ke ho soabisang. Ho hlahatsa ho haelloa ke tumelo ho Ea itseng: “Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla.”—Esaia 46:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Libeke tse 70 (lilemo tse 490)
Libeke tse 69 (lilemo tse 483) Beke e 1 (lilemo tse 7)
455 B.C.E. 29 C.E. 33 C.E. 36 C.E.
“Ho tloha taelong “ho fihlisa “motlotsuoa “O tla hlaba
e bolelang hore ho motlotsuoa o tla selekane . . .
Jerusalema o tla Morena . . . ” tlosoa . . . ” ka veke
tsosoa, Daniele 9:24-27 e le ’ngoe”
o hahuoe . . . ”
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Babilona
Medo-Persia
Greece
Roma—Brithani le U.S.A.