Ho Fetoloa ha Borena Haufinyane!
BATHO ba bangata ba hlokomolohile taba ea bohlokoahali. Ke ena: Tsekisanong ena ea lichaba bakeng sa ho laola lefatše, li hlōlehile ho elelloa hore ho teng matla le taolo tse li phahametseng. Li hlokomoloha ’nete ea hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.” (Daniele 4:25) Ke mang enoa eo Molimo o Matla ’ohle o mo khethang e le Morena oa lefatše lohle? O amohela taolo ea lefatšeng neng?
Ho sa le Teng Morena e Mong
Pele Daniele a profeta ka ‘morena ao leboea le ka morena oa boroa,’ o bone pono ena ea boprofeta mabapi le morena ea khethiloeng oa Molimo: “E mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo; a fihla ho Moholo oa matsatsi [Jehova Molimo] a atametsoa ho eena . . . a neoa borena, hlompho le ’muso, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse. ’Muso oa hae . . . o ke ke oa feta . . . borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Daniele 7:13, 14.
Pono eo e tsoale pele ho bontša letoto la mebuso ea lefatše e joaloka libatana. “Kamoo batho ba renang holim’a ba bang ho ba etsa hampe” ka sehlōhō sa bobatana. (Moeklesia 8:9) Batho ba busitse tlas’a tšusumetso ea bobatana ea likhosana tsa marabele tsa moea, tseo morena oa tsona e leng Satane ka boeena. (Daniele 7:17; 10:13; bapisa Tšenolo 12:9; 13:2-4.) Ka ho fapaneng, “e mong ea kang mor’a motho” o amohela matla a borena ho Jehova Molimo. ’Musi enoa ea khethiloeng ke Molimo o na le makhabane a tšoanelang ’musi oa batho bao tšimolohong ba neng ba entsoe ka “setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Empa ke mang?
Jesu o supisitse polelo “Mor’a motho” ho eena ha a le lefatšeng lilemong tse 1 900 tse fetileng. Joaloka motho, e ne e le “mor’a motho” ka sebele ’me o bontšitse makhabane a phethahetseng a kang lerato, mosa, le toka. Hape o nehelane ka bophelo ba hae ho lopolla batho, ka hona ea e-ba seng se haufi-ufi sa batho—“Mor’a motho” ka sebele.—Mattheu 20:28; Ba-Heberu 2:11-17.
Ha Jesu a tsoela pele ho sebelisa boprofeta ba Daniele, o itse: “Ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e khōlō.” Hamorao a boela a sebelisa setšoantšo se tšoanang, a re: “Mohla mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, . . . ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.” (Mattheu 24:30; 25:31) Kajeno Jesu ha e sa le motho feela lefatšeng. Kamor’a lefu le tsoho ea hae ka 33 C.E., ebile sebopuoa sa moea sa leholimo setšoantšong sa Molimo. Ho fapana le babusi ba batho, ke eena feela Morena “ea nang le ho se shoe, ea ikahetseng leseling le sa atameloeng, eo ho seng le a mong ho batho ea kileng a ’mona, eo ho seng ea ka ’monang.” (1 Timothea 6:16) ’Muso oa hae o ke ke oa ba le litšobotsi tsa bobatana tsa meea e khopo e susumelitseng mebuso ea batho.
Kahoo ke Jesu feela Morena ea khethiloeng ke Molimo e le Messia oa Oona, kapa Kreste, ’me o filoe matla a ho busa lefatše lohle. (Daniele 7:14) Hona ho bolela hore mebuso eohle ea batho, ho kopanyeletsa “morena oa leboea,” le “morena oa boroa” e lokela ho felisoa ’me e nkeloe sebaka ke ’Muso oa Molimo ka Kreste.—Daniele 2:44; bapisa Pesaleme ea 2:7, 8, 12.
“Khosana e Khōlō” e Ipha Matla
Leha ho le joalo, Jesu ha a ka a qala ho busa batho ka 33 C.E. O ile a leta. Ke kamor’a moo feela Jehova a ileng a mo fa matla a ho “hloma ’muso oa hae har’a lira tsa hae.” (Pesaleme ea 110:1, 2; Liketso 2:32-36) Ha Daniele a profeta sena, o itse: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e khōlō o tla hlaha . . . ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.”—Daniele 12:1.
Boprofeta bona bo phethahatsa pono ea Daniele ea tsekisano pakeng tsa “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ‘mehleng ena ea qetello’ le hore e tla fihla sehlohlolong sa eona. Mothating ona, e mong oa ‘marena’ ana o tla ka “khalefo e khōlō” ho bolaea batho ba bangata. (Daniele 11:40, 44, 45) Etlaba hona Mikaele ea “emelang” batho ba Molimo, a nkang bohato bo matla hore ba phonyohe.—Bapisa Daniele 11:2, 3, 7, 20, 21; 12:1.
Leha ho le joalo, sena se amana joang le Jesu? Hopola hore o bapisitse boprofeta ba Daniele le nako eo a etsoang Morena. O boletse ka “mahlomola a maholo” ao ho seng a tšoanang le oona. (Mattheu 24:21, 29-31) O ne a supa ka ho hlakileng “matsatsi a matsoalo” ao Daniele a a boletseng mabapi le Mikaele. (Bapisa Mattheu 24:15; Daniele 11:31.) Ka hona Jesu o itsebahatsa e le Mikaele ea neng a tla ema a buse.
Jesu le Daniele ba boletse boprofeta bona litlhalosong tsa bona ka liketsahalo tsa ‘mehla ea qetello.’ Liketsahalo tsena li phethahalitsoe ka ho hlokomelehang ho tloha ka 1914. Jesu a fuoa matla leholimong e le Morena, ’me haesale o ntse a busa har’a lira tsa hae.—Mattheu 24:3, 7-12.
Paradeise ea Lefatše Lohle—Haufinyane!
U tla hopola hore lichaba li hlōlehile ho amohela ka hlompho ’Muso oa Kreste. Li hana molaetsa oa ho hlongoa ha ’ona ’me li tsoela pele ho khomarela mebuso ea tsona. Molaetsa oo ke bohlanya ho tsona. Kahoo ha ho “le ea mong oa babusi ba lefatše lena ea kileng a tseba” bohlale ba Molimo ba ho khetha Jesu Kreste e le Morena. Ka baka la ho foufatsoa ke tsamaiso e laoloang ke Satane le likhosana tsa marabele tsa moea, ba iphumana ba hanyetsa ’Muso oa Messia.—1 Ba-Korinthe 2:8; bapisa Luka 4:5, 6; 2 Ba-Korinthe 4:4.
Jesu o profetile hore ba bolelang ka botšepehi ’Muso oa hae ba tla hlōrisoa. Ba sa ntse ba tla hlaseloa haholoanyane. (Mattheu 24:9, 14; Daniele 11:44, 45; bapisa Ezekiele 38:14-16.) Empa Jesu o tla tla e le “Morena oa marena” ho loanela batho ba hae. Ntoa eo e tla qetella ka tlhōlo e feletseng ea Morena ea khethiloeng oa Molimo. Bahlaseli ba batho ba hae ‘ba tla timela bohle; ’me ba tla hloka mothusi.’ ‘Marena’ a mang kaofela a tla be a timelitsoe.—Tšenolo 11:15, 18; 19:11, 16, 19-21; Pesaleme ea 2:1-3, 6-9.
‘Nako ea bofelo’ e qalileng ka 1914, e se e ile haholo. Jesu o boletse hore moloko o boneng qaleho ea nako eo o tla bona qetello ea eona. (Mattheu 24:32-34) Kahoo, ka potlako re atamela nako e khanyang eo Jesu a tla nka ka ho feletseng taolo ea lefatše le ho kopanya batho bohle ba tšepahalang ’musong oa hae o le mong.
E, ho tla ba le phetoho ea borena haufinyane. Empa hona ho tla bolela’ng ho uena? Ho ka bolela hore bokamoso ba hao bo tla fela le mebuso ena ea batho le batšehetsi ba eona. Kapa, ho itšetlehile ka khetho ea hao, ho ka bolela bophelo bo sa feleng le tšireletseho paradeiseng ea lefatšeng, e tla bolokoa le ho laoloa ke ’Muso oa Molimo. Hona ho ka etsahala ha feela u tsoela pele ka botšepehi u tšehetsa borena ba Kreste le limillione tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.