Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/15 maq. 15-21
  • Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baholo ba Etellang Pele Hantle
  • Ho Hlophisetsa Thuso e Sebetsang
  • Karolo ea hao ‘Mesebetsing ena e Metle’
  • Thusa Batho ba Bang ho Mamella Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Baholo, Tsoelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Baholo ba Thusa Phutheho Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • “Le ’Ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/15 maq. 15-21

Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”

“Ha . . . e mong ho lōna a re ho bona [baena ba hlokang]: E-eang ka khotso, le futhumale, le khore! athe ha lea ba nea tse batloang ke ’mele ea bona, ho thusa’ng? . . . tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri.”—JAKOBO 2:15-17.

1. Ho tlile joang hore moena oa Nigeria a hloke?

HO HAKANNGOA hore Lebechi Okwaraocha o hlahile pele ho 1880, kahoo o kaholimo ho lilemo tse lekholo. O ile a ja lefa a ba a rapela juju ea batsoali ba hae ba Manigeria. Joale, ha a le lilemo li 80, a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. A sebelisa seo a ithutileng sona ’me a kolobetsoa. Kahoo, e bile Paki ka lilemo tse ka bang 30. Ha se khale, ha baholo ba phutheho ea habo ba mo etela le mosali oa hae ea lilemo li 72 oa Mochache kamor’a lipula tse matla. Ba ne ba feletsoe ke tšepo ka bobeli—ntlo ea bona e ruletsoeng ka joang e ne e tletse metsi, ’me ba se na beng ka bona ba ka ba thusang ka sebaka sa bolulo kapa ho ba thusa ho e lokisa. Hoja oa ba moo, u ka be u ile ua etsa joang? Pele re fumana hore na ho ile ha etsahala joang, a re nahaneng ka keletso e ’ngoe ea Bibele.

2. Ke hobane’ng ha re thahasella “mesebetsi e metle”?

2 Kreste Jesu ‘o iteletse rōna a tle a re hlatsoe, a tle a iketsetse ka rōna sechaba see e leng sa hae ka sebele, se chesehelang mesebetsi e metle.’ (Tite 2:14) Mesebetsi ena e likoloha boboleling ba ’Muso bo pholosang bophelo. (Mareka 13:10; Tšenolo 7:9, 10) Leha ho le joalo, “mesebetsi e metle” ea Bokreste e akarelletsa ho fetang boboleli ba bohlokoa, hobane ngoan’abo Jesu Jakobo o-oa hlalosa: “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—Jakobo 1:27.

3, 4. Re ka ithuta eng ho 1 Timothea likhaolo 3-5 ka “mesebetsi e metle,” ho isa lipotsong life?

3 Lekholong la pele la lilemo liphutheho li ne li amehile ‘mesebetsing eo e metle’ ka bobeli. Ho 1 Timothea khaolo ea 3, hoba a thathamise litšoaneleho tsa balebeli le bahlanka ba sebeletsang, moapostola Pauluse o ngotse hore “Kereke ea Molimo o phelang [ke] tšiea le motheo oa ’nete.” (1 Timothea 3:1-15) O bontšitse hore Bakreste ba lulang lithutong tse joalo tsa ’nete ba ka ipoloka ba ba ba boloka le ba ba mamelang. (1 Timothea 4:16) Joale Pauluse o buile ka ‘mosebetsi o motle’ oa ho hlokomela nameng bahlolohali ba tšepahalang ‘ba siiloeng ba ’notši.’—1 Timothea 5:3-5.

4 Kahoo, ho phaella boboleling ba rōna ba Evangeli, re lokela ho hlokomela “mesebetsi e metle,” e kang ‘ho hlokomela likhutsana le bahlolohali mahlomoleng a bona.’ E be baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka etsa’ng ntlheng ee, joaloka “balisa”? (Ba-Heberu 13:17) Ba bang ho rōna re ka ba thusa joang ho see? ’Me rōna ka borōna re ka etsa’ng ho etseng “mesebetsi e metle” ea mofuta oo?

Baholo ba Etellang Pele Hantle

5. Pauluse o ile a khahlanyetsa tlhoko e khethehileng joang, e tšoanang le life kajeno?

5 Ha tlhokahalo e khethehileng e hlaha Judea, Pauluse, e le moholo, a etella pele ho lokisetsa tšebeletso ea phallelo. Boeta-pele bo joalo ba fokotsa pherekano leha e le efe; lintho li ne li ka abuoa ka teka-tekanyo, ho latela tlhokahalo. (1 Ba-Korinthe 16:1-3; Liketso 6:1, 2) Baholo ba kajeno, le bona, ba ’nile ba etella pele litšebeletsong tsa phallelo kamorao ho likoluoa tsa likhohola, ho ritsa ha seretse, likhohola tsa maqhubu a leoatle, lifefo kapa litšisinyeho tsa lefatše, kahoo ‘ba thahasella le tsa ba bang.’—Ba-Filippi 2:3, 4.

6. Ha koluoa e etsahala California, U.S.A., baholo ba ile ba arabela joang?

6 Awake! ea October 8, 1986, e fane ka mohlala oa Bokreste bo joalo ketsong. Baholo ba arabela ha letamo le phunyehileng le baka sekhohola California, U.S.A. Balisa bana ba moea ba potlakela ho hlahloba mohlape oa bona ho bona hore na ke bo-mang bao e ka ’nang eaba ba nyametse kapa ba hlokang thuso ea meriana, lijo kapa matlo. Baholo ba tšoarana ka matsoho le ofisi ea ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova. Komiti ea phallelo ea theoa, ’me ha Lipaki tse ling li fihla ho tla thusa, tsa hlophisoa ka mabotho a hloekisang le a lokisang matlo a senyehileng. Baholo ba hlokomela ho reka le ho aba lintho tse hlokahalang. Hona ho bontša hore ha litlhokahalo tse joalo tse khethehileng li hlaha, ‘morutuoa e mong le e mong a ka lekanyetsa ka hore na a ka fana ka eng’ kapa a etsa’ng, empa e ka ba bohlale ho bonana le balebeli ba sebaka seo le ho fumana litaelo ho bona.—Bapisa Liketso 11:27-30.

7. Ke litlhoko life tse tloaelehileng haholoanyane tseo re lokelang hore le tsona re nke bohato ka tsona?

7 Ha uena (u le moholo kapa u se eena), ho ka ’na ha etsahala hore ka nako e ’ngoe u arabele tlhokahalo e khōlō ea koluoa, ho na le litlhoko tse tloaelehileng haholoanyane tseo e ka ’nang ea e-ba tsa bohlokoa ka ho tšoanang—tse ka phuthehong ea heno. Kaha litlhoko tsena e ka ’na ea e-ba tse sa ameng maikutlo joaloka koluoa e khōlō, li ka ’na tsa hlokomolohuoa habonolo kapa tsa nkoa habobebe feela. Empa Jakobo 2:15-17 e hlile e bua ka litlhoko tsa mofuta o joalo tsa sebaka ka seng. E, phutheho ea heno e ka ’na ea hlahisa phephetso e khōlōhali ea hore na e be ‘tumelo ea hao e na le mesebetsi kapa ke e ichoeletseng.’

8. Balebeli ba ka bontša bohlale joang ha ba sebetsa litlhoko tsa phutheho?

8 Ho hlokahala hore baholo ha ba etella pele, ba phehelle ho ‘ba bohlale, ba utloisise.’ (Jakobo 3:13) Ka bohlale ba ka sireletsa mohlape khahlanong le baikhakanyi ba eang ho baena ka bomong (kapa liphutheho ka bonngoe) ba alima chelete kapa ba qala mashano hore ba fumane “thuso.” Balebeli ka bohlale ha ba emele botsoa, hobane molao oa Bibele ke hore: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” (2 Ba-Thessalonika 3:10-15) Le teng, ha ba batle ‘ho koala monyako oa mehauhelo ea bona’ kapa hona ho khannela baena ba bona hore le bona ba etse joalo. (1 Johanne 3:17) Lebaka le leng leo ka lona ho lokelang hore ba be bohlale ke hore Bibele ha e re fe letoto la melao mabapi le ho hlokomela ba hlokang le ba hlorileng. Maemo a fapana ka linako le libaka.

9. (a) Bahlolohali ba tšoanelehang ba Bakreste ba ne ba hlokomeloa joang lekholong la pele la lilemo? (b) Ba joalo ba ka rua molemo thusong ea mofuta ofe kajeno?

9 Ka mohlala, ho 1 Timothea 5:3-10 Pauluse o bua ka bahlolohali ba tšoanelehang ba neng ba ‘siiloe ba ’notši.’ Beng ka bona ba lumelang ke bona ba ikarabellang pele ka bona; ho hlokomoloha tšoanelo eo ho ka senya boemo ba beng ka bona le Molimo. Leha ho le joalo, haeba mohlolohali ea hlokang le ea tšoanelehang a sa fumane thuso ka tsela e joalo, ho ne ho le bonolo bakeng sa baholo ho lokisetsa thuso e ’ngoe e bonahalang e tsoang phuthehong. Le mehleng ea morao tjena, liphutheho tse ling li ’nile tsa thusa ba hlokang ka ho khethehileng ba har’a tsona. Leha ho le joalo, linaha tse ngata hona joale li na le lithuso tse tšehetsoang ka makhetho bakeng sa ba tsofetseng, liqhoala kapa ba ratang ho sebetsa empa ba sa fumane mosebetsi. Leha ho le joalo, baholo ba Bakreste ba ka ’na ba batla ho thusa ka tsela e ’ngoe. Ba bang ba hloka ka ho khethehileng ’me ba tšoaneleha ka ho feletseng bakeng sa melemo e etsetsoang batho ka kakaretso ’me ha ba fumane thuso e joalo hobane ba sa tsebe hore na ba ka e kōpa joang kapa ba lihlong ho ikōpela. Kahoo baholo ba ka ’na ba botsa mekhatlo ea ’muso kapa ba iteanya le Lipaki tse nang le tsebo litabeng tsena. Joale ba ka lokisetsa hore moena kapa khaitseli ea nang le hona a thuse motho ea hlokang hore a fumane melemo e teng.—Ba-Roma 13:1, 4.

Ho Hlophisetsa Thuso e Sebetsang

10. Ha ba lisitse mohlape, baholo ba lokela ho hlokomela eng?

10 Hangata balebeli ba seli ke senotlolo sa ho bona hore ba hlorileng le ba hlokang ba fumana thuso e tsoang ho baena le bo-khaitseli ba lerato. Baholo ba lokela ho falimehela litlhoko tsa moea le tsa nama ha ba alositse mohlape ’ohle. Ka ho utloahalang, baholo ba hatisa ‘ho tiisetsa thapelong le tšebeletsong ea lentsoe.’ (Liketso 6:4) Kahoo, ba tla leka ho lokisetsa lintho e le hore litho tsa mohlape tse liphateng kamehla kapa tse sepetlele li ka feptjoa moeeng. Sehlopha sa baholo se ka ’na sa etsa hore liboka li hatisoe [theiping] bakeng sa ba sitoang ho ba teng. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba nkang likabelo tsa bona ho isa litheipi ba fumane hore boeti ba bona bo ba nolofaletsa ho fana ka limpho tse ling tsa moea. (Ba-Roma 1:11, 12) Ka nako e tšoanang, ba ka hlokomela litlhoko tsa nakong eo.

11. Bontša kamoo khaitseli ea hlokang a ka etsetsoang thuso kateng.

11 Ba ka ’na ba hlokomela hore ho na le linako tseo ka tsona khaitseli ea holofetseng kapa ea tsofetseng a ka tlang Holong ea ’Muso, kapa a ka bang le kabelo e khutšoaane tšebeletsong ea tšimo, haeba khaitseli e mong a ka mo thusa ho hlapa le ho apara. (Bapisa Pesaleme ea 23:1, 2, 5.) Balebeli ba ka ba ba abela e mong oa bona hore a etse litokisetso tseo. Ka ho tšoanang, ba ka ’na ba kōpa baithaopi ka phuthehong hore ba tsamaee le motho ea hlorileng kapa ba mo thuse ka lipalangoang. Ho ba le kemiso bakeng sa hona ho ka etsa hore lintho li laolehe haholoanyane.

12. Ba bang ba ka sebetsa joang le balebeli ho thusa ba kulang kapa ba tsofetseng?

12 Baholo ba ka ’na ba hlokomela litaba tse ling tseo ho ka fanoang thuso ho tsona kapa ha etsoa litokisetso tse lerato. Ka mohlala, khaitseli ea tsofetseng kapa ea kulang o sitiloe ho hlokomela ntlo ea hae joaloka pele. Na bahlanka ba bang ba sebeletsang le ba bang ba ka mo thusa? Ho mo kutela mohloa kapa lifatjana ho ka ba ha mo etsa hore a ikutloe hamolemo, ho tseba hore joale ntlo ha e sa le thohako motseng. Na ho hlokahala hore serapa se nosetsoe kapa se hlaoloe? Na khaitseli e mong ea il’o reka lijo a ka utloisisa ho fapohela ho bona hore na o hloka eng le ho reka lintho tse hlokahalang? Hopola, baapostola ba ne ba thahasella litšobotsi tse joalo tse sebetsang, ’me ba ne ba hlophisa ba nang le hona ka phuthehong hore ba thuse.—Liketso 6:1-6.

13. Ke eng e hlahisitsoeng ke hore baholo ba thuse moena oa Nigeria ea boletsoeng pejana?

13 Kameho e joalo ea Bokreste e bontšitsoe ke baholo ba boletsoeng pejana bao, ha ba ntse ba etsa maeto a bona a bolisa, ba fumaneng Lebechi Okwaraocha le mosali oa hae ba le boemong bo bohloko. Ka potlako sehlopha sa baholo sa sebetsa taba ’me sa tsebisa phutheho hore na se hopotse eng—ho tsosa ntlo. Baena le bo-khaitseli ba fapa-fapaneng ba fana ka thepa ’me ka boithatelo ba kopanela mosebetsing. Ka beke feela, ba be ba hahile ntlo e sireletsehileng, e ruletsoeng ka makapa. Tlaleho e tsoang Nigeria e re:

“Batho ba motse ba hlolloa ’me kahoo ba ithaopela ho tlisa lijo le lino bakeng sa baena le bo-khaitseli ba neng ba tšoarehile ka lihora tse telele ho phetha mosebetsi pele pula e e-na hape. Batho ba bangata ba motse ba belaela ka lihlopha tse ling tsa bolumeli tseo, ba reng li tlatlapa batho ho e-na le ho thusa bafumanehi. Ketsahalo ena ea khahla batho ba motse haholo. Batho ba motse ba fetohile ba amohelang haholo, ’me ho qalisitsoe lithuto tse ngata tsa mahae tsa Bibele.”

Karolo ea hao ‘Mesebetsing ena e Metle’

14. Re lokela ho ba le pono efe ea ho etsetsa baena “mesebetsi e metle”?

14 Koana, hangata re ka ’na ra arabela ka lekunutu le ka ho toba litlhokong tsa ba hōlileng, liqhoala le ba sepetlele kapa ba hlorileng ka mokhoa o mong o itseng ba re potolohileng. Haeba re bona tsela ea ho bontša Bokreste ba ’nete, ke hobane’ng ha re sa tsoele pele ’me re leke ho thusa? (Liketso 9:36-39) Sepheo sa rōna ha se khatello e tsoang ho ba bang, empa lerato la Bokreste. Motsoako oa pele thusong leha e le efe e sebetsang ke hore re be le thahasello ea ’nete le qenehelo. Ha e le hantle, ha ho lea mong ho rōna ea ka etsollang botsofali, a phekola mafu ka mohlolo, kapa a etsa hore boemo ba moruo e be bo leka-lekanang bakeng sa bohle ba ka phuthehong. Empa ka sebele re lokela ho ba le moea oa kameho le oa ho fana. Ha re e-na le oona, ’me re sebetsa tumellanong le oona, ho tla tiisa tlamo ea lerato pakeng tsa rōna le bao re ba thusang. Ho bile joalo pakeng tsa Pauluse le Onesima, eo e neng e le Mokreste e mocha ha ho bapisoa a ‘sebelelitse Pauluse litlamong tsa hae tsa teronko.’—Filemone 10-13; Ba-Kolosse 3:12-14; 4:10, 11.

15. Re ka thusa ba bang ba tšoanelehang joang ba hlokang ka ’nete?

15 Ka linako tse ling re ka nka bohato litlhokong tsa nama ka mpho e mosa, ebang e fanoa ho sa boleloa hore na e tsoa ho mang kapa e fanoa ka lekunutu feela. Na moena o senyehetsoe ke mosebetsi ’me o sitoa ho fumana o mong? Na khaitseli o oetse molatong oo a sa o lebellang oa meriana; na o bile kotsing kapa o utsoelitsoe? Maemo a kang ana a ka ’na a hlaha ho re potoloha. Ha re etsa ‘thuso,’ Ntat’a rōna ea bonang sephiring o tla lemoha ’me a ananele. (Mattheu 6:1-4) Kapa, ho e-na le ho fana ka chelete, joaloka Jobo, re ka ’na ra nolofalloa ke ho fa bafumanehi liaparo, le lijo tse tala kapa tse phehiloeng bakeng sa bahlolohali le likhutsana.—Jobo 6:14; 29:12-16; 31:16-22.

16. Ka linako tse ling thuso e ka fanoa hape joang ka tsela e sebetsang? Bontša.

16 Phihlelo ea hao kapa lintho tseo u teanang le tsona li ka fetoha mohloli oa thuso e sebetsang. Moena o ile a kōpa hore Moena W—— a mo alime chelete. Karabelo ea hae e mosa ebile ena: ‘Ke hobane’ng ha u ikutloa hore nka ba le chelete leha e le efe e kathōko eo nka kalimanang ka eona?’ Karabo eo ho ileng ha fanoa ka eona ke ena: ‘Hobane u tseba ho tšoara chelete ea hao hamolemonyana.’ Ka bohlale, Moena W——, ea neng a atisa ho alima ba hlokang, a etsa tlhahiso: ‘Mohlomong hoo u hlileng u ho hlokang ke thuso ea ho ithuta hore na u ka sebelisa chelete ea hao joang, ’me nka thabela ho u thusa haeba u batla thuso ea ka.’ Thuso e joalo e ananeloa ka ho khethehileng ke baena ba hlokang feela ho lokisa mokhoa oo ba phelang ka oona hore o lumellane le maemo a macha kapa ba utloisisang ho sebetsa ka thata le haeba e le mosebetsing o khesoang. Ha e le hantle, haeba kalimo e hlile e hlokahala, ho ka ba molemo ho etsa tlaleho e ngotsoeng e le hore ho se be mathata a tla hlaha hamorao. Leha ho le joalo, baena ba bangata ba tsoafang ho alima chelete ba ka thabela ka botebo thuso ea botho e etsoang ka keletso kapa ho kopanela phihlelo. (Ba-Roma 13:8) Hona ho bontšoa ka phihlelo ea Afrika Bophirima e amang Emmanuel:

Le hoja Emmanuel e ne e le setsebi sa ho kuta moriri, batho ba kutoang ba ne ba fokola ka palo, ’me a nyahame ka ho sitoa ho fumana chelete. Joale moholo ea seli phuthehong a botsa Emmanuel hore na a ka nahana ka mosebetsi oa mofuta o mong. A arabela ka hore, e, hobane o ne a ke ke a lumella hore boikhohomoso ba botsebi bo eme tseleng ea hae. Moholo a buisana le metsoalle ea hae ’me a fumanela Emmanuel mosebetsi e le mohlokomeli sepetlele. O entse hantle mosebetsing ona ’me o bile le hona ho thusa ba bang ka phuthehong eo.

17. U ka nolofalloa joang hore u thuse moena ea sepetlele? (Pesaleme ea 41:1-3)

17 Ha Mokreste oa habo motho a le sepetlele kapa lehaeng la kokelo ho na le menyetla e khethehileng ea ho thusa. Hape, thahasello ea sebele le kameho ke tsa bohlokoa. U ka ’na ua li bontša ka ho ithaopela ho balla mokuli lingoliloeng tsa bohlokoa tsa Bokreste kapa ho mo phetela liphihlelo tse khothatsang. Leha ho le joalo, na ho na le litlhoko tsa nama tseo u ka thusang ka tsona? Libakeng tse ling, litšebeletso tsa bongaka li imetsoe haholo hoo mokuli a sa hlapisoeng kapa a sa feptjoeng ntle leha moeti a ka etsa joalo. Kahoo, haeba lingaka li lumela, u ka ’na ua mo tlisetsa lijo tse matlafatsang kapa ua thusa ho mo hlatsoa moriri kapa ho hlatsoa ’mele. Na kobo e mofuthu kapa lieta tse bobebe li ka ananeloa? (2 Timothea 4:13) Kapa na u ka ithaopela ho hlokomela taba e ’ngoe e tšoentseng mokuli? Mohlomong o tšoenyehile ka hore na pampiri-chelete ea hae e tla lefuoa joang le hore na melato ea hae ea motlakase, metsi le tse joalo e tla lefuoa joang. U ka ’na ua phomotsa kelello ea hae ka hore u mo etsetse le lintho tse bonolo, tse kang ho tiisa hore poso ha e bokellane ha hae, hore lijalo tsa hae lia nosetsoa kapa hore lintja lia feptjoa.

18. U rerile ho etsetsa baena ba hlokang eng?

18 Ha ho pelaelo hore e mong le e mong oa rōna a ka fumana litsela tseo ka tsona re ka etsang ho fetang feela ho re, “Le futhumale, le khore.” (Jakobo 2:16) Nahana ka baena le bo-khaitseli phuthehong ea heno. Na ho na le ba bang ba tšoanelehang ka ’nete ba hlokang nameng, ba kulang, ba holofetseng kapa ba seng ba sa tsohe liphateng? U ka etsa’ng ka tsela e sebetsang ho thusa litho tsena tse ratoang tsa phutheho ea heno tseo Kreste a li shoetseng? Ho ba le boikutlo bona ho tla u thusa ho lokela hamolemo haholoanyane ho arabela ka potlako ha mathata a hlaha.

19. (a) Ke hobane’ng ha ho leka-lekana e le habohlokoa hakana tabeng ee? (b) Molemo o moholohali oo re ka o etsetsang ba bang ke ofe, ’me ke hobane’ng ha ho le joalo? (Pesaleme ea 72:4, 16)

19 Ka ho itšebelisa ho thusa baena ba rōna, re tla be re paka hore tumelo ea rōna ha e-ea shoa. Tumelo eona eo e re susumeletsa ho sebetsa ka thata boboleling ba Bokreste. Ho hlokahala hore re boloke botsitso pakeng tsa ho thusa ba bang nameng le ho kopaneleng kamehla boevangeling ba Bokreste. (Bapisa Mattheu 15:3-9; 23:23.) Keletso ea Jesu ho Maretha le Maria e bontša ho leka-lekana hoo. O boletse hore haeba motho a ne a bapisa lintho tse bonahalang le lijo tsa moea, lijo tsa moea ke “kabelo e ntle,” eo motho a ke keng a e amohuoa. (Luka 10:39-42) Ba kulang le ba fumanehileng ba tla be sa le ba le teng tsamaisong ena ea lintho. Re ka ba etsetsa lintho tse molemo ’me re lokela ho ba etsetsa tsona. (Mareka 14:7) Le teng, molemo o motlehali le oa nako e telele, oo re ka o etsang ke ho ruta ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ke seo Jesu a ileng a ikitlaelletsa sona. (Luka 4:16-19) Ke tsela eo ka eona bafumanehi, ba kulang le ba hlorileng ba ka fumanang topollo ea kamehla. Ke thabo e kaakang ho thusa baena ba rōna le ba bang hore ba bee tšepo ea bona ho Molimo le ho ‘rua bophelo bo sa feleng.’—1 Timothea 6:17-19.

Na U Sa Hopola?

◻ “Mesebetsi e metle’’ ea bohlokoahali e ka etsoang ke phutheho ea Bokreste ke efe?

◻ Baholo ba sebaka ka seng ba ka fana ka tlhokomelo e leka-lekaneng joang ‘mesebetsing e metle’ e amanang le boemo ba nama ba baena ba bona?

◻ Ke mehato efe e sebetsang e ka nkuoang ke baholo?

◻ U ka etsetsa baena ba hao le bo-khaitseli ba hao ba hlokang lintho life tse sebetsang?

[Lebokose le leqepheng la 17]

Phutheho e lle ea Tsotella

Banyalani ba neng ba falletse phuthehong e nyenyane sebakeng se ka thōko ba fane ka tlaleho ena e susumetsang:

‘Lilemong tse tharo tse fetileng ’na le mosali oa ka re ile ra rekisa ntlo ea rōna ’me ra fallela phuthehong e hojana e neng e hloka thuso e tsoetseng pele ka lebaka la mathata a neng a ile a hlaha. Ka nakoana ke ne ke na le libaka tse ’nè tsa boikarabelo. Re ne re rata baena ’me re rata ho sebetsa le bona. Ha likhoeli li ntse li e-ea moea oa phutheho oa ntlafala, ’me baholo ba babeli ba khabane ba fallela sebakeng sena.

’Mosali oa ka a qala ho kula, ’me selemong se fetileng ha hlokahala hore a buuoe. Letsatsi leo a keneng sepetlele ka lona, ka tšoaroa ke hepatitis. Likhoeli tse peli hamorao, ka lelekoa mosebetsing hobane boemo ba moruo bo ne bo le bobe haholo sebakeng sena. Chelete ea rōna ea fela, ke sa sebetse, ’me ka bobeli re leka hore na re ka hlaphoheloa joang. Ke ne ke tepeletse hobane kopano ea setereke e ne e le haufi ’me ke e-na le karolo lenaneong. Hape ke ne ke e-na le kabelo kopanong ea potoloho kamorao ho libeke tse peli. Ho se chelete, ke ne ke se na leseli la hore na nka ea joang ho tsona kapa hona ho ea hlokomela lelapa la ka. Hoseng ho hong mosali oa ka a tsoa ho ea tšebeletsong ea tšimo ’me ka lula ho hlahloba boemo ba rōna.

‘Eare ha ke sheba ka fenstere, ka ipotsa, Na tšepo ea ka ho Jehova e kae? Ke ne ke boleletse mosali oa ka hore a se k’a tšoenyeha, empa joale ke ne ke qala ho belaela. Eaba ke bolela “tumelo e nyenyane” ea ka ho Jehova ’me ka mo kōpa thuso. Ha ke qeta ho rapela, moena a kokota monyako. O ne a batla hore re e’o noa kofi sebakeng se seng. Ka mo hlalosetsa hore ha ho bohlale hore ke etse joalo, hobane ke ne ke tlameha ho lokisetsa karolo ea ka ea seboka bakeng sa mantsiboeeng ao. Leha ho le joalo, a nqophella, a bolela hore re tla nka metsotsoana e fokolang feela. Eaba rea ea. Ra khutla ka morao ho metsotso e mashome a mararo, ’me eare ha ke tsoa ka koloing ea hae, ka ikutloa ke itse qoatsi.

‘Ha ke kena ka tlung, ka hlokomela hore tafole ea phaposi eo ho pheheloang ho eona e tletse grocery. Ka nahana hore e tlameha e be mosali oa ka o tsoa mabenkeleng. “Empa butle, a ka ea mabenkeleng joang, hobane ha re na chelete.” Eaba ke bona anfolopo. Ka holimo e re:

‘“Li tsoa ho baena le bo-khaitseli ba lōna ba le ratang haholo. Le se ke la tšela letho le tsoang ka mona lebokoseng la moneelo. Hoo le se le ho etselitsoe.”

‘Ka sitoa ho thiba meokho. Ka nahana ka “tumelo ea ka e nyenyane” ’me hoo ha etsa hore ke lle hape. Eaba mosali oa ka o fihla lapeng. Ka mo supisa feela lijo le lintho tse ling. Le eena a bokolla, le bo-khaitseli ba babeli ba neng ba tlile le eena. Ra leka ho hlalosa hore re sitoa ho amohela lintho tse ngata hakana, empa bo-khaitseli ba re bolella hore ha ho ea tsebang hore na mang o fane ka eng. Phutheho eohle e kentse letsoho, ’me e ne e rata ho etsa joalo hobane ba ne ba ikutloa hore re ba rutile hore na ba bang ba fuoa joang. Hona ha etsa hore ho keleketle meokho emeng hape!’

Hamorao, ha a ngola tlaleho ena, mosebetsi oa moena o ne o nyolohile hape. Eena le mosali oa hae ba ne ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Bopaki ba Lerato la Bokreste

Phutheho ea Lipaki tsa Jehova ka bophirima United States e ile ea talimana le boemo bo ikhethang bo ileng ba ba lumella hore ba bontše lerato la Bokreste, joalokaha le buelloa ka Mangolong. Tšimong ea bona, ’muso oa thea setsi sa ho hlokomela batho ba holofetseng methapo boseeeng. E mong oa baahi ba pele ba setsi sena e ne e le Gary, ea lilemo li 25, eo ho neng ho se ho se mokhoa oa hore a ka hlokomelloa lapeng. Lefu lena le ne le mo siile a holofetse ’mele kaofela, ’me le mokhoa oa hae oa ho bua o se o amehile.

Gary o ne a e-na le lilemo tse supileng e le Paki e kolobelitsoeng. Hang hoba a be setsing sena se secha, o ne a batla ho ea libokeng tsa phutheho ea moo. Batsoali ba hae ba ne ba sa lule hōle haholo le moo, ’me ka nakoana ba ’na ba mo isa. Empa ka lebaka la ho hōla ha bona, baena ba bang ka phuthehong ba qala ho thusa. E mong o ne a e-na le van. Ka hona eena, mosali oa hae le banana ba bona ba babeli ba ne ba itokisa ’me ba tloha lapeng metsotso e 45 pele ho liboka e le hore ba ka lata Gary. Ba ne ba ee ba mo khutlisetse setsing sena kamorao ho moo hoo ba neng ba fihla hae ka nako esele.

Leha ho le joalo, ho na le ho neng ho ntse ho tsoela pele setsing seo. Bakuli ba bang ba holofetseng methapo boseeeng ba bontša thahasello ’neteng ea Bibele. Kapele ba babeli ba amohela thuto ea Bibele. Hamorao, ba bang le bona ba bontša thahasello. Ba ne ba ka isoa joang kaofela libokeng? Lelapa le leng ka phuthehong la reka van, ’me khoebo ea paki e ’ngoe ea sebaka seo ea etsa hore ho fumanehe van ea boraro. Leha ho le joalo, van tsena ka linako tse ling li ne li sa lekane kapa li sa tšoanelehe. E be phutheho e ka etsa ho eketsehileng?

Baholo ba buisana ka sena ’me ha etsoa tlhahiso ea hore ho rekoe van bakeng sa ho isa likooa tsena libokeng le ho li khutlisa. Phutheho ea lumellana ’me ea ntša moneelo ka thabo. Lipaki tse ling tsa libaka tse haufi le moo tse ileng tsa utloa ka mosebetsi ona le tsona tsa etša moneelo. Van ea rekoa ’me ea lokisoa hore litulo tse mabili li tsamaee ka eona.

Joale, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe Thuto ea Buka ea Phutheho e fapaneng e nka karolo ea ho qhoba van ho ea libokeng le likopanong. Ba bahlano ba tsoang setsing sa likooa ba ba teng kamehla, ba bane joale ke Lipaki tse kolobelitsoeng. Baa tsejoa ’me ba ratoa haholo ke baena ba bangata le bo-khaitseli ba thabelang ho thusa. Joang? Ka ho ba tšoarela libuka tsa lipina le ka ho ba phetlela Mangolo linakong tsa liboka. Likopanong tsa potoloho le tsa setereke, ba bile ba thusa ka ho fepa le ho hlokomela ba ke keng ba iketsetsa joalo ka bobona. Hona ho hlahisitse ho ratana ho khothatsang ka sebele. ’Me ho thoe’ng ka Gary? Hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ena e faneng ka bopaki bo bongata hakana ba lerato la eona.—Liketso 20:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela