Na Re Phela “Nakong ea Bofelo”?
“Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo”—Daniele 12:4.
MOTHO ea neng a lutse fatše lijong a ferekana. Ha a sheba ka fenstere ea ntlo ea ho jela e bohareng ba Manhattan e okametseng sebaka sa mabenkele sa Times Square, Motseng oa New York, a thalatsa mahlo pakeng tsa litšupanako tse tharo tse bontšang nako ka linomoro tse khōlō. Tšupanako ea pele e ne e re 11:28. E ’ngoe, e se eka ha e kholisehe hore nako e se ile hakaalo, e ne e saletse morao e re 11:26, ha ea boraro e ne e mathetse pele ntle ho mamello e re 11:29.
‘Motsotso kapa e ’meli ha e etse taba hakaalo,’ u ka ’na ua rialo. Leha ho le joalo, ak’u leke ho kholisa joalo motho ea sa tsoa siuoa ke bese, terene, kapa sefofane, e seng ka metsotso empa ka metsotsoana feela! Ho tseba nako e nepahetseng ho bohlokoa. Ho tseba moo re leng teng lenaneong la Molimo ho bohlokoa ho feta.
Letsatsi la Kahlolo le ka Fihla
Joaloka ha u tseba, ke ka makholo a lilemo batho ba ’nileng ba bua ka ‘nako ea bofelo’—ba bang ba re ‘bofelo ba lefatše’ kapa ‘letsatsi la kahlolo.’ Moprofeta Daniele o buile ka eona lilemo tse ka bang makholo a 25 tse fetileng. (Daniele 12:4) Empa kajeno, ho ea ka mongoli James David Besser, “ha ho sa hlokahala maikutlo a bolumeli kapa tumelo ea mohlolo ho amohela taba ea hore letsatsi la kahlolo le ka fihla; ho hlokahala feela ho sheba litaba tsa thelevishene.” Na ha u lumele?
Ntle ho pelaelo, thelevishene e tlisa litaba tsa lefatše likamoreng tsa rōna tsa ho phomola. E etsa hore mathata a bonahale a le haufinyane ’me a ama motho ka ho toba. E re hopotsa hore motse kapa toropo e timetsoang ke mollo oa seqhomane sa nuclear, mora kapa morali ba tsoang kotsi e mpe ka baka la bonokoana bo ka etsahalang, ’mè kapa ntate ba fetohileng batšoaruoa ba hlokang topollo tlhaselong e ka etsahalang ea botšosi—tsena tsohle li ka re etsahalla. Leha ho le joalo, liketsahalo tsena ka botsona ha li bontše hore haufinyana letsatsi la kahlolo le tla fihla holim’a rōna. Empa li etsa hore ho bonahale le le haufi, li etsa hore potso ena, Na re phela “nakong ea bofelo”? e potlake le ho feta.
Jesu, Daniele, le Bofelo ba Lefatše
Ka holimo ho lilemo tse makholo a 19 tse fetileng, barutuoa ba Jesu ba ’motsa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho [“bofelo ba lefatše,” King James Version] e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Ha Jesu a ba fa pontšo, o buile ka bopaki bo bongata, boo kaofela ha bona bo bontšang hore re fihlile ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ Phetla Bibele ea hao ho Mattheu, khaolo ea 24 le 25, Mareka, khaolo ea 13, le Luka, khaolo ea 21, ’me u ipalle tsona.
U ka makala ho fumana hore seo u se balang se utloahala hantle joalo ka kakaretso ea litaba tsa thelevishene kajeno. U tla bala ka lintoa, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, mafu a akaretsang, le litlala—kaofela li etsahala lefatšeng. Hape u tla bala ka ‘lichaba tse tsielehileng, tse sa tsebeng moo li tsoang le teng,’ le ka batho ba ‘ilibanang ke tšabo le ke tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’ Na e be ho na le tlhaloso e ’ngoe e tšoanelang haholoanyane boemo ba lefatše, boo mananeo a kajeno a thelevishene a re bolellang haholo ka bona?—Luka 21:10, 11, 25, 26, NW.
Bopaki bona bo matla ba hore re phela “nakong ea bofelo” ha se bona feela boo re nang le bona. Joaloka ha re se bone kaholimo, re fumana bopaki bo tšehetsang bona ha re khutlela morao ka lilemo tse 500 mehleng ea moprofeta oa Mojode Daniele. Jesu o mo bitsitse ka lebitso, ’me a supa phethahatsong ea boprofeta ba hae. (Bapisa Mattheu 24:3, 15, 21 le Daniele 11:31; 12:1, 4.) Ka ho etsa sena, Jesu o ne a bontša hore o ne a sa nke mantsoe a Daniele a “Testamente ea Khale” a siuoe ke nako kapa a se bohlokoa. Le rōna ha rea tšoanela ho a nka joalo.
Hlokomela ho tšoana ha mantsoe a Daniele le a Jesu joaloka ha a boletsoe kaholimo. Ipotse, ‘Na ba ne ba sa bue ka ntho e le ’ngoe?’
Hoa utloahala hore Daniele le Jesu ba profetile ntho e le ’ngoe, ‘nako ea bofelo,’ nako eo ka eona Kreste a neng a tla ba teng matleng a borena. Mafelong a nako eo, o tla felisa lira tsohle tsa hae mahlomoleng a maholo. Empa batho ba Molimo ba tla bolokoa ba phela.
Na u rata ho ba har’a ba tla bolokoa ba phela? Joale hlokomela bopaki boo Daniele a buang ka bona mabapi le ‘nako ea bofelo.’ Bo re thusa ho tseba hantle moo re leng teng lenaneong la Molimo la ho bala nako.
[Lebokose le leqepheng la 4]
DANIELE
“Mehleng ea qetello . . . Mikaele [Jesu Kreste] o tla hlaha, . . . ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha. . . . Empa mehleng eona eo, sechaba sa heno se tla bolokeha.”—Daniele 11:40; 12:1.
JESU
“Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe? . . .
“Mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše . . .
“Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho . . . matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Mattheu 24:3, 21, 22.