Toro e Senola Kamoo Nako e Ileng Kateng
“JEHOVA . . . ke Molimo o phelang, ke Morena oa ka mehla le mehla.” (Jeremia 10:10) Ha ho mohla a kileng a tlohela taolo ea hae ea bokahohleng, taba eo Morena Nebukadnezare oa Babylona ea boholo-holo a sitiloeng ho e lemoha. Ho hatisa ho morena eo oa mohetene hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba batho,” Molimo oa etsa hore a lore toro ’me oa thusa mohlanka oa Oona Daniele ho e hlalosa.—Daniele 4:17, 18.
Toro e ne e akareletsa sefate se seholo. ‘Ntlha ea sona e amile leholimo, se bonahala lefatšeng lohle.’ Ka taelo ea Molimo, sefate sa rengoa, empa kutu ea sona ea holehuoa ka mahlaahlela a tšepe le a koporo. Tsena li ne li tla lula li le joalo ho fihlela “linako tse baloang hasupa” li feta holim’a kutu eo, hamorao sefate se ne se tla mela hape.—Daniele 4:10-17, NW.
“Sefate . . . see u se boneng,” Daniele a hlalosa, “se lekanya uena, morena . . . le ’muso oa hao.” Nebukadnezare o ne a tla rengoa. O ne a tla lahleheloa ke ’muso oa hae, e, esita le ho lahleheloa ke kelello ea hae, a ahloleloa ho solla naheng joaloka sebata se hlaha ka “linako tse baloang hasupa.” Ke feela kamor’a nako e beiloeng ha e felile mahlaahlela a tšoantšetso a neng a tla tlosoa, morena a neng a tla khutlisetsoa kelello le terone ea hae.—Daniele 4:20-27, NW.
Joaloka ha ho ne ho profetiloe, “taba tseo kaofela tsa fela tsa hlahela morena Nebukadnezare.” (Daniele 4:28) Lexicon Linguae Aramaicae Veteris Testamenti e re “linako tse baloang hasupa” tsa toro ea Nebukadnezare e ne e le lilemo tse supileng tsa sebele. Kaha Nebukadnezare o busitse lilemo tse 43 (624-581 B.C.E.), ena ke qeto e utloahalang.
Sena se Bolela Eng ho Rōna?
Jehova o ’nile a sebelisa borena ba hae ba bokahohleng kamoo a neng a bona ho tšoaneleha. Ka nako e itseng o entse sena lefatšeng ho sechaba sa Iseraele, seo marena a sona a lefatšeng ho neng ho boleloa ka nepo hore a ‘lutse teroneng ea Jehova.’ (1 Likronike 29:23) Leha ho le joalo, ha Baiseraele ba koeneha, Jehova a lumella leloko la bona la marena kamor’a Morena Davida ho lihuoa.
Joale, ha tšoaneleha hakaakang hore kapele kamor’a moo Molimo o ne o tla nea Morena Nebukadnezare pontšo—eena ea lumelletsoeng ho felisa ’muso oa Oona oa sebele—hore sena se ne se sa bolele hore borena bo loketseng ka molao oa Molimo bo ne bo felile. Ho bile bohlokoa hakaakang ho hatisa ho eena le ho lichaba tsohle tseo hamorao li neng li tla hatakela ’muso o emelang Molimo hore boemo bona ba litaba e ne e le ba nakoana feela!
Nako eo toro e fanoeng ka eona, motho ea fuoeng toro, le sehlooho sa borena ba bomolimo seo e neng e se hatisa, li na le tlhaloso e fetang seo li neng li se bolela ho Nebukadnezare. Li hlahisa hore joaloka sefate se remiloeng se nang le mahlaahlela, ’muso oa Molimo joaloka ha o ne o tšoantšelitsoe ke Jerusalema, e fetisitsoeng, o ne o ke ke oa khutlisetsoa ho fihlela mahlaahlela ao a thibelo a tlosoa kamor’a “linako tse baloang hasupa.” Ka nako eo, ’Musi ea emelang Molimo, “ea fetisang ka bonyenyane,” Messia ea tšepisitsoeng, o ne a tla beoa ’Musong oa hae. Hore na ke neng Molimo o neng o tla etsa sena, barutuoa ba Jesu ba ile ba kōpa pontšo.—Daniele 4:17; Mattheu 24:3.
Hape ho na le matšoao a mang a bontšang phethahatso e khōlōanyane ea ho nepahala ha toro ea Nebukadnezare. Boprofeta bo ho Daniele 9:24-27 bo bontšitse selemo se nepahetseng sa ho tla ha Messia lilemong tse fetang 500 hamorao.a Joale haeba nako ea ho tla ha Messia e le motho e profetiloe ka ho nepahala ho joalo, na ha se ho utloahalang ho etsa qeto ea hore nako ea ho khutla ha hae a sa bonahale matleng a ’Muso e ne e tla profetoa ka ho nepahala ho tšoanang? Ke mang ea neng a tla tšoaneleha ho etsa sena ho feta Daniele? Hape, hopola, kamor’a hore Daniele a tlalehe lipono le boprofeta ba litoro tsa hae, ho kopanyeletsa le toro ea sefate sa Nebukadnezare, a bolelloa: “U koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo.” Hobane’ng ho fihlela ka nako eo? Hobane ka nako eo “tsebo e tla eketseha.” Haeba seo Daniele a se ngotseng se ne se tla lula se tiisitsoe, se sa utloisisoe, ho fihlela “nakong ea bofelo,” na sena ha se bolele hore mangolo a hae a ne a tla jara tlhaloso ea bohlokoa ea boprofeta nakong eo?—Daniele 12:4, NW.
“Linako tse Baloang Hasupa”—Ho Tloha Neng ho Isa Neng?
Ha Jesu a fana ka pontšo ea hae, o buile ka “linako tse baloang hasupa,” a li bitsa “mehla e emisitsoeng ea lichaba.” O itse: “Jerusalema o tla [tsoela pele ho] hatakeloa ke lichaba, ho fihlela mehla e emisitsoeng ea lichaba e phethahala.” (Luka 21:24, NW) Mantsoe a ngoliloeng botlaseng ba leqephe ho Oxford NIV Scofield Study Bible (1984) a re bolella hore “‘mehla ea Lichaba’ e qalile ka botlamuoa ba Juda tlas’a Nebukadnezare. . . . Ho tloha nakong eo Jerusalema e ’nile ea ‘hatakeloa ke lichaba,’ joaloka ha Jesu a boletse.”
“Linako tse baloang hasupa” kapa “mehla e emisitsoeng ea lichaba,” e nkile nako e kae? Ka ho utloahalang, e ne e tla atoloha halelele ho feta lilemo tse 7 tsa sebele tsa matsatsi a 360 (kamoo lilemo tsa Bibele li neng li baloa), tse neng li tla etsa matsatsi a 2 520. Mohlala oa Bibele o bontša hore selemo se tla ema bakeng sa letsatsi. (Bona Numere 14:34; Ezekiele 4:6; bapisa Tšenolo 12:6, 14.) Ho bala ho joalo ho tla bolela hore “linako tse baloang hasupa” li nkile lilemo tse 2 520. Haeba li qalile ka ho senyeha ha Jerusalema ka 607 B.C.E., li ne li tla fela ka selemo sa 1914 C.E.
Lilemong tse fetang mashome a mararo pele ho 1914, Lipaki tsa Jehova tsa lebisa tlhokomelo letsatsing lena la bohlokoa. Leha ho le joalo, ka ho khahlisang, buka International Crisis, ea Eugenia Nomikos le Robert C. North (1976) e bolela hore ho ne ho e-na le “bopaki bo bonyenyane kapa bo le sieo mabapi le ho phahama kapa ‘ho eketseha’ ha likhohlano le bora tse lebisang ka ho toba ho qhomeng ha ntoa.” Ka ho fapaneng “mafelong a 1913 le maqalong a 1914 . . . likamano har’a linaha tse khōlō tsa lefatše tsa bonahala li ntlafetse haholo ho feta kamoo li kileng tsa e-ba kateng pele ka lilemo tse ngata.” Empa kajeno, lilemo tse mashome a supileng hamorao, borahistori ba re selemo sa 1914 e bile sa phetoho ea bohlokoa historing ea batho. Ka mohlala, buka ea Sejeremane ea litšupiso ea Meyers Enzyklopädisches Lexikon, e re “liketso tsa Ntoa ea I ea Lefatše li hlile tsa tlisa phetoho e khōlō ’me tsa ama bophelo ba batho ba bangata ha bohloko, moruong, sechabeng le lipolotiking.”
Liphello tsa lipolotiki tsa liketsahalo tsa 1914 lia tsebahala. Liphetoho tseo e li tlisitseng sechabeng li boletsoe bukeng ea Virginia Cowles ea 1913: An End and a Beginning. “Selemo sa 1913 se tšoaile ho fela ha nako,” o ngolile. Mabapi le liphello tsa moruo, Ashby Bladen, motlatsi oa hlooho ea Mokhatlo oa Poloko le Tšireletso ea Bophelo oa Amerika, oa ngola: “Pele ho 1914 chelete le tšebeliso ea eona li ne li tsamaea ’moho. Haeba e mong a nka Phato 1914 e tšoaile lekhalo pakeng tsa tsona, liphapano pakeng tsa lekhalo la leshome le metso e robong le mashome a mabeli la lilemo li totobetse. Likarolong tse ngata tsa litaba tsa batho ho bile le phetoho e feletseng ea tsamaiso. . . . Lebaka le leng le ka sehloohong e bile bothata ba kamano cheleteng le tšebelisong ea eona bo qalileng ka 1914. . . . Ho fela ha kamano eo e bile ketsahalo ea bohlokoa. . . . 1914 e tšoaile phetoho e potlakileng e kotsi ea tsamaiso eo.”
Nako e se e ile Hakae?
Bopaki ba hore pontšo ea Jesu joale e’a phethahala bo fumaneha habonolo litabeng tsa koranta kapa tsa thelevishene. ’Me bo netefatsa hore tlaleho ea bopaki ba ho bala linako bo tšehetsang 1914 kamoo e senotsoeng torong ea Nebukadnezare bo nepahetse. Hona ho bolela hore kajeno, ka 1986, re se re kene ka lilemo tse 72 “nakong ea bofelo.” Jesu o tšepisitse hore batho ba bang ba moloko o neng o hōlile ho bona qaleho nako eo ba tla be ba ntse ba phela ha mahlomola a maholo a e fihlisa qetelong.—Mattheu 24:34.
Sena se lokela ho re susumeletsa hakaakang hore re lule re falimehile, mahlo a rōna a tsepamisoe tšenolong ea Molimo ea ho re na nako e se e ile hakae! Ke ha bohlokoa hakaakang hore re qobe ho hloka mamello, re leka ho potlakisa tšupanako ea Molimo, ’me ho re soabise ha lintho li sa etsahale! Ka lehlakoreng le leng, ke habohlokoa hakaakang hore re se fetohe batho ba sa tsotelleng, re leka ho liehisa nako eo, ’me e be rea lahleheloa! Hopola, ho na le ntho e kotsi ho feta ho siuoa ke bese, terene, kapa sefofane. Kotsi ea ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo. Ha re batle ho lahleheloa joalo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso ea taba ena, bona buka “Let Your Kingdom Come,” maqephe 56-63, e hatisitsoeng ka 1981 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Hantle-ntle “Linako tse Baloang hasupa” li Felile Neng?
Batho ba bang ba tseka hore le haeba “linako tse baloang hasupa” li supa boprofeta le hore li nka lilemo tse 2 520, Lipaki tsa Jehova li ntse li fositse ka tlhaloso ea selemo sa 1914 hobane li qala ho bala selemong se fosahetseng. Ba bolela hore Jerusalema e timelitsoe ka 587/6 B.C.E., e seng ka 607 B.C.E. Haeba ke ’nete, sena se tla suthisa ho qala ha ‘nako ea bofelo’ ka lilemo tse 20. Leha ho le joalo, ka 1981 Lipaki tsa Jehova li hatisitse bopaki bo tšehetsang selemo sa 607 B.C.E. (“Let Your Kingdom Come,” maqephe 127-40, 186-9) Ka ntle ho sena, na ba lekang ho lahla tlhaloso ea Bibele ka 1914 ba ka bontša hore 1934—kapa selemo leha e le sefe—se bile le liketsahalo tse tebileng, le tse bakileng phetoho e potlakileng le liphello tse matla historing ea lefatše ho feta 1914?
[Chate e leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
“Mehla e emisitsoeng ea lichaba” e baloang hasupa (lilemo tse 2 520)
607 B.C.E. Jerusalema ea lefatšeng ea timetsoa
33 C.E “Jerusalema” e ntse e “hatakeloa” (Luka 21:24)
Nako ea bofelo
1914 C.E. ‘Nako ea bofelo’ ea qala (Daniele 12:4)
1986 C.E Lilemo tse 72 ho kenella “mehleng ea bofelo” (Mattheu 24:3, 12, 22)
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Toro ea Nebukadnezare e na le phethahatso e khōlō e u amang!