Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/1 maq. 11-14
  • Kamoo ke Hlōtseng Takatso ea ka e Nkhannang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ke Hlōtseng Takatso ea ka e Nkhannang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phahamela Bofuma
  • Na U Tseba Lebitso la Molimo?
  • Lebaka le Entseng Hore ke Thahaselle ’Nete
  • Ho Lokolloa Tumela-khoeleng
  • Teko ea Botšepehi
  • Teko e Tebileng ea Bophelo
  • Khotsofalo Tšebeletsong, e Seng Takatsong ea Boholo
  • Mosebetsi oa ho Ruta ka Nako e Tletseng
  • Jehova o ’Nile a Ntlhokomela Hantle Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Moputso oa ho Bontša Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/1 maq. 11-14

Kamoo ke Hlōtseng Takatso ea ka e Nkhannang

Ho boletse Waikato Gray

HA ke belehoa ka la 2 Tšitoe, 1928, ketsahalo eo e bile le karolo e ikhethileng. Ha ke ea ka tsoa ka tsela e tloalehileng empa ke ile ka tsoa ke furaletse ’me hoo ho batlile ho mpolaea le ho bolaea ’mè. Ka belehoa ka maoto a sothehileng. Ka lehlohonolo, nkhono a nthusa ’me qetellong a a otlolla hantle. Thuso ea hae e bile bohlokoa haholo bakeng sa bophelo ba ka ke le Maori oa New Zealand.

Ntate, Clark Gray, e ne e le Maori oa morabe oa Ngati-Tuwharetoa, ’mè e ne e le Hore Teree, oa morabe oa Ngati-Kahungunu. Ho ea ka lesika la boholo-holo la Maori, ke ne ke na le lefa le molemo, hobane ke ne ke hlahetse lelokong la borena. Ka hona takatso ea ho ba moholo ea khanna bophelo ba ka.

Ho Phahamela Bofuma

Ke ngoana oa boraro lelapeng la bana ba robeli. E ne e le nako eo moruo oa lefatše o neng o theohile haholo, ’me batsoali ba ka ba ne ba le bofutsaneng ba bo-ja-likata. Kaofela ha rōna, litho tse leshome tsa lelapa, re ne re lula tlung e nang le likamore tse peli Bay View, haufi le Napier, Sehleke-hlekeng se ka Leboea, New Zealand. Ho roalla patsi le ho kha metsi ka moqomo o lilithara tse 15 selibeng sa moahisani ke mesebetsi e meng ea matsatsi ’ohle eo ke e hopolang hantle. Re ne re tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomethara tse 8 ho ea sekolong, selemo le mariha.

Bofutsana bona ba hōlisa takatso ea ka ea ho iketsetsa bokamoso bo molemonyana—ho fumana thuto e ntle le ho ba monghali ’nyeo. Sekolo e ne e le sebaka sa ho qalisa takatso eo. Ha ke ntse ke tsoela pele ka lithuto tsa ka, ka ba hloahloa lipapaling tsa mabelo le rugby. Sekolong sa rōna se phahameng ka ba semathi se ka sehloohong sa mabelo a sekaja ’me kapelenyana ka etsoa setho sa sehlopha sa rugby. Lilemong tseo tsa sekolo, botumo ba ka ke le sebapali se pele sa rugby ba fihla hohle Sehleke-hlekeng se ka Leboea.

Ha ke qeta sekolong ka ea k’holecheng ea botichere Wellington ’me ka qeta selemo Univesithing ea Victoria pele ke qala ho ruta Sekolong se Phahameng sa Setereke Manutahi. Ha ke le moo, ka khethoa ho ba sebapali sa liteko sehlopheng sa rugby sa Maori All Blacks. Ho bapala sehlopheng sa rugby sa sechaba New Zealand e bile takatso ea Maori a mangata. Ebile tlotla e khōlō hore ke bapale lipapaling tseo tsa liteko.

Litakatso tsa ka li ne li phethahalitsoe. Ke ne ke le tichere ea Maori ’me ka hona ke fumane hlompho lithutong le lipapaling. Bofuma bo ne bo le kamorao—bo ne bo le hōle ka sebele ho moshanyana oa Maori oa bo1930!

Na U Tseba Lebitso la Molimo?

Ha ke le k’holecheng, ke ne ke na le lebaka la ho hlahlobisisa bolumeli. Ke tsoaletsoe Chache. Ha e le hantle, litšebeletso tsa kereke li ne li etsetsoa heso. Teko ea sebele e bile ha ntate a shoa. Ka ’na ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo o nka ntate ha a hlokoa haholo ke ’mè le bana ba hae ba robeli. Hoo ha hoa bonahala ho lokile.

Nakong eona eo ’mè a qala ho ea lithutong tsa Bibele tsa Lipaki tsa Jehova tse neng li tsamaisoa le baahisani ba bang. Ke ne ke halefa. Re na le bolumeli ba rōna, ke hobane’ng ha a ikhathatsa ka Lipaki tseo?

Ka letsatsi le leng Rudolph Rawiri, Paki ea moo, a nketela. Ke ne ke ikemiselitse ho ’mea sebakeng sa hae. Empa ho bobosela le mokhoa oa hae o motle tsa nqeta matla. A botsa potso e bonolo, “Na u tseba lebitso la Molimo?” Ka araba, “Jesu.” A re ke phetle Bibeleng ea ka ea King James ho Pesaleme ea 83:18. Ka makala hakaakang! Lebitso la Molimo le ne le le Bibeleng ea ka: “Batho ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao o ’notši e leng JEHOVA, o ’Musi ea Phahameng oa lefatše lohle.”

Ka hlolloa. Ke hobane’ng ha kereke ea ka e sa bolele haholo ka lebitso leo le halalelang? Hamorao, Paki e ’ngoe ea Maori, Charles Tareha, a tla heso ’me a tsamaisa thuto ea Bibele ea kamehla le rōna. Ra hlokomela ’nete ea Bibele ’me ra felisa likamano tsohle le Kereke ea Engelane. Ka ba Paki e kolobelitsoeng ka 1955.

Lebaka le Entseng Hore ke Thahaselle ’Nete

Kaha ke hōliselitsoe Chache, ho tlile joang hore ke thahaselle lithuto tsa Lipaki tsa Jehova? Ha li hlalosa Lentsoe la Molimo, ke ile ka hlolloa ke molaetsa o bonolo le o utloahalang. Koana, ho ba bangata bonolo bo joalo ke tšitiso. Empa ka elelloa hore Bibele e na le metheo, melao, litaelo bakeng sa mathata leha e le afe a ka hlahang bophelong.—Bapisa Pesaleme ea 119.

Ho fetse ha ba joalo le bophelong ba lenyalo. Ka Bibeleng, ke fumane tataiso bakeng sa lenyalo le atlehileng. Ea nthusa ho bona moo nka ntlafatsang joaloka monna le ntate ka ho amohela boikarabelo ba ka. Ke bile lehlohonolo ka sebele ho fumana mosali ea lokileng ea joalo ka Hinewaka, oa Morabe o ka Lebopong le ka Bochabela oa Ngati-Porou. Re nyalane ka 1954. A amohela ’nete ea Bibele, ’me ra tšehetsana ho sebelisa metheo ea Lentsoe la Molimo.—Bona Liproverbia 31:10-31.

Hape ka hlolloa haholo ke litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tse lateloang ke Lipaki. Hore motho a amoheloe ke Jehova, o lokela ho khaotsa boitšoaro bohle bo litšila—bohlola, bofebe, mashano, bosholu, ntoa, polao, lehloeo, le borabe hobane lintho tseo li nyatsoa ke Lentsoe la Molimo. Ke bona melemo ea boitšoaro bo botle le ho ba bang. Ho ne ho se na tholoana e mpe eo ho ka soabuoang ka baka la eona.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Ho Lokolloa Tumela-khoeleng

Litumela-khoela tsa Maori li amana le lefa la Maori. Re ne re tšaba meea ea bafu, ’me lithuto tsa Chache ka ho se shoe ha moea tsa sebeletsa feela ho hōlisa litšabo tsa ka tsa Maori. Empa, ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki, ka utloa hore Jesu o itse: ‘Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.’ (Johanne 8:32) E, tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e ntokolotse botlamuoeng ba litumela-khoela tsa Maori.

Ke hopola mohlala o mong oa sena. Ntate-moholo o ile a shoa, ’me lihora tse 48 hamorao nkhono le eena a shoa—ke bohloko ba pelo. O ne a robalitsoe fulurung ea kamore eo ho phomoloang ho eona haufi le ntate-moholo ea neng a le ka lekaseng. Maqheku a mangata a Maori a ne a eme ho likoloha setopo, empa ha ba patang bafu ba kōpa hore ba thusoe ho kenya nkhono ka lekaseng, ba nyamela kaofela ho kena kamoreng! Haeba ke ne ke sa tsebe ’nete, le ’na nka be ke balehile. Hobane ke tseba hore bafu ba mpa ba robetse lefung, ha ke ea ka ka tsila-tsila ho thusa ho phahamisa setopo sa nkhono ho se kenya ka lekaseng.

Ho tloha nakong eo, joaloka mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova, ke ’nile ka pata ba bangata le ho tšelisa ba bangata ka lithuto tse bonolo tsa Bibele mabapi le bafu. Ke nahana hore tlaleho e bonolo e ho Johanne 11:11-44 e hlakisa taba ena. Jesu o bapisitse lefu le boroko. Ha ho na bohloko, ho mpa ho emetsoe tsoho, joaloka ha e ka ke borokong.

Teko ea Botšepehi

Tsebo e eketsehileng ea Bibele le mohlala oa Kreste tsa qala ho mpea tekong. Takatso ea ho batla boholo e ne e ntse e le teng bophelong ba ka. Mosebetsi oa ka ke le tichere le lipapali li ne li ’nea sohle seo ke neng ke se batla. Joale ke ne ke lokela ho khetha pakeng tsa bophelo bo bonolo ba paki ea Mokreste ea Jehova kapa ho leka ho kenya tumelo ea ka e ncha litakatsong tsa ka.

Ka 1957 ka talimana le qeto e thata, qeto ea sebele botšepehing ba ka ho Molimo. Ka neoa kabelo ea ho bea puo ea Bibele kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova e neng e tla tšoareloa Lower Hutt. Empa joalo ka tichere, ke ne ke lokela ho kōpa matsatsi a khethehileng a phomolo hore ke be kopanong eo. Lefapha la Thuto la Bay la Hawke la hana kōpo ea ka.

Ka talimana le qeto e thata—na ke tla lula moo sekolong le ho hana kabelo ea kopano? Kapa na ke tla ipea kotsing ea ho lahleheloa ke mosebetsi ka ho ea kopanong ntle ho tumello? E ne e se qeto e bonolo ho hang. Ke ne ke rata mosebetsi oa ho ruta, ’me bana le batsoali ba ne ba itšetlehile ka ’na. Hlooho ea sekolo ea kōpa hore ke lule sekolong. Empa ka hopola mantsoe a Jesu: “Motho leha e le ofe ea sa amoheleng thupa ea ka ea tlhokofatso le ho ntatela ha a ntšoanela.” (Mattheu 10:38, NW) Na ke ne ke ithaopela ho etsa lintho tse bonahalang sehlabelo e le hore ke fumane mahlohonolo a moea? Kapa na takatso ea boholo e ne e tla ntšitisa?

Ka lahleheloa ke takatso ea ka bophelong le mosebetsi oo ke neng ke o rata, ho ruta bana. Ka ea kopanong ea Bokreste ’me ka lahleheloa ke mosebetsi oa ho ruta. Empa leha ho le joalo, ha ke hetla morao kea tseba hore e ne e le qeto e nepahetseng. Ke tlohetse ho ruta bana, empa joale ke ruta batho ba baholo ka tekanyo e khōlō le ho feta. Ka nka mosebetsi oa ho hloekisa le ho sebetsa lirapeng bakeng sa ho hlokomela lelapa. Qetellong ka fumana mosebetsi oa nakoana ofising le lebenkeleng, o ’nolofalitseng ho ba le nako e eketsehileng tšebeletsong.

Teko e Tebileng ea Bophelo

Ka kula haholo. Joale ka semathi, ke ne ke hlokometse ’mele oa ka. Empa ka hlaseloa ke lefuba ke sa lebella. Ka isoa sepetlele sa mafu sa Waipukurau. Empa letšoafo la hana ho fola. Qeto ea ngaka e ne e re ke lokela ho buuoa ’me ho sehoe karolo e kaholimo ea letšoafo le letšehali. Ngaka e ne e sa lumele ho buoa ntle ho tšelo ea mali. Metheo ea ka ea Bibele e ne e ke ke ea ntumella ho amohela mali a motho leha e le ofe ’meleng oa ka. (Liketso 15:28, 29) Ka kōpa ngaka hore e sebelise mokelikeli o mong o emelang mali oo ke lumelang ho o amohela. Ea hana. Ka tsebisa Jehova taba ena ka thapelo.

Lingaka tsa emisa phekolo eohle ea meriana. Ho e-na le hoo, ka phekoloa ka boikotlollo ba ’mele ka hore ke tsama-tsamaee ka libeke tse peli. Kamor’a moo ka nkuoa X-ray le ho bitsetsoa ofising ea mookameli oa sepetlele ho tla utloa qeto. Ea e-ba qeto e ntle hakaakang! “Letšoafo la hao le folile. U ka ea hae,” a rialo. Thapelo ea ka e ne e arabetsoe, ’me ka khutlela hae ho mofumahali oa ka le ngoana.

Khotsofalo Tšebeletsong, e Seng Takatsong ea Boholo

Ha ke ntse ke hatela pele joale ka Paki, ka qala ho khotsofatsoa ke lintho tse hlokahalang tsa bophelo ho e-na le ho lakatsa katleho ea lefatše. Ka lilemo tse 28 ka sebeletsa ke le moholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ea Wairoa. Wairoa ke toropo e nang le baahi ba 5 000 feela, le sebaka sa mahae se nang le ba ka bang 7 000. Boholo ba baahi ke Maori, ’me joale ka batho bohle ba mofuta oa Polynesia, ba na le botsoalle, ba bonolo, ’me ba mosa. Moea ona oa bonahala phuthehong ea rōna e hōtseng ho fihlela ho baboleli ba mafolo-folo ba litaba tse molemo ba kaholimo ho 90.

Karolo e khethehileng ea boboleli ba ka e ne e le hore ke thuse banna ba sa lumeleng. Monna e mong ea joalo e ne e le John McAndrew, ea neng a tsuba, noa haholo, a tsejoa e le motho ea ratang ntoa le ea khopo motseng. Empa leha ho le joalo ’nete ea Bibele ea mo fetola, ’me hona joale o sebeletsa e le molebeli ea okamelang Phuthehong ea Wairoa.

Monna e mong ea sa lumeleng e ne e le John Salmon, mohoebi, ea ileng a falla Wairoa ho tlosa mosali oa hae ho Lipaki. Ha ke teana le eena, a lumela ho buisana le ’na ha feela ke sebelisa Bibele ea King James. Boo e ne e se bothata le hanyenyane. Phetolelo ena e ne e sebelisoa haholo ke Lipaki tsa Jehova pele ho 1950, pele New World Translation e qala ho hatisoa. Ka baka leo, ka Bibele ea hae, ka mo thusa ho bona le ho amohela ’nete.

E mong e ne e le Tutura Waihape, Maori e mocha ea nyetseng ea nang le bokamoso papaling ea rugby. Ha ke qala ho ithuta Bibele le eena, o ne a na le sehlotho. Ha a ntse a hatela pele tsebong ea hae ka Jehova le Kreste Jesu, boikutlo ba hae ba fetoha. Lerato la hae bakeng sa ’nete le ne le le bohlokoa ho feta sehlotho sa hae, ’me a kuta. Kajeno, o sebeletsa phuthehong e le mohlanka ea sebeletsang.

Mosebetsi oa ho Ruta ka Nako e Tletseng

Ka lilemo tse fetileng tse leshome, ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla, ke nehela lihora tse 90 ka khoeli tšebeletsong. Mofumahali oa ka e bile pulamaliboho ka lilemo tse 15, bana ba rōna ba bararo ba latsoitse bopula-maliboho ha ba tlohela sekolo.

Sehlohlolo sa tšebeletso ea rōna ho Jehova ke hore ke hona joale ’na le mofumahali re sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane Sehleke-hlekeng sa Niue. Se ka Leboea ho New Zealand, leoatleng la Pacific. Re fumane hore sehlopha se senyenyane sa baahi ba 2 800 se sekametse haholo bolumeling, ’me ba bangata ba rata ho bua ka Bibele. Ha re le moo, re tsebile ho thusa phutheho e nyenyane ho hlophisoa ka tsela e molemo.

Takatso e nkhannang le tlotliso li nyametse. Ke hlokometse hore tlotliso eo batho ba lokelang ho e nea Jehova Molimo e bohlokoa haholo. Morena Davida o boletse: “Lōna, mefuta ea lichaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova khanya [“tlotliso,” NW] le matla. Busetsang ho Jehova khanya e tšoanelang lebitso la hae.” Mona sehleke-hlekeng sa rōna sa Niue, ke sona seo re lekang ho se etsa.—1 Likronike 16:28, 29.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Mokhoa oa ho apara oa Maori

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela