Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/1 leq. 15
  • Kananelo—Empa Hobane’ng e Latoloa Hamorao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kananelo—Empa Hobane’ng e Latoloa Hamorao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/1 leq. 15

Kananelo—Empa Hobane’ng e Latoloa Hamorao?

KA Pulungoana selemong se fetileng, kopano ea babishopo ba Itali e neng e tšoaretsoe Bologna, Itali, Kereke e K’hatholike ea hlasela Lipaki tsa Jehova ka mantsoe. Tlas’a sehlooho “Kreste Molimo oa Rōna le Tšepo ea Rōna: Bakreste le Lipaki tsa Jehova,” moprista Giovanni Marinelli a nģosa hore Lipaki li “kotsi bolumeling le bathong.” Ka baka la keketseho ea bona ka bao e neng e le Mak’hatholike, a nģosa Lipaki ka hore ke ‘likokoana-hloko tse hlaselang ba sa hlokomeleng.’

Likereke tsa K’hatholike tse Itali li ile tsa laeloa ho nka khato e matla khahlanong le Lipaki. Joang? Ka hore motseng o mong le o mong ho theoe lihlopha tse tla “thahasella” mosebetsi oa Lipaki ka sepheo sa ho “bula mahlo a batšepehi ba rōna.”

Ke joang bohato bo joalo khahlanong le Lipaki tsa Jehova bo ileng ba atleha? Lengolong le phatlalalitsoeng ho Piario Parish Magazine, moprista e mong o ngolile: “Ke rata Lipaki tsa Jehova; ke lumela joalo ka bolokolohi. Kaofela le lokolohile ho nahana ka ho fapaneng ’me, mohlomong, esita le ho nkhaola. . . . Bao ke ba tsebang ba na le boitšoaro bo botle ka ho makatsang, ba ikokobelitse . . . [hape] ba leqhophe. Re tla utloisisa neng hore ’nete e batla nehelano e amohelehang? Hore ba phatlalatsang ’nete ha ba lokela ho ba le pelo e sa fellang, ba be litšila, ba be mofere-fere, ba be bohlasoa?

“Hape, Lipaki tsa Jehova li le etela matlung a lōna. Lapeng u lokolohile ’me u boemong bo botle. . . . U ka ema ua nka Bibele . . . rakeng, ’me u ka phetla ho bona haeba lengolo le qotsitsoeng le nepahetse, le hore u le utloisisa hantle, jj.

“Hape nka re se nthabisang ke ’nete ea hore Lipaki tsa Jehova li ikutloa li ‘bitselitsoe’ tšebeletsong ea lentsoe. Ke mosebetsi oo e leng khale re o lebetse ’me o bakile tšenyo e sa lekanngoeng evangeling ea rōna. ‘Ba tla utloa joang ha ho se ea ba bolellang?’ ’Na ke bona Lipaki tsa Jehova li ‘phethahetse’: e seng feela lapeng, mosebetsing, le boikhathollong, empa mabapi le thuto ea botho le litumelo tsa bona le hore na ke joang li ka thusang ba bang hore ba utloisise. Empa moo ke ‘shoang’ teng ke mapatong a Lipaki tsa Jehova. Ha ke a bapisa le mapato a rōna a K’hatholike, moo motho a le mong ea thotseng e leng mofu, moo ho se nang ea tšoereng Bibele letsohong la hae ho latela ’malo. . . . Leseli le lekaakang! Lithapelo tse kaakang! Tumelo e kaakang! Khutso e kaakang! Ho tseba mang haeba ke tla khona ho hlōla teko ea ho eketsa sena lengolong la thato ea ka ha ke shoele: ‘Ke lakatsa ho patoa ke Lipaki tsa Jehova.’ Ho tseba mang!

“Likenyeletso tsa bona li tšoaneleha hantle. Mohlomong ke hobane ha ke a khotsofala, ke utloisisa nģoso tsa bona tse pepenene. Ba re, ‘Lefatše leo re phelang ho lona le tletse pefo le boitšoaro bo bobe.’ Na u ikutloa u batla ho bontša hore ba fositse? Nke ke. ‘Kereke e K’hatholike, bolumeli bo bong bo fumanoang hohle le ba khale haholo, e na le boikarabelo bo boholo ka boitšoaro bo hlephileng joalo.’ Na u ka phahamisa lentsoe le latolang? Nke ke. Ke batho ba molemo, ba itšoareng hantle, . . . ba inehetseng. Lipaki tsa Jehova li na le matla a tsoang tabeng ea tsona e utloahalang. Li qetella ka hore, ‘Kahoo, tsoang likerekeng tsa lōna ’me le tle le rōna.’

“Ke lumela taba ea hore ke tlohela bolumeli boo e sa leng ke bo tseba ho tloha bonyenyaneng, ’me ke kene ho bong, e ka ba ho utloisang bohloko. Empa haeba boo bo utloahala hobane’ng u sa nke bohato bo joalo? Nahana ka hona, ho fetola malumeli ha ho tlontlolle ka letho. . . . Ho tla tlontlolla ho tlohela bolumeli bakeng sa lefeela, ho ikhaola ankoreng ea tšireletso ’me u sesetse koana le koana ntle ho sepheo. Empa ho thoe’ng haeba ke nahana hore liaparo tsa ka li tšoeu hobane feela ke e-s’o bone tsa hao? Ke taba e utloahalang hore ke khethe sesepa se molemonyana, se soeufatsang haholoanyane! Sepheo sa baromuoa se seng feela: ho fetola bolumeli ba batho. . . . Hobane’ng ke sa fetole bolumeli haeba letsoalo la ka le mpolella ho etsa joalo? Haeba ’moleli a nkholisa ho etsa joalo? Haeba ho utloahala ho etsa joalo? Haeba bolumeli ba Lipaki tsa Jehova bo nepahetse haholo . . . joale . . . ke tla ea le Lipaki tsa Jehova. . . . Ke batla ho tseba haeba Lipaki tsa Jehova li nepile.”

Ha moprista a qetella lengolo la hae, o hatisa hore taba ea hore Lipaki li sebelisa Jehova sebakeng sa Yahweh ha li bitsa lebitso la Molimo ha “se lebaka le ka etsang hore lerato le matla leo ke nang le lona ho Lipaki tsa Jehova le tape.” Hobane’ng? O’a eketsa, “Hobane ke Lipaki tsa Molimo ’me ke sona sa bohlokoa!”

Lengolo Lena: Ho bonahala hore lengolo lena la moprista le ile la baka mofere-fere o moholo har’a baruti ba baholo. Makasineng o hlahlamang oa boruti, a latola litlhaloso tsa hae ka Lipaki tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela