Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/15 maq. 5-7
  • Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setšoantšo se sa Hlalohanngoeng
  • Hlooho le ’Mele
  • “’Muso oa Bone”—Senotlolo sa ho Hlalohanya Sephiri
  • Ho Oa
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta Bakeng sa Mehla ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 27—Daniele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/15 maq. 5-7

Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?

KE ENG seo Nebukadnezare, ’musisi ea matla oa Babylona, a se boneng borokong ba hae lilemong tse ka holimo ho 2 500 tse fetileng? Haeba a ne a ka hopola ha a tsoha, na o ne a tla tseba hore setšoantšong se le seng o bone kakaretso ea bokamoso ba lefatše?

Ha Morena Nebukadnezare oa ’Muso oa Babylona a tsoha, a bitsa linohe tsa hae tsa linaleli le banna ba bohlale. O ne a ba batlela ho mo hopotsa toro ea hae le ho e hlalosa.

Empa ke mang ea ka hlalosang ntho eo a sa e tsebeng? Banna ba bohlale ba ne ba tsielehile. Leha ho le joalo, Jehova a nolofaletsa Daniele oa Mojode ea nkuoeng naheng ea habo ho hopola toro le ho e hlalosa ’me joale a bolella morena liketsahalo tsa kamoso. A re lateleng tlhaloso ea Daniele ea toro ena kaha e ama mehla ea rōna.

Setšoantšo se sa Hlalohanngoeng

Daniele o qala ka ho hlalosa setšoantšo se seholohali se nang le hlooho ea gauda, sefuba le matsoho a silivera, mpa le lirope tsa koporo, meomo ea tšepe, le maoto a tšepe le letsopa. Lejoe la thesela maoto a setšoantšo ’me la se felisa ka ho feletseng. Hamorao, lejoe la hōla ho fihlela e e-ba thaba e tlalang lefatše lohle. (Daniele 2:31-35) Ena ke toro eo morena a neng a e lebetse! E ne e bolela eng?

Daniele o bolella morena hore likarolo tsa setšoantšo li emela mebuso ea lefatše e neng e tla latellana. Liithuti tse ngata tsa Bibele li lumellana le ’nete e ngoliloeng ho encyclopedia ea Bibele: “’Nete ea bohlokoa ea (Daniele khaolo ea 2) ke hore ka letsatsi le leng ’muso oa Molimo o tla nka sebaka sa mebuso eohle ea batho.” Letsatsi leo le tla tla neng? Boprofeta ba Daniele bo fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo amanang le potso ena.

Hlooho le ’Mele

“Morena, ke uena morena oa marena, ea neiloeng ’muso, borena, matla le khanya, . . . hlooho ea gauda ke uena.” Kahoo hlooho e ne e emela Morena Nebukadnezare le leloko la marena le qalileng le eena.—Daniele 2:37, 38.

“Kamor’a hao, ho tla hlaha ’muso o mong, o monyenyane ho oa hao, ho ntoo ba ’muso o mong oa boraro oa koporo, o tlang ho busa lefatše lohle.” (Daniele 2:39) Kamor’a Babylona, ’Muso oa Medo-Persia oa hlahela e le ’muso o laolang lefatše ho ea ka tlaleho ea Bibele. Oa lateloa ke ’Muso oa Greece, oo, ka tlas’a Alexandere e Moholo, o ileng oa atolosa taolo ea ’ona haholoanyane lefatšeng ho feta ’muso leha e le ofe oa lefatše o bileng teng pele ho ’ona.

“’Muso oa Bone”—Senotlolo sa ho Hlalohanya Sephiri

Mebuso e meraro ea pele e ile ea hlaha ’me ea nyamela e le mebuso e matla ea lefatše joalokaha Daniele a profetile ka tlas’a pululelo ea Molimo. Empa ho rōna ke ha bohlokoa haholo ho tseba “’muso oa bone.” Hobane’ng? Hobane ke nakong ea ’muso ’ona setšoantšo se loriloeng se lokelang ho oa, ’me re lokela ho tseba seo ho oa ha sona ho se kopanyelletsang. Mamela ha Daniele a fana ka boitsebiso bo eketsehileng.

“’Me ’muso oa bone o tla ba le matla a joale ka a tšepe; joale ka tšepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, joale ka tšepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle joalo.” (Daniele 2:40) Na ’muso ona oa bone o emela feela ’Muso oa Roma, o latetseng Greece e le ’muso o laolang lefatše? Che, ka mabaka a mangata.

Buka ea Daniele ka boeona e re nea nako bakeng sa liketsahalo tsa setšoantšo sena, hobane ho itsoe: “[Molimo] o tsebisitse morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla.” (Daniele 2:28) Mantsoe ana a bontša hore phethahatso e feletseng ea pono e ne e tla ba nakong e hōle e tlang, kamor’a nako ea mebuso ea Greece le Roma.

Moapostola Johanne, mongoli e mong oa Bibele, le eena o buile ka “marena,” kapa mebuso ea lefatše. Ka eona o ngotse: “Hape, ke marena a supileng. Ho se ho oele a mahlano, e mong o sa le teng, ’me e mong ha a e-so ho tle.” Pele ho ho kenella ha ’Muso oa Molimo, ’muso o mong oa lefatše o ne o lokela ho tla (o latela ’Muso oa Roma, o ‘neng o le teng’ mehleng ea Johanne). ’Muso oo oa lefatše o ne o tla kenyelletsoa ‘’musong oa bone’ oa boprofeta ba Daniele. (Tšenolo 17:10-14; Daniele 2:40) Historing, re ithuta eng ka sena?

’Muso oa Lefatše oa Roma, o neng o theiloe litlhōlong tsa sesole, ha oa ka oa fela ka ho tlosoa ha moemphera oa ’ona oa ho qetela Roma ke moetapele oa Jeremane Odoacer, ka 476 C.E. Ka makholo a lilemo, Roma e tsoetse pele ho sebelisa taolo ea lipolotiki, ’me haholo-holo ea bolumeli Europa ka lebaka la tsamaiso ea lekhetho e neng e etsa hore e mong le e mong linaheng tse hlōtsoeng e be mofo oa morena, le oa mopapa. Ha e le hantle, mopapa o ne a na le qeto ea ho qetela litabeng tsa bohlokoa ’me o ne a ka etsa kamoo a ratang ka marena ka ho a khaola kerekeng le ho a hanela litokelo tsa kereke.a Joalokaha The Columbia History of the World e tlaleha: “Kereke e ne e le taolo e khōlōhali ea Europa.”

Ka 1534, Morena Henry VIII oa Engelane a iketsa hlooho ea Kereke ea Engelane, a se ka tlas’a Roma. Kahoo a khaola lerato la hae ho eona. Empa a qalella ho tea sesebelisoa se seholo sa sesole sa ’muso oa Brithani, joale kaha Eric Delderfield a tlaleha bukeng ea hae Kings and Queens of England: “Henry a tsoela pele ka mosebetsi oa ntate oa hae oa ho etsa Likepe tse matla tsa Ntoa. . . . Ho fihlela ka lefu la hae, Henry o ne a ekelitse matla a likepe tsa ntoa ka likepe tse mashome a robeli ’me kahoo a qalisa phephetso ea ho laola leoatle joaloka Spain mohla-monene.”

Ka holimo ho makholo a lilemo ’muso oa Brithani oa fetoha ’muso o moholo hoo Daniel Webster, ralipolotiki ea tsebahalang oa lekholong la bo19 la lilemo oa Amerika, a o hlalositseng e le “’muso oo, ka sepheo sa ho hlōla linaha tse ling le ho li hapa, Roma khanyeng ea eona e ke keng ea lekanngoa le ’ona,—’muso o tlatsitseng lefatše lohle ka matlotlo le masole a ’ona.” Kapelenyana ’Muso oa Brithani oa kopana le likoloni tsa ’ona tsa pele tsa Amerika Leboea litabeng tsa lipolotiki le sesole. Kahoo morena oa bosupa oa Tšenolo 17:10 a hlaha, ’Muso oa Lefatše o Kopaneng oa Manyesemane le Maamerika.

Ho latela se boletsoeng ka setšoantšo se loriloeng, “meloko ea batho,” kapa batho feela ba tloaelehileng, ba ne ba tla kenya letsoho ’musong nakong ea “morena” enoa oa ho qetela. (Daniele 2:42, 43) Histori ea mehleng ena e tiisa hore sena se fetse sa etsahala, ha litsamaiso tsa puso tsa lentsoe la sechaba kapa ‘mebuso ea batho’ li nka sebaka sa marena a mangata, bafumahali. Har’a mebuso ea kajeno, e emeloang ke menoana e leshome ea setšoantšo, e meng e tšoana le tšepe, ke ho re, ke mebuso ea bompoli. Empa e meng, litsamaiso tsa puso tseo basebetsi ba nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho kapa litsamaiso tsa puso tsa lentsoe la sechaba, e kobeha habonolo, joale ka letsopa.

Ho Oa

Joalekaha ho bontšitsoe boprofeteng ba Daniele, ha mebuso e emetsoeng ke maoto e busa—mehleng ea rōna—ho fela ha setšoantšo se seholo ho tla be ho atametse. Se tla oa, e seng ka lebaka la ho fokola ha maoto a entsoeng ka tšepe e kopaneng le letsopa, empa ka lebaka la ho theseloa le ho robakoa ke lejoe la tšoantšetso. “Lejoe” leo le emela eng? Le emela ’Muso oa Messia o tla “robaka o felise mebuso eo kaofela,” ’me o fetohe ‘thaba e khōlō e tlalang lefatše lohle.’—Daniele 2:34, 35, 44.b

“Toro ke ea ’nete, ’me koahollo ea eona e tiile,” ho boletse Daniele. (Daniele 2:45) Ho phethahala ha pele ha boprofeta bona ka bobeli—ba pele ka ho timetsoa ha Babylona ’me ba bobeli ka ho latellana ha mebuso ea lefatše—ho re tiisetsa hore se saletseng ho phethahala se tla etsahala ka nako ea teng. Sena se tla kopanyeletsa ho felisoa ha setšoantšo se loriloeng sa boprofeta ka ho kenella ha ’Muso oa Molimo.

Libuka tse ling tsa Bibele li na le boprofeta ba bohlokoa ka merero ea Molimo. Likhatiso tse latellanang tsa Molula-Qhooa, li bua ka boprofeta bo bongata le ho hlalosa hore na bo bolela eng bakeng sa mehla ea rōna. Kahoo haeba u se ’mali oa kamehla oa koranta ena, hobane’ng u sa be eena? U tla ithuta ho hong ka Jehova Molimo, ‘Mosenoli oa liphiri,’ le mahlohonolo a sa baloeng ao haufinyana ’Muso oa hae o tlang ho a tlisa lefatšeng.—Daniele 2:28.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha thibelo e ne e tiisoa, ho ne ho sa be le Limmisa, manyalo, ekasitana le lepato la kereke naheng e amehileng joalo.

b Likhatiso tsa pele tse tharo tsa Molula-Qhooa li hlahlobile bopaki bo bong ba hore re phela “mehleng ea qetello” eo ka eona setšoantšo se loriloeng se tlang ho felisoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela