Na U Batla Molekane Bophelong?
“HA ho kamano e ratehang, e tletseng botsoalle le e thabisang, e fetang lenyalo le molemo.” Ho thualo. Kahoo, ha ho makatse hore masooa a limillione a rata ho ba le balekane bophelong.
Ba bang ba sheba computer ho ba khethela balekane, ba bang linaleli. Empa ho molemo hakaakang ho sheba ho ’Mōpi oa rōna, Moqapi oa lenyalo! (Genese 2:18-24) Ho tsotella ho lerato hoa Molimo le bohlale li fana ka motheo o tiileng oa ho tšepa keletso le melao-metheo tsa hae tse re thusang ho tseba hore na re lokela ho sheba eng ho molekane oa lenyalo. (Pesaleme ea 19:7) Lentsoe la oona le re laela tjena:
‘Nyala Feela Moreneng’
Hobane’ng? Ke hobane Jehova Molimo o tsotella katleho ea rōna e sa feleng. Keletso ea moapostola Pauluse ea ho ‘nyala feela Moreneng’ e lumellana le se neng se etsoa ke bahlanka ba pele ba Jehova ba neng ba khetha balekane ba lenyalo ba tšoanang le bona ka borapeli ba ’nete. (1 Ba-Korinthe 7:39; Deuteronoma 7:3, 4) Melemo ea ho etsa joalo e mengata ’me e lokela ho hopoloa.
Ka mohlala, molekane ea molemo oa lenyalo a ka tlatsetsa botšepehing bo sa khaotseng ho Ntate oa rōna oa leholimo. (Bapisa Moeklesia 4:9-12.) Banyalani ba Bakreste ba ka khothatsana ’me hammoho ba thulana le liteko tse fapaneng ka katleho. Ba kopane, ba ka hanela likhatello tse ka hlephisang likamano tsa lenyalo. Ereka ha ka bobeli ba shebile ho Jehova ’me ba sebelisa keletso ea hae e babatsehang, ka bobebe bo boholo ba ka silila likarolo tse makukuno tse ho e mong ’me ba sebelisana ha molemo ho e-na le ho hlōlisana. Maiteko a bona a tšepahalang ho Jehova le ho bōpa maphelo a bona tumellanong le litsela tsa hae a tla tlatsetsa lenyalong le atlehileng le hlomphang ’Mōpi oa rōna.
Lilemo tse ’maloa tse fetileng, mosali ea bitsoang Gloria o ne a e-na le setsoalle se atamelaneng le mohlankana ea neng a tla libokeng tsa Bokreste ’me a bile a arabela Thutong ea Molula-Qhooa. A eletsoa hore a se etse setsoalle se atamelaneng joalo le motho eona ea sa kolobetsoang, empa o ne a mo “rata haholo” hoo a sa kang a sebelisa keletso eo. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore keletso eo e molemo. Kahoo ka letsatsi le leng a rapela Jehova ka botšepehi, a kōpa thuso ea hae tabeng ena. Nakoana hamorao ho ile ha fumanoa hore mohlankana enoa o itšoere hampe, ka hona Gloria a khaotsa setsoalle hang. Qetellong a nyaloa ke mohlankana e motle oa Mokreste. Kajeno, ke moholo ea khethiloeng, ’me bana ba bona ba babeli ba mafolo-folo linneteng. Ha a hetla morao, o re: “Ke leboha Jehova, ha ke qobile mathata a mangata. Ka lebaka la tataiso ea hae, ke fumane keletso e molemohali, e ‘nolofalelitseng ho phela halelele le monna eo ke mo ratang.”
Hobane’ng U Sheba ’Nģe ’Ngoe?
Joale, hobane’ng motho ea inehetseng ho Jehova a sheba ’nģe ’ngoe ho batla molekane oa lenyalo? Na Mokreste ha a kholisehe hore Jehova o’a tseba ’me o re lakaletsa se molemo? (Liproverbia 3:1-7; Pesaleme ea 145:16) Ho thoe’ng ka uena? Na u’a lumela hore Jehova ke “Molimo oa ’nete”? (Pesaleme ea 31:5) Haeba ho joalo, u’a hlokomela hore kamehla o fana ka keletso e tšepahalang, e nepahetseng le e molemo. (Esaia 48:17, 18) Ka sebele, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o re nea keletso a hopotse ka katleho ea rōna e sa feleng, empa ka ho bonela haufinyana re ka lekanyetsa merero ea rōna bokamosong bo haufi. Leha ho le joalo, ha re batla molekane bophelong, na ha rea lokela ho rera litaba ho feta feela bokamosong bo haufinyana?—Pesaleme ea 37:11, 29.
Na u’a lumela hore ’Muso o atametse ’me haufinyana o tla nka khato ea ho hloekisa lefatše? ’Me na u ipona u le Paradeiseng ea lefatše lohle e profetiloeng? Kapa na u lakatsa ho thabela tsamaiso ea joale ea lintho ka ho shoetseng? Na u batla molekane ea ka tsebang ho u nea lintho tse ntle bophelong? Kapa na u batla ea beang borapeli ba ’nete pele? (Mattheu 6:33) Ha e le hantle, ke eng se tlang pele bophelong ba hao? Re bohlale haeba re hlahloba menahano ea rōna le maikutlo. Ha ho hlokahala, re ka etsa litokiso ’me kahoo re qobe litsela tse sa thabiseng Jehova.—Bapisa Pesaleme ea 78:40, 41.
Lipelo tsa Rōna tse Mano
Jeremia 17:9 e lemosa hore “pelo e mano ho fetisa tsohle.” Kahoo re lokela ho lula re e hlahloba. Hape ke ha bohlokoa ho hopola hore ba hanang keletso e bululetsoeng ea Bibele le likhopotso tse fanoang ka lerato ke baholo ba phutheho le ba bang ba ee ba utloe bohloko le ho hlokofatsoa ke masisapelo.
‘Empa ke joang u ka buang joalo?’ e mong a ka botsa. ‘Ke tseba moena ea sa nyalang morapeli ’moho le eena, ’me hona joale ba sebeletsa Jehova ka bobeli.’ Ke ’nete, litabeng tse seng kae ho bile joalo, ’me rea thaba hore banyalani ka bobeli joale ba “tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Leha ho le joalo, moena ea nyetseng motho ea sa kolobetsoang o bontšitse ho hloka kutlo. Na moea oo oa boitaolo o tla hlahella hape? Na a ka lekoa hore a nahane hore o tseba ha molemonyana ho feta Molimo ’me kahoo a hlokomolohe keletso ea Bibele ’me a tšepe bohlale ba hae ha ho hlaha boemo bo bong? Re khothalletsoa ho ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle.’ (Liproverbia 3:5) Hona ho bolela ho ikokobeletsa thato ea Molimo linthong tsohle. Kahoo re lokela ho hōlisa pelo e mamelang, e tla re thusa ho hlōla teko ea ho mamela esita le linthong tse nyenyane. (Luka 16:10) Haeba re sa mamele Molimo, re hōlisa mohlala ofe? Ho ka etsahala hore moena ea sa ‘nyalang Moreneng’ joale o hlokomela phoso ea ho etsa lintho ka tsela ea hae ’me o kōpile tšoarelo ho Jehova. Empa na ke kamoo u batlang ho qala lenyalo la hao kateng?
‘Empa mohlankana oa ka o se a qalisitse ho ithuta Bibele ’me o tla libokeng tsa Bakreste’ e mong a ka ’na a bua joalo. Ho lokile, empa hobane’ng ha a ithuta? Ho ba le molekane oa lenyalo kapa ho ithuta ka Jehova Molimo le ho mo sebeletsa? Nakong eohle ea lefereho sepheo sa monna se ka belaeloa. U tla fumana eng kamor’a letsatsi la lechato? Mohlomong u ka leta ho fihlela mohlankana oa hao a kolobetsoa ’me kapelenyana kamor’a moo la bea letsatsi la lenyalo. Ha re bua ka ho toba, u ‘nyetse Moreneng.’ Empa na u sebelisana hantle le moea oa keletso ena?
Na u kile ua hlokomela ha moena a buelloa litokelo tse ling tsa tšebeletso? Na ho lekane hore o kolobelitsoe? Che, ho e-na le hoo, moena ea joalo o tšoanetse “ho lekoa pele.” (1 Timothea 3:10) Na re ka ithuta ho hong tabeng ena? E. Ema, sheba, ’me u mamele. Ema ’me u nahane ka botebo ba lenyalo. Sheba motho, e seng ka mahlo a foufalitsoeng ke lerato, empa ka sepheo se hlakileng. Hape u mamele. Na u bua lipolelo tse rorisang Molimo ho tsoa pelong? Kamor’a nako e itseng, na u fane ka bopaki ba khōlo ea Bokreste? Kamor’a hore a bontše botšepehi le litšoaneleho tsa moea, u ka qala ho mo nahanela e le ea ka bang molekane oa bophelo. Ho qotsa mothothokisi oa mosoasi:
“Mafumahatsana! utloang pale eo ke e bolelang
E na le thuto—
Se ke ua khetha feela molekane ea tšoanelehang,
Empa le nako e tšoanelahang ea ho nyala.”
Ke eng se ka etsahalang haeba lipelo tsa rōna li ka re susumeletsa ho beela ka thōko keletso e molemo le mabaka a utloahalang? Liphello li ka ’na tsa ba kotsi. Hopola, Bibele e’a re eletsa:
‘U Kotula seo U se Jalang’
Nahana se etsahaletseng Jacqueline. Moholo o ile a mo eletsa ka setsoalle seo a se etsang le mohlankana ea leng ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Empa kahobane a ne a ikutloa hore baena ba mo behela lithibelo haholo, a hana ho mamela likeletso tse theiloeng Bibeleng. Ha a nahana ka maikutlo a hae, hamorao o lumetse: “Motho o bona seo a batlang ho se bona e seng seo Jehova a se bonang le ho se bua.” Mohlankana a qalisa thuto ea Bibele ‘me qetellong a kolobetsoa. Ka likhoeli tse tharo ba ne ba nyalane.
Mathata a hlaha kapelenyana. Ha e le hantle, a qalile phomolong ea bona kamor’a letsatsi la lechato! Botho bo bobe boo Jacqueline a neng a sa bo hlokomele kapa a bo tlōlisa mahlo ba hlahella. O ne a lora ka lenyalo le thabileng le le kopaneng, empa, ka masoabi, ha se ka ha e-ba joalo. Monna oa hae a khaoloa ka phuthehong a mo siea le masea a mabeli. Ha joale ha a lokela ho talimana feela le likhatello tsa moruo tsa tsamaiso ena e senyehang empa hape le ho hōlisa bana ba banyenyane ba babeli, ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa ‘mele le maikutlo. Jacqueline o ithutile eng phihlelong ee e bohloko? “Ho mamela,” o boletse joalo. “Leha keletso e bonahala e le thata kapa e bonahala e se molemo ho uena, u lokela ho e nka e le e tsoang ho Molimo ’me u lokela ho e mamela ka ho feletseng.”—Ba-Galata 6:7; Pesaleme ea 86:11.
Bona mohlala o mong. Maritza o kopane le monna oa hae oa kamoso mosebetsing. A bontša Maritza lintho tseo a neng a sa li tsebe lefatšeng—’me tsa bonahala li se mpe hakaalo ho eena. Monna eo o ne a rutehile, a na le mekhoa e metle, ’me o ne a khona ho bua ka bohlale litabeng tse ngata. Le hoja a ne a fuoa litemoso tse ngata tsa Mangolo, li ne li sa kene. O ne a mo “rata haholo.”
Kapelenyana liboka tsa Bokreste tsa ba bosula ho Maritza, a sa be le mantsiboea a hlasimollang le motsoalle ea thabisang. Pele ho lenyalo, monna eo a tšepisa hore a ke ke a mo sitisa tabeng ea liboka tsa hae tsa Bokreste, ’me haeba joalo. Leha ho le joalo, hanyane-hanyane a iphumana a tšoarehile ka lintho tse ling hoo mesebetsi ea hae ea lintho tsa moea e ileng ea nka sebaka sa bobeli, ’me a khaotsa ho tsoella tšebeletsong.
Ho thoe’ng ka lipuisano tsela tse thabisang? Tsa fela butle, ’me qetellong monna oa hae a mo hlala, a mo siea le bana ba bane ba lilemo tse ’nè ho isa ho tse robong. Bohloko ba pelo ba siea Maritza a shoele boikutlong ’me ke kamor’a lilemo tse tharo feela a ileng a ikutloa a hlaphohetsoe ho ka nahanisisa se etsahetseng le hore na a ka etsa eng ka bophelo ba hae. A hlola a ipoleletse: “Bophelong u lokela ho tšoenyeha.” Empa seo ha se a ka sa mo khotsofatsa hobane o sa hopola lilemo tseo a kileng a thaba ka tsona, ha a ne a thabela moea o pholileng sefahlehong ha a le tšebeletsong ea tšimo, a abelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso.
“Oho, ke bohloko bo bokaakang le masoabi tse nkabeng ke li qobile haeba feela ke ile ka mamela!” Maritza o bua ka pelo e bohloko. Ka thuso ea barutoana hammoho le bana ba hae, a boela a kopana le Lipaki tsa Jehova. Thahasello ea hae ’neteng le lerato la hae ho Jehova tsa tsosolosoa, ’me hajoale eena le bana ba hae ba mafolo-folo tšebeletsong. Joale Maritza o eletsa ka pelo eohle: ‘Ithute ho ikokobeletsa tataiso eo Jehova a fanang ka eona ’me u hlokomele hore Jehova o sebelisa batho bao u ka ba nyatsang ho u tsebisa thato ea hae.” Jesu Kreste o itse: “Bonang kamoo le utloang kateng.” (Luka 8:18) E, ema, sheba, ’me u mamele!
Sebokeng se latelang qamaka ka Holong ea ’Muso. Ntle ho pelaelo u tla bona banyalani ba Bakreste ba bangata ba thabileng ’me u tla hlokomela thabo ea bona ha ba abelana nako le liphihlelo. Ka lehlakoreng le leng, u ka bona ba lutseng ba le bang hobane balekane ba bona ba sa lumele. Ba lakatsa haholo hakaakang hore banna ba bona kapa basali ba ka ba le bona! Hangata kamor’a liboka ba potlakela lapeng ’me ba lahleheloa ke lipuisano le botsoalle tse hahang le balumeli ’moho le bona. Na u ithaopela ho ipea kotsing ho sa hlokahale ka ho iphumana u le maemong a tšoanang ka lebaka la ho hana keletso ea ho ‘nyala feela Moreneng’? Ho e-na le hoo, ho bohlale hakaakang ho latela litaelo tsa Jehova ‘me u qobe liphello tse bohloko.—Pesaleme ea 119:9; Liproverbia 28:26.
Emela Jehova
‘Empa ha ke fumane motho ka phuthehong ea rōna. Lithaka tsa ka li a baloa,’ mohlomong u rialo. E ka ’na ea ba ho joalo. Empa na u kholisehile hore Jehova u batla ha u thabile? “[Jehova] oa le hlokomela.” (1 Petrose 5:6, 7) Na u hopola maele a reng: “Mosali ea kelello ke mpho ea Jehova”? (Liproverbia 19:14) Joale, hobane’ng u sa nahanele taba ea lenyalo ka thapelo?—Ba-Filippi 4:6, 7.
Na u hopola Anna le takatso ea hae ea ho ba le ngoana. O ile a etsa eng? Ka boikokobetso o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova, a mo tšepile ka ho feletseng. Joale a tlohella litaba matsohong a hae. Ka nako e loketseng, a fumana karabo e hlollang lithapelong tsa hae—a beleha mora.—1 Samuele 1:9-11, 18-20; Pesaleme ea 62:8.
Leha ho ka ba le lithaka tsa hao tse ’maloa ka phuthehong, u re’ng ka likopano tsa potoloho le tsa setereke? Re ea likopanong tse joalo bakeng sa mabaka a moea. Empa ba ithaopetseng mesebetsi ea bona ka linako tse joalo ba khotsofalla ho sebeletsa ba bang le ho kopana le baena le likhaitseli ba sebeletsang Jehova ka moea ’ohle. ’Me ka linako tse joalo, ho ka ’na ha etsahala hore u kopane le molekane oa hao oa kamoso bophelong.
Empa le haeba u ke ke ua fumana molekane ea tšoanelehang oa Mokreste hona joale, itšetlehe ka Jehova ka thapelo ho u thusa ho phehella bophelo bo hloekileng u le lesooa. ’Me ha u e-s’o nyale, hlaolela litšoaneleho tse tla u nolofaletsa ho ba monna le ntate ea molemo kapa mosali le ’mè ea molemo. (Ba-Galata 5:22, 23) Ba bangata ba thusitsoe ho etsa sena ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Ke tsela e molemo hakaakang ea ho sebelisa nako le matla a hao!
Haeba u batla molekane bophelong, u tla qala kae? E ka e ka ba har’a barapeli ’moho le uena ba mafolo-folo ba Jehova, ba kopanelang lipakane tse tšoanang le uena ’me ba na le takatso e mafolo-folo ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. (2 Timothea 2:22) ’Me haeba Jehova a u hlohonolofatsa ka molekane ea tšabang Molimo bophelong, e se e ka lenyalo la lōna e ka ba le hlomphang Molimo oa rōna o lerato.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Oho, ke bohloko bo bokaakang le masoabi tseo nka beng ke ile ka li qoba haeba feela ke ile ka mamela!”