Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Tlhohonolofatso ea Molimo ea Totobala Venezuela
TŠEBELETSO ea Lipaki tsa Jehova Venezuela ka ’nete e hlohonolofalitsoe. (Pesaleme ea 3:8) Ka 1985 palo ea bahoeletsi e eketsehile ka karolo ea 16 lekholong ho feta selemong se ka pele ’me ka Tlhakubele 1986 ea fihlela tlhoro e fetang tsohle ea baboleli ba 31 247 ba litaba tse molemo. Bo-pula-maliboho ba kamehla ba phahamela ho 2 291 ka Tlhakubele, tlhoro ea bo38 letotong! Kakaretso ea lithuto tsa Bibele tse 50 659 li khannoa le batho ba thahasellang. Ba bang ba batho bana ba kopane le ’nete tlas’a maemo a sa tloaelehang.
◻ Monna e mong e monyenyane o ne a tumme ka hore o matha kamor’a basali. Litaba tsa hae li ne li sa tsamaee hantle. O ne a ikutloa a kholisehile hore mosali oa hae o mo etse ho bokea-tseba hore ba mo feteletse ka lebaka la ho bōka hona ha hae. Eaba o batla kea-tseba hore a mo ntse meriana ena ’me a supisoa mosali e mong ea Itseng. Leha ho le joalo mosali enoa o ne a ithutile Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a lahlile mekhoa ea hae ea boloi. A mo bolella hore o tla sitoa ho mo thusa, empa o tla mo fa aterese ea moo a ka eang ’me a fumane thuso. E ne e le aterese ea Holo ea ’Muso. A ea—a le moriri o molelele, a sa kuta litela, ’me a apere habohlasoa. A thabela seboka seo hoo a ileng a khutlela mafelong a beke eo, a e-na le bana ba hae ba banyenyane ba bararo. Lekhetlong lena o ne a kutile moriri, ’me a apere hantle ’me a beotse litelu hantle. Kajeno, ke mohoeletsi oa litaba tse molemo. Na mosali oa hae o ne a thabile hore e be o khaolitse ho matha kamor’a basali? Che, ho e-na le hoo a fetoha ea hanyetsang haholo! Empa liphetoho tseo a li entseng bophelong ba hae li khahlile ba bang ba bangata haholo bao a neng a ba tseba, le bona ho ba bulela tsela ea ho utloa molaetsa oa ’nete.
◻ Motseng o haufi le moeli oa Colombia, moprista oa sebaka seo a hlohlelletsa letšolo le loantšang Lipaki. A ngola lebitso “Lipaki tsa Jehova” ka litlhaku tse khōlō tse khubelu lematjaneng la litsebiso la kereke ea hae ’me ka tlas’a lebitso leo a ngola mashano a khahlanong le tsona. Setho sa kereke sa bona lebitso leo le ngotsoe ka ho hlaka ’me, ntle le hore se bale boitsebiso bo latelang, sa fihlela qeto ea hore kereke e amohela Lipaki tsa Jehova. Kahoo sa ea sebokeng sa Lipaki ’me sa rata seo se se boneng le seo se se utloileng. Tlaleho e re, “Ha e le hantle, letšolo la moprista le tsositse thahasello e ngata ho e-na le khanyetso.” Hona joale ba bangata ba utloisisa ho ithuta ba bile ba atamela Lipaki seterateng le ho li botsa hore na li tla boela li ba etela neng.
◻ E nee le puo e khutšoanyane ea lepato setšeng sa lebitla la khaitseli ea sa tsoa kolobetsoa e nolofalelitseng lelapa le leng Venezuela hore le kopane le ’nete. Majoro oa sesole le lelapa la hae, beng ka mofu ba mamelisisa puo ea Mangolo ’me kamorao ho moo ba memela sebui lapeng la bona ho ea hlahloba litemana tsa Bibele tse qotsitsoeng ka ho batsinyana. Phello? E re majoro a arabele:
“’Na le mosali oa ka ra rata ho hlahlobisisa Bibele. Qalong takatso ea ka e ne e le ho bontša hore ke ne ke nepile ka ho lumela bolumeling ba K’hatholike. Leha ho le joalo, nako le nako ha ke hanyetsa ntlha, moena ea neng a tšoere thuto o ne a ee a hlahise pono e utloahalang ea Bibele. Ka boikokobetso, ka hlokomela hore ’nete e ne e le ho Lipaki tsa Jehova. Kajeno, ’na le mosali oa ka re Lipaki tsa Jehova, ’me bana ba ka ba ithuta Bibele. Ke leboha Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, oo ke thabelang ho o sebeletsa ke le lesole, e seng ka libetsa tsa nama tsa ntoa empa ka tseo moea oa Molimo o fanang ka tsona, ho latela 2 Ba-Korinthe 10:4, 5.”
E, Jehova o hlohonolofalitse bahlanka ba hae ka ho enneng Venezuela. Ka palo e tsotehang ea ba bang teng Sehopotsong e fetang palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mane, ho na le monyetla o moholo oa hore ho tla ba le keketseho e tsoelang pele lilemong tse tlang.
[Chate e leqepheng la 21]
Litlhoro tse ling bakeng sa Venezuela tse theiloeng litlalehong tsa Tlhakubele 1986:
Bahoeletsi ba 31 247
Bo-pula-maliboho ba 2 291
Lithuto tsa Bibele tse 50 659
“Lehlohonolo la hao . . . le . . . holim’a sechaba sa hao.”—Pesaleme 3:8