Bolepi ba Linaleli Matlung a Thapelo?
Biblical Archaeology Review ea May/June 1984 e tlalehile ka ho sibolloa ha mokhabiso oa leboteng o entsoeng ka mebala-bala o bolokiloeng hantle ha ho ntse ho epolloa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo setšeng sa ntlo ea thapelo ea boholo-holo. O sebakeng se tsejoang e le Hammath Tiberias, mosikong oa Leoatle la Galilea. Tekanyo ea ho epolloa e ngotsoe ka mokhoa o sa hlakang hore e ka ’na ea e-ba pakeng tsa lekholo la bobeli le la bohlano la lilemo C.E. Joalokaha sehlooho se bolela: “Ho na le pherekano e khōlō ho liithuti mabapi le ho bea nako bakeng sa matlo a thapelo a boholo-holo.”
Empa ke eng e etsang hore mokhabiso ona oa mebala-bala e be o sa tloaelehang? “O na le molimo oa Bagerike Helios [molimo oa letsatsi] o pota-potiloeng ke sehlopha sa linaleli. . . . Litšoantšo tsa likhoeli tse 12 li tšoantšelitsoe lebanteng le pota-potileng selika-likoe sa Helios.” Hoba se bue ka potso ea hore na e be mokhabiso ona o entsoe ke Mojode kapa eo e seng Mojode, sehlooho se re: “Leha ho le joalo, bothata bo boholoanyane ke hore na, Sehlopha sa linaleli le molimo oa Bagerike li batla’ng ntlong ea thapelo? . . . Bothata bo eketsoa ke ’nete ea hore sehlopha sa linaleli le Helios li bōpa sehlooho se pheta-phetoang ka matlong a mangata a boholo-holo a thapelo ao Hammath Tiberias e leng oa pele feela ho oona.”
Empa na lee e ka ba lekhetlo la pele leo ka lona Bajode ba boholo-holo ba neng ba tsoakantse matšoao a bohetene le melimo ea bohetene le borapeli ba bona? Che, hobane Bibele e bontša hore mehleng ea Morena Manasse (716-661 B.C.E.), bolepi ba linaleli bo ne bo se bo ntse bo khukhunetse borapeling ba Sejode. Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “A boela a haha nģalo tse liphahameng, tse neng li qhaqhiloe ke ntat’ae Ezekiase, a hahela Baale lialetare, a etsa setšoantšo sa Ashtharothe, joale ka ha ho no ho entse Akabe, morena oa Iseraele; a khumamela le makhotla ’ohle a leholimo, a a sebeletsa.”—2 Marena 21:3.
Hamorao, molokisi ea chesehang Morena Josiase, o ile a felisa mekhoa ena ea bohata. “Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebeli ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ea Jehova mesebetsi eohle e etselitsoeng Baale, le Ashtarothe, le makhotla ’ohle a leholimo; a e chesa ka ntle ho Jerusalema, masimong a pel’a Kedrone, ’me melora ea eona ea isoa Bethele. A leleka baprista ba litšoantšo ba neng ba beiloe ke marena a Juda ho chesa libano nģalong tse liphahameng, metseng ea Juda, le mathōkong a Jerusalema; a leleka le ba chesetsang Baale, le letsatsi le khoeli, le lihlopha tsa linaleli, le makhotla ’ohle a leholimo libano.”—2 Marena 23:4, 5.
Liketsahalo tsee tsa histori li ruta eng? Pele, hore ha ho sebaka sa bolepi ba linaleli, li-horoscope, le mekhoa e meng ea tšebelisano le meea e mebe borapeling ba Molimo oa ’nete, Jehova. Sa bobeli, hore ho bonolo haholo ho thellela mekhoeng ena haeba motho a hlokomoloha kamano ea hae le Jehova ’me a ela hloko likhopolo tsa batho le hoo ho thoeng ke bohlale. Joale ho bonolo ho ‘rapela le ho sebeletsa tse bōpiloeng ho e-na le Ea li bōpileng.’ Mokoallo oa mekhoa e joalo ke ho ‘tšoarella ho tsebeng Molimo ka tsebo e nepahetseng,’ ho tseba Morena ’Musi oa bokahohle, Jehova, le Mora oa hae, Kreste Jesu.—Ba-Roma 1:20-25, 28; Johanne 17:3.