Tumisang Tokoloho!
HO BOLELOA hore motho ea tsoetsoeng ka la 7 Phupu, 1986 o entse hore palo ea baahi ba lefatše e fihle ho likete tse limillione tse hlano. Motho eo ea entseng hore palo ea baahi ba lefatše e be likete tse limillione tse hlano, ’me ka sebele le batho bohle, o talimane le eng? Na ho na le monyetla oa hore ka letsatsi le leng batho ba likete tse limillione ba tla ke ba thabele tokoloho ea ’nete? Ka tšepo, re re e. Empa re lokela ho utloisisa eng ka “tokoloho”? Na e bolela tumello ea ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a khahloang ke eona? Che, hobane joalokaha sengoli sa libuka sa Lenyesemane sa lekholong la bo19 la lilemo Charles Kingsley a ile a ngola: “Ho na le bolokolohi ba mefuta e ’meli, ba bohata boo ho bona motho a lokolohileng ho iketsetsa kamoo a ratang, le ba ’nete moo a lokolohileng ho etsa seo a tšoanelang ho se etsa.”
Motho o tla fumana tokoloho ea ’nete ka hore a etse feela ‘seo a tšoanelang ho se etsa.’ ’Me ke eng seo a tšoanelang ho se etsa? Ha Jesu a ne a le lefatšeng mona, o boletse ka bonolo hore ho na le melao e ’meli e meholo—oa pele, ho rata Molimo ka pelo eohle ea motho, moea, khopolo le matla, ’me oa bobeli, ho rata oa heno joalokaha u ithata. (Mareka 12:29-31) Tokoloho ea ’nete e ka fumanoa feela ke ba bontšang kannete lerato le joalo la sebele—ho rata Molimo le batho ba bang.—Johanne 8:31, 32.
Na lefatše kajeno le bontša lerato la mofuta oo? Ka masoabi, ha ho joalo. Ha lerato le le sieo, ho ata tokoloho ea bohata. Le phefumoloha moea oa boikhabi le boitaolo. Le tsitlallela ‘ho etsa ntho ea lona,’ le sa natse Molimo kapa moahelani. Moea ona o tlōla meeli ea motho ka mong o fetele metseng, merabeng le lichabeng. Ha boikutlo ba ’na pele bo ntse bo le teng, motheo oa tokoloho efe kapa efe, khotso efe kapa efe, thabo efe kapa efe lefatšeng lena, o tlameha hore e be o thekeselang. Hopola, Jesu o itse, “rata oa heno joale ka ha u ithata.” Ho rata moahelani joalo hoa hlokahala bakeng sa ho thabela tokoloho ea ’nete.
Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o theiloe hore o lokolle batho, hona o ho etsa ka hore “khotso le tšireletseho” li nke sebaka sa mahlomola a ntoa. Ka selemo sa oona sa bo40, Machaba a Kopaneng a tumisitse 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso. Empa na hoo ho feletse ka hore ho tumisoe tokoloho ka tiiso ea ’nete ea hore khotso e tla ba teng? Na litšenyehelo tse sisimosang tsa lihlomo (hona joale li feta liranta tse libillione tse 2,2 ka selemo) li ka fokotsoa? Na bokhukhuni le ho qhomisoa ha likoloi ho fokotsehile? Na lipolao tse theiloeng bolumeling Ireland Leboea, Bochabela bo Hare le Asia li kokobetse? Baetapele ba bolumeli ba ntse ba kenella lipolotiking ’me ba bua haholo ka khotso. Empa leeba la khotso ea ’nete ho bonahala le fofetse hōle le hore Machaba a Kopaneng le malumeli a lefatše a ka le tšoara.
Na ho na le sehlopha kajeno se lahlileng litsela tsa pefo le tsa ’na pele tsa lefatše? E, se teng! “Morena oa khotso,” Jesu Kreste, ea hlileng a profetoa, o bokelletse barati ba khotso ho tloha ‘lipuong tsohle, merabeng eohle, bathong ba mefuta eohle le lichabeng tsohle.’ (Esaia 2:3, 4; 9:6, 7; Tšenolo 5:9; 7:9) Ba thabela hore ’Muso oa Molimo ka Kreste o tla tloha o felisa bokhopo bohle e be o tlisa paradeise ea khotso ea lefatše ka bophara, moo tokoloho ea ’nete e tla rena. Sehlopha sena se tsejoa e le Lipaki tsa Jehova. (Daniele 2:31-35, 44; Esaia 43:10, 12; 65:17-25) Ba momahane, Bakreste bana ba kopanela ho tumiseng ka thabo ho ileng ha tšoantšetsoa ka litšobotsi tsa tokisetso ea Jubile Iseraeleng ea boholo-holo. Ho e ’ngoe le e ’ngoe ea linaha tse 200 le ho feta ho pota lefatše, ka thabo ba utloa taelo ea Molimo: “Tumisa tokoloho naheng ea lōna ho baahi ba eona kaofela.” (Levitike 25:10) Na u utloile ua ba ua ela hloko mohoo oo oa thabo?