Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Hang ha motho a saenne Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, na tokisetso e joalo e ka felisoa?
Potso ena e amana le tokisetso e sa sebetseng linaheng tse ngata. Kahoo pele a re ke re hlahlobeng hore na tokisetso eo e tiisitsoeng ea nakoana ke eng.
Molula-Qhooa oa September 15, 1977, o hlalositse bothata bo teng linaheng tse ling. Le hoja Molimo o lumella hlalo motheong oa Mangolo, mebuso e meng ha e na tokisetso ea hlalo. (Mattheu 19:9) Kapa molao o ka ’na oa ho etsa hore ho be thata haholo ho fumana lengolo la hlalo, mohlomong ho nka lilemo tse ngata. Kahoo, tokollo eo ea makasine e ile ea hlalosa hore Lipaki tsa Jehova li na le tumellano e sebetsang feela linaheng tse joalo; e ama Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala. Hlokomela mohlala oa tokisetso e joalo:
Mosali o fumana tsebo ea ’nete ea Bokreste nakong eo a ntseng a phela (’me mohlomong a bile a na le bana) le monna eo e leng khale a arohane le mosali oa hae oa molao. Mosali ea sa tsoa bontša thahasello oa tšepahala ho eena ’me o batla hore ba nyalane, empa hono ho ke ke ha etsahala hobane molao ha o mo lumelle ho hlala mosali oa hae oa molao. Kahoo, haeba baholo ba phutheho ba kholisehile hore kamano ea hae le monna enoa ke eo ka tsela e ’ngoe e ka amohelehang ho Molimo, ba tla mo lumella ho saena Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala. Ho eona o tla hlalosa hore o entse sohle seo a ka se khonang ho tiisa kamano ena ka molao; hore o lumela ka pel’a Molimo sebopeho se tlamang sa Phatlalatso ena; le hore o tšepisa ho nyaloa ka molao kapele kamoo ho ka khonehang, kahoo a felisa Phatlalatso e neng e mo nolofalelitse hore e be karolo ea phutheho ea Bokreste.
Leha ho le joalo, potso ea phahama: Hang ha mosali (kapa motho leha e le ofe ea boemong bo joalo) a tla ka phuthehong tlas’a Phatlalatso e joalo, na ho na le mokhoa leha e le ofe oo e ka felang ka oona kapa ea felisoa?
Phatlalatso ka boeona e ea hlalosa hore ea e saenang o ‘hlokomela kamano ea hae e le tlamo e ba tlamahanyang kapel’a Jehova Molimo le ka pel’a batho bohle, hore e lokela ho tšoaroa le ho hlonephuoa tumellanong e feletseng le melao-metheo ea Lentsoe la Molimo.’ Kahoo ho tsoa ponong ea phutheho, ke e tlamang boitšoarong joaloka lenyalo la Molao. Leha ho le joalo, lefu la molekane e mong le khaola lenyalo kapa kopano tlas’a Phatlalatso e joalo. (Ba-Roma 7:2) Bibele e boetse e bolela hore haeba molekane oa motho a le molato oa por·neiʹa (boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali kantle ho kopano eo), molekane ea se nang molato a ka fumana lengolo la hlalo. (Mattheu 5:32; 19:9) Ka ho tšoanang, tlas’a Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, bofebe ba molekane e ka ba motheo oa ho felisa kopano eo, haeba molekane ea se nang molato a khetha joalo. Mokreste ea se nang molato o tla lokela ho kholisa baholo ka bopaki ba ho se tšepahale. Hona ho ka felisa Phatlalatso; kamor’a moo ea se nang molato o tla be a lokolohile ho ea ka Mangolo.
Ho hlokomela hore phutheho e nka Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala e le e tlamang boitšoarong joaloka lenyalo la molao ho phahamisa khang e amehang. Hona ho hlaha haeba tšitiso ea pele ea lenyalo e tlosoa. Ka mohlala, mohlaleng o ka holimo, mosali oa molao oa monna a ka ’na a shoa kapa ’muso oa amohela hlalo ka molao, ’me monna a utloisisa ho nyala mosali oa Mokreste ka molao. Ntlheng e joalo khaitseli a ke ke a tsoela pele tlas’a Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, leha ebe e le ka mabaka a kang a hore ke ho hlabisang lihlong ho nyaloa ka molao hona joale kapa hobane a ka lahleheloa ke molemo o itseng oa lintho tse bonahalang. Tumellanong le Phatlalatso ea hae, joale o lokela ho nka mehato hore kopano ea bona e ngolisoe ka molao. Ho seng joalo, phutheho e tla nka Phatlalatso eo e sa sebetse, ’me o tla lokela ho ikarola ho monna eo kapa a khaoloe.
Empa, ho thoe’ng haeba ea sa lumelang a hana ho mo nyala? Ha a saena Phatlalatso eo, phutheho e ile ea talima kopano eo e le e tlamang le e nang le boitšoaro bo botle. ’Nete ea hore o sitoa ho qobella molekane oa hae ea sa lumelang ho ngolisa kopano ea bona ka molao hase hore joale kopano ea bona e tla fetoha ea boitšoaro bo bobe. Kahoo a ka tsoela pele e le molekane ea tšepahalang, a sa hloke ho ikarola ho ea sa lumeleng, le hoja a lokela ho qophella boitekong ba hae ba hore kopano ea bona e ngolisoe ka molao. (Hona ho lokisa taba e ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ea November 1, 1985.)—Bapisa Baahloli 11:35; Luka 18:1-5.
Ho hlakile, hore boemo bo fapane haeba mahlakore ka bobeli a saenne Phatlalatso eo ’me ba fetohile Bakreste ba kolobelitsoeng. Ntlheng ena, ka bobeli ba itlamme ka tieo ho kena lenyalong la molao ha tšitiso ea ’muso e tlosoa boemong boo ho bona Phatlalatso e tlang ho felisoa. Ba tlameha ho etsa sena ka nako e lekaneng, ho seng joalo ba arohane e le hore ba ka lula ka phuthehong. (Bapisa le “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho The Watchtower ea September 1, 1982.) Haeba ba ka arohana, Phatlalatso e tlamang boitšoarong e ntse e sebetsa, ka hona ha ho ea lokolohileng hore a ka nyalana le e mong osele.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:10, 11.
Le hoja tokisetso ea Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala e sa sebetse libakeng tse ngata, tlhaloso e ka holimo e theiloe litekanyetsong tsa Bibele tse sebetsang libakeng tsohle: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4