Ho Noha Bokamoso—Ho sa Ntse ho Tloaelehile
“MOTHO e mong a ka nahana hore, mehleng ena ea tsoelopele e khōlō le thuto, e tla ba ho sa hlokahaleng ho pepesa litumelo tse fosahetseng tse itšetlehileng bonoheng le litumela-khoeleng.” Ena ke karolo ea polelo e lumetsoeng ke bahlalefi ba 186 ba tsebahalang, ho kopanyeletsa le bahapi ba moputso oa Nobel ba 18. Ke eng seo ba neng ba buisana ka sona? Bolepi ba linaleli, ke mokhoa o tloaelehileng oa ho noha bokamoso ka linaleli, oo ho ea ka bona, “o tletseng mokhatlong ’ohle oa batho kajeno.” Na uena u lumela mekhoeng e itseng ea ho noha bokamoso? Kapa mohlomong ha u lumele bonoheng, joaloka bahlalefi baa ba tsebahalang? Pono ea hao ka taba ena e bohlokoa. A re boneng lebaka.
Temalo ena e atile haholo. Ho ea ka ’muelli oa sehlopha sa linohe tsa bokamoso Paris, “Mafora a limillione tse 4 a ea ho linohe likhoeling tse ling le tse ling tse tšeletseng.” United States ho lekanyetsoa hore ho na le balepi ba linaleli ba nakoana ba 175 000 le ba 10 000 ba nako e tletseng. Ba bangata Great Britain, moo ebileng ba nang le likolo tsa bona. Makasine oa Fora Ça m’intéresse (Ho Thahasellisang) o oa hlalosa: “Hohle, ho kopanyaletsa le bathong ba tsoetseng pele haholo re fumana lipalo-palo tse tšoanang. Linohe li eketseha haholo bofelong ba lekholo la rōna la lilemo.”
Ke Bo-mang ba Batlang Thuso ho Bona—Hona Hobane’ng?
Ba bang ba ka ’na ba lumela hore ke feela batho ba sa rutehang, le batho ba boemo bo tlaase ba thahasellang “mahlale” a bonohe, ao har’a ’ona ho atileng haholo bolepi ba linaleli. Empa Madame Soleil, molepi oa linaleli ea tummeng oa Lefora, o-oa hlalosa: “Ba tla ho ’na kaofela, ebang ke batho ba khotsofallang ’muso kapa batho ba batlang liphetoho tsa potlako ’musong, mapolotiki a mefuta eohle, le marena a mebuso a tsoang linaheng lisele. Ho tla esita le baprista le makomonisi.” Tumellanong le sena, ha senohe Frédéric Dieudonné se e-shoa, sehlooho se hlahang koranteng ea kamehla ea Fora, Le Figaro, sa hopola hore o hapile khahleho “ea batho ba bangata ba ratang ho tsoa Paris, baruti, bahlanka ba phahameng ba ’muso, bangoli le libapali tsa litšoantšiso.”
Libapali tsa chelete li batla thuso ho balepi ba linaleli hore ba atlehe. Borakhoebo ba ea ho bona ho fumana tsela ea hore ba fumane phaello cheleteng ea bona. Linohe tsena tsa linaleli li ka u bolella hore u ka eta neng kapa hore na u lokela ho pheha eng. Bonohe bo keneletse le mafapheng a mang. Mafapha a sepolesa linaheng tse fapaneng a sebelisa bonohe ho batlana le linokoane kapa batho ba lahlehileng. Ho ea ka makasine oa beke le beke oa Fora Le Figaro Magazine, “Lekhotla la Tšireletso le sebelisa batho ba 34 ba nang le tsebo ea ho noha ho fana ka boitsebiso ba se ntseng se etsahala ka sekhukhu likampong tsa sesole tsa U.S.S.R.” ’Ona makasine oo o tlalehile hore ’muelli oa lekhotla oa U.S. Charles Rose o re ma-Russia le ’ona a sebelisa matla a bonohe.
Ke hobane’ng ha bolepi ba linaleli bo ntse bo ratoa? Na ke ntho feela e kotsi e fetisang nako? Na ke tsela e molemohali ea ho fumana seo bokamoso bo se tšoereng—kapa ho teng tsela e molemo? A re boneng hore na mohlomong re ke ke ra fumana likarabo lipotsong tsena tse bohlokoa.