Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Meaho e Ekelitsoeng ho Lekana Keketseho ea ’Muso
LETSATSI la khakolo ea meaho ea lekala e sa tsoa etsoa morao tjena ebile thabo e khōlō lihlekehlekeng tsa Caribe Jamaica. Keketseho ena ebile bohlokoa hobane Jehova o hlohonolofalitse boiteko bo tšepahalang ba baena ho boleleng litaba tse molemo sehlekehlekeng sena se setle se libakeng tse chesang.
Ntlo ea baromuoa Jamaica ea hlongoa hoo ekabang ka 1946. Ka lebaka la ketellopele ea mosebetsi oa baromuoa, keketseho ea baboleli e ile ea hōla hoo lilemong tse leshome palohare ea Lipaki tse behang khoeli le khoeli e eketsehileng ho tloha ho 732 ho ea ho 3 216. Hore ho hlokomeloe keketseho, ho ile ha hlokahala meaho e mecha.
Ka 1954 ho ile ha rekoa setša se loketseng ’me mosebetsi oa kaho oa qalisa holim’a moaho o mocha oa mekato e ’meli sebakeng se khutsitseng sa mahae tikolohong ea Kingston. O phethiloe ka Motšeanong 1958. Lenane la baboleli selemong seo la fihlela tlhoro ea 4 367.
Ho ‘jala’ le ho ‘nosetsa’ ha tsoela pele ’me Jehova a ’na ‘a melisa,’ hoo ka 1983 lenane la baboleli le eketsehileng ho feta 7 000, la etsa hore ho eketsoe meaho hape. (1 Ba-Korinthe 3:6) Komiti ea lekala, ka tumello ea Sehlopha se Busang, ea etsa qeto ea hore ho eketsoe meaho ea joale. Baena ba fetang 250 ba tsoang likarolong tsohle tsa sehlekehleke ba tla ho thusa. Litsebi tsa mosebetsi le ba se nang tsebo ba ithaopela ho sebetsa e le lihahi, babetli, bo-ramotlakase, le ba sebetsang ka tšepe. Lilemo tsa bona li ne li tloha ho tse 10 ho ea ho tse 86. Ba bang ba tšehelitse moaho ka chelete, ba bang ba neelana ka lijo bakeng sa basebetsi, ho sa le joalo ba bang ba bula matlo a bona bakeng sa basebetsi ba baithaopi ba tsoang hōle haholo. Ka selemo se le seng ha qetoa moaho o nang le mekato e meraro oa likamore tse hlano le sebaka sa boikhathollo, kamore mokatong oa bobeli, le sebaka sa polokelo se boholo ba methara tse 37 tse lekanang ka hohle e le hore li sebelisoe ke litho tsa lelapa la Bethele tse 11.
Milton Henschel, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, a fana ka puo ea khakolo ka la 22 Tlhakola 1986. A bua sehloohong se reng “Mokoloko oa Tlhōlo.” (2 Ba-Korinthe 2:14, NW) Ba mametseng lenaneo la khakolo ba ne ba le 2 949. Ho bona, ba 380 ba ne ba le Holong ea ’Muso le likarolong tse ling tsa moaho esita le ba bang ba neng ba hokantsoe ka mohala le seea-le-moea Liholong tse ling tsa ’Muso motseng le holong ea sekolo.
Boholo ba ba neng ba memetsoe Holong ea ’Muso ea lekala e ne e le baena le bo-khaitseli ba bileng ’neteng ka lilemo tse 30 kapa ho feta. Ho ile ha utloahala mantsoe a mangata a kananelo bakeng sa keketseho e babatsehang ea moaho. Re tšepa hore ba eketsehileng ba “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” ba sa tla kopanela mokolokong oa tlhōlo ha meaho e mecha ea lekala e sebelisetsoa ho hlokomela keketseho ea ’Muso Jamaica.