Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
BAKRESTE ba ’nete kajeno ke batho ba thabileng. Ha e le hantle, re sebeletsa “Molimo o thabileng,” Jehova. (1 Timothea 1:11, NW) O re fepela ka moea oa hae, ’me tholoana ea moea oo ke thabo.—Ba-Galata 5:22.
Thabo e tebileng joalo e tseba ho jara mathata ’me e mamella khatello. Ka mohlala, Jesu Kreste o ile a hlokofatsoa ka ho khokhotheloa le ho tlontlolloa ka ho bolaoa joaloka monyefoli. Empa, ‘o mameletse sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng.’ (Ba-Heberu 12:2) Jesu o ne a tseba hore ka pel’a hae ho larile menyetla e meholo le litokelo tse khōlō mabapi le tšebeletso ea hae ho Jehova. Ho bea tlhokomelo ea hae litokelong tsena tsa kamoso ho ile ha mo thusa hore a thabe har’a mahlomola.
Jesu o batla ha barutuoa ba hae le bona ba thaba. O itse: “Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ea ka e lule ho lōna, ’me thabo ea lōna e tlale.” (Johanne 15:11) Hona ho ipakile e le ’nete ho Lipaki tsa Jehova kajeno. Ho na le mabaka a mangata a re etsang hore e be re batho ba thabileng. Re tseba ’nete, e re lokolotseng litleneng tsa tumela-khoela le litumelong tsa bolumeli ba bohata. (Johanne 8:32) Joale, re boetse rea tseba hore na re hokae nakong ’me re thabela khotso e tla tloha e fumanoa ea tšepo ea poloko. (Luka 21:28) Hape re sirelelitsoe mathateng a mangata—har’a oona, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate—a talimaneng le ba sa itloaetsang boitšoaro bo theiloeng Bibeleng. Re thabela botsoalle bo molemo ka ho fetisisa le batho ba thahasellang ho etsa thato ea Jehova. Hape, re na le tokelo e khōlō ea ho kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa ka ba kang linku.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Leha hona e le ’nete ka Lipaki tsa Jehova ka kakaretso, ho thoe’ng ka uena u le motho ka mong? Ke hobane’ng ha ho ka thoe u na le lebaka la ho thaba le batho bohle ba Jehova?
Ho Fumana Thabo Mosebetsing oa ho Bolela Evangeli
Ba bang ba ho fumana ho le thata ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Mohlomong ba thatafalloa ke ho atamela batho bao ba sa ba tsebeng le ho qala meqoqo. Kapa mohlomong ba ikutloa ba sa tšoanelehe tabeng ea ho ruta ba bang. Na le uena ka linako tse ling u ikutloa ka tsela eo? Haeba ho joalo, u ka fumana thabo joang mosebetsing oa ho bolela Evangeli?
Pele ho tsohle, u be le boikutlo bo botle. Batho ba bangata ba ne ba ka thabisoa ke ho hiroa ke motho e mong ea hlomphehang kapa ralipolotiki ea tsebisahalang. Empa ke thabo e khōlō hakaakang eo re lokelang ho e fumana ha re sebelisoa ke “Morena ea se nang ho fela,” Jehova Molimo ka boeena!—1 Timothea 1:17.
Hape, hopola hore ona ke mosebetsi o ke keng oa hlola o phetoa hape. Nahana! Mangeloi ka booona a tataisa Bakreste le ho ba tsamaisa mona lefatšeng boitekong ba bona ba ho fumana ba kang linku. (Tšenolo 14:6) Na hona ha ho thabise pelo ea hao?
Ho Fumana Thabo Keketsehong ea ’Muso
Lebaka le leng la ho ba le pono e ntle ka mosebetsi oa boboleli ke phello e ntle eo o nang le eona. Bibele e profetile: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Tšepiso ena ea Jehova e fetohile ’nete mehleng ea kajeno. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 1986, ho ile ha kolobetsoa ba 225 868 tšoantšetsong ea boineelo ba bona ba moea ’ohle ho Jehova Molimo. Ho bile le keketseho ea 6,9 lekholong karolelanong ea ba kopanelang ho jala linnete tsa Bibele ho ba bang.
Ha ho pelaelo hore keketseho ena e totobetse phuthehong ea heno kapa potolohong ea heno. Ba bacha ba tla libokeng ’me ba fetola bophelo ba bona kamoo ho hlokahalang e le hore ba ka nolofalloa ke ho sebeletsa Molimo. Na hona ha ho supe ’nete ea hore mosebetsi oa ho bolela o hlohonolofatsoa ke Jehova? Kahoo ho ba le karolo keketsehong ena e ka ba mohloli o tiileng oa khotso e khōlō ho uena. Ke ’nete, e ka ’na eaba ka bouena ha ho motho eo u ithutileng le eena ho tla fihlela ntlheng ea hore a kolobetsoe. Empa leha ho le joalo re ke ke ra inkela tlotla ka ho tlisa motho ’neteng. Pauluse o itse, ‘Molimo ke oona o melisang.’ (1 Ba-Korinthe 3:6-9) Litho tsohle tsa phutheho li na le kabelo ho thuseng ba bacha. Joang? Ka ho ba teng libokeng, ho hlalosa, ho amohela ba bacha ka ho ba lumelisa le ka ho itšoara ka tsela e etsang hore ’nete e be e ipiletsang.
Leha ho le joalo, khotso e kholoanyane e ka fumanoa haeba u e-ba le kabelo e tobileng mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo le oa lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ngoahola, ka karolelano ho tsamaisitsoe lithuto tsa Bibele tsa beke le beke tse 2 726 252. Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo eketsehileng ba ho kopanela mosebetsing oo o thabisang? Ithaopele ho ithuta Bibele le e mong eo u mo tsebang, mohlomong mohaelani kapa motho e mong eo u kileng ua mo siela buka. Kōpa Jehova hore a u thuse ho fumana motho ea joalo ea kang nku.
Ho Hlōla Litšitiso tsa Thabo
Ha e le hantle, haeba motho a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka ruta ba bang, hona e ka ba tšitiso ea sebele hore a thabe tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, hopola hore hore e be ‘re ba tšoanelehang ka ho lekaneng, ho tsoa ho Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 3:5, NW) ’Me ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae Jehova o lokiselitse lithuso tse ngata tse ntle tsa ho re thusa ho tšoaneleha joaloka baboleli ba beang litholoana.
Pele ho tsohle, ho na le ba bangata har’a rōna ba sebelelitseng Molimo ka nako e telele ’me ba na le phihlelo e ngata tšebeletsong ea tšimo. Re ka ikopanya le basebeletsi bana ba nang le phihlelo tšebeletsong ea bona ’me ra ithuta ho bona. Ho feta moo, khoeli le khoeli litlhahiso tse ntle li hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hape ho na le buka Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e nang le boitsebiso ba bohlokoa ho chorisa matla a rōna a ho bolela. Sebelisa likofuto tsena ’me u lokisetse haholoanyane bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Nahana ka litsela tse ncha le tse thahasellisang tsa ho itsebahatsa matlung. Kapa u nahane ka litsela tse fapa-fapaneng tsa ho kenya beng ba matlo moqoqong. Ha u ntse u e-ba ea beang haholoanyane tšimong, ha ho pelaelo hore cheseho ea hao le thabo ea hao ho boleleng li tla eketseha.
Tšebeletso e thabisa haholoanyane ha re khona ho bua le batho. Ho ke ke ha latoloa hore masimong a mang hona ke bothata. Na u ka lokisetsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka nako ea ha batho ba bangatanyana ba le hae, joaloka nakong ea mantsiboea? Ba bangata ba fumana ho etsa joalo ho le molemo haholo. Hape u ka nka boikhathatso ’me ua buisana le batho kae le kae moo ba fumanehang teng—literateng, ba lutseng lirapeng tsa boikhathollo le ba hlatsoang makoloi a bona. Hopola hore batho ba hloka ’nete le hore bophelo boa ameha. Hona ho ka thusa ho u susumetsa hore u hlōle tšekamelo ea ho ba lihlong. Le hoja e le ’nete hore batho ba bangata haholo ha ba na ho arabela hantle, ba arabelang hantle ba re thabisa haholo.
Leha ho le joalo, e ’ngoe ea lithuso tse khōlō ka ho fetisisa tsa hore re thabe ke thapelo. Kōpa Jehova bakeng sa hore moea oa hae o u matlafatse le ho u khothatsa. Pauluse o itse: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13) Le rōna re ka ikutloa ka tsela eo, ha re ithuta ho itšetleha ka Jehova haholoanyane.
Ho Mamella Joaloka Batho ba Thabileng
Batho ba bangata ha ba ananele mosebetsi oa rōna. Jesu o hlokometse hore ho ne ho tla ba joalo. Ka hona ha a roma balateli ba hae ho ea bolela, o ile a ba eletsa: “E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna. . . . Bonang, ke le roma le le joale ka linku har’a liphiri; ka baka leo, le be bohlale joale ka linoha, ’me le be ba se nang mano joale ka maebana-khoroana.” Jesu o boetse a re: “Le qoba tsa moriri oa hloho tsa lōna li baliloe kaofela. Ka baka leo, le se ke la tšaba.”—Mattheu 10:11-16, 30, 31.
Mantsoe ana a re thusa ho mamella ka thabo. A re thusa ho hlokomela hore ha re teana le batho ba sa ananeleng boiteko ba rōna molemong oa bona, re ntse re tsebahatsa lebitso la Jehova e bile re ntse re mo rorisa. (Pesaleme ea 100:4, 5) Ho khahlisang, ka linako tse ling beng ba matlo ba hanang ho re bulela menyako ba ka ’na ba utluoa ba re ho ba bang: “E ne e le Lipaki tsa Jehova.” E, re sa re letho, lebitso la Jehova le phahamisitsoe, ’me batho ba fumane monyetla oa ho amohela kapa ho hana ’nete. (Mattheu 25:31, 32) Ka hona le masimo a sa arabeleng a ka mamelloa ka thabo.
Ntle ho moo, ha ho mohla re tsebang hore na batho ba joalo ba ka fetoha neng. Ka letsatsi le leng, mosali e mong ea neng a ile a leleka khaitseli e mong oa Mokreste monyakong oa hae ka makhetlo a mangata o ile a botsa khaitseli hore na o na le libuka leha e le life tse ncha. Khaitseli a makala ’me a bolela hore ha ho mohla mosali eo a kileng a amohela libuka tsa Bibele pele ho moo. Mosali eo a hlalosa hore monna oa hae o sebetsa le monna e mong ea neng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Monna eo o ne a file mosali eo le monna oa hae e ’ngoe ea libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ka lebaka la bohele-hele, mosali enoa o ne a ile a e bala ’me a lemoha molaetsa hore ke ’nete. Eaba hona hoo o etsa qeto ea hore ka lekhetlo le latelang ha Paki e mo etela o tla e mema hore e kene. Thuto ea Bibele ea lehae ea qalisoa, ’me mosali enoa hamorao ea e-ba paki e ineetseng ea Jehova.
Ka hona re na le tokelo e khōlō—tokelo e thabisang—ea ho bolela molaetsa o le mong feela oa tšepo lefatšeng. ’Me mosebetsi oa ho bolela ke kabelo eo Molimo o re fileng eona mehleng ena ea qetello. O tlameha ho etsoa pele bofelo bo e-tla. (Mattheu 24:14) Bofelo ba tsamaiso e khopo ea Satane bo tla tla neng? Rea tseba hore bofelo bo ke ke ba lieha. (Bapisa Habakuke 2:3.) Ho sa le joalo, ho sa na le nako ea hore ba bang ba ithute ’nete. A re nkeng monyetla oa nako ena e setseng ’me ka cheseho re be mosebetsing oa rōna oa ho bolela. ’Me re ke re be le boikutlo bo botle, re sebetsa ka thata e le hore re ‘ka ipholosa le ba re utloang.’ (1 Timothea 4:16) Ka ho etsa joalo, re tla lula re le batho ba thabileng ba kopanelang keketsehong ea ’Muso.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mosebetsi oa rōna oa ho bolela Evangeli ke mohloli oa thabo ea ’nete—le haeba batho ba sa arabele molaetseng oa ’Muso