Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na ka nepo motho a ka bua ka ho nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo e le kano?
Batho ba ratang Molimo oa ’nete le ba ikemiselitseng ho mo sebeletsa ka ho feletseng ba lokela ho nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me joale ba kolobetsoe. Le hoja Bibele e sa sebelise lentsoe “kano” bakeng sa boinehelo ba Bokreste, ho etsa joalo ha ho bonahale ho e-na le phoso.
Aid to Bible Understanding e hlalosa hore ho ea ka Mangolo kano ke “tšepiso e tiileng ea ho phetha ketso e itseng, ho etsa nyehelo e itseng kapa mpho, kapa ho kena boemong kapa tšebeletsong e itseng; boitlamo, e-bang ke ba ho lumela kapa ho hanyetsa.” Likano tse ling tlalehong ea Bibele li akarelletsa boitlamo ba ho latela tsela e boletsoeng haeba Molimo o ne o ka etsa ho hong pele. Ka mohlala, Numere 21:2 ea tlaleha: “Eaba ba-Iseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha u neela sechaba seo matsohong a rōna, re tla neela metse ea bona anathema.” (Genese 28:20-22; Baahloli 11:30-39) Ntle ho pelaelo ho nehelana ha Mokreste ka bophelo ba hae ho Molimo hase kano e joalo e etsoang tlas’a maemo a itseng. Ha a re: ‘Jehova, haeba u nketsa ea thabileng le ea atlehileng hona joale ’me u mpha tiiso ea ho fumana bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho, ke tšepisa ho u sebeletsa bophelong bohle ba ka.’
Bibele e hlahisa likano tse ling e le tse sa kōptjoang. Wilson’s Old Testament Word Studies e re ka lentsoe la Seheberu le amehang: “[na·daŕ] ho ikana, e leng ho tšepisa ho fana ka boithaopo kapa ho etsa ntho e ’ngoe; mohopolo o ka sehloohong ke oa ho behella kathōko.” Ka hona, motho ka boithaopo o etsa kano ho Molimo. Na joale ho ka beoa lebaka la hore ho fetoha ha motho morutuoa oa Jesu ea inehetseng, le ea kolobelitsoeng e ke ke ea e-ba kano hobane joale Molimo o hloka boinehelo ho bohle ba batlang kamohelo ea Oona?a
Leha ho le joalo, ’nete ea hore Jehova o beile litlhokahalo tse itseng e le hore motho ka mong e ka ba motsoalle oa hae ha e bolele hore ha ho na boikhethelo ba botho bo amehang. Moshe o ile a bolella Baiseraele: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.” (Deuteronoma 30:19, 20; Pesaleme ea 15:1-5; bapisa Joshua 24:15; 1 Marena 18:21.) Hopola mantsoe a Jesu: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lona phomolo.” (Mattheu 11:28, 29) Na eo ke tlhokahalo e hatellang, taelo? Kapa ke memo e sieang monyetla bakeng sa karabelo ea boithaopo?
Jesu o ne a hlahetse sechabeng se inehetseng ho Molimo; litšobotsi tse ngata tsa bophelo ba hae le lefu li ile tsa reroa esale pele boprofeteng; ’me Molimo o ile oa lokisa ’mele oo Jesu a neng a tla o etsa sehlabelo. Ho ntse ho le joalo, qeto ea boithaopo ea Kreste ea ho itlhahisa bakeng sa tšebeletso e khethehileng e bonahatsoa mantsoeng a hae: “Joale ka re: Bona, Molimo, ke tlile ho etsa thato ea hao; joale ka ha ho ngoliloe taba tsa ka bukeng.” (Ba-Heberu 10:5-10) Ka tsela e tšoanang, motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto ea botho ea ho fetoha Mokreste ea inehetseng, le ea kolobelitsoeng.
Ho feta moo, kajeno Bakreste baa hlokomela hore tšebeliso ea lentsoe le kang “kano” ha ea lekanyetsoa feela mokhoeng oo le sebelisitsoeng ka oona ka Bibeleng. Lipaki tsa Jehova ka nako e telele li sebelisitse “likano tsa lenyalo” machatong a tiiselitsoeng Liholong tsa tsona tsa ’Muso.b Hona ho lumellana le moelelo o akaretsang oa “kano,” joaloka tlhalosong ena: ke tšepiso e tiileng kapa boitlamo, haholo-holo ha e le ka mokhoa oa ho hlapanya ho Molimo.”—Oxford American Dictionary, 1980, leqephe 778.
Kahoo, ha ho bonahale ho hlokahala ho lekanyetsa tšebeliso ea lentsoe “kano.” Motho ea etsang qeto ea ho sebeletsa Molimo a ka ’na a ikutloa hore, ho eena, boinehelo ba hae bo se nang moeli bo tšoana le kano ea botho—kano ea boinehelo. O ‘tšepisa ka ho tiileng kapa ho itlama ho etsa ntho e ’ngoe,’ e leng seo kano e leng sona. Ntlheng ena, ke ho sebelisa bophelo ba hae ho sebeletsa Jehova, ho etsa thato ea Hae ka botšepehi. Motho ea joalo o lokela ho inahana ka botebo ka hona. Ho lokela hore ho be joalokaha mopesaleme, eo ha a bua ka lintho tseo a ikanneng ka tsona, a itseng: “Ke tla busetsa’ng ho Jehova? Melemo eohle ea hae e ho ’na. Ke tla emisa senoelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova; ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova.”—Pesaleme ea 116:12-14; bona hape Pesaleme ea 50:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boemo bona ke bo ileng ba tšohloa ho Molula-Qhooa oa Senyesemane oa la 1 Mphalane, 1973, leqephe 607.
b Nakong ea lechato, monyali le monyaluoa ba ikana e mong ho e mong, empa ba boetse ba etsa joalo ka pel’a lipaki le mahlong a Molimo.