Ho Hetla Morao Lilemong tse 93 ke Phela
Joalokaha ho boletse Frederick W. Franz
KA LA 12 Loetse, 1893, ho ile ha tsoaloa moshemane Covington, Kentucky, lebōpong le ka boroa la nōka e tobaneng le Cincinnati, Ohio. Ntat’ae ea thabileng, Edward Frederick Franz, le ’mè ea nyakaletseng, Ida Louise eo e neng e le oa ha Krueger, ba rea mora enoa oa bona Frederick William Franz.
Li qalile joalo lilemo tsa ka tse 93 tsa bophelo. Ntate, ea neng a tsoaletsoe Jeremane, o ne a ipolela hore o kena Kereke ea Lutere ’me kahoo a etsa hore ke kolobetsoe ke moruti ka hore a mpee matsoho a hae a mongobo phatleng. Ha tlatsoa lengolo la kolobetso, eaba le kenngoa foreimeng ’me le fanyehoa leboteng heso le mangolo a mang a kolobetso a baholoane ba ka ba babeli, Albert Edward le Herman Frederick. Ke lilemo tse 20 feela hamorao moo ke ileng ka ithuta kamoo mokhoa o joalo oa bolumeli e seng oa Mangolo kateng.
Ebile ha re falletse Greenup Street moo ke ileng ka qala ho bona koloi e sa huloeng ke lipere, ’motokara o litulo li peli, o sa koaloang o khannoa seterateng. Lilemo hamoraonyana ke ne ke tla be ke qala ho bona sefofane. Ka nako eo re ne re lula haufi le lebaka la Krieger, moo ntate a neng a sebetsa teng bosiu, a pheha. O ne a ee a tle lapeng hoseng ’me a robale. Joale thapama o ne a ipha sebaka sa ho ba le rōna bashemane.
Ha ke fihla lilemong tsa ho kena sekolo, ke ile ka qalisoa sekolong sa pharishe le litšebeletsong tsa bolumeli tsa Kereke e K’hatholike ea Roma ea St. Joseph, kaha e ne e le haufi le moo literateng sa bo12 le sa Greenup. Ke sa ntsane ke hopola liphapusi tseo ho neng ho ruteloa ho tsona tsa sekolo. Ka lekhetlo le leng “brother” oa bolumeli ea neng a sebetsa joaloka tichere a nkemisa ka pele ho sehlopha ’me a re ke otlolle letsoho e le hore a ka nchapa lithupa tse ngata ka rulara e bolelele ba lisenthimithara tse 30 ka lebaka la boitšoaro ba ka bo bobe.
Hape ke sa hopola ha ke e-ea ka lebokoseng le sa bonesoang la maipolelo la kereke, ke buisana le eo ho ipoleloang ho eena a le ka nģ’ ane ho lebota ’me ke etsa thapelo e ithutiloeng ka hlooho, ke bolela hore na ke moshemane ea mobe hakae. Kamorao ho moo, ka theohela aletareng, ka khumama ha moprista a ntjesa sengoathoana sa bohobe, kahoo a nkamohelisa joalokaha ho rutoa ke kereke, ha eena a ipolokela veine hore a tle a e noe hamorao. Hona e bile qaleho ea koetliso ea ka ea bolumeli le tlhompho ea ka bakeng sa Molimo tse neng li tla hōla lilemong tsa moraonyana.
Hoba ke qete selemo ke le sekolong sa pharishe ka 1899, lelapa leso la fallela ka mose ho Nōka ea Ohio, Cincinnati, ho ea 17 Mary Street (eo hona joale e bitsoang East 15th Street). Ka lekhetlo lena ke ile ka romeloa sekolong sa sechaba ’me ka isoa sehlopheng sa boraro. Ka ipaka ke le seithuti se sa mameleng, ’me ke hopola hore, ka lekhetlo le leng, ’na le seithuti se neng se le setulong se ka letsohong le letona ho ’na, re ile ra isoa ofising ea hlooho ea sekolo ka lebaka la boitšoaro ba rōna bo bobe. Mono hlooho ea sekolo Fitzsimmons a re re iname ’me re tšoare lintlha tsa lieta tsa rōna ka menoana ea rōna ha a re shapa lithupa tse ’maloa litonong ka leqala. Joalokaha u ne u ka lebella, ke ile ka hlōleha ho feta sehlopha seo.
Empa ntate o ne a sa utloisise hore nka qeta lilemo tse peli sehlopheng se le seng. Ka hona ha likolo li buloa, a nkisa sekolong se Liberty Street, ofising ea hlooho ea sekolo, Mong. Logan. A kōpa Mong. Logan hore a ’ngolise sehlopheng sa bone. Mong. Logan o ne a le mosa ho ’na, ’me a re: “O, a re ke re bone hore na mohlankanyana enoa o tseba eng.” Hoba ke arabele lipotso tse batlisisang ka ho mo khotsofatsang, a re: “O, ho bonahala eka o tšoanelehela sehlopha sa bone.” Ka tsela ena, eena ka boeena a mphetisetsa sehlopheng se ka holingoana ho seo ke neng ke hlōtsoe ho se feta. Ho tloha ka nako eo ka tsitsa ’me ka nka mosebetsi oa ka oa sekolo ka botebo, ’me ha ho mohla nkileng ka hlōloa ho feta sehlopha hape.
Lehlakore la bolumeli la bophelo ba ka le lona la fetoha. Ka mokhoa o mong o itseng, baemeli ba Second Presbyterian Church ea Cincinnati ba kopana le ’mè ’me a etsa qeto ea ho romela Albert, Herman le ’na sekolong sa Sontaha sa kereke eo. Ka nako eo, Mong. Fisher e ne e le mookameli oa sekolo sa Sontaha, ’me Bessie O’Barr e monyenyane ea e-ba tichere ea ka ea sekolo sa Sontaha. Ka tsela ena, ka tloaelana le Bibele e Halalelang e bululetsoeng. Ke ile ka leboha hakaakang ha tichere ea ka ea sekolo sa Sontaha e mpha kopi ea ka ea pele ea Bibele e Halalelang e le mpho ea Keresemese!
Ka ikemisetsa ho ho etsa tlamo bophelong ba ka ho bala karolo e itseng ea Bibele tsatsi le leng le le leng. Hona ha fella ka hore ke tloaelane hantle haholo le buka eo e halalelang. Le tšusumetso ea eona e molemo ea nthibela hore nka ameha puong e litšila le boitšoarong bo bobe ba bao ke balang le bona sekolong. Hase feela ba neng ba ntalima ke le ea fapaneng le bona.
Sekolo se Phahameng le Koleche
Hoba ke qete lithuto tsa ka sekolong se bohareng sa boraro ka 1907, batsoali ba ka ba ntumella ho ea ntšetsa thuto ea ka pele le ho kena Sekolo se Phahameng sa Woodward, moo Albert, moholoane oa ka a neng a ile a kena teng selemo. Joaloka eena, ka etsa qeto ea ho nkela thuto ea lingoliloeng tsa khale. Eaba ke ithuta Selatine—thuto eo ke ileng ka tla e ntšetsa pele ka lilemo tse latelang tse supileng.
Joale ha fihla nako ea ho lumelisa ba qetang sekolong selemo selemong sa 1911. Ka khetheloa ho ba ea fanang ka puo ea tumeliso bakeng sa Sekolo se Phahameng sa Woodward litšebeletsong tsa ho koala sekolo tse neng li tšoareloa holong e khōlō ea Cincinnati, Holo ea ’Mino.
Ka nako eo, likolo kaofela tse tharo tse phahameng tsa Cincinnati, Sekolo se Phahameng sa Woodward, Sekolo se Phahameng sa Hughes le Sekolo se Phahameng sa Walnut Hills—li ne li kopana bakeng sa litšebeletso tsa ho koala likolo. Bana ba lihlopha tse qetelang tsa sekolo ba ne ba lula sethaleng se seholo ba shebile ka holong e tletseng batho. Puo ea pele ea abeloa ea fanang ka puo ea tumeliso bakeng sa Sekolo se Phahameng sa Woodward. Sehlooho seo ke ileng ka se khetha bakeng sa ketsahalo eo e ne e le “Sekolo le Boahi.” Libui tsohle tse tharo tsa opeloa mahofi haholo ha li qeta. Joale ke ne ke e-na le lilemo tse 18 ke phela.
Batsoali ba ka ba ntumella hore ke tsoele pele le mosebetsi oa ka oa thuto, eaba ke kena Univesithing ea Cincinnati, ka nkela lithuto tsa ho koetlisa kelello. Joale ke ne ke se ke entse qeto ea hore ke tla ba ’moleli oa Presbyterian.
Thutong e tsoelang pele ea Selatine, joale ka eketsa ka thuto ea Segerike. E bile tlhohonolofatso e kaakang ho ithuta Segerike sa Bibele tlas’a Tichere Arthur Kinsella! Tlas’a Dr. Joseph Harry, sengoli sa libuka tse ling tsa Segerike, ka boetse ka ithuta lingoliloeng tsa khale tsa Segerike. Ke ne ke tseba hore haeba ke batla ho ba moruti oa Presbyterian, ke ne ke lokela ho tseba Segerike sa Bibele hantle. Eaba ke ikakhela ka setotsoana, ’me ka se feta hantle.
Ho phaella ho ithuteng Selatine le Segerike sekolong, ka thahasella ho ithuta Spanishe, seo ke ileng ka fumana hore se batla se tšoana le Selatine. Ka nako eo ke ne ke sa hlokomela hakaalo hore na ke ne ke tla khona ho sebelisa Spanishe hakaakang tšebeletsong ea ka ea Bokreste.
Sehlohlolo sa bophelo ba ka ba thuto e bile ha Dr. Lyon, mookameli oa univesithi a tsebisa liithuti holong hore ke ne ke khethetsoe ho ea Univesithing ea ’Muso ea Ohio ho ea ngola litlhahlobo tsa tlholisano le ba bang ho hapa moputso oa Basari ea Cecil Rhodes ho tšoanelehela ho amoheloa Univesithing ea Oxford, Engelane. E mong eo re neng re ngola litlhahlobo le eena a ntheola lipapaling tsa mabelo, empa ka lebaka la ho etsa hantle ka mokhoa o tšoanang lithutong, ba ne ba batla ho nthomella le eena Univesithing ea Oxford. Ka ananela hore ke finyelletse se neng se hlokoa bakeng sa ho fumana litlhapiso tsa ho ithuta, ’me, ha e le hantle, hona e ne e tla ba ho nkhotsofatsang haholo.
“Hona ke ’Nete”
Rea hopola hore ka lekhetlo le leng Jesu Kreste o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Selemo pele ho moo ka 1913, moholoane oa ka Albert o ne a fumane “’nete” Chicago. Albert o ile a fumana “’nete” joang?
Bosiung ba Moqebelo o mong selemo ka 1913, Albert o ne a ile a ea tlung kapele YMCA, moo a neng a lula teng ha a ntse a sebetsa Chicago. Hamorao, eo a kopanetseng kamore le eena a ikakhela ka kamoreng ho ea hlalosa bothata. Bosiung boo o ne a memetsoe lapeng ha Mong. le Mof. Hindman, ’me morali oa bona Nora o ne a tla ba le motsoalle oa hae oa ngoanana lapeng. Banana ba babeli ba ne ba tla sita motsoalle oa Albert. Ka potlako, Albert a phallela ho thusa. Ha nako e ntse e e-ea, motsoalle oa Albert o ne a tsoella pele hantle le banana bana ba babeli. Empa Mong. le Mof. Hindman ba bea maikutlo ho Albert, ba mo tsebisa lithuto tsa Watch Tower Bible and Tract Society.
Eaba Albert o nthomella bukana e reng Where Are the Dead? e ngotsoeng ke ngaka ea Leskoche, John Edgar, setho sa Phutheho ea Glasgow ea Liithuti tsa Machaba tsa Bibele. Qalong, ka bea buka ena ka se ke ka e bala. Joale mantsiboeeng a mang, ha ke e-na le nako e seng kae pele ke e-ea boikoetlisong ba sehlopha sa ’mino, ka qala ho e bala. Ka e fumana e le monate hoo ke ileng ka sitoa ho e bea fatše. Ka ’na ka tsamaea ke ntse ke bala sebaka se ka etsang lik’hilomithara tse peli ho ea kerekeng ea Presbyterian. Kaha monyako oa kereke o ne o ntse o notletsoe, ka lula litepising tsa majoe a batang, ka ’na ka bala. Sebapali sa thomō sa tla ’me ha se hlokomela kamoo ke nkehileng kateng ke seo ke se balang, sa re: “Kea kholoa ke taba e monate.” Ka arabela: “Ho joalo ka sebele!”
Kaha ke ne ke thabetse linnete tse ncha tseo ke neng ke ithuta tsona, ka tleloa ke monahano oa hore ke botse ’moleli, Dr. Watson, hore na maikutlo a hae ke afe ka bukana ena. Ka hona mantsiboeeng oona ao, ka mo nea bukana ’me ka botsa: “Dr. Watson, u tseba eng ka buka ee?”
A nka bukana, a e phetla ’me a bososela ka mokhoa o phoqang: “O, e tlameha e be ke a mang a matlakala ane a Russell. O tseba eng ka liketsahalo tsa ho qetela tsa lefatše?” Ka sebele ke ile ka nyaroha ke boikutlo ba hae bo nyelisang. Ha ke nka bukana eo hape ’me ke furalla, ka inahana: “Ha ke tsotelle hore na o nahana eng ka eona. Hona ke ’NETE!”
Kamorao ho nakoana, ha Albert a etetse lapeng, a ntlela le meqolo ea pele e meraro ea Studies in the Scriptures, e neng e ngotsoe ke Charles Taze Russell. Albert a boetse a ntloaetsa phutheho ea moo ea Liithuti tsa Bibele, eo ho ileng ha etsahala hore e be e kopanela hantle pel’a monyako oa kereke ea Presbyterian. Ka thabela seo ke neng ke ithuta sona ’me ka potlakela ho etsa qeto ea hore le ’na ho fihlile nako ea hore ke khaole kamano ea ka le Kereke ea Presbyterian.
Ka hona hamorao, ha Albert a boetse a re etela hape, ra ea ho e ’ngoe ea lithuto tsa Sontaha mantsiboea tsa Dr. Watson. Kamorao ho moo, ’na le Albert ra ea moo Dr. Watson a neng a ntse a lumelisana le batho ba pharishe ba tsamaeang. Ka re ho eena: “Dr. Watson, ke tsoa kereke.”
A re: “Ke tsebile! Ke tsebile! Hang ha ke u bona u bala matlakala ane a Russell. Monna eo, Russell, ke ne nke ke ka mo lumella hore a kene ka tlung ha ka!” Eaba oa eketsa: “Fred, na ha u nahane hore ho molemo ha re ka ea ka kamoreng ea ka ea liboka ’me ra rapela hammoho?” Ka re ho eena: “Che, Dr. Watson, ke entse qeto.”
Kahoo, ’na le Albert ra tsoa ka kerekeng. Ebile boikutlo bo khanyang hakaakang ho lokoloha litlamong tsa tsamaiso ea bolumeli e neng e ruta mashano! Ebile ho hotle hakaakang ho nkeloa phuthehong ea Liithuti tsa Machaba tsa Bibele, tse neng li tšepahala hakana lentsoeng la Molimo! Ka la 5 ’Mesa, 1914, Chicago, Illinois, ka tšoantšetsa khethelo—kamoo boineelo bo neng bo bitsoa kateng—ea ka ka kolobetso ea metsing.
Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela hoo, nakoana pele ho liphatlalatso tsa ba ikarabellang thutong mabapi le liphetho tsa tlhahlobo ea ho amohela Basari ea Cecil Rhodes, ka ngola lengolo le eang ho ba boholong ke ba tsebisa hore ha ke sa thahasella ho ea ithuta Univesithing ea Oxford le hore ba ntlhakole lenaneng la ba kenetseng tlholisano eo. Hona ke ile ka ho etsa le hoja tichere ea ka ea Segerike univesithing, Dr. Joseph Harry, a ne a ntsebisitse hore ke khethetsoe ho amohela basari.
Likhoeli tse peli hamorao, ka la 28 Phuptjane, 1914, ha fenethoa Morena Ferdinand oa Austria-Hungary le mosali oa hae, Sarajevo Bosnia. Ka letsatsi lona leo, Liithuti tsa Machaba tsa Bibele li ne li le letsatsing la boraro la kopano e akaretsang ea tsona Memorial Hall, Columbus, Ohio. Khoeli feela hamorao, kapa ka la 28 Phupu, 1914, ha qhoma ntoa ea pele ea lefatše ea histori eohle ea motho. Rōna Liithuti tsa Bibele re ne re lebelletse bofelo ba Mehla ea Balichaba ea lilemo tse 2 520 ka la 1 Mphalane selemong sona seo.
Ka tumello ea ntate, ke ne ke tsoile Univesithing ea Cincinnati ka Motšeanong 1914, libeke tse seng kae pele ke qeta karolo ea boraro moo ke le sehlopheng se tlaase. Ka potlako ka lokisetsa le Watch Tower Bible and Tract Society hore ke be morekisi oa libuka, kapa pula-maliboho kamoo mosebetsi ea joalo oa nako e tletseng a bitsoang kateng kajeno. Ka nako eo ke ne ke kopanela ka mafolo-folo le Phutheho ea Cincinnati ea Liithuti tsa Machaba tsa Bibele.
Hamorao ka ba moholo phuthehong ea Cincinnati. Ka hona ha Linaha tse Kopaneng tsa Amerika li kena Ntoeng ea I ea Lefatše ka lehlakoreng la Linaha tsa Selekane, ’me bahlankana ba bitsetsoa bosoleng, ke ile ka beelloa kathōko ke le mosebeletsi oa molaetsa o molemo.
Ho Tseba Moena Russell
Har’a liketsahalo bophelong ba ka tseo ke li hopolang ka thabo ke linako tseo ka tsona ke ileng ka kopana ka thabo le mookameli oa pele oa Mokhatlo, Charles Taze Russell. Ke ile ka tloaelana le eena ka lekhetlo la pele letsatsi pele ho bontšoa Photo-Drama of Creation Music Hall ka Sontaha, la 4 Pherekhong, 1914. Ka Moqebelo oo moholo e mong oa Phutheho ea Cincinnati o ile a kopana le ’na ka ntle ho Music Hall ’me a re: “Hela, Moena Russell o teng ka mono, ’me ha u ka ea kamorao ho sethala u tla mo bona.” Ka ea ka thahasello e khōlō ’me ka baka leo ka iphumana ke bua le eena re talimane. O ne a tlile ho tla hlahloba litokisetso tsa ho bontšoa ha pele ha Photo-Drama of Creation.
Joale ha etsahala hore ka 1916 a be a kena tereneng esele Cincinnati ’me a tla e emela ka lihora tse ngata. ’Na le khaitseli e mong, eare ha re bolelloa hoo, ra potlakela steisheneng, moo re ileng ra mo fumana a e-na le mongoli oa hae. O ne a tlile le lijo tsa hae tsa motšehare, ’me ha nako ea lijo tsa motšehare e fihla, a ja le rōna.
Hoba a qete lijo tsa motšehare, a botsa hore na ho na le ea nang le lipotso tsa Bibele. Ka botsa ka monyetla oa hore na Adama o tla tsosoa ha e le mona e ne e le moetsalibe ea sa bakeng oa ka boomo. Ka mahlo a tletseng thabo, a araba: “Moena, u botsa potso, u bile ua e arabela. Joale, hantle-ntle potso ea hao e ne e re’ng?”
“The Finished Mystery”
Ka Labobeli, la 31 Mphalane, 1916, Charles Taze Russell a shoa, a sa ngola moqolo oa bosupa letotong la hae la Studies in the Scriptures. Lihora tse seng kae pele a e-shoa, ha ba le tereneng e khutlelang California, ha mongoli oa hae a mo botsa ka moqolo oa bosupa, a arabela: “E mong o tla lokela hore a o ngole.”
Ka selemo se hlahlamang, 1917, moqolo oa bosupa oa fela oa hlaha e le tlhaloso ea libuka tsa boprofeta tsa Ezekiele le Tšenolo, hammoho le tlhaloso e monate ea buka ea Bibele ea Sefela sa Lifela. Mokhatlo oa lokisetsa kabo e khōlō ea buka e ncha. Ka hona, oa romela mabokose a moqolo ona oa bosupa ho ba itseng liphuthehong tsohle tsa United States. Mabokose a mangata a romeloa lapeng heso 1810 Baymiller Street, Cincinnati, Ohio, ’me a bolokoa ha re ntse re emetse litaelo tse ling tsa hore na libuka tseo li tla abjoa joang?
Ho ne ho e-na le maqephe a robeli a The Finished Mystery a neng a qotsitse seo batho ba tsebisahalang ba neng ba se buile khahlanong le ntoa. Tlas’a tlhohlelletso ea mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana, ea Bok’hatholike le ea Boprostanta, ’muso oa United States oa ipelaetsa, ka hona maqephe a 247-54 a taboloa. Kamorao ho moo, ha The Finished Mystery e fanoa ho batho, ho ne ho tlameha hore ba hlalosetsoe hore na ke hobane’ng ha maqephe ao a le sieo. ’Muso oa United States ha oa ka oa khotsofalla bohato bona, ’me tlas’a tlhohlelletso e tsoetseng pele ea mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli ea naha eo, oa thibela moqolo kaofela oa bosupa oa Studies in the Scriptures.
Ke sa hopola hore ka Sontaha se seng hoseng ke ne ke sebetsa monyakong o kamorao oa ntlo eso. Banna ba bang ba tla ba tsamaea ka tselana e ka thōko ho ntlo, ea ka pele a phetla baki ea hae, ’me a mpontša beche ea hae ea tšepe ’me a laela hore o batla ho kena ka tlung. Eaba ke tlameha ho mo isa kahare ke mo bontša mabokose a nang le likopi tsa The Finished Mystery. Matsatsi a se makae hamorao, ba romela teraka ’me ba li nka kaofela.
Hamorao ra utloa hore Joseph F. Rutherford, mookameli oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, le ba bang ba tšeletseng ba sebetsang le eena ntlo-kholo ea Brooklyn ba tšoeroe ka phoso ka hore ba kena-kenane le boiteko ba ntoa ba United States. Ba ahloleloa lilemo tse 20 Chankaneng e Khōlō ea Atlanta bakeng sa qoso e ’ngoe le e ’ngoe ho tse ’nè, leha ho le joalo, lilemo tseo li ile tsa patahanngoa. Ntoa ea lala ka la 11 Pulungoana, 1918, ’me joale ka la 25 Tlhakubele, 1919, Moena Rutherford le basebetsi-’moho le eena, ba lokolloa ka beile. Hamorao ba hlakoloa molato ’ohle. Buka The Finished Mystery le eona ea ntšoa tlas’a thibelo ’me ea lumelloa hore hang hape e ka abjoa ka bolokolohi.
Meea ea rōna e ile ea hlasimoloha hakaakang ha Mokhatlo o lokisetsa kopano ea pele ea kamorao ho ntoa Cedar Point, tlhorong ea hloahloa ea mehahlaula haufi le Sandusky, Ohio, bakeng sa la 1-8 Loetse, 1919! E bile tokelo e thabisang ka ho fetisisa hore ke be kopanong eo.
Ho Memeloa Bethele
Ka selemo se latelang sa 1920, Mookameli Rutherford a amohela memo ea ho ea buisana phatlalatsa le bamameli Cincinnati, Ohio. Ka nako eo ke ne ke etsa mosebetsi oa ho rekisa libuka, ’me Moena Rutherford a ’memela hore ke ngole lengolo ke kōpe tšebeletso ea Bethele ea ntlo-kholo Brooklyn.
Ke ile ka romela lengolo leo, ’me kamor’a hore ke fumane karabo ea hore ke amohetsoe, ka kena tereneng ho ea Motse New York. Bosiung ba Labobeli, la 1 Phuptjane, 1920, ka fihla teng ’me ka khahlametsoa ke Leo Pelle, motsoalle oa khale oa Louisville, Kentucky, ’me a nkisa lehaeng la Bethele. Ka letsatsi le hlahlamang la Laboraro, ka abeloa kamore ka tšoanelo le Hugo Riemer le Clarence Beatty kamoreng e ka holimo, ke e-ba oa bo102 lelapeng la Bethele Brooklyn.
Mokhatlo o ne o hlomme khatiso ea oona ea pele 35 Myrtle Avenue, moo karolong e ka tlaase ea mohaho ho ileng ha beoa mochine oa pele o hatisang oo re neng re o bitsa Sekepe sa Ntoa ka lebaka la boholo ba oona. Re ne re hatisa makasine o mocha oa Mokhatlo o neng o bitsoa The Golden Age—hamorao oa bitsoa Consolation ’me hona joale o bitsoa Tsoha! Ke ne ke bokella limakasine ha li e-tsoa ka lesoba le neng le entsoe fatše ’me li fetela lebanteng la terata le neng le entsoe mothipoloheng oa lepolanka, ke li lekanya hantle ’me ke li bokella hore li tle li seoe hantle le ho tšoaroa hantle hamorao.
Ka Moqebelo hoseng, ha mochine oa khatiso o sa hatise limakasine, rōna baena ba bangata re ne re phuthela limakasine ka pampiri e phuthelang e sootho e nang le mabitso le liaterese tsa babeeletsi. Joale re li koala hore li ka sebetsoa ke ba poso. Ke ile ka etsa mosebetsi oo ka likhoeli tse ’maloa ho fihlela ha Donald Haslett, ea neng a sebeletsa Lefapheng la Barekisi ba Libuka, a tloha ho ea nyala Mabel Catel. Eaba ke tlosoa 35 Myrtle Avenue ho ea ofising ea Mokhatlo e 124 Columbia Heights ho ea sebeletsa Lefapheng la Barekisi ba Libuka.
Hape, joaloka setho sa Phutheho ea New York, ka abeloa ho tsamaisa thuto ea buka lapeng ha Afterman sebakeng sa Ridgewood sa Brooklyn.
Litokelo tsa Se-ea-le-moea le Kopano
Ke ile ka tsoela pele ke sebeletsa Lefapheng la Barekisi ba Libuka ho fihlela ka 1926. Ho sa le joalo, Watch Tower Bible and Tract Society e ne e qalile se-ea-le-moea sa eona sa pele WBBR, Staten Island. Hoo ho etsahetse ka 1924. Ke bile le tokelo e thabisang ea ho sebeletsa mananeo a Mokhatlo, e seng ho fana ka lipuo feela empa hape le ho bina tinoro ke le mong, haesita le ho bapala mandolin ha ho letsoa piano. Ho feta moo, ke ne ke bina tinoro sehlopheng sa rōna sa banna ba bane sa WBBR. Ha e le hantle, Moena Rutherford, joaloka mookameli oa Mokhatlo, e ne e le eena sebui se seholo ho WBBR ’me o ne a mameloa ke batho ba bangata.
Ke ka selemo sa 1922 moo kopano e akaretsang ea Watch Tower Bible and Tract Society e ileng ea tšoaroa ka lekhetlo la bobeli Cedar Point, Ohio. Mono re ile ra khothatsoa ka matla a fetisisang ke Moena Rutherford hore re ‘tsebahatse, re tsebahatse, re tsebahatse, Morena le ’Muso.’
E ’ngoe ea litokelo tsa ka tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka bo[19]20 e ne e le ho sebetsa le Moena Rutherford kopanong ea machaba London, Engelane, ka 1926. Mono o ile a fana ka puo ea hae ea phatlalatsa Royal Albert Hall ea London ka pel’a bamameli ba bangata kamor’a hore ke bine tinoro ke le mong ha ho letsoa thomō e tsebisahalang ea holo.
Bosiung bo latelang a buisana le bamameli ba Bajode ka “Palestina Bakeng sa Bajode—Hobane’ng?” ’me ka bina ke le mong “Comfort Ye, My People” ho Messiah ea Handel. Bajode ba likete ba e-ba teng tšebeletsong eo e khethehileng. Ka nako eo ka phoso re ne re sebelisa boprofeta ba Mangolo a Seheberu ho Bajode ba tlhaho, ba bolotseng. Empa ka 1932 Jehova a tutubolla mahlo a rōna hore re bone hore boprofeta bona bo sebetsa ho Iseraele oa moea.
Ebile ho hlollang hakaakang ho ’na hore ke be kopanong ea Columbus, Ohio, ka 1931 ha Moena Rutherford a fana ka ‘lebitso le lecha’ Lipaki tsa Jehova, ’me kaofela ha rōna ra le amohela ka thabo! Hang kamorao ho moo, liphutheho tsohle tsa batho ba Jehova ho pota lefatše tsa amohela ‘lebitso leo le lecha.’—Bapisa Esaia 62:2.
Labohlano la la 31 Motšeanong, 1935, le mphihletse ke sebeletsa ke le motsamaisi oa sehlopha sa ’mino sekotjaneng se ka tlas’a sethala moo Moena Rutherford a neng a fane ka puo ea hae e tsebisahalang ea Tšenolo 7:9-17, a re totobaletsa ka nepo litho tsa “bongata bo boholo ba batho” bo bontšoang moo. Sehlopha seo ho thoeng ke sa Jonadabe sa mengoa ka ho khethehileng hore se be teng, ’me lebaka la hoo la hlaka ha Moena Rutherford a bontša hore “letšoele le leholo,” kapa “bongata bo boholo ba batho” bo ne bo tla etsoa ka “linku tse ling” tsa “molisa ea molemo” Jesu Kreste. (Johanne 10:14, 16) Ebile ketsahalo e thabisang. Ebile ho hlasimollang hakaakang ho ’na ha ka letsatsi le hlahlamang, ka Moqebelo, la 1 Phuptjane, ba tlileng kopanong ba 840 ba qoelisoa metsing tšoantšetsong ea boineelo ba bona ho Molimo ka Kreste ba lebelletse paradeise ea lefatšeng! Ho tloha ka nako eo, palo ea “linku tse ling” tsa Kreste ea tsoela pele ho haisa hōle-hōle palo e ntseng e theoha ea litho tsa “mohlatsoana” tsa barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba kang linku ba Molisa ea Molemo, Jesu Kreste.—Luka 12:32.
Leha ho le joalo, ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939, ho ile ha bonahala eka hona ho bolela qetello ea ho bokelloa ha “bongata bo boholo ba batho.” Ke hopola Moena Rutherford a re ho ’na ka letsatsi le leng: “Ha e le hantle Fred, ho bonahala eka ‘letšoele le leholo’ ha le na ho ba leholo joalokaha re ne re lebeletse.” Re ne re sa lebella pokello e khōlō hakana eo e neng e le hona e tla latela.
Mokhatlo oa qala ho sebelisa karalefomo ka 1934, ’me lipuo tse hatisitsoeng tsa Mookameli Rutherford tsa sebelisetsoa ho fana ka lingoliloeng tsa Bibele. Ha lipuo tsa hae tse hatisitsoeng tse fetoletsoeng Spanisheng li e-tsoa, ka tsitsisa maikutlo a ka ho li abeng hore li fihle ho batho ba buang Spanishe sebakeng se pota-potileng fektri e 117 Adams Street. Joale, ka maeto a ho boela, ka thusa batho ba thahasellang hore ba ithute linnete tsa Bibele, ’me ka mokhoa ona ka qetella ke filoe tokelo ea ho hlophisa phutheho ea pele ea ba buang Spanishe Brooklyn. Ke bile setho sa phutheho eo ea pele ea Spanishe ea Brooklyn, ho tloha ha e theoa.
Liphetoho Bookameling ba Mokhatlo
Ka ho shoa ha Moena Rutherford ka la 8 Pherekhong, 1942, Nathan H. Knorr a mo hlahlama bookameling ba Mokhatlo. Ho sa tsotellehe ho loana ha ntoa ea bobeli ea lefatše, puo ea hae ea phatlalatsa selemo ka 1942 sehloohong se reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” ea lokisa pono ea rōna ka bokamoso bo haufi. Nakoana kamorao ho moo, Moena Knorr a bula Sekolo sa Bibele sa Watch Tower sa Gileade Polasing ea ’Muso ka ’Mantaha, la 1 Tlhakola, 1943, se e-na le liithuti tse lekholo tse neng li etsa sehlopha sa pele. Ke bile le tokelo ea ho sebeletsa lenaneong la ho buloa ha sekolo seo. Moena Eduardo Keller, Maxwell G. Friend, Victor Blackwell le Albert D. Schroeder ba ne ba sebeletsa e le matichere.
Puong ea hae e bulang, Moena Knorr a re tsebisa hore Mokhatlo o na le chelete e lekaneng hore sekolo se tsoele pele ka lilemo tse hlano. Empa mohlolo oa mehlolo, kajeno Jehova Molimo o Matla ’Ohle o ntšelitse sekolo seo pele ka makhetlo a robong ho feta a neng a lebelletsoe!
Ebile tokelo e fetisisang ho sebetsa le Nathan H. Knorr. Ke ne ke sa hlokomele le hanyenyane feela ha a qoelisoa kamorao ho puo eo ke neng ke e etselitse bakolobetsuoa ka la 4 Phupu, 1923, pel’a Nōka ea Little Lehigh ka ntle ho motse oa habo oa Allentown, Pennsylvania, hore e ne e tla ba mookameli oa boraro oa Watch Tower Bible and Tract Society.
Ke ile ka tsamaea haholo tlas’a bookameli ba Moena Knorr, ke bua likopanong tse khōlō tsa baena lefatšeng lohle—ho akarelletsa Latin America le Australia—ke ba khothalletsa ho tšepahala. Ka lekhetlo le leng le joalo, ka 1955, ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ntse o thibetsoe Spain, ka sebeletsa kopano ea lekunutu likhoeng tse ka ntle ho Barcelona. Re ne re bokella baena ba rōna ba Maspanishe re pota-potiloe ke sepolesa sa sekhukhu se hlometseng, ’me banna ba nkoa ka literaka ho isoa ntlo-kholo ea sepolesa. Moo re ile ra bolokoa ’me ra botsisisoa. Kaha ke ne ke le moahi oa Amerika, ka iketsa eka ha ke tsebe Spanishe. Hape, bo-khaitseli ba babeli ba ne ba pholohile eaba ba tsebisa baemeli ba Amerika ka ho tšoaroa ha ka, ’me bona, ba bonana le sepolesa. Ba lakatsa hore taba ena e se ke ea nkeloa bohato lichabeng, le hore e se ke ea phatlalla hampe, ba qetella ba lokolotse rōna balichaba ’me hamorao ba lokolla baena ba bang. Kamorao ho moo, ra bokana ka palo e itseng lapeng ha baena ba Maserrano ’me ra thaba haholo ka topollo eo Jehova a e etselitseng batho ba hae. Ka 1970 Spain ea ngolisa Lipaki tsa Jehova ka molao. Kajeno re na le ofisi ea lekala haufi le Madrid, ’me selemong sena se fetileng mokhatlo o hlophisitsoeng Spain o ne o akarelletsa bahoeletsi ba fetang 65 000, o e-na le liphutheho ka hare ho naha eohle.
Nathan H. Knorr o ile a shoa ka la 8 Phuptjane, 1977. A khaotsa bophelo ba hae ba lefatšeng, ’me ke ile ka mo hlahlama ofising ea bookameli ea Mokhatlo. Moena Knorr o ne a sebelelitse e le mookameli ka lilemo tse fetang 35, halelele ho feta leha e le ofe oa baokameli ba babeli ba pele ba Mokhatlo, Russell le Rutherford. Joaloka setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, ke ile ka abeloa ho sebeletsa Komiting ea Phatlalatso le Komiting ea Bongoli ea Sehlopha se Busang.
Ke tokelo e khōlō le nyakallo ka sebele ho tsoela pele ke sebeletsa liofising tsa Mokhatlo tse 25 Columbia Heights. Hona ho ntlhoka hore ke tsamaee letsatsi le leng le le leng la mosebetsi pakeng tsa liofisi le lehae la Bethele—boikoetliso bo botle ba ’mele bakeng sa ’mele o ntseng o tsofala. Le hoja ke le lilemo li 93 ’me mahlo a ka a foufala, ke thabela haholo hore e be Jehova o ntlhohonolofalitse ka ho phela hantle ’meleng, hoo ho seng mohla nkileng ka fetoa ke letsatsi la mosebetsi ka lebaka la ho kula lilemong tse 66 ke le Bethele, ’me ke sa ntsane ke khona ho sebetsa nako e tletseng. Ka sebele e bile mohau oa bomolimo hore ke be mona ho tloha ka selemo sa 1920 ’me ke bone khōlo le katoloho ea mokhatlo o hlophisitsoeng ntlo-kholo ea Brooklyn le ho pota-pota lefatše.
Ka tšepo e feletseng ho ’Musi oa Bokahohle, Jehova Molimo, le Molaoli oa hae oa Ntoa, Jesu Kreste, ea okametseng makhotla a se nang palo a lirafime, likerubime le mangeloi a halalelang a leholimo, ’na hammoho le Lipaki tsa heso tse limillione re lebeletse seo Bibele e reng sea tla: ho timetsoa ha Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, le letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle, Harmagedone, eo tlhoro ea eona e tla ba tlhōlo e khōlō ka ho fetisa ea Morena oa Bokahohle, Jehova Molimo, eo e leng ‘oa ka ho sa feleng.’ Hallelujah!—Pesaleme ea 90:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
O moleng o hare, tlase le basebetsi-’moho le eena Bethele 1920
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
O na le N. H. Knorr 1961
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
O bua kopanong Japane 1978