Ho Tla Buloa Sekolo se Secha!
Sehlooho sena se jere ’moko oa litlhaloso tse koalang tsa molula-setulo ha sehlopha sa bo82 sa Gileade se ne se hapa likhau.
HO TLOHA ha se qala ka Tlhakola 1943, Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade se koetlisitse basebeletsi ba ineetseng ba fetang 6 000 ba Lipaki tsa Jehova bakeng sa mosebetsi oa boromuoa. Ka lilemo tse fetang 40 tseo baromuoa bana ba ’nileng ba rongoa ka tsona, linaha tse mashome-shome li butse menyako ea tsona ho amohela bopaki bo phethahetseng mabapi le ’Muso. Ha ho hetloa seo Jehova a se finyelletseng, batho ba Molimo ka sebele ba nyakallela ho bona phethahatso ea boprofeta bo bong bo tsotehang.
Ho Esaia khaolo ea 49, litemana tsa 9-12, moprofeta o profetile ho lokolloa ha batho ba lokileng ba neng ba tšoeroe joaloka batlamuoa ke “Babylona e moholo.” Ka sehlopha sa hae sa mohlanka ea tlotsitsoeng mona lefatšeng, mohoo o laelang oa Jehova o tsoile: “U tle u re ho ba kholehong: Tsoang! le ho ba lutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana lijo tseleng, . . . Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyoroa, ha ba sa tla bona liphalana tsa selemo leha e le ho batoa ke cheso ea letsatsi, hobane ea ba hauhetseng ke eena ea tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a koellang. . . . Bonang, ba tla ba e-tsoa hole.” Na karabelo e bile teng? Ka sebele e bile teng! Ba lipelo li tšepahalang ba tlile ka makholo a likete, ka makhalo ’ohle, ba itšenola hore ba lapetse ’nete, ba lakatsa ho feptjoa le ho beoa leseling la Lentsoe la Molimo, ba batla ho lopolloa moeeng ho “Babylona e moholo.” (Tšenolo 17:5) Hona joale ba sebakeng sa lefatšeng sa tlhophiso ea ’Muso oa hae, ba iphepa ka leenya la lijo tsa moea.
Keketseho e Tsotehang
Bohareng ba bo-1940, linaha tsa Latin Amerika le libaka tsa Carib li bile har’a tse ling tsa pele tse ileng tsa rua molemo ka baromuoa ba Gileade. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fokolang haholo ka palo libakeng tsena, hoo e neng e le phephetso ea sebele ho faneng ka bopaki bo phethahetseng ba ’Muso. Ka mohlala, Puerto Rico e ne e e-na le bahoeletsi ba 25 feela ka 1944. Costa Rica e e-na le ba 181. Mexico e ne e e-na le bahoeletsi ba 2 431 ka 1944 ha liithuti tsa pele tsa Gileade li fihla. Empa ha batho ka bomong ba lapetseng ’nete ba e-tsoa lefifing la bolumeli ’me ba itšenola hore ba batla ’Muso oa Molimo, ba bolela ka cheseho, ’me ba bang ba ngolisa tšebeletsong ea bopula-maliboho. Banna ba hahamalla boikarabelo. Phello ea e-ba efe? Kajeno, Puerto Rico e tlalehile basebeletsi ba mafolo-folo ba 21 943, ba baloang ka makhetlo a mane ho feta ba neng ba le teng linaheng tse 12 tse neng li tlaleha sebakeng sa Carib ka 1947. Hona joale Costa Rica e na le bahoeletsi ba bangata ho feta ba neng ba le teng Amerika e Hare lilemong tse fetileng tse 40. Ka Pherekhong monongoaha, Mexico e tlalehile tlhoro e ncha ea bahoeletsi ba fetang 206 000, eo e leng bahoeletsi ba bangata bo lekanang le ba neng ba bolela lefatšeng lohle lilemong tse fetileng tse 40.
Amerika Boroa ho bile ka ho tšoanang. Ha baromuoa ba ne ba romeloa ka lekhetlo la pele Argentina ka 1947, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 790. Kajeno ho na le basebeletsi ba mafolo-folo ba 63 613, palo e imenang ka makhetlo a 26 ea ba neng ba bolela linaheng tse 12 tse sa tšoaneng tsa Amerika Boroa lilemong tse fetileng tse 40. Ho thoe’ng ka Brazil? Ha baromuoa ba pele ba romeloa teng ka 1945, ke bahoeletsi ba 394 feela ba neng ba jere mosebetsi oa bopaki. Empa ba ile ba mamella, ’me hona joale bahoeletsi ba Brazil ba feta 200 000. Palo eo e kaholimo ka makhetlo a fetang 80 ho e neng e le mafolo-folo Amerika Boroa eohle ka 1947. Linaha tse ling lefatšeng leo le leholo le tsona li tlalehile keketseho e tsotehang.
Ha re retelehela Bochabela bo Hole, re boetse re bona bopaki bo hlollang ba tlhohonolofatso ea Jehova ha molaetsa o lopollang oa ’nete ea ’Muso o nolofaletsa ba likete hore ba tsoe lefifing. Ha baromuoa ba pele ba ne ba romeloa Japane ka 1949, ho ne ho tlaleha bahoeletsi ba robeli feela. Linaheng tse robeli tsa Maasia tse neng li tlaleha mosebetsi lilemong tse fetileng tse 40, ho ne ho e-na le kakaretso ea basebeletsi ba mafolo-folo ba 475. Kajeno, ho na le ba 116 272 Japane feela.
Pacific Boroa ho ne ho e-na le makala a mabeli feela ho tla fihlela ka 1959. Ka thuso ea bahoeletsi ba tsoang Australia ba ileng ba fallela ho ea sebetsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane, le ka boiteko ba bahoeletsi ba bang ba phutheho le ka baromuoa ba seng ba kae, batho ba likete ba fihletsoe ka litaba tse molemo libakeng tse fapa-fapaneng tsa lihleke-hleke. Hona joale ho na le makala a mang a tšeletseng karolong eo ea tšimo.
Histori ea khōlo ea Afrika le eona ke e thabisang. Linaha tse 17 tse neng li tlaleha ka 1947 li ne li e-na le kakaretso ea bahoeletsi ba 24 896. Empa ka thuso ea baromuoa ea ho jala litaba tse molemo ka potlako, makholo a likete a phakisa a itšenola hore a batla Jehova le ho loka ha hae. Kajeno, Nigeria feela, Lipaki tse ka bang 130 000 li bolela molaetsa oa ’Muso ka cheseho.
Ha ho pelaelo hore Lentsoe le lokollang la Jehova la ’nete le finyella se mo khahlisang. Le atleha kannete ho seo a le rometseng sona. (Esaia 55:10, 11) Ha e le mona kotulo e le khōlō hakana, Lentsoe lona leo le re tiisetsa hore Jehova o tla hlahisa balisa ba bangatanyana ba koetlisitsoeng. (Bapisa Jeremia 23:4.) Sehlopha se Busang se hlokomela ka mokhoa o hloahloa tlhokahalo e ntseng e hōla ea banna ba tšoanelehang ho hlokomela boikarabelo tšimong hammoho le makaleng a sa tšoaneng a Mokhatlo. Ho nkiloe mehato ea ho khahlanyetsa tlhoko ena.
Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi
Lōna ba hapileng likhau sehlopheng sa bo82 sa Gileade, hammoho le bohle ba bileng teng ketsahalong ena e hahang ka ho fetisisa, le tla thabela ho tseba hore qetellong ea 1987 ho tla buloa sekolo se secha. Sekolo sena sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, kamoo se tla bitsoa kateng, e tla ba karolo ea Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, kahoo se nolofaletsa baena ba tsoang linaheng tse ling hore ba se kene. Sehlopha sa pele se tla lebelloa hore se qale hoo e ka bang ka la 1 Mphalane monongoaha motseng oa Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., setsi sa pele seo Mokhatlo o hōlileng ho sona. Kamor’a hore sehlopha sa pele se qete, lihlopha tse ling li tla tšoaroa kamehla ka linako tse itseng likarolong tse sa tšoaneng tsa United States.
Ba tla ngolisoa ba tlameha ho finyella litlhoko tse itseng tsa Mangolo. Koetliso e tla qala ka baholo ba masooa le bahlanka ba sebeletsang ba masooa ba phelang hantle. Haeba ba bang e le bo-pula-maliboho, ho ka ba molemo haholo. Ba memeloang sekolong ba tlameha ho utloisisa hore kamorao ho ho koetlisoa, ba tla sebeletsa kae le kae moo ho nang le tlhokahalo tšimong ea lefatše ka bophara. Hona ho tla hloka moea oa Esaia, ea ileng a inyehela ka boithatelo, a re: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8) Lōna liithuti tsa sehlopha sena sa bo82, hammoho le baromuoa ba seng ba ntse ba sebeletsa linaheng tse ka holimo ho lekholo, le ka lebella hore ka nako ea teng ho be le baena ba bang ba koetlisitsoeng ba tla jara mosebetsi le lōna.
Ho lokiselitsoe thuto e ncha ka ho feletseng bakeng sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Sekolo se theiloe ka morero oa ho koetlisa baena ba bileng le phihlelo e itseng ea tlhophiso e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong.
Bohlokoa ba Tsoelopele
Kamorao ho letsatsi la mokete la Pentekonta la 33 C.E., phutheho ea Bokreste e ne e le mafolo-folo haholo ho jaleng litaba tse molemo Jerusalema, Judea eohle le Samaria, joale, hamorao, ho ea libakeng tse hojana tsa lefatše. (Liketso 1:8) Hoo e ka bang ka selemo sa 60 C.E. moapostola Pauluse, ea neng a etelletse pele mesebetsing ea ho bolela evangeli har’a lichaba, o ile a ngolla Bakolosse, a re: “Tšepo eo le e beetsoeng maholimong, eo le e utloileng pele ka lentsoe la ’nete la Evangeli e fihlileng ha heno, joale ka ha e fihlile lefatšeng lohle moo e ntseng e bea litholoana.” Joale, a eketsa ka hore balumeli bao bahabo ‘ba se ke ba sisinyeha tšepong ea Evangeli eo ba e utloileng, e leng eona e boleletsoeng babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.’—Ba-Kolosse 1:5, 6, 23.
Ka nakoana e khutšoaane feela, Bakreste ba pele ba ne ba jetse litaba tse molemo hōle le ka bophara. Jehova o ne a ekelitse, palo ea barutuoa e eketseha haholo. Hona ho ne ho hloka banna ba eketsehileng ba tšoanelehang ho ruta ka phuthehong le ho alosa mohlape. E mong oa balebeli ba banyenyane ea neng a e-na le boikarabelo bo joalo e ne e le Timothea. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Timothea hore a etse joang? O ne a sa lokela ho khaotsa ho ikoetlisa: “Ha u beela baena taba tseo, u tla ba mohlanka ea molemo oa Jesu Kreste, ea ōtliloeng ka lipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo u e latetseng. . . . u itlhakisetse borapeling.” (1 Timothea 4:6-8) Hona e ne e tla ba habohlokoa haholoanyane ho feta ho ameha ka thahasello ea botho kapa ka ho phehella ntho ea botho, ho akarelletsa boikoetliso le boitlhakiso ba ’mele. Hore a phethe tšebeletso ea hae ka botlalo, Timothea o ne a tlameha ho itlhokomela le thuto ea hae.
Lōna liithuti tsa sehlopha sena sa Gileade le fumane koetliso ea mosebetsi oa boromuoa. Lineo tse ntle tsa moea li ’nile tsa fetisetsoa ho lōna ke balebeli ba tšoanelehelang ho ruta. Joale ho tla lenaneo le leng le molemo la banna ba tšoanelehang ba nang le phihlelo ea ho hlokomela boikarabelo ba phutheho. Ba tla rupeloa molemong oa borapeli, e leng ho tla ba thusa ho boloka pono e nepahetseng le ho ba hlomella ho sheba ho seo Pauluse a ileng a boela a se ngolla Timothea: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao; empa e be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko. U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, . . . Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:12, 13, 15.
Joaloka tabeng ea Timothea, baena bao ba khethetsoeng boikarabelo ba phutheho kajeno, ho akarelletsa banna ba banyenyane, ba lokela ho hlokomela hore ena ke nako e tšoanelang le e potlakileng ho bona hore ho tsoela pele ha bona ho bonahale. Ka ho etsa joalo, ba tla fana ka bopaki ka tsela e mofuthu ea hore ba tšoanela litekanyetso tsa bomolimo le hore ba na le botho ba ’nete ba ho hlokomela lithahasello tsa moea, kahoo ba tšoanelehela litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso.—Ba-Filippi 2:20, 21.
Ka lebaka la tlhokahalo e teng hona joale ho phethahaleng ha morero oa bomolimo, ke tokelo ho sebelisoa ke Jehova kae kapa kae ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae. Re mo leboha hakaakang joaloka Molisa e Moholo oa rōna ’me re leboha le Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ka tokisetso ena e ncha le e nakong ea tlhophiso, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi!