Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/15 maq. 15-20
  • Lithapelo li Hloka Mesebetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithapelo li Hloka Mesebetsi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka leo ka Lona Lithapelo li Hlokang Mesebetsi
  • Mehlala e Meng ea Boholo-holo
  • Mohlala oa Jesu
  • Ho Sebelisa Molao-motheo
  • Thapelo le ho Paka ha Rōna
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lithapelo tsa Hao Li na le Moelelo Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/15 maq. 15-20

Lithapelo li Hloka Mesebetsi

“Jehova o hole le ba babe, empa o utloa merapelo ea ba lokileng.”—LIPROVERBIA 15:29.

1. Ke boemo bofe bo le bong bo tlamehang ho khahlametsoa hore Molimo o tle o arabele lithapelo tsa rōna?

TSOHLE tseo Jehova a li batlang li bohlale, li lokile, hape li lerato. Ho hang ha li boima. (1 Johanne 5:3) Tseo li akarelletsa seo a se hlokang mabapi le thapelo, tseo e ’ngoe ea tsona e leng hore re tlameha ho phela tumellanong le lithapelo tsa rōna. Tsela eo re itšoarang ka eona e tlameha ho khahlisa Jehova Molimo. Ho seng joalo, na re ka lebella hore a talime likōpo tsa rōna le lithapeli tsa rōna ka mohau?

2, 3. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a arabela lithapelo tsa Baiseraele, joalokaha ho bonoe ka mantsoe a Esaia, Jeremia le Mikea?

2 Lena ke lehlakore le leng la thapelo le hlokomolohuoang ke ba bangata ba Bokreste-’mōtoana, joalokaha Baiseraele ba koenehileng mehleng ea Esaia ba ne ba hlokomolohile taba ena. Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a etsa hore moprofeta oa hae a mo emele ka hore: “Leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: . . . Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lōna pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe; ithuteng ho etsa hantle.” (Esaia 1:15-17) E, haeba Baiseraele bao ba ne ba batla mohau oa Molimo, ba ne ba lokela ho itšoara ka tsela e mo khahlisang. Joalokaha ho boletsoe hantle hore: “Haeba le ka etsa hore Molimo o le utloe ha le rapela, le tlameha ho O utloa ha O bua.”

3 Ha e le hantle, Jehova Molimo khafetsa o ho fumane ho hlokahala ho hopotsa batho ba hae ba Iseraele ka linnete tsena. Kahoo rea bala: “Ea fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utloa, esita le thapelo ea hae e manyala” ho Molimo. “Jehova o hole le ba babe, empa o utloa merapelo ea ba lokileng.” (Liproverbia 28:9; 15:29) Ka lebaka la boemo bona, Jeremia o ile a bokolla: “[Jehova] u ikoahetse ka leru, thapelo ea rōna e tle e se ke ea finyella.” (Lillo tsa Jeremia 3:44) Ruri, temoso eo Mikea a neng a bululetsoe ho fana ka eona e ne e phethahatsoa: “Ba tla hoeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utloa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ea bona.”—Mikea 3:4; Liproverbia 1:28-32.

4. Ke eng e bontšang hore le har’a batho ba Jehova, ba bang ha ba ananele hore hoa hlokahala ho lumellanya mesebetsi le lithapelo tsa bona?

4 Kahoo ke habohlokoa ho phela tumellanong le lithapelo tsa rōna. Na ke habohlokoa ho hatisa ntlha ee kajeno? Ka sebele ho joalo, e seng feela ka lebaka la boemo bo ho Bokreste-’mōtoana empa hape ka lebaka la boemo ba ba bang ba batho ba inehetseng ba Jehova. Ho bahoeletsi ba fetang 3 000 000 ba litaba tse molemo selemong se fetileng, ba fetang 37 000 ba ile ba khaoloa ka baka la boitšoaro boo e seng ba Bokreste. Hoo e ka ba motho a le mong ho ba 80 ka karolelano. Mohlomong, boholo ba batho bana ba ne ba tšoha ba rapetse. Empa na ba ne ba sebetsa tumellanong le lithapelo tsa bona? Le hanyenyane! Esita le baholo ba bang ba bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka mashome-shome a lilemo ba bile har’a bao ba khalemetsoeng ka tsela ena e itseng. Ke ho soabisang hakaakang! Ruri, “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa,” hore a se ke a itšoara ka tsela e etsang hore lithapelo tsa hae li se ke tsa amoheleha ho Moetsi oa hae.—1 Ba-Korinthe 10:12.

Lebaka leo ka Lona Lithapelo li Hlokang Mesebetsi

5. Hore Jehova a tle a arabele lithapelo tsa rōna, re tlameha ho paka ho tiea ha rōna joang?

5 E le hore Jehova Molimo a tle a utloe lithapelo tsa rōna, ha rea tlameha ho hloeka boitšoarong feela le moeeng empa hape re tlameha ho paka ho tiea ha lithapelo tsa rōna ka ho sebeletsa seo re se rapellang. Thapelo ka boeona ha e nkele boiteko bo tšepahalang le bo bohlale sebaka. Jehova a ke ke a re etsetsa seo re ka iketsetsang sona ka hore ka pelo eohle re sebelise keletso ea Lentsoe la hae ’me re latele tataiso ea moea oa hae o halalelang. Re lokela ho utloisisa ho etsa sohle se matleng a rōna ntlheng ena e le hore a ka ba le motheo oa ho arabela lithapelo tsa rōna. Kahoo, ‘ha rea lokela ho kōpa ho fetang hoo re utloisisang ho ho sebeletsa,’ joalokaha motho e mong a ho hlalositse ka makhethe.

6. Ke ka mabaka afe a mabeli re tlamehang ho rapela?

6 Leha ho le joalo, ho ka ’na ha botsoa potso: ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela haeba re lokela ho sebeletsa seo re se rapellang?’ Re lokela ho rapela bonyane ka mabaka a mabeli a matle. La pele, ka lithapelo tsa rōna re lumela hore lintho tsohle tse ntle li tsoa ho Molimo. Ke Mofani oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle le e phethahetseng—ho chaba ha letsatsi, pula, linako tsa selemo tse beang, le tse ling tse eketsehileng! (Mattheu 5:45; Liketso 14:16, 17; Jakobo 1:17) La bobeli, ho sa tsotellehe hore na boiteko ba rōna boa atleha kapa che ho itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova. Joalokaha re bala ho Pesaleme ea 127:1: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela.” Mantsoe a hatisang ntlha e tšoanang ke ana a moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 3:6, 7: “’Na ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.”

Mehlala e Meng ea Boholo-holo

7, 8. (a) Ke ketsahalo efe bophelong ba Jakobo e bontšang hore o ne a ananela hore mesebetsi e tlameha ho tsamaea le lithapelo? (b) Morena Davida o fane ka mohlala ofe ntlheng ee?

7 Mangolo a tlaleha liketsahalo tse ngata tse bontšang hore bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ne ba sebeletsa seo ba neng ba se rapella. A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae ea sebele. Kaha setloholo sa Abrahama, Jakobo, se ile sa fumana tlhohonolofatso ea tokelo ea bojalefa, moholoane oa hae Esau o ile a mo hloea ka lehloeo le bolaeang. (Genese 27:41) Lilemo tse ka bang tse 20 hamorao, ha Jakobo a khutla Paddan-arame a khutlela moo a tsoaletsoeng teng a e-na le lelapa le leholo le mohlape o mongata, a utloa hore Esau o tl’o mo khahlametsa. Ha a hopola bora ba Esau, Jakobo a rapela Jehova ka matla hore a mo sireletse khalefong ea ngoan’abo. Empa na o ile a tlohela lintho hona moo? Che. O ile a romela limpho hore li mo etelle pele, a bea lebaka: “Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele.” ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo, hobane ha ba kopana, Esau o ile a kopa Jakobo ’me a mo aka.—Genese, likhaolo 32, 33.

8 Davida o fane ka mohlala o mong oa ho sebeletsa seo re se rapellang. Ha mora oa hae Absalome a phethola terone ea hae; moeletsi ea bohlale haholo oa Davida Akitofele o ile a laola ka lotho le Absalome. Kahoo Davida a etsa thapeli ea pelo eohle ea hore eka keletso ea Akitofele e ka ferekana. Na Davida o ile a rapella ntlha eo feela? Che, o ile a laela moeletsi oa hae ea tšepahalang Hushai hore a kopane le Absalome e le hore a ka nyopisa keletso ea Akitofele. ’Me lintho li ile tsa phethahala ka tsela eo. Absalome o ile a nka keletso e mpe eo a e filoeng ke Hushai, a hana keletso ea Akitofele.—2 Samuele 15:31-37; 17:1-14; 18:6-8.

9. Nehemia o ile a bontša joang hore o ne a ananela molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi?

9 Mohlala o mong hape o ka qotsoang bakeng sa ho re eletsa ke oa Nehemia. O ne a e-na le mosebetsi o moholo oo a lokelang ho o phetha—ho tsosolosa marako a Jerusalema. Leha ho le joalo, lira tse ngata li ne li mo rerela bora. Nehemia o ile a rapela a ba a sebetsa, joalokaha re bala: “Ra rapela Molimo oa rōna, ’me . . . ra bea balebeli motšehare le bosiu, hore re itšireletse ho bona.” Ho tloha mohlang oo, halofo ea bahlankana ba Nehemia ea ema e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho sireletsa halofo e ’ngoe, ba hahang lerako.—Nehemia 4:9, 16.

Mohlala oa Jesu

10, 11. Jesu o fane ka mehlala efe e bontšang hore o ile a nka bohato tumellanong le lithapelo tsa hae?

10 Jesu Kreste o re beetse mohlala o motle oa ho sebeletsa seo re se rapellang. O re rutile ho rapela: “Lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Mattheu 6:9) Empa hape Jesu o entse seo a ka se khonang e le hore bamameli ba hae ba ka halaletsa lebitso la Ntate oa hae. Ka ho tšoanang, Jesu ha a ka a rapela feela: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” (Johanne 12:28) Che, o ile a etsa seo a ka se khonang ho tlotlisa lebitso la Ntate oa hae le ho fumana ba bang hore ba etse joalo.—Luka 5:23-26; 17:12-15; Johanne 17:4.

11 Ka ho bona tlhoko ea moea e khōlō eo batho ba neng ba e-na le eona, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e kholo ruri. empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo [Jehova Molimo], hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:37, 38) Na Jesu o ile a tlohela lintho hona moo? Le hanyenyane! Hang kamorao ho moo, o ile a romela baapostola ba hae ba 12 ka bobeli leetong la ho bolela, kapa ‘ho kotula.’ Hamorao, Jesu o ile a romela baevangeli ba 70 ho ea etsa mosebetsi o tšoanang.—Mattheu 10:1-10; Luka 10:1-9.

Ho Sebelisa Molao-motheo

12. Mosebetsi o amana hokae le lithapelo tsa rōna tsa hore Molimo o re fa bohobe ba letsatsi ka leng?

12 Ka ho hlakileng, Jehova Molimo o re lebelletse hore re be ba tsitsitseng, ho sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna, kahoo re paka ho tiea ha rōna. Jesu o re boleletse hore re rapele tjena: “U re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng.” (Mattheu 6:11) Kahoo, ka nepo, balateli bohle ba hae ba kōpa Molimo mabapi le ntlha eo. Empa na re lebella Ntate oa rōna oa leholimo ho arabela thapelo eo re sa etse letho? Che, ha ho joalo. Ke ka lebaka leo re balang: “Pelo ea sekhoba e lakatsa ka mehla”—mohlomong e bile e le ka ho rapela—“leha ho le joalo, ha se rue letho.” (Liproverbia 13:4) Moapostola Pauluse o buile ntlha e tšoanang ho 2 Ba-Thessalonika 3:10, a re: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” Ho rapella ha rōna bohobe ba letsatsi le letsatsi ho tlameha ho tsamaea le ho utloisisa ho sebetsa. Ka ho thahasellisang, ka bohlale Pauluse o boletse hore ba sa batleng “ho sebetsa” ha ba lokela ho ja. Ba bang ba ratang ho sebetsa e ka ’na eaba ha ba sebetse, baa kula, kapa ba tsofetse haholo hore ba ka sebetsa. Ba batla ho sebetsa, empa hona ho ka ’nģane ho matla a bona. Kahoo, ka nepo ba ka ’na ba rapella bohobe ba bona ba letsatsi le letsatsi ’me ba lebella ho bo fumana.

13. Hore Jehova a tle a arabele lithapelo tsa rōna bakeng sa moea oa hae o halalelang, re tlameha ho etsa eng?

13 Jesu o bile a re elelletsa ho kōpa Ntate oa hae oa leholimo moea oa Hae o halalelang. Joalokaha Jesu a re tiisetsa, Molimo o utloisisa haholoanyane ho re fa moea o halalelang ho feta kamoo batsoali ba lefatšeng ba utloisisang ho fa bana ba bona lintho tse ntle. (Luka 11:13) Empa na re ka lebella hore Jehova Molimo a re fe moea oa hae o halalelang ka mohlolo, re sa etsa boiteko ba letho? Le hanyenyane! Re tlameha ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e khonang ho fumana moea o halalelang. Ka ntle le ho o rapella, ho hlokahala re iphepe ka matla ka Lentsoe la Molimo. Hobane’ng? Hobane Jehova Molimo ha a fane ka moea oa hae o halalelang ka ntle ho Lentsoe la hae, ’me re ke ke ra lebella ho fumana moea o halalelang haeba re hlokomoloha mocha oa lefatšeng oo Jehova a o sebelisang kajeno, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ea emeloang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ka ntle ho thuso ea “mohlanka” enoa, re ne re ke ke ra khona ho utloisisa bohlokoa bo feletseng ba seo re se balang kapa hona ho tseba ho sebelisa seo re ithutang sona.—Mattheu 24:45-47.

14, 15. (a) Hore Jehova a tle a arabele lithapelo tsa rōna bakeng sa bohlale, re tlameha ho sebelisana joang? (b) Hoo ho pakoa joang ke mohlala oa Morena Salomone?

14 Molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi o boetse o sebetsa le mantsoeng ana a morutuoa Jakobo, ngoan’abo Jesu: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.” (Jakobo 1:5; Mattheu 13:55) Empa na Molimo o re fa bohlale boo ka mohlolo o itseng? Che. Pele ho tsohle, re tlameha ho ba le boikutlo bo botle, rea bala: ‘O ruta ba bonolo tsela ea hae.’ (Pesaleme ea 25:9) Joale Molimo o ruta “ba bonolo” joang? Ka Lentsoe la hae. Hape, re tlameha ho etsa boiteko ba ho le utloisisa le ho le sebelisa, joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 2:1-6: “Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, u e sekehela tsebe, ’me u lebisa pelo ea hao kutloisisong, ke re, ha u ka bitsa masene, ua hoeletsa kutloisiso, ua e batla joale ka silevera, . . . ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo; hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale.”

15 Ha Morena Salomone a rapella bohlale ’me Molimo o arabela thapelo ea hae ka mohlolo, na le moo molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi o ne o sebetsa? E, o ile oa sebetsa, hobane joaloka morena oa Iseraele, Salomone o ne a hlokoa hore a ngole kopi ea hae ea Molao, a o bale letsatsi le letsatsi, ’me a o sebelise bophelong ba hae. Empa ha Salomone a fapoha litaelo tsa oona, ka ho ikatisetsa basali le lipere, mesebetsi ea hae e ne e se e sa lumellane le lithapelo tsa hae. Ka baka leo, Salomone ea e-ba mokoenehi ’me a shoa e ntse e le “sethoto” se joalo.—Pesaleme ea 14:1, TLP; Deuteronoma 17:16-20; 1 Marena 10:26; 11:3, 4, 11.

16. Ke papiso efe e bontšang hore lithapelo tsa rōna bakeng sa ho hlōla mefokolo ea nama li tlameha ho tsamaea le mesebetsi?

16 Molao-motheo oa hore mesebetsi e tlameha ho tsamaea le lithapelo o boetse o sebetsa le ha re kōpa thuso ea Molimo bakeng sa ho hlōla tloaelo e ’ngoe e tebileng le ea boithati. Ke kamoo khaitseli e mong oa pula-maliboho a ileng a lumela hore ke lekhoba la lipale tse tsoelang pele tsa thelevishene, a li shebella ho tloha ka 11:00 hoseng ho ea ho 3:30 thapama letsatsi le leng le le leng. Hoba a ithute kopanong ea setereke kamoo mananeo ana a boitšoaro bo bobe a leng kotsi kateng, o ile a isa taba ena ho Molimo ka thapelo. Empa ho ile ha mo nka nako e teletsana ho hlōla tloaelo ena. Hobane’ng? Hobane, joalokaha a bolela: ‘Ke ne ke rapella ho hlōla tloaelo ena e be leha ho le joalo ke ntse ke shebella mananeo ao. Kahoo ka etsa qeto ea ho lula tšebeletsong ea tšimo letsatsi lohle e le hore nke ke ka ba molekong. Qetellong ka fihla mothating 00 ke neng nka koala thelevishene hoseng ’me ke lule ke e koetse letšehare lohle.’ E, ka ntle le ho rapella ho hlōla bofokoli ba hae, o ile a tlameha ho sebeletsa ho bo hlōla.

Thapelo le ho Paka ha Rōna

17-19. (a) Ke linnete life tse bontšang hore Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa nka bohato tumellanong le lithapelo tsa tsona? (b) Ke mohlala ofe oa motho e mong o hatisang ntlha e tšoanang?

17 Ha ho kae kapa kae moo molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi e leng ’nete ho feta mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Kahoo, Lipaki tsohle tsa Jehova ha li rapelle feela keketseho ea bakotuli empa hape lia ikitlaetsa mosebetsing oo. Ka baka leo, li bone keketseho e khōlō naheng e ’ngoe kamor’a e ’ngoe. Ho hlokomela mohlala o le mong feela: Ka 1930 ho ne ho e-na le paki e le ’ngoe feela ea Jehova e bolelang Chile. Kajeno, Paki eo e le ’ngoe ha ea fetoha sekete se le seng feela empa tse ka bang 30 000. (Esaia 60:22) Na hoo e bile phello ea lithapelo feela? Che, le mosebetsi o ne o ameha. Ka 1986 feela, Lipaki tsa Jehova Chile li ile tsa nehelana ka lihora tse 6 492 000 mosebetsing oa ho bolela!

18 Hona ke ’nete le ha mosebetsi oa ho bolela o thibetsoe. Lipaki ha li rapelle keketseho feela empa li boetse li tsoela pele ho bolela ka sekhukhu. Kahoo, ho sa tsotellehe khanyetso ea ba boholong, keketseho e ba teng linaheng tsena. Kahoo, linaheng tse 33 moo Lipaki tsa Jehova li tobaneng le khanyetso e joalo ea ba boholong, selemong sa tšebeletso sa 1986 li ile tsa nehelana ka lihora tse fetang 32 600 000 mosebetsing oa tsona oa ho bolela ’me tsa thaba ka keketseho ea karolo ea 4,6 lekholong.

19 Ha e le hantle, molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi o boetse oa sebetsa le ho motho ka mong. Re ka ’na ra rapela Jehova hore re fumane thuto ea Bibele ea lehae empa e ka ’na eaba ha re etse sohle seo re ka se khonang ho e fumana. Eo e ne e le phihlelo ea pula-maliboho e mong. Kaha o ne a e-na le thuto e le ’ngoe ea Bibele, a rapella ho ba le tse eketsehileng. Na o ile a tlohela litaba hona moo? Che, empa ka hloko a hlokomela tšebeletso ea hae ’me a fumana hore maetong a hae a ho boela o ne a sa hlahise taba ea ho ba le thuto ea Bibele ea lehae. Ha a tsoela pele ka tsela ena, kapele a ba le lithuto tsa Bibele tse peli.

20. Molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi o ka akaretsoa joang?

20 Ho ka fanoa ka mehlala e meng e mengata ho paka hore lithapelo li hloka mesebetsi. Ka mohlala, ho na le e amanang le likamano tsa botho ka lapeng kapa ka phuthehong. Empa mehlala e kaholimo e lekane bakeng sa ho hlakisa ka ho feletseng hore lithapelo li hloka mesebetsi. Hona ke ho utloahalang haholo, hobane re ke ke ra lebella hore Jehova Molimo a talime ka mohau likōpo tsa rōna haeba re mo khopisa ka boitšoaro ba rōna. Hape ho latelang ke hore re tlameha ho etsa sohle seo re ka se khonang tumellanong le lithapelo tsa rōna haeba re ka lebella hore Jehova a re etsetse seo re ke keng ra khona ho iketsetsa sona. Kannete, melao-metheo ea Jehova e bohlale e bile e lokile. Ea utloahala, ’me ke molemong oa rōna hore re nke bohato tumellanong le eona.

Na U sa Hopola?

◻ Ba bangata Iseraeleng oa boholo-holo ba ile ba hlokomoloha tlhokahalo efe mabapi le thapelo?

◻ Ke hobane’ng ha Molimo o e-na le mabaka a ho hloka hore re sebeletse re be re rapelle seo re se lakatsang?

◻ Ke mehlala efe ea boholo-holo e bontšang hore bahlanka ba Jehova ba ne ba sebeletsa seo ba neng ba se rapella?

◻ Hore Molimo o tle o arabele lithapelo tsa rōna bakeng sa moea oa oona o halalelang le bakeng sa bohlale, re tlameha re be re etsa’ng?

◻ Molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi o sebetsa joang tšebeletsong ea rōna ea tšimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba rapelle bakotuli ba eketsehileng. Empa a boetse a ba romela mosebetsing oa ho bolela kapa ‘ho kotula’

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na u rapella thuso ea ho laola ho shebella thelevishene ha hao? Joale sebelisa molao-motheo oa hore lithapelo li hloka mesebetsi ka ho koala thelevishene ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela