Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 8/1 maq. 30-31
  • Letsatsi la Bohlokoa Mane New Zealand

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la Bohlokoa Mane New Zealand
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boena ba Bokreste
  • Meralo e Theiloeng ke Lipaki tse Tšepahalang
  • Tlhohonolofatso ea Jehova
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 8/1 maq. 30-31

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Letsatsi la Bohlokoa Mane New Zealand

“RURI re nyakaletse ho ba le lōna. Re ke ke ra ho lebala le ka mohla!”

“Lipokanong tsohle tsa puso ea Molimo tseo ke ileng ka ba ho tsona, ha ke e-s’o utloe ntho e kang ena.”

“Ho ne ho bonahala eka re thabela letsatsi le leng tsamaisong e ncha ea lintho.”

Tsena e ne e le tse ling tsa lipolelo tsa baemeli lenaneong la khakolo ea ntlo-kholo ea lekala la Watch Tower Bible and Tract Society le New Zealand, ka la 29 Pulungoana, 1986. Ke hobane’ng ha batho baa ba ne ba amehile hakaale? Hobane e ne e le letsatsi le hopolehang e le kannete. E re re ke re u bolelle a mang a mabaka a hore na ke hobane’ng ha ho bile joalo.

La pele, mohaho o motle o neng o nehelanoa o ile oa etsa hore letsatsi leo e be le bohlokoa. John E. Barr, oa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a hlalosa Holo ea ’Muso e sa tsoa hahoa le mohaho o tsamaeang le eona oa lekala e le “e hahiloeng ka bokhabane, e bohehang, e khahlehang . . . Mosebetsi o phethiloeng o senola ho ba hlokolosi haholo ka lintho tse nyenyane le ka botle. Kaofela li bonahala li tšoanelana.”

Boena ba Bokreste

Hape, e ne e le ntho ea bohlokoa ho bona maqheku le maqhekoana a mangata hakaalo a le ’moho, Lipaki tse ’nileng tsa sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata-ngata. Ha e le hantle, bana e ne e le bona ba etsang karolo e khōlō ea ba 658 ba neng ba memiloe. Ha ba kopana le metsoalle ea khale, bao ba bangata ba bona ba neng ba sa ba bona ka mashome a lilemo, ba ile ba ikutloa joaloka Pauluse, ha, kamor’a leeto le lelelele, a kopana le baena ba tsoang Roma: “Eare ha Pauluse a ba bona [baena ba hae], a leboha Molimo, a beta pelo.” (Liketso 28:15) Ho bona ka mahlo mehlala e joalo ea ho mamella botšepehing—ba bang ba le teng ho sa tsotellehe bophelo bo fokolang—e ne e le mohloli oa khothatso le teboho.

Hape letsatsi leo e ne e le la bohlokoa ka baka la boena bo mofuthu ba lichaba-chaba bo ileng ba thabeloa. Lipaki tsa Jehova ke karolo ea boena ba lefatše lohle, ’me hona ho ile ha pakoa ke bamemuoa ba tsoang hōle bo Australia, United States, Canada, Brithani, le Taiwan, ’moho le Papua New Guinea, Samoa, le lihleke-hlekeng tse ling tsa Pacific Boroa. Melaetsa ea mohala e ile ea fihla e e-tsoa ho ba bangata ba sitiloeng ho ba teng ka seqo, ho akarelletsa litumeliso tse tsoang ho Sehlopha se Busang, litho tsa lelapa la Bethele le Brooklyn, le sehlopha sa bo-82 sa sekolo sa boromuoa sa Gileade. Ka sebele, e ne e le ho matlafatsang tumelo ho hlokomela thahasello ea baena ba bangata hakaalo linaheng tse ngata hakaalo khakolong ea mohaho oa lekala la New Zealand.

Meralo e Theiloeng ke Lipaki tse Tšepahalang

Ho hopotsoa ka pale e telele ea mosebetsi oa boboleli New Zealand e lebisitseng kahong ea mohaho ona oa morao-rao oa lekala ho ne ho hlasimolla ho bile ho etsa letsatsi le hopolehang. (Bapisa Ba-Heberu 10:32) Joalokaha sebui se seng se itse: “Ha bohlokoa joaloka meralo e bonahalang ea mohaho o moholo o mocha o motle oa Bethele, ke meralo ea tšoantšetso ea bohlokoa haholoanyane e theiloeng ke baena le bo-khaitseli ba tšepahalang ba ikentseng sehlabelo ho tloha morao koana qalehong ea lekholo lena la lilemo.”

Sena se ile sa lateloa ke puisano le banna le basali ba 11 ba tšepahalang ba neng ba e-na le kakaretso e kopanetsoeng ea lilemo tse 680 tsa tšebeletso ea boinehelo. Ba ile ba bolela ka e ’ngoe ea likopano tsa pele-pele New Zealand, ka 1913. Ba ne ba hopola liphephetso tsa ho bula maliboho Sehleke-hlekeng se ka Boroa ka bo-1930, mathata a lilemo tsa Ntoa ea II ea Lefatše ha mokhatlo o hlophisitsoeng o ne o thibetsoe, ho theoa ha lekala la New Zealand ka 1947, ho fihla ha baromuoa ba pele ba Gileade, le ho hahoa ha Holo ea ’Muso ea pele naheng eo ka 1950. Bao ho buisanoeng le bona ba ne ba na le boikutlo bo tšoanang ba hore: “Re thabile hakaakang hore e be re mona ho bona bopaki ba keketseho eo, matsatsing a pele, re neng re sa kholoe hore le kamohla e ka etsahala!”

Tlhohonolofatso ea Jehova

Mohlomong ntho e khōlō e entseng letsatsi leo hore e be la bohlokoa e ne e le ho hlokomela hore tlhohonolofatso ea Jehova e ne e ile ea tataisa mosebetsi oa khaho hore o qetelle o atlehile. Ka ho loketseng, karolo e ’ngoe ea lenaneo la letsatsi e ne e e-na le sehlooho: “Letsoho le Molemo la Molimo oa Rōna le Holim’a Rōna.”—Nehemia 2:8, NW.

Letsoho le molemo la Jehova le ile la bonoa tšebelisanong ’moho le thusong tsa bo ra-khoebo ba sebaka seo le ba boholong, ’moho le litšoanelehong tsa Bokreste tse ileng tsa bonahatsoa ke basebetsi ka bobona setšeng. Rakhoebo e mong ea neng a etetse setša sa mohaho o ile a hlokomela: “Ha ho kae kapa kae moo nkileng ka utloa boikutlo ba khotso le khutso ho feta boo ke bo utloang ha ke le sebakeng sena.”

Tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea bonoa ho faneng ha Lipaki feela tjee ka har’a naha tse ileng tsa tšehetsa morero ka lichelete. Ho ile ha boela ha hlokomeloa boithaopong ba ba neng ba itlhahisa bakeng sa ho etsa mosebetsi. Kaofela, ba 1 237 ba ile ba tlatsa likopo tsa ho ithaopela ho sebetsa, ba bang ba tloha libakeng tse hōle ’me e le ka litšenyehelo tsa bona ho tla setšeng ho tla qeta libeke tse seng kae kapa likhoeli ba thusa mosebetsing oa kaho. Moena e mong o itse: “Ho thusa setšeng mona e bile phetoho ea bohlokoahali bophelong ba ka.”

Joalokaha Moena Barr a boletse puong ea khakolo, mohaho o mocha oa lekala o lokela ho talingoa e le “bopaki bo totobetseng, bo bonahalang ba ’Muso oa Molimo oa Bomessia o seng o hlomiloe.” E, ruri e ne e le letsatsi la bohlokoa bakeng sa New Zealand. Qetellong, ho bile le karabelo ea pelo eohle ho bohle ba neng ba le teng phatlalatsong ea boitlamo ba “tšehetso e feletseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova joalokaha o emeloa ke lekala la rōna.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela