Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 8/15 maq. 28-29
  • Maoto a Hae a na a le Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maoto a Hae a na a le Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepekere Liretheng
  • Ho Hlahlobisisa Lirethe Hape
  • Ho Thoe’ng ka Jesu?
  • Manala a Hao na Ua a Hlokomela?
    Tsoha!—1998
  • Na U ne U Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Karolo e Ncha ea Seboka sa Har’a Beke
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lesapo—Le Matla ka Tsela e Tsotehang
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 8/15 maq. 28-29

Maoto a Hae a na a le Hokae?

“’MOLAUOA o ne a Sothiloe Sefapanong, Ho Bontša Masalla a Tsetolotsoeng.” Na u ile ua bona sehlooho se joalo ka Pherekhong 1971? Mohlomong, hobane ho bile le lihlooho tse ngata tsa likoranta tse neng li bua ka ‘bopaki’ bo bong bo bocha ba ho shoela sefapanong.

Kamorao ho sehlooho se kaholimo, taba ea qala ka hore: “Jerusalema, Pherekhong 3 (Reuter)—baepolli ba lintho tsa khale ba Baiseraele kaha ba epolotse bopaki ba pele bo bonahalang ba ho shoela sefapnong, kajeno ba boletse hore ho ka bontšoa hore e ka ’na eaba Jesu Kreste o ile a thakhisoa a le boemong bo fapaneng le bo bontšoang sefapanong se tloaelehileng.”

Na boo e ne e le bopaki bo bocha bo senolang kamoo ka sebele mehleng ea Jesu Bajode ba neng ba bolaeloa sefapanong kapa thupeng? Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fihlela qeto efe mabapi le hore na setopo sa ’molauoa se ne se lutse joang? Na hoo ho ne ho paka ho hong ka lefu la Jesu? U ka ’na ua botsa hore na e be bopaki e ne e le bo tiileng hakae.

Sepekere Liretheng

Morao koana ka 1968 mahaha a mang a mabitla a ile a sibolloa ka tsietsi haufi le Jerusalema. Ka hare, har’a masapo a ileng a epeloa bocha, ke a ileng a bonahala eka ke letlotlo la bohlokoa le fumanoeng—masapo a lirethe a hlabiloeng ka ntho e motsu e mafome. Dr. Nico Haas, setsebi sa tlhahlobo ea litopo le sa litaba tsa bophelo ba batho Hebrew University-Hadassah Medical School, o ile a etella pele tlhahlobo ea masapo ana a bohlokoa. Israel Exploration Journal (1970, Moqolo 20, maqephe 38-59) e hlomphuoang e ile ea phatlalatsa liqeto tsa hae, tse ileng tsa etsa hore lihlooho tse ling tsa likoranta li bue ka maikutlo a phahameng. Liqeto tseo e ne e le life?

O tlalehile hore se fumanoeng e ne e se letho ha e se feela mesaletsa ea motho ea bolaetsoeng sefapanong lekholong la pele la lilemo. Haholo-holo ho bonahetse eka lirethe tse peli tsa ’molauoa li ile tsa khokhotheloa li kolohantsoe thupeng e otlolohileng empa sepekere se ile sa kobeha ntlheng ha se fihla lefitong la sefate. Kamor’a hore ’molauoa oa Mojode a shoe, beng ka eena ba ile ba fumana khathatso ea ho ntša sepekere seo, ka hona se ile sa sala seretheng ha a epeloa. Kaha ke sepekere se le seng se phuntseng masapo a lirethe ka bobeli ’me kaha ho bonahala eka masapo a maoto a ne a ile a khaoloa manonyeletsong, Dr. Haas o tlalehile hore mohlomong ’molauoa o ile a bolaoa boemong bo bontšitsoeng ka tlase. (Dr. Haas o boetse a ikutloa hore mongoapo o lesapong la letsoho o bontša hore matsoho a monna eo a ne a khokhothetsoe thupeng e nang le e tšekaletseng ho eona.) Mohlomong u bone setšoantšo se joalo sehloohong sa koranta kapa sa makasine. Lihlooho tse ngata li ile tsa phahamisa maikutlo haholo ka se ileng sa ameha hore na Jesu o shoele joang.

Hape, leha ho le joalo, ke hantle ha u botsa: Na bopaki bo ne bo tšepahala, hona na bo ne bo hlile bo amana le mokhoa oo Jesu a shoeleng ka oona?

Ho Hlahlobisisa Lirethe Hape

Ka lilemo tse seng kae kamorao ho moo, liithuti tse ling tse tsebisahalang, tse kang Moprofesa Yigal Yadin, li ile tsa qala ho belaella liqeto tseo Haas a neng a li fihletse. Qetellong, Israel Exploration Journal (1985, Moqolo 35, maqephe 22-7) ea phatlalatsa “Tlhahlobo e Ncha,” e entsoeng ke setsebi sa litaba tsa bophelo ba batho Joseph Zias (Israel Department of Antiquities and Museums) le Eliezer Sekeles (Hebrew University-Hadassah Medical School). Ba ne ba ithutile lintho tsa pele tse mabapi le masapo—bopaki, lifoto le sebopeho sa litšoantšo tse nkiloeng ka mahlaseli. Mohlomong tse ling tsa lintho tseo ba ileng ba li fumana li ka ’na tsa u makatsa:

Sepekere se ne se le sekhutšoaane ho seo Haas a neng a tlalehile ka sona ’me kahoo se ne se ke ke sa e-ba selelele ho lekana hore se ka kopola masapo a lirethe tse peli le sefate. Liphatsa tsa masapo e ne e se tsa setopo seo kaofela ha tsona. Ho ne ho se na masapo a serethe sa bobeli; sepekere se ne se phuntse serethe se le seng feela. Liphatsa tse ling tsa masapo e ne e le tsa setopo sesele ho hang. Lesapo la letsoho le nang le mongoapo e ne se “bopaki bo kholisang” ba ho khokhotheloa sefateng se nang le thupa e tšekaletseng; ‘ha e le hantle, mengoapo e ’meli e tšoanang e ile ea bonoa lesapong la leoto; ha ho le o mong o neng o amana le ho thakhisoa.’

Ho qanolloa hoo ho hocha ho ile ha etsa hore ho fihleloe liqeto life? “Ha ho hlahlobjoa bopaki bo bocha, setšoantšo sa pele le sa bobeli tsa ho thakhisoa [tsa Haas] ke lintho tse ke keng tsa etsahala ho latela melao e lateloang [liphuputsong tsena] le ho latela se sibolotsoeng ha ho hlahlobjoa masapo ka bomong . . . Ha rea fumana bopaki ba letho ba lesapo la serethe sa leoto le letšehali ’me lipalo li lumella hore sepekere seo se ne se lekane bakeng sa ho khokhothela lesapo la serethe se le seng feela. . . . Bosieo ba temalo e matla masapong a letsoho ho bonahala bo fana ka maikutlo a hore matsoho a ’molauoa a ne a faselelitsoe ho e-na le hore a ne a khokhothetsoe.” Leqepheng lena bona kamoo Zias le Sekeles ba nahanang hore motho eo o ne a beiloe kateng ha a bolaoa.

Ho Thoe’ng ka Jesu?

Kahoo, hoo ho bontša eng ka mokhoa oo Jesu a bolailoeng ka oona? Ho fokolang haholo, ka sebele! Ka mohlala, joalokaha re buisane leqepheng 23, ho bonahala haholo-holo Jesu a bolaetsoe thupeng e otlolohileng e se nang e tšekaletseng ho eona. Ha ho motho kajeno ea ka tsebang kannete le hore na e ne e le lipekere tse kae tse ileng tsa sebelisoa tabeng ea Jesu. The International Standard Bible Encyclopedia (1979, Moqolo 1, leqephe 826) ea hlalosa: “Hore na hantle-ntle ho sebelisitsoe lipekere tse kae . . . e ’nile ea e-ba khopolo-taba feela. Litšoantšong tsa pelenyana tsa ho bolaeloa sefapanong ho bontšoa maoto a Jesu a khokhothetsoe a arohane, empa ho tsa moraonyana a kolohantsoe ’me a khokhothetsoe ka sepekere se le seng sefateng se otlolohileng.”

Rea tseba hore matsoho a hae ha a ka a tlangoa feela, hobane hamorao Thomase o itse: “Ekare ha ke sa bone maqeba a lithakhisa [lipekere].” (Johanne 20:25) Hoo ho ne ho ka ’na ha bolela sepekere letsohong le leng le le leng, kapa “lipekere” tse ngata li ne li ka ’na tsa bolela maqeba a lipekere ‘matsohong a hae le maotong a hae.’ (Bona Luka 24:39.) Re ke ke ra tseba ka ho nepisisa hore na lipekere tsena li ile tsa mo hlaba hokae, le hoja ka ho hlakileng e ne e le matsohong a hae. Tlaleho ea Mangolo ho hang ha e fane ka taba e qaqileng, ’me ha ho hlokahale hore e etse joalo. ’Me haeba liithuti tseo ka ho toba li ileng tsa hlahloba masapo a fumanoeng haufi le Jerusalema ka 1968 li ke ke tsa tiisa hore na setopo seo se ne se beiloe joang, ka sebele ha ho pake hore na Jesu o ne a beiloe joang.

Kahoo rea hlokomela hore litšoantšo tsa lefu la Jesu tse libukeng tsa rōna, tse kang seo u se bonang leqepheng la 24, e mpa e le tšoantšetso feela e utloahalang ea batšoantši ea pono eo, e seng lipolelo tsa litsebi tsa tlhahlobo ea litopo. Litšoantšo tse joalo ha ho hlokahale hore li bontše maikutlo a fetohang le a loantšanang a liithuti, ’me litšoantšo ka ho tiileng li qoba litšoantšo tsa bolumeli tse tsoang boheteneng ba boholo-holo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela