Tšebelisano le Meea—Ke Hobane’ng ha Thahasello e Ntse e Hōla?
FRANS ke tšiea ea kereke ea moo ea Maprostanta. Ke eena oa pele ea thusang ha ho e-na le mosebetsi oa kereke o lokelang ho etsoa. Wilhelmina le eena o tšaba Molimo. O re, “U tšoanela ho ea kerekeng,” ’me le eena oa ea. Esther le eena ka ho tšoanang o kena kereke kamehla ’me ha a lumelle hore letsatsi le fete a sa etsa lithapelo tsa hae. Boraro ba bona kaofela ba na le ntho e le ’ngoe hape e tšoanang: E boetse ke lilaoli.
Baahi bana ba bararo ba Suriname ha ba bang nthong ena. Lefatšeng ka bophara, ho phahama thahasello ea ho sebelisana le meea. Nahana: United States feela, limakasine tse ka bang 30 tseo ha li kopane ho tsamaisoang tse fetang 10 000 000 tsa tsona li neetsoe mafapheng a sa tšoaneng a tšebeliso ea matla a phahametseng tlhaho. Batho bao ho hakanngoang hore ba ka ba 2 000 000 Engelane ba thahasella taba eona ena. Phuputso e sa tsoa etsoa Netherlands e ile ea bontša hore balumeli ba liketsahalo tse phahametseng matla a tlhaho ba fumanoa har’a baahi ba metse e meholo, batho ba rutehileng haholo le bacha. Ho feta moo, joalokaha ho ka paka baahi ba Afrika, Asia le Latin Amerika, linaheng tse ngata tšebelisano le meea e fetohile karolo ea bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Hase feela lingoli John Weldon le Clifford Wilson ba fihlelang qeto bukeng ea bona Occult Shock and Psychic Forces: “Bahlalosi ba bangata ba bonahala ba ikutloa hore re nakong ea tsosoloso e ncha ea tšebeliso ea matla a phahametseng tlhaho.”
E, tšebelisano le meea le tšebeliso ea matla a phahametseng tlhaho—ka mokhoa oa bolepi ba linaleli, ho tšereanya, ho fumana melaetsa ka mokhoa oa mohlolo, tšebeliso ea kelello e phahametseng tlhaho, bolao, ho hlalosa litoro, le tse joalo—li hohela batho ba mefuta eohle ea bophelo. Hobane’ng?
Lebaka le leng ke hore likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li lumella tšebelisano le meea li bile lia e sireletsa. Li fana ka maikutlo a hore ho kopana le meea ke tsela e ’ngoe feela ea ho atamela haufi le Molimo.
Ka mohlala, nka Izaak Amelo, mohoebi e mong ea lilemo li 70 oa Suriname. Ka lilemo tse supileng e ne e le setho se hlomphehang sa lekhotla la kereke ka nako e tšoanang e bile e le selaoli se tsebisahalang. O sa hopola: “Moqebelo o mong le o mong lekhotla lohle la kereke ea rōna le ne le bokana ka ntle ho motse ho ea buisana le meea. Re ne re ho etsa bosiu kaofela. Hoseng ka le hlahlamang, modiakone o ne a sheba sesupa-nako sa hae, ’me hoo e ka bang ka hora ea bohlano, o ne a re etsetsa pontšo ea hore re emise. Joale re ne re tola, re apare liaparo lisele, e be re leba kerekeng—hantle feela ka nako bakeng sa borapeli ba Sontaha hoseng. Ka lilemo tseo tsohle ha ho mohla moruti a kileng a ahlamisa molomo ho belaela.”
Hoba a ithute ka kamano pakeng tsa tšebelisano le meea le likereke Suriname, Moprofesa oa Ledache R. van Lier o tiisa hore ba bangata ba nka tšebelisano le meea e le “bolumeli ba bobeli.” Phuputsong e sa tsoa phatlalatsoa ke Univesithi ea Leiden, Lier, o hlokomela hape hore tšebelisano le meea e nkoa e le “karolo ea mokhatlo o moholo oa bolumeli e emang e ipapisitse le Bokreste.”
Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na hore tšebelisano le meea e ananeloa ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana ke tiiso ea hore e amoheloa ke Molimo? Na ho kopana le meea ho tla u atametsa haufi le oona? Hantle-ntle Bibele e re’ng ka tšebelisano le meea?’
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Izaak Amelo o hopola ha lekhotla lohle la kereke le ne le kopanela sebokeng sa ho fumana melaetsa ea meea