Kamoo U Ka Etsang Metsoalle ea ’Nete Kateng
“TSELA feela ea ho fumana motsoalle ke hore u be eena,” ho ile ha ngola Emerson, seroki sa Leamerika. Setsoalle ke ’nee ke u nee e leng ho amang moea oa ho fana. Batho ba ichebileng bo bona le ba nang le litšekamelo tsa boithati ba thatafalloa ke ho etsa metsoalle ea ’nete. Leha ho le joalo, ba ka atleha, joalokaha re tla bona.
Setsoalle sa ’nete se mela leratong hobane lerato le hula batho. Empa ba bang ba thatafalloa ke ho etsa metsoalle. Motho a ka hlōla see joang?
“E-ba momameli ea molemo. Khothaletsa ba bang ho itlhalosa,” ho elelitse Dale Carnegie. Ha batho ba sa tsebaneng ba kopana, mohlomong ’mokeng oa boikhathollo, ke bo-mang ba etsang metsoalle? Hase ba buang haholo, empa bao ba bontšang thahasello e mofuthu ho ba bang, ba ba etsa hore ba bue ’me ba hlile ba mamela. Ho hopola mabitso le litaba tse thahasellisang ka batho bao u sa tsoa tloaelana le bona ho ka boela ha thusa ho hōlisa setsoalle.
Ho Fundamentals of Interpersonal Communication, Kim Giffin le Bobby R. Patton ba khothaletsa ho itšenola le ho hloka boikaketsi. Ba re: “Hore motho e mong e be oa bohlokoa ho uena, u tlameha ho tseba ho hong hoo u ho tsotellang ka eena . . . E-ba ea atamelehang le ea tobang taba ka linako tsohle . . . Likarabelo tsa hao ho motho e mong e tlameha ho ba tse tsoang pelong.”
Metsoalle ea ’nete hase feela e tšepahalang empa hape ke e nahanelang, ha ho mohla e mong a hatellang e mong kapa a mo hapang hore a shebane le eena feela. Baa utloisisana, e mong a ka utloisisa pono ea e mong ea lintho, ’me ka hona ba ka bontša qenehelo. Ha likamano li ntse li hōla, ba ka phetlelana lifuba, e sa be metsoalle ea ’nete feela empa hape e be metsoalle e haufi-ufi. Hase metsoalle eohle ea ’nete eo e leng metsoalle e haufi-ufi. Jesu Kreste, motho ea nang le botsoalle ka ho fetisisa ea kileng a ba lefatšeng, o ile a etsa metsoalle e mengata, empa ke ba seng bakae feela bao e neng e hlile e le metsoalle e haufi-ufi.—Mareka 9:1-10; Luka 8:51.
Buka ea Setsoalle sa ’Nete
Bibele, buka e molemohali ka ho fetisisa tabeng ea setsoalle, e re: “Motsoalle oa motho [“oa ’nete,” NW] o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) Metsoalle ea ’nete e na le kutloelo-bohloko ’me e ikemiselitse ho thusa ha mathata a hlaha. Mohlala o motle oa sena ke ona—pale ea mehleng ea Iseraele ea boholo-holo.
Ka baka la bofuma, monna e mong oa Juda o ile a fallela Moabe le mosali oa hae, Naomi. Kamor’a nako a shoa. Hamorao, bara ba hae ba babeli ba nyala banana ba Moabe Ruthe le Orpa. Eaba bara bao baa shoa, ba siea bahlolohali ba bararo ba le bang. Naomi, ’m’a bona a etsa qeto ea ho khutlela Juda, ’me lingoetsi tsa hae tse peli tsa tloha le eena. Leha ho le joalo, ha ba le tseleng Naomi a qophella basali ba banyenyane hore ba khutle le ho ea batla banna ba bacha har’a batho bahabo bona. Orpa o ile a etsa joalo, empa Ruthe a tsitlallela ho tsamaea le Naomi. Hobane’ng? Hobane e ne e le ho hoholo ho feta ho ba ngoetsi feela; e ne e boetse e le motsoalle oa ’nete. Hoo re kholisehileng ka hona ke hore, sebopeho sa hae sa kutloelo-bohloko se ne se ke ke sa mo lumella hore a tlohelle mohlolohali ea hōlileng, ea lahlehetsoeng ke lelapa la hae, hore a khutle a le mong.—Ruthe 1:1-17.
Ruthe o ile a bontša qenehelo ea sebele, mosa, botšepehi, le lerato. Litšobotsi tseo li etsa motheo oa setsoalle sa ’nete. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lebaka le leng le neng le ameha kamanong ea Ruthe le Naomi.
Setsoalle sa Bona Boemong bo Phahameng Haholoanyane
Ha Naomi a mo qophella hore a khutle, Ruthe a re: “U se ke ua mphehella hore ke u siee, . . . hobane ke tla ea moo u eang . . . chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Naomi o ne a thusitse Ruthe, eo pele e neng e le mohetene, ho tseba le ho rata Molimo oa ’nete, Jehova. Tumelo ea bona e kopanetsoeng e ile ea e-ba tlamo e matla ea moea e kopanyang basali ba babeli ’moho e le metsoalle ea ’nete. Hape Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lelapa le lecha. Kamor’a nako, Ruthe a nyaloa ke Boaze, mong’a tšimo ea atlehileng Juda, ’me a ba le mora ea bitsoang Obede, eo e ileng ea e-ba ntate-moholo oa Morena Davida.—Ruthe 4:13-22; Mattheu 1:5, 6.
Lebaka lena la moea le bea setsoalle boemong bo phahameng haholoanyane. Joang? Tabeng ea Ruthe le Naomi, ka bobeli ba ne ba rapela Jehova, “Molimo o hauhelang le o lereko, o liehang ho halefa o tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6, NW) “Molimo o lerato,” ’me haeba kannete re o rapela ka moea le ka ’nete, ka sebele re tla hōla leratong la rōna ho oona le ho libōpuoa tse ling. (1 Johanne 4:8; Johanne 4:24) Ka hona, rea fetoha. Re hlaolela thahasello ea botsoalle ho ba bang, haholo-holo batho ba bonolo, ba mahlomoleng ba merabe eohle. Batho ba ichebileng bo bona feela ba khaotsa ho ameha ka bona feela. Batho ba baithati ba hlaolela ho tsotella ba bang. Re qala ho bontša litholoana tsa moea oa Molimo—“lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22, 23.
Litšobotsi tsena li re thusa ho hlaolela matla a hlokahalang haholo a ho tšoarela mefokolo le liphoso tsa ba bang—“e se ke ea e-ba hasupa, e mpe e be hamashome a supileng a baloang hasupa,” joalokaha Jesu a boletse. (Mattheu 18:21, 22) Setsoalle se sengata se senyeha ha se fihla ntlheng ena. Empa Jesu o ile a ruta a ba a phetha sena. Ke hangata hakaakang a ileng a tšoarela liphoso tsa barutuoa ba hae ba sa phethahalang, ba ntseng ba khoptjoa, ho akarelletsa le ha Petrose a latola Morena ka ho soabisang!—Mattheu 26:69-75.
Ka baka la tsoelo-pele ena eohle ea moea, metsoalle ea rōna e-ea eketseha. Qetellong, re iphumana re le karolo ea lelapa le leholohali, la metsoalle! Hape re fumana hore boemo bo akaretsang ba metsoalle ea rōna bo phahame haholo. Ka mohlala, Brian, eo e sa tsoa ba morapeli oa Jehova, o hopola hore metsoalle ea hae ea pele e ile ea mo tšoaselletsa ho noeng le ho hlokomoloheng mosali oa hae le bana. Empa hona joale o ineetse haholo lelapeng la hae. Mabapi le metsoalle e mengata ea hae e nang le tumelo e tšoanang ho Jehova, o re: “Haeba ke e-na le bothata, kea tseba hore nka nka mohala ka letsetsa leha e le ofe feela oa bona, ’me ba tla thabela ho nthusa.”
Alan o ne a e-na le metsoalle eo hangata meqoqo ea eona e neng e likoloha likoloing le bananeng. Empa a fumana hore litaba tse joalo e ne e le tse “batang le tse se nang thuso” ha a fumana metsoalle e mengata e mecha, ba ratang Jehova ’moho le eena. Ba ile ba makatsa Alan ka “thahasello” ea bona ho eena “e tlang ka mokhoa oa tlhaho, e se nang boikaketsi, e lerato.”
Metsoalle ea Rōna e Meholo ka ho Fetisisa
Batho bana kaofela le ba bang ba limillione ba etsa lelapa la metsoalle la lefatše lohle, leo e seng la bopolotiki le phunyeletsang mekoallo ea bochaba, ea merabe, le ea tulisano—boena ba ’nete ba batho, bo tšoanang hantle le ba Bakreste ba pele. (3 Johanne 14) Tlamahano e tšoanang le e ileng ea matahanya Ruthe le Naomi hammoho e boetse e kopanya lelapa lena, e leng borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo. Kaofela ha bona ba hlokomela ka boikokobetso hore Jehova le Jesu Kreste ke metsoalle ea bona e meholo ka ho fetisisa.
U ka ’na ua ipotsa, ‘Molimo o Matla ’Ohle le Mora oa hae ke metsoalle? Hoo ho etsahala joang? Na hoo hase ho iphahamisa?’ Koana, Bibele e re: “Abrahama o lumetse Molimo, . . . ’me a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.” Ka sebele hoo e ne e le mosa o sa tšoanelang. Empa Lentsoe la Jehova le re: “Molimo o hanyetsa ba iphahamisang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—Jakobo 2:13; 4:6, NW.
Mohlomong ba bang ba ikutloa e le baetsalibe haholo bakeng sa tokelo e joalo. Empa Jakobo o tsoela pele hore: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela. Baetsalibe hatlelang, ’me lōna ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lōna. Ikokobetseng pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.”—Jakobo 4:8, 10.
Jesu o itse: “Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.” O boetse a bontša hore litaelo tse khōlō ka ho fetisisa ke ho ‘rata Morena, Molimo oa rōna, ka pelo tsohle tsa rōna, moea le khopolo, le ba habo rōna joalokaha re ithata.’ (Johanne 15:14; Mattheu 22:37-40) Haeba re etsa joalo, re tla ba le metsoalle ea ’nete e mengata. Ho feta moo, re tla tšoaneleha bakeng sa tokelo e ’ngoe e khōlō—bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng tlas’a ’Muso oa Molimo. (Mattheu 6:9, 10) Joalokaha Jesu a itse: “Taelo ea hae [ea Jehova] ke bophelo bo sa feleng.”—Johanne 12:50.
Na u tla lumella Lipaki tsa Jehova ho u thusa? Joaloka batho ba nang le botsoalle ba ’nete, ba ikemiselitse ho u etela ho buisana le uena ka taba ena ea bohlokoa mahala. Ba ka u thusa ho etsa metsoalle e mengata ea ’nete.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Likeletso tse Ling bakeng sa Setsoalle sa ’nete
E-ba ea hloaeang mabapi le bao u tloaelanang le bona.
Bontša thahasello e mofuthu ho ba bang, ’me u be momameli ea molemo.
Etsang lintho hammoho—ho kopanela liphihlelo ho matlafatsa setsoalle.
E-ba ea tobang taba, ea atamelehang, le ea se nang boikaketsi ka linako tsohle.
Bontša qenehelo le kutloelo-bohloko ha ba bang ba le khathatsong.
Ha metsoalle e etsa liphoso kapa e u khopisa, ikemisetse ho tšoarela—esita le “hamashome a supileng a baloang hasupa.”—Mattheu 18:22.
Ha metsoalle e etselletsoa kapa e nyatsoa-nyatsoa ka mokhoa o se nang toka, tšepahala ’me u e sireletse.
Ho kopanela borapeling ba Jehova ho matlafatsa setsoalle ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ruthe o ne a ke ke a furalla Naomi hobane setsoalle sa bona se ne se e-na le motheo o tiileng linthong tsa moea. Na u na le metsoalle ea ’nete e joalo?