Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re morutuoa oa Bafarisi e ne e le “ngoana oa lihele [“Gehenna,” NW] habeli ho fetisa” Bafarisi?
Ka ho totobetseng, Balichaba ba neng ba sokolohela mokheng oa bokhelohi oa Bofarisi oa Bojode ba ne ba nyatsoa haholo. E ka ’na eaba ba bang ba bona e ne e bile ba sa amoheloeng ke Molimo pele, empa ka ho fetoha Bafarisi, ea e-ba ba sa amoheloeng ke Molimo habeli ho feta pele, ’me ea e-ba ba seng ba lebile timetsong Gehenna.
Khohlo ea Hinnome e ne e le ka boroa kapa boroa-bophirimela ho marako a Jerusalema. Ka linako tse ling e ne e ile ea sebelisetsoa borapeli ba litšoantšo le mahlabelo a batho. (2 Likronike 28:1-3; 33:1-6; Jeremia 32:35) Kahoo e ile ea fetoha thōtōbōlō, e akarelletsang litopo tsa batlōli ba molao ba talingoang ba sa tšoaneloe ke lepato ka tebello ea tsoho.—Bapisa Mattheu 5:22, NW.
The New Bible Dictionary (e ngotsoeng ke J. D. Douglas, 1962) e re ‘khohlo ea Hinnome e ne e le kantle ho Jerusalema, moo bana ba neng ba etsoa mahlabelo ka mollo ho Moloke. E ile ea fetoha tšoantšetso ea boprofeta ea kahlolo ’me hamorao kotlo ea ho qetela.’ Mojesuiti John L. McKenzie, ho Dictionary of the Bible (1965) ea hae, oa eketsa: “Ka baka la [sebaka sena sa borapeli bakeng sa mahlabelo a batho] Jeremia o ile a rohaka sebaka seo ’me a bolela esale pele hore e ne e tla ba sebaka sa lefu le tšenyeho (7:32; 19:6 ff). Ho Es[aia] 66:24 ho buuoa ka khohlo ena, e sa boleloe ka lebitso, e le sebaka seo ho sona litopo tsa marabele a khahlanong le Yahweh li tla rapalla . . . Leha ho le joalo, libukeng tsa bo-rabbi, ka sebele mollo o sa feleng hase tlhokofatso e sa feleng . . . [Gehenna] ke sebaka seo ho sona ho timetsoang ba khopo ’mele le moea, e leng seo mohlomong se ntseng se pheta khopolo ea ho felisa (Mattheu 10:28).”
Ha re bala litlaleho tse kang tse ho Mattheu 15:1-8; Johanne 8:12-19, 31-41; 9:13-34; 11:45-53, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a itse Bafarisi ba ne ba tšoaneloa ke ho felisoa, ho tšoantšelitsoeng ka Gehenna. Ke ’nete, ba bang ba ka ’na ba baka ’me ba amoheloa ke Molimo, empa e le sehlopha, ba ne ba tšoaneloa ke timetso ea ka ho sa feleng. Kreste o itse: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaea le leoatle le lefatše lohle ho etsa morutuoa a le mong, ’me ha a se a entsoe, le mo etsa ngoana oa lihele [Gehenna] habeli ho fetisa lōna.”—Mattheu 23:15.
Ha re tlohela Bajode ba Bafarisi, ke joang bao ba fetohang barutuoa e bang ‘bana ba Gehenna habeli ho fetisa’ Bafarisi? Barutuoa bana e ne e se Balichaba ba neng ba mpa ba qenehela Bajode kapa bona ba neng ba sokoloha ’me ba bolotsoa. (Luka 7:2-10; Mareka 7:24-30; Liketso 8:26-34; 10:1, 2) Che, Jesu o ne a sa bue ka barutuoa ba fetohetseng Bojodeng empa barutuoa ba fetohetseng Bofarising ba boikaketsi. Boemo ba bona e ne e se e le bofe?
E ka ’na eaba ba bang ho bana e ne e le baetsalibe ba tšabehang pele kapa barapeli ba feteletsang litaba ba melimo ea bademona, ’me ka hona e le bao Molimo o sa ba amoheleng ho hang. Mohlomong ba bang ba ne ba bile ba le tseleng ea ho ea Gehenna hobane ba ne ba sitetsoe moea oa Molimo ka tsela e ’ngoe e itseng. (Mattheu 12:32) Haeba boemo ba bona ka pel’a Jehova bo ne bo e-s’o fihle boemong bo joalo, ba ne ba nka mohato o isang bobeng bo fetang. Ba ne ba sokolohetse ho latela boemo bo feteletseng ba Bafarisi. Barutuoa bana ba ile ba iqoelisa litšebeletsong tsa boikaketsi le liponong tse feteletseng tse neng li hlōtse botle leha e le bofe ba boitšoaro le ’nete tseo ba bang ba sokolohetseng Bojodeng ba neng ba ka ’na ba li fumana. Ka ho totobetseng, barutuoa bana ba Bafarisi ba ile ba fetoha ba feteletseng ho feta baruti ba bona ba nyatsitsoeng. Kahoo haeba Bajode ba Bafarisi e ne e le ‘bana ba Gehenna,’ barutuoa bana ba ne ba le joalo le ho feta, kapa, joalokaha Jesu a hlalositse, habeli ho feta.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 31]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’MAPA OA JERUSALEMA EA LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO
SEBAKA SA TEMPELE
KHOHLO EA HINNOME
(GEHENNA)
[Setšoantšo]
Karolo ea Khohlo ea Hinnome kajeno
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.