Ke Fumane Tōka—Eseng Lipolotiking empa Bokresteng ba ’Nete
Joalokaha ho boletse Xavier Noll
HO HLOKA TŌKA! Ena ke ntho e ’ngoe eo ke neng ke kopane le eona bophelong ke sa le monyenyane haholo, ’me ka hlokofatsoa ka baka la eona. Ha ke sa le mocha, ka ipotsa: Na ho hloka tōka ke ntho e ’ngoe e lokelang ho mamelloa? ‘Na ha ho ’muso lefatšeng o ka khonang ho e felisa? Tōka e ka fumanoa hokae?’ Qetellong ka e fumana, empa e se moo ke neng ke lebelletse ho e fumana teng.
Ho Batla ho Tloha Bongoaneng
Ke hōletse Wittelsheim, motse o monyenyane Alsace, sebaka se seng se France leboea-bochabela. Ntate, joaloka banna ba bang ba bangata ba sebaka seo, o ne a sebetsa morafong oa potash. Morao koo ka bo-1930, basebetsi ba lefatše leo la mesebetsi e meholo ba ne ba tletse moea oa bofetoheli. Ke hopola hore ha ke sa le ngoana, ke ne ke kenella lipontšong tsa nyatso tsa basebetsi. Re ne re etsa mekoloko literateng re phahamisitse lifeisi, re bina lipina tsa bofetoheli, tse kang ‘Sefela sa puso ea lentsoe la basebetsi.’ Basebetsi ba ne ba batla tōka le maemo a molemonyana a bophelo.
Ha basebetsi ba morafo ba etsa seteraeke ’me ba hapa morafo ke ne ke ee ke isetse ntate lijo tsa hae. Ke sa ntsane ke hopola hore na ke ne ke tšohile hakaakang ha ke lokela ho fohla mokoloko oa balebeli ba ’muso ba hlometseng e le hore nka isetsa ntate gamelle (sekotlolo sa lijo se koaheloang) nakong ea merusu ea morafo. Ke ne ke tsoa pelo ke masela a bochaba a neng a bontša mapetjo a susumetsang le lifolaga tse khubelu tse neng li fokaela moeeng, tse ling li e-na le setšoantšo sa hamore le sekele.
Basali ba ne ba phutheha kapele ho likeiti tsa morafo, ba ntse ba hooa mapetjo a khothaletsang banna ba bona hore ba tsoele pele ho loantša “batlatlapi.” Basali ba bang ba ne ba lula ba le tsietsing kamehla hore na e be banna ba bona ba tla bolokeha. Ho sa tsotellehe maikutlo a bona a khahlanong le bo-ralichelete, banna ba bang ba ne ba ee ba khukhunele ka morafong ha ho le lefifi e le hore ba ka fumana bonyane bo lekaneng ho fepa malapa a bona. Ka linako tse ling ntate le eena o ne a etsa tjena. Joale o ne a ee a tšele sethunya ka mokotlaneng oa hae e se re a kopana le balebeli ba ntseng ba batla batho ba ferekanyang seteraeke.
Hitler o Futuhela France
Ke ne ke le lilemo li 17 ha ntoa e qhōma. Likhoeli tse seng kae hamorao, Manazi a futuhela France. Kaha a ne a bolela hore Alsace e ne e se sebaka se hapiloeng feela empa e ne e le karolo ea ’Muso oa Jeremane, bahlankana bohle ba tšoanang le ’na ba ne ba kenngoa sesoleng sa Hitler. Kahoo, ke jarile potlolomente ka mokokotlong ka baleha bafutuhi bao ka baesekele. Ka linako tse ling ke ne ke khona ho huloa ke teraka ka ho itšoareletsa karolong e kamorao ea teraka e lebang boroa. Matšoele a baphaphathehi ke ’ ona ao lifofane tsa Majeremane li neng li a tsōma, kahoo ke ne ke ikakhela ka sekoting ha ke utloa li e-tla.
Ka khona ho fihla France boroa-bohareng, eo Majeremane a neng a ntse a e-s’o e hape. Empa le hona mona ka kopana le ho hloka tōka. Ke ne ke sebetsa ka thata ke fiela literata, ke jara makase a bafu litšeng tsa mabitla, kapa ke thotha mekotla ea samente e boima ba likh’ilograma tse 45 fekthering. Ka linako tse ling ke ne ke sebetsa lihora tse 12 ka letsatsi bakeng sa chelete e nyenyane feela. Boholo ba liphallelo tseo rōna baphaphathehi re neng re tšoanela ho li fuoa li ne li utsuoa ke ba boholong ba khethetsoeng hore ba li abe.
Ho ea qetellong ea 1940, ka etsa qeto ea ho kena ntoeng ho lokolla naha ea heso. Ka leba Algeria, Afrika Leboea, ’me ka kena masalleng a sesole sa France se neng se le moo. Bophelo ba sesole ha boa ka ba tima lenyora la ka bakeng sa tōka joalokaha bophelo ba ho ba motho ea sa keneng ntoeng bo ne bo sa ho etsa, empa ke ne ke ntse ke batla ho kenella ho lokolleng Europe. Maamerika a tla Afrika Leboea ho ea qetellong ea 1942. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ka 1943, ka pōmeha menoana ea ka e meraro ha seqhomane sa letsoho seo ke neng ke se tšoere se phatloha. Kahoo ka sitoa ho kena mabothong a neng a lokela ho boela a hapa Europe.
Ka Tenoa ke Khoebo, Lipolotiki, le Bolumeli
Hang ha ke boela bophelong ba batho ba sa loaneng Algeria, ho tlatlaptjoa ha motho ke motho e mong ha ka boomo ho neng ho ntse ho tsoela pele lefatšeng la batho ba sebetsang ha etsa hore ke ikutloe ke sithabetsoe. E mong oa metsoalle ea ka a shoa kamor’ a ho phefumoloha moea o bolaeang maemong a kotsi a mosebetsi. Nakoana kamor’a moo, ka batla ke e-shoa tlas’a maemo a tšoanang. Ho hang feme ena ea khoebo e ne e sa tsotelle hore na basebetsi ba eona ba phela hantle ’meleng, kapa hona hore na baa phela kapa baa shoa. Ke ile ka lokela ho loana hore ke fumane matšeliso. Ke ne ke tenehile ka ho feletseng.
Le hoja ke ne ke le lilemo li 24 feela, ke ile ka qetella ke le lehaeng la maqheku, moo ke ileng ka lula teng ho fihlela ntoa e fela. Ha ke ntse ke le moo, ka kopana le masole a makomonisi a Mafora a neng a ile a koalloa chankaneng Algeria ha ntoa e qala. Re ne re utloana haholo, ’me ha aa ka a thatafalloa ho ntšusumelletsa hore ke ikopanye le ’ona ntoeng ea ’ona khahlanong le ho hloka tōka.
Hang ha ntoa e fela, ka khutlela motseng oa heso oa Alsace, ke tletse litoro tse ncha. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea kamoo ke neng ke tšepile hore li tla tsamaea kateng. Ka ferekanngoa haholo ke ho fumana hore litho tse ling tsa Mokha oo oa Bokomonisi e ne e sa ka ea e-ba barati ba naha ba tšepahalang nakong ea ntoa. Ka letsatsi le leng ofisiri e ’ngoe ea mokha ea re ho ’na: “Ua tseba ke’ng, Xavier, ha ho kae kapa kae moo re neng re ka ba ra fihla teng haeba re ne re amohela batho ba qophellang tsela e nepahetseng feela.” Ka senola ho hanyetsana ha ka le eena le ho nyahama ha ka.
Ka boela ka hlokomela hore ba neng ba tlatsa lerata haholo ka litoro tsa lintho tseo ba li batlang le tōka ba ne ba qeta karolo e khōlō ea meputso ea bona sebakeng sa boikhathollo sa morafo, ba siea malapa a bona le bofuma. Ho sa tsotellehe sena, ka ’na ka khetha Mokha oa Bokomonisi hobane ke ne ke ikutloa hore makomonisi a ne a etsa karolo e khōlō ka ho fetisisa bakeng sa ho fumanela basebetsi tōka.
Ke ne ke ’nile ka sebeletsa ’Misa bonyenyaneng ba ka, kahoo moprista e mong oa K’hatholike a tla ho ’na ’me a leka ho ntšusumelletsa hore ke fetohe lesole la kereke. Empa ke ne ke se ke sa tšepe baruti. Ke ne ke kholisehile hore ba ne ba le ka lehlakoreng la lihlopha tsa ba busang. Ntle le moo, ke ne ke tseba hore baprista ba bangata ba K’hatholike ba ne ba ile ba tšoarana ka matsoho le Majeremane France ha naha e ntse e hapiloe. Ka hopola hore ha ke ntse ke le sesoleng, baprista ba K’hatholike ba tšoarelang masole litšebeletso ba ne ba ruta ka lerato la naha. Empa hape ke ne ke tseba hore baprista ba K’hatholike ba tšoarelang masole litšebeletso ba neng ba le sesoleng sa Jeremane ba ne ba etsa ntho e tšoanang. Khopolong ea ka, oo e ne e le mosebetsi oa bo-ralipolotiki le baeta-pele ba sesole, e seng basebeletsi ba kereke.
Ho phaella moo, liphihlelo tse bohloko li ne li sisintse tumelo ea ka ho Molimo. Khaitseli ea ka o ne a bolaoe ke bomo mohla a tšoarang selemo sa bo20. Ka nako eo, ka ipotsa: ‘Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha o lumella ho hloka tōka hoo hohle?’ Leha ho le joalo, ha ke thabetse khutso ea naha ea habo rōna e ntle, ke ne ke ikutloa ke amehile haholo. Ke ne ke ee ke re ka pelong: ‘E ke ke eaba sena sohle se “etsahetse feela tjee.”’ Ka linako tse joalo ke ne ke ee ke rapele.
Molaetsa oa Tšepo
Hoseng ha Sontaha se seng ka 1947, monna le mosali ba bang ba neng ba le lilemong tsa bona tsa bo30 ba kokota lapeng. Ba bua le ntate, ’me a ba bolella hore: “Ho molemo hore le mpe le bone mora oa ka. O bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ka e fumanang.” Hoo e ne e le ’nete. Ke ne nka bala eng kapa eng, ho qala ka koranta ea bokomonisi L’Humanité ho ea ho La Croix ea letsatsi le letsatsi ea K’hatholike. Baeti bana ba mpolella ka lefatše la batho bohle la tōka le senang ntoa, moo lefatše la rōna le neng le tla fetoha paradeise. E mong le e mong o ne a tla lula ntlong ea hae, ’me ho kula le lefu e ne e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Ba ne ba paka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang ka Bibele, ’me ke ne nka bona hore kannete ba ne ba kholisehile.
Ke ne ke le lilemo li 25, ’me lena e ne e le lekhetlo la pele ke tšoara Bibele. Litemana tseo ba ileng ba li bala tsa tsosa thahasello ea ka. Hona ho ne ho bonahala ho le hotle haholo hore e ka ba ’nete, ’me ke ne ke batla ho hlakeloa ke taba eo kelellong ea ka. Baeti ba ka ba tšepisa ho ntlisetsa Bibele ’me ba ntšiela buka e bitsoang Deliverance, ’moho le bukana e neng e e-na le sehlooho se reng “Be Glad, Ye Nations.”
Hang ha ba tloha, ka qala ho bala bukana eo. Bopaki ba mochana oa Letona de Gaulle mabapi le botšepehi ba Lipaki tsa Jehova kampong ea mahloriso ea Ravensbrück tsa basali ba mpula mahlo kannete. Ka re ka pelong: ‘Haeba Bakreste ba ’nete ba teng, e tlameha e be ke bona bana.’ Ka qeta buka ea Deliuerance pele ke ea tlung bosiung bona boo. Qetellong ke ne ke fumane karabelo ea e ’ngoe ea lipotso tsa ka tse neng li ntšoentse ka nako e telele hakana: “Ke hobane’ng ha Molimo oa tōka o lumella ho hloka tōka?”
Ke Nka Khato Bakeng sa Tōka ea ’Nete
Letsatsing le hlahlamang, Lipaki tseo tsa khutla li tlisa Bibele, ho phetha tšepiso ea tsona. Ka baka la kotsi ea baesekele, lehetla la ka le ne le samentiloe, ’me ke ne ke sitoa ho ea mosebetsing, kahoo ke ne ke e-na le nako e ngata eo ke sa etseng letho ka eona. Ka bala Bibele eohle ka matsatsi a supileng feela, ’me ka fumana melao-motheo ea eona e metle ea tōka le ho loka. Ha ke ntse ke bala ho ea pele, ka kholiseha ka ho eketsehileng hore buka ena e tsoa ho Molimo. Ka qala ho utloisisa hore ntoa ea ho thea tōka ea ’nete e ne e tlameha ho ba ea moea, e seng ea bopolotiki.—Ba-Efese 6:12.
Ke ne ke kholisehile hore metsoalle ea ka kaofela ea lipolotiki e ne e tla thabela ho utloa molaetsa oa tšepo oo ke neng ke sa tsoa o fumana. Ka nyahama hakaakang ha e sa bontše thahasello leha e le e nyenyane feela! Ha e le ’na, ke ne ke sitoa ho lula ke sa bue ka litaba tse molemo ho e mong le e mong. Ka ho khethehileng ke ne ke thabela ho qotsa litemana tse itseng, tse kang Jakobo 5:1-4, eo ho eona barui ba nyatsuoang ka ho tlatlapa basebetsi.
Ke ne ke hiretsoe ho tsamaisa poso ka nako. eo. E le hore ke se ke ka khopisa ntate, eo e neng e le motho oa maikutlo a hae, ke ne ke ee ke tlohe lapeng ke roetse kepisi ea motho ea tsamaisang poso ’me ke tiisa hore ke e roala hape ha ke khutlela lapeng. Ka tsatsi le leng ntate a re ho motsoalle oa hae: “Mora oa ka o sebetsa lihora tse ngata kamorao ho mosebetsi morao tjena.” ’Nete ke hore ke ne ke siea kepisi ea ka habo motsoalle oa ka ha ke ea mosebetsing oa boboleli ’me ke e roala hape kamor’a moo.
Nako e katlaase ho likhoeli tse tharo kamor’a hore ke kopane le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele, ka tloha ke le mong ho ea kopanong Basel, Switzerland. Ha puo ea kolobetso e le hare, ka bolella ’mè e mong oa Paki ea neng a lutse pel’a ka (eo ka mosa a neng a nkamohetse ha hae bakeng sa kopano) hore ke rata ho kolobetsoa empa ke ne ke se na liphahlo tsa ho kena metsing. Eaba hang-hang o tloha setulong ’me a khutla a nkile borikhoe bo bokhutšoanyane le thaole ho sa ntsane ho setse nako e telele pele puo e fela.
Ho Atolosa Tšebeletso
Ke ne ke se ke ntse ke qeta lihora tse ka bang 60 ka khoeli ke etela batho malapeng a bona. Leha ho le joalo, ha lengolo le khothaletsang tšebeletso ea bopula-maliboho (mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng) le baloa Holong ea ’Muso, ka re ka pelong: ‘Hoo ho loketse ’na!’
Ho ea qetellong ea 1949, ka rōmeloa koung ea leoatle la Mediterranean e tummeng ea Marseilles ho ea bula maliboho. Bophelo bo ne bo le monate Marseilles mehleng eo ea kamorao ho ntoa. E ne e le motse oa mofuta oo ho oona bakhanni ba likoloi ba neng ba ee ba eme hore ba se ke ba khaola papali ea pétanque (likotlolo) e neng e bapaloa seterateng. ’Na le baena ba bang ba bo-pula-maliboho re ne re sena moo re ka lulang teng ha e se ntlong ea bolulo e nang le lijo tse rekisoang e neng e boetse e sebelisoa ke matekatse. E ne e se sebaka se molemohali bakeng sa basebeletsi ba Bakreste, empa ke tlameha ho bolela hore ho rōna, ha ho mohla matekatse ana a kileng a bua letho kapa a etsa letho le tsoileng tseleng empa a ne a mamela molaetsa oa rōna ka hloko.
Re ne re e-na le chelete e fokolang haholo ’me re ne re itšetlehile haholo ka Jehova hore a fane ka lintho tse bonahalang tseo re li hlokang. Mantsiboea, ha re fihla hae, re ne re arolelana liphihlelo tsa rōna. Ka tsatsi le leng, ka makala haholo ha ’mè e mong oa Moyugoslav eo ke ileng ka kopana le eena ha ke ntse ke ea ka ntlo le ntlo a ntša sefapano se seholo kathōko ho tafole ea hae e pel’a bethe ’me a se aka ka hlompho ho paka kamoo a neng a rata Molimo kateng. A amohela thuto ea Bibele, ’me ka potlako mahlo a hae a buleha ’me a bona lefeela la ho rapela litšoantšo.
Ka Pulungoana 1952 Khaitseli Sara Rodriguez, pula-maliboho ea tsoang Paris, a fihla Marseilles ho tla thusa ka mosebetsi oa boboleli. Rōna baena ba bo-pula-maliboho kaofela re ne re thabela ho tsamaea le eena ha re etela basali ba neng ba bontša thahasello ’neteng ea Bibele. Qetellong ka mo “koetela, ” kamoo ho ka boleloang kateng, hobane o ile a fetoha mosali oaka.
Ka 1954, likhoeli tse tharo kamor’a lenyalo la rōna, Mokhatlo oa re memela ho ea Martinique French West Indies. Re ne re tla ba Lipaki tsa pele tse tsoang mose ho maoatle tsa ho bolela sehleke-hlekeng sena ha e sa le ho tloha ha ho lelekoa baromuoa mathoasong a bo-1950. Kamor’a matsatsi a 17 leoatleng, qetellong ra fihla re ntse re ipotsa lipotso tse ngata. Re ne re tla amoheloa joang? Re ne re tla lula hokae? Re ne re tla ja lijo tsa mofuta ofe? Ho ne ho tla re nka nako e kae hore re fumane Holo ea ’Muso e loketseng bakeng sa liboka tsa rōna?
Sebaka se Secha le Bophelo bo Bocha
Baahi ba Martinique ba ile ba ipaka ba le mofuthu haholo. Ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo, batho ba ne ba atisa ho re fa lino-mapholi. Ha e le hantle, ho ne ho tloaelehile hore motho a memeloe lijo. Re ne re tsamaisa libuka tse ngata tsa Bibele, hape le hoja boholo ba batho ba sehleke-hleke seo ba ne ba se na Bibele, ba ne ba e hlompha haholo.
Lehae la rōna la pele e ne e le mokhoro o ruletsoeng ka masenke. Nakong ea selemo ea lipula tse ngata, ho tšoloha ha pula ka tšohanyetso har’a bosiu ho ne ho ee ho re tsose ka mokhoa o tšosang ha pula e otla kaholim’a marulelo. Re ne re fumana metsi pompong habeli feela kapa hararo ka letsatsi. Re ne re sena kamore ea ho hlapa. Re ne re hlapa ka ho ema ka har’a moqomo oa oli o sa tšelang letho o ka jareteng ea rōna e nyenyane, e mong a tšela e mong ka metsi ’me ha a qeta eo le eena a etsa ho tšoanang. Ho batla ho siiloe ke nako empa ho monate haholo kamor’a ho qeta letšehare lohle re le letsatsing le chesang!
Sara o ile a lokela ho ithuta mokhoa oa ho pheha oa sebaka seo le ho ithuta ho pheha breadfruit. Ha ke sa le ngoana, kamehla ke ne ke nahana ka sefate sa breadfruit se e-na le lilofo tsa bohobe tse leketlileng makaleng a sona. Ha ele hantle, tholoana ea sefate sena e tšoana haholo le moroho. E ka phehoa joaloka litapole. Empa mehleng eo, re ne re e jelella ka mahe a sekolopata. Sejo sena se ne se le monate, empa kajeno mahe a joalo a rekoa haboima haholo. Breadfruit le eona e monate ha e jelelloa ka nama kapa tlhapi.
Mathata a lintho tse bonahalang a ile a hlōloa, ’me mahlohonolo a mangata a moea a re tšelisa haholo bakeng sa mathata leha e le afe. Ha ke fihla hae ka letsatsi le leng, ka bolella Sara hore ke fumane Holo ea ’Muso e ka lulisang batho ba lekholo. A botsa: “Tefiso ke bokae?” Ka arabela: “Mong’ a eona o ile a re ke ipehele chelete eo ke batlang ho e lefa.” Ka nako eo sohle seo re neng re ka khona ho se lefa e ne e le chelete e hlabisang lihlong ea li-franc tse 10 ka khoeli. Ka lehlohonolo, monna eo a e amohela.
Re ne re tletse tšepo e khōlō ea hore re tla ba le lenane le leholo haholo la ba bang teng libokeng, hobane kamehla batho ba ne ba re: “Hoja le ne le e-na le holo, re ne re tla tla libokeng tsa lōna.” Leha ho le joalo, ka likhoeli tse ngata re ne re e-na le karolelano ea ba leshome feela ba bang teng. Empa mamello ea hlahisa litholoana, ’me kajeno ho na le liphutheho tse 24 Sehleke-hlekeng sa Lipalesa, kamoo Martinique e bitsoang kateng, tse etsang kakaretso ea Lipaki tse 2 000.
Litlhohonofatso tse Ngata
Ho ea qetellong ea 1958, ka ea French Guiana ho arabela pitso ea seithuti se seng se senyenyane. Kamor’a leeto la matsatsi a leshome leoatleng ka sekepe se senyenyane se bitsoang Nina, ka qala ho bolela Saint Laurent, kou e Nōkeng ea Maroni. Ha ke le moo ka kopana le batho ba ’maloa ba neng ba ile ba ahlōleloa chankana ba ileng ba lula moo kamor’ a hore tsamaiso ea bokolone e ahlōlang e felisoe ke France ka 1945. Eaba ke leba Cayenne, moo ke ileng ka etela mohlankana eo ke neng ke tlil’o ’mona. Eena le batho ba bang ba ’maloa ba neng ba behelelitse limakasine tsa rōna ha ke ntse ke le French Guiana joale ke bahlanka ba mafolo-folo ba Jehova.
’Na le mosali oa ka re ile ra mengoa ka makhetlo a ’maloa ho ea ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova, e Brooklyn, bakeng sa lithupelo tse fapaneng tsa koetliso, tseo li neng li etsa kakaretso ea selemo. Ha ke ntse ke le moo ka bona kannete kamoo melao-motheo ea Bibele ea tōka le ho lekana e sebelisoang har’a batho ba Molimo. Ba leng litulong tsa boikarabelo ba jella litafoleng li le ling joaloka bacha ba sebetsang fekthering ’me ba amohela chelete e nyenyane eo ba e buseletsoang. E, tōka le ho lekana—toro ea ka ea bongoaneng—moo ke ’nete e phelang.
Hona joale ke lilemo li 65, ke qetile lilemo tse 40 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. ’Na le mosali oa ka re qetile lilemo tse ngata har’a tsona re haola le Martinique ka lithuthuthu, re bolela litaba tse molemo tsa tsamaiso e ncha ea lintho ea Jehova e theiloeng tōkeng. Joale re sebetsa lekaleng mohahong oa liofisi o shebileng mochophorong o motle oa leoatle oa Fort-de-France. Lilemo tsena kaofela tseo re li qetileng kahare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo li re rutile thuto ea bohlokoa. Ke har’a batho ba Molimo feela moo tōka ea ’nete e ka fumanoang, moo ho seng mekoallo ea merabe, ea meloko, kapa ea bolumeli. Rōna ’moho le bao re ba boneng ba e-tla ka linneteng ho theosa le lilemo, re thabela tšepo ea ho phela haufinyane lefatšeng le lecha leo ho loka ho tla ikahela ho lona.—2 Petrose 3:13.