Bacha—Itebeleng Khahlanong le Ho Phela Bophelo bo Habeli
“Mohlankana, thabela bocha ba hao . . . leha ho le joalo, u ’no u tsebe hoba Molimo o tla u ahlōla ka tseo tsohle.”—MOEKLESIA 11:9, 10.
1, 2. Ho na le mohlala ofe oa mocha ea neng a phela bophelo bo habeli?
MOCHA e mong o ngotse: “Ho tloha boseeeng ke hōliselitsoe tikolohong ea Bokreste, har’a Lipaki tsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, bophelo boo ke neng ke bo phela, esita leha ke le lapeng, bo ne bo fapane ho hang le litekanyetso tsa batsoali ba ka le monahano oa bona. Karolo e khōlō ea bophelo ba ka e ne e le bophelo bo hlephileng, bophelo bo se nang taeo ba lefatše.”
2 Mocha eo a tsoela pele ho hlalosa: “Esita le pele ke fihla lilemong tse leshome, ke ne ke se ke qalile ho phela mafatšeng a mabeli ka hohle kamoo ke neng nka khona—ho fumana kamohelo le setsoalle sekolong hape ke ’ne ke amoheloe ke batsoali ba ka. Ha ke le sekolong ke ne ke etsa hore mekhoa ea ka le boitšoaro ba ka li lumellane le tsa ba bang ka hohle kamoo nka khonang . . . Empa ha ke le lapeng ke ne ke fapane ka ho feletseng. Ke ne ke le Mokreste ea itšoereng hantle eo batsoali ba ka ba neng ba mo lebeletse.”
3. (a) Re kholisehile ka eng, empa re hlokomela eng? (b) Ke eng e etsang hore re shebane le bacha?
3 Rea hlokomela hore boitšoaro ba mocha enoa ha bo tšoane le boitšoaro ba ba bangata ba lōna bana ka phuthehong. Re kholisehile hore boholo ba lōna, le tšepahala ho batsoali ba lōna le ho phutheho, ’me sena se thabisa lipelo tsa rōna. Ka nako e tšoanang, rea tseba hore ba bang ba apara lekoko la ho ba ba lokileng empa e be ka hohle kamoo ba ka khonang ba patela batho ba baholo tsela ea ho etsa ho fosahetseng eo ba e nkileng. Kahoo ho hlaha potso: Na u motho oa mofuta oo u etsang hore re lumele hore u eena, kapa u phela bophelo bo habeli? Ha re botse sena ka boikutlo ba ho fumana phoso, empa ho fapana le hoo, hobane kannete re u rata ’me re batla hore u thabele bocha ba hao ka hore u bo phele ka tsela e tla khahlisa Jehova.—Moeklesia 11:9, 10; 12:14; 2 Ba-Korinthe 5:10.
4. Batho ba bang ba baholo le bona ba ’nile ba phela bophelo bo habeli joang, empa haufinyane ho hlokomelehile eng har’a batho ba bacha?
4 Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua botsa: ‘Ke hobane’ng ha ho khethoa rōna bana? Ho thoe’ng ka batho ba baholo?’ Ha ho pelaelo hore le bona ba tlameha ho itebela khahlanong le ho phela bophelo bo habeli. Mohlanka oa Elisha, Gehazi, o ile a sebetsa ka bolotsana, a leka ho pata ’nete ea hore o amohetse limpho tse tsoang ho Naamane. (2 Marena 5:20-26) Hape ke Ananiase le Safira, bao e neng e le batho ba baholo, ba ileng ba qala leshano la hore ba ne ba neile baapostola chelete eohle ea tšimo—ba leka ho iketsa ba molemo—empa ha e le hantle ba ne ba ipoloketse chelete e ’ngoe. (Liketso 5:1-4) Leha ho le joalo, lebaka leo ka lona re shebanang le lōna bana ke hore ho bonahala bothata bona bo eketsehile har’a lōna.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Phelang Bophelo bo Habeli
5. (a) Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba phela bophelo bo habeli? (b) Hangata bacha ba tšoaroa joang haeba ba phela bophelo bo babatsehang, ’me kahoo ba bang ba etsa joang?
5 Ke hobane’ng ha ba etsa tjee? Mocha e mong o supile lebaka la sehlooho, a hlalosa: “Ke ne ke sa batle ho lahleheloa ke metsoalle ea ka ka hore ke be mokhelo.” Ke ’nete hore ho ba mokhelo ka tsela e hlomphehang hangata ho etsa hore motho e be eena ea songoang ka ho fetisisa. (Bapisa 1 Petrose 3:16; 4:4.) Ho qoba sena le ho amoheloa ke metsoalle ea bona, bacha ba bang ba tla tahoa kapa ba be le likamano tsa botona le botšehali. Ngoanana e mong eo e seng Paki ea lilemo li 13, ea fetang lithuto tsohle ka linaleli ’me ka mehla a arabela lipuisanong tsa sehlopha, o tletlebile ka ho re: “Le ka mohla bahlankana ba ke ke ba thahasella motho e mong eo ho bonahalang hore o tla ba molemo joaloka ’na. . . . Ke nahana ho tlohela hore lintlha tsa ka li mphete kapa ho etsa ho hong ho phahamisa botumo ba ka.”
6. Petrose o ile a susumetsoa hore a itšoare ka mokhoa o fosahetseng joang, ’me kahoo see se lokela ho ama tsela eo re ahlōlang bacha ka eona joang?
6 Ka ho totobetseng, moapostola Petrose ka boeena o kile a nahana haholo ka seriti sa hae, kapa botumo ba hae, ho feta ho etsa seo a neng a tseba hore se nepahetse. Ha Bakreste ba Bajode ba tsoang Jerusalema ba etetse Antioke, Petrose a ikhula ho Bakreste ba Balichaba ka baka la ho tšaba ho nyatsoa ke Bajode ka hore o itsoakanya le Balichaba bana. (Ba-Galata 2:11-14) Kaha esita le Bakreste ba hōlileng moeeng ba ’nile ba inehela khatellong ea metsoalle, na ke ho makatsang hore bacha ba se nang phihlelo le bona ba ka etsa joalo?—Liproverbia 22:15.
7. Bacha ba bang ba ka ’na ba lekoa ke eng hore ba phele bophelo bo habeli?
7 Lebaka le leng le amehang leo ka lona bana ba bang ba phelang bophelo bo habeli ke hore ba lumela hore ba lahleheloa ke monyaka. Ba utloa bacha sekolong ba bua ka lintho tseo ba li etsang—kamoo phathi e neng e le monate kateng, ’mino o hapang maikutlo, ho noa, lithethefatsi, kamoo ba neng ba le ‘plakeng’ kateng! Kapa kamoo moshemane, kapa ngoanana, a ka sunang eo a ratanang le eena le kamoo a ka kopanelang liphate le eena kateng. Kahoo ho tsosoa takatso ea ho latsoa lintho tsena, ’me bana ba susumeletsoa hore ba leke ho etsa seo Bibele e se bitsang “ho thabela menate ea libe e felang kapele.”—Ba-Heberu 11:24, 25; 1 Ba-Korinthe 10:6-8.
8. Lebaka la sehlooho leo ka lona bacha ba phelang bophelo bo habeli ke lefe?
8 Leha ho le joalo, lebaka la mantlha leo ka lona bacha ba bang ba phelang bophelo bo habeli ke hore Jehova le lefatše le lecha le tlang ho hang hase lintho tsa sebele ho bona. Ha ba hlile ha ba lumele litšepiso tsa Jehova kapa litemoso tse fanoang ka Lentsoe la hae le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa hae mabapi le liphello tsa ho se utloe Jehova. (Ba-Galata 6:7, 8) Ha ba tšoane le Moshe, eo ka eena Bibele e reng: “O na a talimile moputso [oa Molimo]. . . . Kahobane a na a tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.” Ho Moshe, Jehova le litšepiso tsa Hae e ne e le lintho tsa sebele. Empa ba phelang bophelo bo habeli ba haelloa ke tumelo eo. Sohle seo ba se bonang ke seo Satane a batlang hore ba se bone—mabenyane a tsamaiso ea hae. Kahoo ba leka ho thabela menate ea libe e felang kapele empa, ka nako e tšoanang, ba ntse ba leka ho apara lekoko la ho ba bahalaleli.—Ba-Heberu 11:26, 27.
Batsoali, Le Ka Tlatsetsa
9. (a) Batsoali ba ka tlatsetsa joang ho etseng hore bana ba bona ba phele bophelo bo habeli? (b) Ho hlokahala hore batho ba baholo ba ananele eng ’me ba be seli ka ho etsa joang?
9 Mocha ea qotsitsoeng qalong o itse: “Se neng se etsa hore ke se ratoe sekolong se ne se etsa hore ke amoheloe ’me ke bososelloe ka ho ananeloa lapeng. Empa ke ne ke hloka ho fetang hoo. Ke ne ke hloka motho eo nka itšoarellang ka eena, ka bua le eena, ka mo phetlela sefuba sa ka, ’me ke ne ke sa fumane seo ho batsoali ba ka.” Batsoali, na le ela hloko hore le se tlatsetse ho etseng hore bana ba lōna ba phele bophelo bo habeli? Na le ba fa tlhokomelo ea botho le tataiso tseo ba li hlokang? Batho ba baholo ba tlameha ho ananela likhatello tse khōlō, tse fokolisang tumelo tseo bana ba rōna ba thulanang le tsona sekolong ’me ba be seli hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho ba khothatsa le ho ba thusa.—Pesaleme ea 73:2, 3; Ba-Heberu 12:3, 12, 13.
10. (a) Ke bohele-hele bofe boo e leng boikarabelo ba batsoali hore ba bue ka bona? (b) Hangata phello e ba efe haeba batsoali ba hlōleha ho fana ka tataiso?
10 Hangata lipotso tsa bacha li likoloha likamanong le batho ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona, taba eo, ka bomalibe, batsoali ba bangata ba e qobang. Seithuti se seng se hapileng moputso sa mosetsana se bohehang se lilemo li 15 se tlalehile: “Ha ho mohla ba kileng ba buisana le ’na ho tsoa pelong. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ithutileng eona ka botona le botšehali ke ile ka tlameha ho ithuta eona ke le mong. . . . Ke ne ke le lihlong haholo hore nka phahamisa taba eo le hoja ho ne ho e-na le lintho tse ngata hakana tseo ke neng ke batla ho li tseba.” Phello e bile efe? Se re: “Lerako le sa bonahaleng la ’na la tsoela pele ho hōla pakeng tsa ka le batsoali ba ka, ’me ka fetoha ngoanana ea tletseng bohele-hele, oa sethoto le ea thetsehang habonolo.” E, o ile a inehela likamanong tsa botona le botšehali le mohlankana e mong, empa u ne u ka re e mong ea neng a jara molato bakeng sa hoo ke mang?—Liproverbia 22:3; 27:12.
11. (a) Batsoali ba ka bontša joang hore ba rata bana ba bona? (b) Bacha ba ka ’na ba arabela joang leratong le joalo?
11 Ke habohlokoa hore batsoali ba bontše bana ba bona hore kannete baa ba rata ka ho qeta nako le bona, ba phetlelana lifuba ’me ba ba nea melao e ba tataisang. (Liproverbia 15:22, NW; 20:18, NW) Mocha e mong o boletse hore: “Ke na le boikutlo ba hore haeba kannete ba ne ba ntsotella ba ne ba tla etsa melao e itseng.” Esita le haeba hona joale bana ba hloile melao ea hao le litaelo tsa hao, hamorao ba tla li hopola ka ho li ananela. Mocha e mong o ile a ngolla ’m’ae: “Joaloka motho eo ka mehla a neng a leka ho tsoa lithibelo tlaase, a batla moo ho khoehlileng le litsela tsa ho phonyoha melao e thata le litaelo tse thata, ke leboha haholo hore e be u ile ua nkalosa ka thata.” Kahoo bontša hore u rata bana ba hao ka ho etsa hore ba mamele melao eo u ba fileng eona e ba tataisang. E se eka le ka mohla u ke ke ua tlatsetsa ho etseng hore ba phele bophelo bo habeli ka ho hlōleha ho boloka mecha ea puisano e bulehile kapa ka ho hlōleha ho ba teng ha ba u hloka!
12. Ke boikutlo bofe ba booatla boo batsoali ba bang ba nang le bona bo ka ’nang ba tlatsetsa ho etseng hore bana ba bona ba phele bophelo bo habeli?
12 Hape batsoali ba ka tlatsetsa ka tsela e fapaneng ka ho feletseng ho etseng hore bana ba bona ba phele bophelo bo habeli. Se builoeng ke moahlōli e mong oa lekhotla le ka Holimo la setereke sa New Jersey sea bontša. Moahlōli eo o itse: “Matichere a leka ho khalemela bana ka ho etsa ntho e fosahetseng sekolong joale batsoali baa a omanya ho e-na le ho a tšehetsa.” Ho bonahala eka ka phoso batsoali ba bang ba lumela hore ha ho letho le phoso leo bana ba bona ba ka le etsang. Esita leha baholo ba Bakreste kapa batho ba bang ba boikarabelong ka phuthehong ba ba hlokomelisa phoso ea bana ba bona, batsoali ba iphapanyetsa hoo. Ka ho etsa joalo, ba tlatsetsa ho etseng hore bana ba bona ba phele bophelo bo habeli.
Seo Bophelo bo Habeli bo Hlileng bo Leng Sona
13. Ho phela bophelo bo habeli ho hlile ho lekana le eng?
13 Ke habohlokoa ho nahana ka sena: Ho phela bophelo bo habeli ho hlile ho lekana le ho thetsa—ho ba motho ea lonya, moikaketsi. (Pesaleme ea 12:2; 2 Timothea 3:13) Ke ho tšoana le Satane, ea ‘ikhakanyang ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.’ (2 Ba-Korinthe 11:14, 15) Hape ho bolela ho tšoana le baeta-pele ba bolumeli bao Jesu a itseng ka bona: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le joale ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. Le lōna, ho batho ba le talimang kantle, ho joale ka eka le lokile, athe ka hare ho lōna le tletse boikaketsi le bokhopo.” (Mattheu 23:27, 28) Ka ho hlakileng, ho phela bophelo bo habeli ke ho siteloa Molimo ka ho teba.
14. Ke hobane’ng ha motho a lokela ho batla ho qoba ho phela bophelo bo habeli?
14 ’Nete e ’ngoe e lokelang ho nahanisisoa ka ho teba ke ena: Tsela ea boikaketsi e ke ke ea pateha ka ho sa feleng. Bibele e re: “Esita le moshanyana o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.” (Liproverbia 20:11; Luka 12:1-3) E, liketso tsa hao, e-bang li ntle kapa li mpe, li tla qetella li tsebahetse. ’Me Bibele e bontša hore Molimo o tla otla baikaketsi haboima. (Mattheu 24:51) Ka sebele u lokela ho batla ho qoba ho phela bophelo bo habeli!
Kamoo U ka Ho Qobang
15. Ke eng e tla thusa bacha ho qoba ho phela bophelo bo habeli?
15 Tsela e ’ngoe ea ho qoba ho phela bophelo bo habeli ke ho talima ka ho toba seo ho hlileng ho lekanang le sona ’me u ipotse: Na ke kamoo ke batlang ho hopoloa kateng, ke le moikaketsi, ke le moetsisi oa Satane le Bafarisi? Ho hang ha u ho batle! Ntho e ’ngoe e tla u thusa ho qoba ho phela bophelo bo habeli ke ho nahana ka masisa-pelo a botho le tlokotsi ea botho tseo bophelo bo joalo bo tla u tlisetsa tsona. Hopola se ileng sa etsahalla Gehazi ka hore a leke ho phela ka leshano. Lepera la Naamane la mo khomarela, ’me ea e-ba molepera bophelo bohle ba hae. Hape Ananiase le Safira ka bobeli Molimo o ile oa ba otla ka lefu ka ho leka ho iketsa eka baa fana.—2 Marena 5:27; Liketso 5:5, 9, 10.
16. Ho ile ha etsahala joang ka mocha e mong ea ileng a kenella mokhoeng oa bophelo oa lefatše?
16 Hape ho na le mehlala ea mehleng ea kajeno. Mocha e mong United States o ne a se a qalile ho ithuta Bibele ’me a kopanela libokeng Holong ea ’Muso. Empa joale a qala ho qaputsa mokhoeng oa bophelo oa lefatše ’me a khaotsa ho kopanela. Lilemo tsa feta, ’me o ngotse: “Hoo e ka bang likhoeling tse peli tse fetileng ka rapela Molimo hore o nthomelle Paki e ’ngoe hobane ke ne ke ikutloa ke e-na le takatso ea ho qalisa bocha. Ka qala ho ithuta hape ha seqhomane se phatloha. Khoeling e fetileng ke ile ka hlahlobjoa ’me ka fumanoa ke e-na le Kaposi’s sarcoma, karolo ea lefu le lecha le sa phekoleheng la AIDS.” A qetella ka ho re: “Hoja feela nkile ka latela litemoso tsa Mangolo ’me ka li mamela khale koana, nka be ke se boemong bona kajeno.” Ka sebele u batla ho qoba liphello tse bohloko joalo! Ruri lefatše ha le na letho la bohlokoa leo le ka fanang ka lona.—1 Johanne 2:15-17.
17. Ke ho nahanisisa ka eng hape ho lokelang ho thusa bacha hore ba qobe ho phela bophelo bo habeli?
17 Ntho e ’ngoe e tla u thusa ho qoba ho phela bophelo bo habeli ke ho nahana ka phello eo ho etsa joalo ho ka bang le eona lebitsong la Jehova. Mocha ea boletsoeng qalong o boletse hore motho e mong ea ileng a ’mona ha a amohela sakarete o ile a re: “Ke ne ke ntse ke sa tsebe hore Lipaki tsa Jehova li ntse li tsuba. Na ha u Paki?” Hamorao o ile a bolela hore potso eo e ile ea etsa hore a ikutloe a khathatsehile haholo hobane seo a neng a se etsa se ne se tlisetsa Jehova thohako. Na u batla hoo? Na ha u natse Molimo oa rōna ho tšoana le Iseraele ea boholo-holo hoo u ka tlisetsang lebitso la oona thohako?—Pesaleme ea 78:36, 37, 41; Ezekiele 36:22.
18. (a) Batsoali ba ne ba ka ’na ba itšoara joang haeba ba ne ba ka tseba hore ngoana oa bona o phela bophelo bo habeli? (b) Ke hobane’ng ha see se lokela ho thibela bacha ba Bakreste hore ba ka phela bophelo bo habeli?
18 Ntle ho moo, nahana hape ka lebitso la batsoali ba hao le maikutlo a bona. Mocha ea boletsoeng ka holimo o ngotse: “Ha fihla letsatsi leo ka lona batsoali ba ka ba ileng ba tseba seo kannete ke neng ke le sona. Sa ba nyarosa. ’Me ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ka bona ’mè le ntate ba lla. Ba ne ba utloile bohloko haholo ke seo ke se entseng.” Mohlomong, batsoali ba hao le bona ba ne ba tla lla haeba ba ne ba ka tseba hore u phela bophelo bo habeli. Na seo ke sona seo u se batlang. Bibele e re: “Lebitso le letle ke la bohlokoa haholo ho feta leruo le leholo.” (Liproverbia 22:1, The Jerusalem Bible) Ka ho phela bophelo bo habeli, u senya lebitso la hao le letle. Empa ha ho felle moo. U boetse u senya lebitso le letle la batsoali ba hao ’me u le neta ka seretse, ua ba tlotlolla ’me u ba hlabisa lihlong.—Liproverbia 10:1; 17:21.
19. Boitšoaro bo tsoileng tseleng ba bara ba Jakobo bo ile ba mo ama joang, ’me re ka ithuta eng ho see?
19 Bara ba Jakobo ke mohlala o motle oa kamoo bana ba ka senyang lebitso le letle la motsoali oa bona. Ha morali oa Jakobo Dina a senngoa, bana babo ba ile ba bolaea banna ba motse eaba joale ba o hapa, ba etsa hore Jakobo a bokolle: “Le ntsielitse ka ho nketsa sebolu ho baahi ba naha.” Molimo o ile oa ba oa laela Jakobo hore a tlohe sebakeng seo. (Genese 34:30; 35:1) Mohlomong le uena u ka etsa hore lebitso la ntate oa hao le la ’mè oa hao le nkhe, ua etsa hore ba soabe feela le hore ba ka talimana le baahisani ba bona le metsoalle ea bona. Ka sebele, Bibele e re: “Mora [eo e leng] leoatla ke masoabi ho ntat’ae ’me ke bohloko ho [mosali] ea mo tsoetseng.”—Liproverbia 17:25, NW.
20. Ke mpho efe e hlollang eo batsoali ba Bakreste ba entseng hore bana ba bona ba e fumane, ’me bana ba lokela ho bontša kananelo ea bona joang?
20 Leha ho le joalo, re kholisehile hore ha u batle hore batsoali ba hao ba hlokofatsoe ke masoabi le bohloko. Kahoo nahana ka liphello tseo liketso tsa hao li ka bang le tsona ho bona. Hape, haeba u e-na le tlotla ea ho ba le batsoali ba Bakreste, nahana ka seo ba u fileng sona—hase bophelo feela—empa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa. Bibele e re ka Jehova: “Mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo.” (Pesaleme ea 63:3, NW) Ka ho u hōlisetsa ’neteng, batsoali ba hao ba entse hore u fumane mosa o lerato oa Molimo, ba u thusitse hore u be le kamano le oona. Ho ba le sena ho molemo ho feta bophelo ka bobona hobane esita le haeba u ka shoa, Molimo o tla u tsosetsa bophelong bo sa feleng paradeiseng.
Thusa Ba Bang Hore Ba Ho Qobe
21. (a) Bacha ba tsebang liketso tsa ba bang tse fosahetseng ba na le boikarabelo bofe? (b) Ngoanana e mong ea lilemo li 13 o fane ka mohlala ofe?
21 Ho thoe’ng haeba u tseba ka motho e mong ea phelang bophelo bo habeli? Pele, khothalletsa motho eo hore a atamele baholo. Empa haeba a hana ho etsa joalo? Joale ke boikarabelo ba hao ba Mangolo hore u mo tlalehe. (Levitike 5:1) Rea hlokomela hore e ka ’na eaba hona ha ho bonolo, empa ke eona ntho e nepahetseng e ka etsoang. Bibele e re: “Maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha.” (Liproverbia 27:6) Ngoanana e mong ea lilemo li 13, ka mor’a ho utloa puo e hlalosang boikarabelo ba hae ba Mangolo, a ea ho motsoalle oa hae eo a neng a tseba hore o ne a kenelletse ho etseng ntho e ’ngoe e fosahetseng ’me a ’molella hore o lokela ho ipolela ho baholo. Ngoanana eo oa ngola: “Ka ea ’me ka batlisisa ho fumana hore na ho na le moholo eo a neng a buile le eena. Ha ho eo a neng a buile le eena. Kahoo ka ea ’me ka buisana le e mong oa bona.” Ngoanana eo a botsa: “Na ke ne ke entse ntho e nepahetseng ka ho tlaleha ‘eo e neng e le motsoalle oa ka e moholo?’” E o ne a entse ntho e ntle! Le hoja liphello tse tlang hang-hang tsa ho etsa joalo li ka ’na tsa e-ba bohloko, hamorao phello e ka ba e thabisang, ea ba ea pholosa bophelo ba mofosi.—Ba-Heberu 12:11.
22. Bacha ba khothalletsoa ho nka tsela efe e bohlale, ’me phello ea eona e tla ba efe?
22 Empa liphello tsohle li ka qobjoa haeba ho tloha qalong u sa phele bophelo bo habeli. Kahoo e-ba bohlale. Hlaolela kamano ea botho e matla le Molimo, joalokaha u ne u tla etsa ho motsoalle ea haufi. Etsa sena ka ho mo rapela ka mehla, u kōpe thuso ea hae, ’me u ithute lentsoe la Hae, Bibele ka matla e le hore kannete u ka ananela litšobotsi tsa hae. Bacha, le tla hlohonolofatsoa ’me le tla thabisa lipelo tsa batsoali ba lōna. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, le tla thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba phela bophelo bo habeli?
◻ Batsoali ba bang ba tlatsetsa joang ho etseng hore bana ba bona ba phele bophelo bo habeli?
◻ Ho phela bophelo bo habeli ho hlile ho lekana le eng?
◻ Bacha ba ka qoba ho phela bophelo bo habeli joang?
◻ Bacha ba na le boikarabelo bofe haeba ba tseba bana ba bang ba entseng liphoso tse tebileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho phetlelana lifuba ho paka lerato la motsoali
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Haeba u tseba hore e mong o entse tlōlo e tebileng, mo khothalletse hore a e tlalehe