Lebitso la Molimo le Bafetoleli ba Bibele
KA 1952, The Bible Translator e ile ea hatisa puisano ea “bothata” ba ho nkela lebitso la Molimo sebaka liphetolelong tsa Bibele tse neng li lokela ho sebelisoa masimong a boromuoa a Bokreste-’mōtoana. Ba ileng ba ithaopela ho fana ka taba e ka ngoloang koranteng ba ile ba hlokomela bohlokoa ba lebitso ka Bibeleng—lebitso le hlahang ka Mangolong a Seheberu ka makhetlo a ka bang 7 000. Empa ha baa ka ba lumellana hore na ba le fetolele joang ka lipuo tsa kajeno. Ba bang ba ne ba rata lebitso le kang “Oa-ka-ho-sa-feleng.” Ba bang ba khetha tlotla “Morena.” Ha ho ba ileng ba buella lebitso “Jehova” kapa “Yahweh.” Hobane’ng?
Moithaopi ea faneng ka taba e ngotsoeng H. Rosin o ile a bolela mabaka a mabeli. La pele, o ne a lumela hore pele-pele ha Bibele ea Seheberu e fetoleloa Segerikeng (phetolelo ea pele ho Bokreste Septuagint) bafetoleli ba ile ba fetolela lebitso la Molimo ka lentsoe la Segerike le emelang “Morena.” La bobeli, o ile a tšaba hore ho hlahisa lebitso Jehova ka liphetolelong “le hona ho ne ho ka ’na ha tsekolla kereke.” Hobane o boetse a phaella, “na ‘Lipaki tsa Jehova’ ha li hanane le thuto ea Boraro-bo-bong?”
Ho latela ntlha ea pele ea Rosin, tšibollo ea masalla a lintho tsa khale e mo pakile a fositse. Ha e le hantle, bafetoleli ba Septuagint ha baa ka ba nkela lebitso la Molimo sebaka ka lentsoe la Segerike le emelang “Morena.” Ho e-na le hoo, ba le ngotse ka ho toba temaneng ea Segerike ka mongolo oa lona oa pele-pele oa Seheberu, e le hore likopi tsa phetolelo ea Septuagint tse neng li sebelisoa ke Bakreste ba pele li ne li e-na le lebitso la Molimo.
Se thahasellisang, ha Bakreste ba pele ba qotsa ho Septuagint ho bonahala ho e-na le mabaka a matla a utloahalang a ho lumela hore ha baa ka ba hlakola lebitso moo ba qotsitseng, Ka hona, ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore libuka tsa pele-pele tsa Mangolo a Bokreste a Segerike (“Testamente e Ncha”) li ne li e-na le lebitso la Molimo. Moprofesa George Howard, sehloohong se ho Biblical Archaeology Review, Tlhakubele 1978, o ile a fana ka mabaka a matla tumellanong le qeto ena. Ka mohlala, o bolela “serapa se tsebisahalang sa baruti ba Bajode (Talmud Shabbat 13.5)” se “buang ka bothata ba ho senya libuka tse nkoang e le tsa bokhelohi (tseo ho nang le mabaka a utloahalang a ho lumela hore li ne li akarelletsa libuka tsa Bakreste ba Bajode).” Bothata e ne e le eng? “Libuka tse nkoang e le tsa bokhelohi li na le lebitso la Molimo, ’me ho felisoa ha tsona ka ho feletseng ho ne ho tla akarelletsa ho felisoa ha lebitso la Molimo.”
Empa ho thoe’ng ka khanyetso ea bobeli ea Rosin? Na ho sebelisoa ha lebitso la Molimo ho ne ho tla bakela Bokreste-’mōtoana mathata? Ha e le hantle, nahana ka se ileng sa etsahala ha lebitso le hlakoloa. Kamor’a lekholo la pele la lilemo, bakopitsi ba “Bakreste” ba ile ba nkela lebitso la Molimo sebaka ka mantsoe a kang “Molimo” le “Morena” ho Septuagint le Mangolong a Segerike a Bokreste. Ho latela Moprofesa Howard, ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore sena se ile sa tlatsetsa boemong bo ferekanyang boo Bokreste-’mōtoana bo fetileng ho bona lilemong tsa morao: “E ka ’na eaba ho tlosoa ha Litlhaku tse ’Nè [lebitso la Molimo ka Seheberu] ho ile ha tlatsetsa haholo likhang tsa morao tse amang boleng ba Kreste le mesebetsi ea hae le Boraro-bo-bong tse ileng tsa luba kereke ea Bakreste ba makholong a pele a lilemo.”
Ka sebele, ho hlakoloa ha lebitso la Molimo Bibeleng ho entse hore ho amohela thuto ea Boraro-bo-bong ha Bokreste-’mōtoana ho be bonolo haholoanyane. Ho feta moo, haeba Bokreste-’mōtoana bo ne bo ka khutlisetsa lebitso Bibeleng e feletseng le borapeling ba bona, sena se ne se tla baka mathata. Jehova, joalokaha a senoloa Mangolong a Seheberu le a Bokreste a Segerike, o arohile ka ho hlakileng ho Jesu Kreste ’me hase karolo ea Boraro-bo-bong.
Ho phaella moo Moprofesa Howard o itse: “Ho hlakoloa ha Litlhaku tse ’Nè ho ile ha bōpa boikutlo ba bolumeli bo fapaneng le bo neng bo le teng nakong ea Testamente e Ncha ea lekholo la pele la lilemo. Molimo oa Bajode ea ileng a ’na a khetholloa hangata ka hloko ho e meng eohle ka tšebeliso ea lebitso la hae la Seheberu o ile a lahleheloa ke tse ling tsa lintho tse mo khethollang ha ho felisoa Litlhaku tse ’Nè.” Lipaki tsa Jehova li khutliselitse lebitso la Molimo e seng feela Bibeleng e feletseng empa hape le borapeling ba tsona ba letsatsi le letsatsi. Ka hona, li ‘khetholla ka hloko’ Molimo oa ’nete ho melimo ea bohata ea lefatše lena. Ka tsela ena li nolofaletsoe ho khutlisetsa “boikutlo ba bolumeli” bo neng bo le teng kerekeng ea lekholo la pele la lilemo ea Bokreste.