Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 9/15 maq. 3-4
  • Na Batho Bohle ba Lokileng ba Ea Leholimong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho Bohle ba Lokileng ba Ea Leholimong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Leholimo ke Ntho e Joang?’
  • Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Leholimo
    Tsoha!—2016
  • Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng ba Hokae Hona Joale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 9/15 maq. 3-4

Na Batho Bohle ba Lokileng ba Ea Leholimong?

“Phupu e ne e fetile empa ho neng ho sa feta e ne e le ho nyaroha ho matla. . . . Ho ne ho bonahala ho le thata ho lumela hore libeke tse seng kae pelenyana ho moo moshemane oa ka e monyenyane o ne a qala ho tlosa leoto, sefahleho sa hae se senyenyane se phatsima ke ho bososela ha hore o finyelletse ho hong. Empa joale Andrew o ne a shoele! . . .

“Eaba ke eme pel’a fensetere, ke shebile kantle bosiu, ke batlisisa maholimo. Ka ipotsa, ‘E be mothonyana eo e monyenyane o kae? Na e be o kae-kae holimo koaa leholimong har’a linaleli?’”

MOHLOMONG lefu la ngoana ea ratoang ke phihlelo e ferekanyang ka ho fetisisa eo batsoali ba ka bang le eona. Baa ipotsa, ‘E be ngoana oa rōna o hokae hona joale? Na o leholimong kapa sebakeng se seng se itseng?’ Malumeli a mangata a ruta hore masea a shoang a ea leholimong. Johannesburg, Afrika Boroa, molaetsa o ngotsoeng lejoeng le leng la lebitla o re: “Molimo o ne o batla palesa eo e leng hona e ahlamang, eaba lengeloi la oona le nka e ’ngoe ho tsa rōna.” Empa motho a ka ’na a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo o ka batla “palesa eo e leng hona e ahlamang” ha, kamoo ho tloaelehileng kateng, o se o ntse o e-na le tse ngata hakaale?’ Batho ba bangata haholo baa ipotsa . . .

‘Leholimo ke Ntho e Joang?’

Batho ba bangata ba na le maikutlo a lerootho feela ka leholimo. Ba bang ba bua habonolo feela ka “phihlelo e monate e ka lebelloang ha motho a e-shoa.” E be Bibele e re’ng? Temana ea eona ea pele feela e re: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Temana ena e bua ka maholimo a bonahalang, tlhophiso e khanyang ea linaleli le ea lihlopha tse khōlō tsa linaleli. (Deuteronoma 4:19) Empa ho boetse ho na le maholimo a moea. Kahoo, Bibele e bua ka ‘tulo e phahameng ea khalalelo le botle’ ea Jehova.—Esaia 63:15, NW.

Ke mang motho oa pele ea ileng a theoha “tulong e phahameng” ena ea Ntate oa rōna oa leholimo? Ke Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste. O itse: “Ha ho ea kileng a nyolohela leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho.” (Johanne 3:13) Hona ka ho hlakileng ho bontša hore ha ho libopuoa tsa batho tse neng li kile tsa ea leholimong. Empa Jesu o tšepisitse hore batho ba bang ba ne ba tla ea leholimong. Pelenyana a nyolohela leholimong, o itse ho barutuoa ba hae ba tšepahalang: ‘Ke ea ho le lokisetsa bolulo. Ke tle ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.’—Johanne 14:2, 3.

Ka ho totobetseng, batho ba bang ba lokileng ba ea leholimong. Empa na ke batho bohle ba lokileng ba eang leholimong? Ho thoe’ng ka lehae la motho—lefatše? Na le tla senngoa ka ntoa ea nuclear e be le fetoha lehōko le ntseng le pota-pota sepaka-paka? Ho hang ha ho joalo. Bibele e re: “Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4) E be ke hobane’ng ha ’Mōpi a ka senya lefatše lena le letle, le hoja likarolo tse ling tsa lona li silafalitsoe ke batho ba baikhabi? Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Ka ho hlakileng, lefatše le na le bokamoso bo thahasellisang. Thutong e tsebisahalang ea hae ea Thabeng, Jesu o boletse e sa le pele: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” (Mattheu 5:5) Ho feta moo, buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e bontša hore lefatše le tla fetoha paradeise. Ka batho ba baikokobetsi, e re: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:3, 4.

Ka sena seo re fetileng ho sona, ho ka bonoa hore batho ba bang ba lokileng ba ea leholimong, ha ba bang ba tla thabela bophelo lefatšeng. Hona ho bolela hore ho na le lihlopha tse peli tse khethollehileng tsa batho tse amehang. Hoo ho ka ba joalo joang? Ho feta moo, joaloka ’mè oa Andrew, ba bangata ba tšoenyehile ka hore na ho etsahala joang ka masea a bona a shoang a sa kolobetsoa. Batho ba Roma e K’hatholike ba rutoa hore ba ea sebakeng se bitsoang Limbo. Na ho na le sebaka se joalo? Na masea a ea moo? Likarabelo tse khotsofatsang le tse tšelisang li fanoe sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela