Bopaki ba ho Bolokoa ke Molimo
LENTSOE la Molimo le bululetsoeng le fetiselitsoe ho rōna ka nepo ’me ea ka sehloohong eo re tlamehang ho mo leboha bakeng sa ho bolokoa hoo ho babatsehang ke Mongoli oa Bibele. Ho na le hoo e ka bang libuka tse 6 000 tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Seheberu a ntseng a feletse kapa likarolo tsa ’ona le libuka tse ka bang 5 000 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste.
“Lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.” (1 Petrose 1:25) Empa lipatlisiso tsa mehleng ea kajeno li senotse eng mabapi le ho bolokoa ha Lentsoe le Halalelang la hae?
Ke Lengolo le ka Tšeptjoang Hakae?
Mangolo a Segerike a Bakreste ke lengolo le ka tšeptjoang hakae? Ruri ke le ka tšeptjoang ka mokhoa o ke keng oa bapisoa, haholo ha re hlahloba lingoliloeng tse ling tse pholohileng tsa mehleng ea boholo-holo. ’Nete ena e ile ea totobatsoa bukeng Auf den Spuren Jesu (Mehlaleng ea Jesu), ea Gerhard Kroll. Ka mohlala, mongoli o bontšitse hore ho na le libuka tse tšeletseng feela tsa loli tse bolokiloeng tsa lingoliloeng tsa rafilosofi oa Mogerike Aristotle (oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.), boholo ba tsona e le tse ngotsoeng ho tloha lekholong la leshome la lilemo C.E. kapa ka mor’a moo. Libuka tsa Plato (oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.) li bolokehile hamolemonyana. Ho na le libuka tsa hae tse leshome tse ngotsoeng ka letsoho tse ngotsoeng ho tloha nakong ea pele ho lekholo la bo13 la lilemo. Ha ele tabeng ea Herodotus (oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.), ho na le mesaletsa ea libuka tsa loli e ka bang 20 e ngotsoeng ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E. le ka mor’a moo. Libuka tsa hae tsa pele tse feletseng tse ngotsoeng ka letsoho li ngotsoe ho tloha lekholong la leshome la lilemo. Hape libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho tsa Josephus li ngotsoe feela hoo e ka bang lekholong la bo11 la lilemo.
Ha a bapisoa le tsena, Mangolo a Segerike a Bakreste (a qetiloeng lekholong la pele la lilemo C.E.) a pakeloa ke mesaletsa ea lekholong la bobeli la lilemo le likopi tse feletseng tsa lekholong la bone la lilemo. Ho latela Kroll, ho na le libuka tsa loli tse 81 tsa lekholong la bo2 le la bo7 la lilemo, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 266 tse ngotsoeng ka mongolo o bitsoang uncial oa lekholong la bo4 le la bo10 la lilemo, le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 2 754 tse ngotsoeng ka mongolo o hariloeng tsa lekholong la bo9 le la bo15 la lilemo, ’moho le libuka tse 2 135 tse nang le likarolo tsa Mangolo tse baloang ka kerekeng. Tsena kaofela li re thusa ho paka bonnete ba Mangolo a Segerike a Bakreste. Kahoo, e, ka sebele a na le bopaki bo bongata.
Mosaletsa oa Bohlokoa oa Tlaleho ea Molaetsa ea Johanne
Ke mang ea neng a ka lebella ho fumana karolo ea buka e ngotsoeng ka letsoho ea bohlokoa ea Bibele thotobolong? Empa, ke hona moo mosaletsa o nkoang e le oa bohlokoa oa khaolo ea 18 ea Johanne o neng o patiloe teng. Hona joale o se o tsebjoa e le Buka ea Loli ea bo457 (P52) ea John Rylands, o bolokiloe Manchester, Engelane. O ile oa sibolloa joang, ’me ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa hakaale?
Qalehong ea lekholo lena la lilemo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba tsetolla qubu ea mesaletsa ea libuka tsa loli, tse akareletsang mangolo, lirasiti, likōpo, le litokomane tsa palo ea sechaba, ’moho le lingoliloeng tse ling tse ngata, ka ntle ho motse oa Oxyrhynchus seterekeng sa El Faiyûm, Egepeta. Boholo ba tsona li ngotsoe ka Segerike, kaofela li ne li bolokiloe ka makholo a lilemo lehlabatheng leo le omileng.
Selemong sa 1920, pokello ea libuka tsena tsa loli ea fumanoa ke Ntlo ea Polokelo ea Libuka ea John Rylands e Manchester. Lilemo tse leshome le metso e mene hamorao, seithuti C. H. Roberts, ha se ntse se hlophisa tse ling tsa likotoana tsena, sa kopana le mantsoe a seng makae ao se neng se bona eka se tloaelane le ’ona. U ka inahanela hore na se ile sa thaba hakaakang ha se hlokomela hore a tsoa ho Johanne khaolo ea 18, likarolo tsa litemana 31 ho ea ho 33 li le ka lehlakoreng le leng la mosaletsa oo ’me likarolo tsa litemana 37 ho ea ho 38 li le ka lehlakoreng le leng (leqepheng le ka letsohong le letšehali). Mosaletsa ona oa buka ea loli o ile oa ipaka e le karolo ea khale ka ho fetisisa e tsebjoang ea Mangolo a Segerike a Bakreste e neng e sibolotsoe ho fihlela ka nako eo. O ngotsoe ka litlhaku tse khōlō tsa Segerike tse bitsoang li-uncial, o ne o ngotsoe halofong e qalang ea lekholo la bobeli la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna.
Mosaletsa ona o ka ba bolelele ba li-centimeter tse 8,9 le bophara ba li-centimeter tse 6,4 feela. Re khona joang ho fumana ka mokhoa o nepahetseng hakaale hore na sekotoana see sa buka ea loli se ngotsoe neng? Taba-kholo ke ho hlahloba mofuta oa mongolo, ho ithutela ntho e bitsoang paleography. Mongolo oohle oa letsoho o fetoha butle-butle le lilemo, ’me ke liphetoho tsena tse bontšang hore na buka e ngotsoeng ka letsoho ke ea khale hakae, le hoja ho ntse ho ka ’na ha e-ba le phoso ea ho eketsa lilemo tse itseng kapa ho li fokotsa. Ka hona buka e feletseng e ngotsoeng ka letsoho eo mosaletsa ona e leng karolo e nyenyane haholo ea oona e kopilitsoe haufi haholo le nako ea ho ngoloa ha tlaleho ea Bibele ea Molaetsa e ngotsoeng ke Johanne ka boeena. Mohlomong ke phapang e fokolang hoo e ka bang ea lilemo tse 30 kapa tse 40 feela. Hape re ka kholiseha hore tlaleho ea Johanne ha ea fetoloa haholo ke bangoli ba morao hobane se ngotsoeng mosaletseng oo se batla se lumellana ka botlalo le se fumanoeng libukeng tsa morao haholo tse ngotsoeng ka letsoho.
Pele ho fumanoa sena, batho ba nyatsa-nyatsang ba ne ba phea khang ea hore tlaleho ea molaetsa ea Johanne e ne e se lengolo la ’nete la moapostola oa Jesu empa hore le ngotsoe nakoana hamorao, ho ea qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo. Ka ho fapaneng, joale ho hlakile ho tsoa mosaletseng ona hore tlaleho ea molaetsa ea Johanne e bile teng Egepeta halofong e qalang ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., e le buka, e se moqolo. Ke ho makatsang hakaakang hore e be mosaletsa oa loli o bonahalang e se oa bohlokoa hakaalo o ne o ka khutsisa batho ba nyatsang Bibele joalo!
[Lebokose le leqepheng la 31]
LOLI
LOLI ke semela se tlokomang metsing a emeng ’nģa e le ’ngoe, a pakeng tsa mabōpo a patisaneng kapa liqanthaneng le mabōpong a linōka tse phallang butle, tse kang Nile. (Jobo 8:11, NW) E ka ’na eaba pampiri e entsoeng ka loli e ’nile ea sebelisoa e le ntho eo ho ngoloang ho oona ho tloha mehleng ea Abrahama. Hamorao, ho etsoa ha oona ha fetoha o mong oa mesebetsi e meholo ea Baegepeta ba boholo-holo. Ha ba e etsa, ba ne ba latela mokhoa o batlang o le bonolo. Lithupa tsa lona tse telele li ne li aroloa hore e be lithutsoana tse tšesaane ’me li beoa li bapile, e be phate e ’ngoe e joalo e manamisoa holim’a tsona e tšekalalitsoe. Joale liphate tsena li ne li matahanngoa ’me li phuthoa ho etsoa leqephe, li omisoa letsatsing, ’me ka mor’a moo li bentšoa ka pumice, likhetla, kapa lenaka la tlou. Maqephe ana a ne a ka kopanngoa ho etsa moqolo, oo ka tloaelo bolelele ba oona bo neng bo e-ba pakeng tsa limithara tse 4 le 6, le hoja ho e-na le o mong o bolokiloeng o bolelele ba limithara tse 41. Ka lehlakoreng le leng, makhasi a ne a ka ’na a menoa ho etsa buka, e leng mofuta o mong oa buka e ngotsoeng ka letsoho oa codex o neng o tloaelehile haholo har’a Bakreste ba pele.
[Lebokose le leqepheng la 31]
PARCHMENT le VELLUM
ALEXANDRINE Codex ea lekholong la bohlano la lilemo, eo qalong e neng e e-na le Bibele eohle, e ngotsoe holim’a vellum. Ntho ee ke eng, ’me e fapana joang le parchment?
Ho tloha mehleng ea pele, parchment e ne e etsoa ka letlalo la nku, pōli, kapa namane. E ne e lokisoa ka ho phumula boea matlalong a hlatsoitsoeng, e be joale a thakhisoa holim’a li-frame hore a ome. (Bapisa 2 Timothea 4:13.) Hoo e ka bang lekholong la boraro le la bone la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho ne ho se ho amoheloa phapang ea boemo ba letlalo, letlalo le khorofo la sala le ntse le tsebjoa e le parchment, empa le bonojoana, la tsebjoa e le vellum. Ha ho etsoa vellum, ke matlalo a bonolo feela a namane kapa potsanyane kapa a manamane a fololitsoeng kapa likonyana a neng a sebelisoa. A ne a hlahisa ntho eo ho ngoloang ho eona e bobebe, e horeleli, e batlang e le tšoeu e neng e sebelisoa bakeng sa libuka tsa bohlokoa ho fihlela ha ho qaptjoa mechine ea khatiso, eo ho eona ho sebelisoa ha pampiri ho neng ho le theko e tlaase haholoanyane ho bile ho le molemonyana.