Re Ile ra Retelehela ho Mohloli oa ho Loka ha ’Nete
Joalokaha ho boletse Erwin Grosse
LILEMONG tse seng kae tse fetileng, nako ea hoseng-seng e ne e mphumana ke se ke eme lihekeng tsa sebaka se seholo seo ho hahoang likepe ho sona Kiel, Jeremane, ke aba maqetšoana ’me ke rekisa Rote Fahne, makasine oa KPD/ML.a Ka nako e tšoanang ke ne ke leka ho hulela basebetsi le bahiruoa ba sa ntsaneng ba ithuta mosebetsi hore ba kenelle likhang. Ho leka ho etsa hore ba kholoe likhopolo tsa ka tsa bokomonisi e ne e le mosebetsi o se nang teboho.
Leha ho le joalo, ha kea ka ka lumella sena hore se nkhathatse matla. Ke ne ke fumane pakane bophelong: ho thusa ho tlisa maemo a lokileng ka bofetoheli lefatšeng lohle. Ho ile ha tla joang hore ke be le pono ee ea litaba? Na pakane e joalo bophelong e ne e tla tima lenyora la ka bakeng sa ho loka?
Ho Batla ho Loka
Tsela eo batsoali ba ka ba neng ba phela ka eona e ne e le ho tsoa kaofela ho batla katleho linthong tse bonahalang, ’me sena se ne se sa ipiletse ho hang ho ’na. Rōna bacha re ne re batla ntho e ’ngoe e molemonyana. Ho ne ho ntse ho lekoa mekhoa ea bophelo e mecha ’me ho phatlalatsoa merero e mecha bophelong. Ka nako eo, ntoa ea Vietnam le ho hloka botsitso ha liithuti e ne e le tsona lihlooho tsa litaba. Ho rōna ho ne ho bonahala eka batho ba se nang molato ba ne ba lefa ka bophelo ba bona bakeng sa bohlanya ba ho feteletsa litaba ba bo-ralipolotiki le bo-ralichelete. Boemo bona bo ile ba imela kelello ea ka, eaba ke qala ho hloea puso ea bo-ralichelete.
Hape ke ile ka furalla bolumeli ba molao. Phihlelo eo ke ileng ka ba le eona ha ke ntse ke sebeletsa mabothong a sesole a Jeremane Bophirimela e ile ea nthusa ho etsa qeto ena. Boikoetliso ba mabotho boo re neng re tšoarehile ho bona bo ile ba khaoletsoa ke tšebeletso ea kampong,’me masole a aroloa ka lihlopha tsa K’hatholike le tsa Boprostanta. Qetellong ea tšebeletso, baruti ba likereke tseo ka bobeli ba hlohonolofatsa libetsa tse khōlō tse ntšang metsu! Ke ile ka haroha letsoalo. Na libetsa tsee li ne li sa etsetsoa ho bolaea? Hape ha ke ne ke fumana thupelo ea bolumeli sekolong, na ke ne ke sa rutoa hore: “U se ke ua bolaea”?—Exoda 20:13, King James Version.
Ke ile ka utloa hore Karl Marx o ne a nepile ha a bitsa bolumeli “matekoane ho batho” hobane bo ne bo etsa hore batho ba sitoe ho etsa letho ha ba thulana le lithahasello tsa puso ea bo-ralichelete. Kahoo ka mor’a hore ke tlohe sesoleng, ka itokolla kerekeng ’me ka kenela lithuto tsa ka mehla tsa Marxism-Leninism. Hape ke ne ke bala libuka tsa Mao Tse-tung. Tsena tsohle tsa matlafatsa kholiseho ea ka ea hore ke bofetoheli ba lefatše lohle feela bo ka ntšang bokhopo ka metso. Ke ne ke nahana hore ke ka mokhoa o joalo feela, mokhatlo oa batho o mocha o khetholloang ka ho loka o ka hlahang.
KPD/ML e ile ea nkoetlisetsa ho hapa basebetsi hore ba kene lithutong tsa Lenin le ho ba nea maqetšoana le Rote Fahne. Ke ne ke boetse ke jara masela a nang le mapetjo ’me ke khanna likoloi tse nang le libuela-hōle lipontšong. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke talingoa joaloka motho ea mpang a lumellana feela ka maikutlo le mokha. Pele komiti e setsing e ka nkamohela joaloka setho, ho ne ho hlokahala hore ke ipake, ke sebeletse mokha ka nako e itseng ’me ke o tšehetse ka lichelete.
Liketso li Fapane—Masoabi a Maholo!
Ke ne ke koetliselitsoe ho etsa lipolane tsa boenjeniere, empa ke ne ke thahasella haholo litšoantšo tsa batho ba pentang lintho tsa bokomonisi, ’me ke ne ke lakatsa eka nka tšoareha nthong e molemo joaloka eo ba neng ba tšoarehile ke eona. Ka hona, ka kōpa sebaka Kolecheng ea ho Etsa Litšoantšo ea Berlin Bophirimela. Ke ile ka amoheloa ’me ka qala ho ithutela ho etsa litšoantšo ka Tlhakola 1972.
Ha ke le mona ka boela ka kopana le mokha ’me ka potlako ke ne ke ema ka pel’a liheke tsa fektheri e ’ngoe ke rekisa Rote Fahne. Ke ile ka boela ka etsa liphatlalatso tse ngotsoeng le litšoantšo tse pentiloeng tsa Marx, Engels, Lenin, le Mao Tse-tung lifolageng tse khubelu.
Ke ne ke ikemiselitse hore le ka mohla nke ke ka nyala—ke hore, ho fihlela ke kopana le Linda. Ke ile ka fumana a e-na le tšobotsi e fumanehang seoelo, botšepehi, ’me sena se ile sa etsa hore ke fetole maikutlo a ka. Likhoeli tse hlano hamorao ra fetoha monna le mosali, ra qala hoo e neng e tla ba lenyalo la batho ba utloanang.
Pele, ke ne ke ile ka lula le sehlopha sa batho ba bacha ba neng ba e-na le maikutlo a fapaneng a bofetoheli. Re ile ra ba le lipuisano tse pharalletseng, empa ho ne ho boetse ho e-na le khohlano le bora. Boemo bo ne bo tšoana mekheng e fapaneng ea bokomonisi. Mokha ka mong o ne o nka hore e meng kaofela e ne e sa utloisisa khopolo ea bokomonisi ’me e lokela ho kena mokheng “oa ’nete.” Ho ne ho sehiloe mela ea ntoa!
Ka hare ho mokha oa heso, lintoa pakeng tsa lefapha le sekametseng bofetoheling le lefapha le batlang liphetoho tse tlang butle li ne li tloaelehile. Litho tse tsebisahalang li ne li leka ho suthisana litulong. Ke ile ka khathala ke lintoa le mahlapa, ’me sena sa etsa hore butle-butle ke khaole maqhama ’ohle le mokha oo. Ke ne ke sa bone thuso ea ho kenella nthong eo bonneteng e neng e ke ke ea tlisa phetoho. Khopolo ea bokomonisi ka boeona e ne e ipakile e le e ke keng ea fihleloa ketsong! Empa pelong ea ka ka sala ke ntse ke le Momarx.
Linda o Mpolella ka Molimo
Bosiung bo bong, ha re ntse re tsamaea ka koloi ho tloha Kiel ho ea Berlin, Linda a mpolella ntho e ’ngoe e ileng ea nkharola letsoalo. O ile a mpolella hore: “Ke kholisehile hore Molimo o teng, ’me botebong ba pelo, ke lumela ho oona.” Eo e ne e le ntho ea ho qetela eo ke neng ke lebeletse ho e utloa! Linda o ne a ’nile a tšehetsa likhopolo tsa ka tsa Bomarx.
Ho ile ha latela khang e chesang le ho behelana mabaka ka khopolo ea hore bophelo bo itšetlehile ka lintho tse bonahalang le tsamaiso ea Bomarx. Bomarx bo ruta hore motho o fumana bophelo bohle ba hae ba moea, bohlale, le boitšoaro tikolohong e mo pota-potileng. Ka baka leo, motho “e mocha” o hlahisoa ke ho rutoa khopolo ea bokomonisi le phetoho e molemo tikolohong e mo pota-potileng. Leha ho le joalo, Linda e ne e le setsebi sa laboratory se koetlisitsoeng, ’me o ne a tseba hamolemonyana! O ne a ka paka hore boitšoaro ba motho bo boetse bo susumetsoa ke lefutso. Re ile ra khaola puisano ea rōna e le ho qoba ho omana.
Leetong le leng leo re ileng ra le nka hamorao, Linda a boela a utloa a e-na le takatso ea ho buisana le ’na ka Molimo. Ponong ea ka, thuto ea hore lintho-li-ikentse e ne e tiisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e simolohile linthong tse bonahalang le hore e hlahile ka kotsi feela. Linda o ile a phahamisa melao-motheo ea thermodynamics, molao oa inertia, le melao e meng ea sebele e le ho paka hore e tlameha e be ho na le moqapi ea bohlale oa bophelo. Ke ile ka khomarela likhopolo tsa ka. Leha ho le joalo, filosofi ea ka ea bophelo le likhopolo tsa ka li ne li se li ntse li tsekoloha!
Selemo se ile sa feta. Hoseng ho hong ha Sontaha hang-hang Linda a ntša buka e ’ngoe e tenya ’me a qala ho mpalla se ka ho eona. E ne e le pale ea monna e mong ea ileng a rema sefate, a sebelisa karolo ea sona ho etsa setšoantšo se se nang bophelo eaba joale oa se rapela a re: “Mpoloke.” Tlhaloso ena e hlollang ea bolumeli e ile ea nkhahla haholo. U ka inahanela ho makala ha ka ha ke ithuta hore e ne e tsoa ka Bibeleng.—Esaia 44:14-20.
Ke ile ka kōpa mosali oa ka hore a mpolelle ho eketsehileng. Ka lihora tse hlano o ile a etsa joalo—a qala ka ho oa ha motho Edene ’me a qetella ka ho tsosolosoa ha Paradeise ho hlalositsoeng bukeng ea Tšenolo. Sena se ile sa siea Linda a khathetse ka ho se nang thuso, empa ke ile ka utloa hore makhapetla a ne a tlohile mahlong a ka ’me ke ne ke qala ho bona ka mokhoa o hlakileng ka lekhetlo la pele. Ka tlhaho, ke ne ke batla ho tseba hore na Linda o ithutile sena sohle hokae.
O ile a mpolella hore ha a ne a le lilemo li 14, o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova Berlin ’me hamorao a ba a kolobetsoa. Ha a le lilemo li 18, ho ile ha hlokahala hore a ee sebakeng se seng se hōle ka baka la mosebetsi oa hae, ’me ka masoabi, a furalla tsela eo ea ’nete. Joale ha a khutlela Berlin, a kenella lipolotiking tsa batho ba buellang liphetoho tse tlang hang-hang. Thabo eo joale a neng a e fumana lenyalong la rōna e ile ea mo susumelletsa hore a batle Molimo bocha. Empa na o ne o tla mo tšoarela liphoso tsa hae? O ne a tseba hore tsela feela eo a ka bolokang bophelo ba rōna le thabo ea lenyalo la rōna ka eona e ne e le hore ka pako a khutlele ho Molimo. Empa ka nako eo ke ne ke e-s’o be le maikutlo ao. Ke ne ke hloka nako e eketsehileng.
Ho Retelehela Tseleng e Nepahetseng
Mantsiboeeng a lehlabula le leng, re ne re shebelletse ho likela ha letsatsi ho ’mala oa gauda ka holim’a motse. Linda a re: “Erwin, mohlomong re ka thabela lintho tse joalo ka nakoana. Empa na Molimo o tla re pholosa ha o kenella? Ke lebaka lefe leo re o neang lona la hore o etse joalo?” Sena se ile sa etsa hore ke hlaphoheloe. Ke ne ke ithutile ho hong ka Jehova empa ka ho hlakileng hoo ho ne ho sa lekana. Kahoo ka etsa qeto e tiileng ea ho retelehela ho eena.
Nakoana ka mor’a sena, re ne re le ’marakeng ha re bona mosali-moholo e mong ea lutseng setulong se khannoang a tšoere Molula-Qhooa. Re ile ra kōpa hore a re bolelle hore na liboka li kena ka linako life Holong ea ’Muso ea sebaka seo, ’me mahlo a hae a qala ho khanya. O ile a re tšoara ka matsoho, ’me ka makhetlo-khetlo a re: “Ke thaba haholo hore e be batho ba bacha joaloka lōna ba batla ho tseba Bibele.” A tletse thabo, a lula hantle setulong sa hae se khannoang ’me a haka Linda. Re ile ra amohela limakasine tse ling ’me ra tšepisa ho tla sebokeng se latelang.
Re ile ra fihla nakoana pele se qala. Ke ne ke e-na le moriri o molelele le litelu ’me ke apere borikhoe bo bosesaane le sekipa. Linda o ne a apere mose oa rakhali’ae oa lechato o navy-blue o lilemo li 30. Ka bona monna e mong ea apereng baki ’me a fasitse thae a eme monyako ’me ka re ka pelong: ‘Ea siiloeng ke nako motho! Ho tla ba joang na!’ Leha ho le joalo, o ne a tletse botsoalle ’me a re: “Re ne re se re ntse re le lebeletse.” Ke ile ka makala empa ka re ho eena: “Re lakatsa ho ba le thuto ea Bibele.” Esita le hoo ha hoa ka ha mo makatsa. O ile a arabela: “E se e ntse e lokiselitsoe. ” Re batla re ferekane, ra kena ka hare.
Nakong ea seboka, ka makhetlo a ’maloa ke ne ke utloa eka sebui se bua le ’na ka ho toba. Hape ba bang ka phuthehong ba ile ba makala ha ba bona Linda a ntša Molula-Qhooa oo a neng a o lokiselitse esale pele bakeng sa thuto. Ka mor’a lihora tse peli, khaitseli eane ea hōlileng a tla ’me a re lumelisa ka thabo, sefahleho sa hae se khanya ke thabo. Ke eena ea neng a jetse litaba tsa hore rea tla. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore re be le thuto ea ka mehla ea Bibele le moena ea ileng a re amohela, ’me likhoeli tse robong hamorao, ka la 4 ’Mesa, 1976, ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho qoelisoa metsing.
Ke ile ka thaba hakaakang ho tseba Ea entseng tšepiso e reng: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha”! (Tšenolo 21:5) Empa ke joang ’Mōpi a tla tlisa ho loka ha ’nete? Liproverbia 2:21, 22 e fana ka karabelo: “Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”
Ha pele ke ne ke ema ka pel’a liheke tsa fektheri ke tšoere Rote Fahne, ka Meqebelo ke ne ke se ke ema Seterateng sa Karl Marx se Berlin-Neukölln ke tšoere Molula-Qhooa. Joale ke ne nka bua ka ntho e ’ngoe eo ho seng puso e entsoeng ke batho e ka fanang ka eona: bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ke ile ka ithuta kamoo esita le hona joale “ba lokileng” ba seng ba ntse ba koetlisetsoa ho apara “motho e mocha, ea nchafallang tsebong.” (Ba-Kolosse 3:10) Thuto ena ea lefatše le lecha e ke ke ea hlōleha!
Ha e le Linda, joale o ikemiselitse hore le ka mohla a se furalle Mohloli oa ho loka ha ’nete. Peter le Reni, ba neng ba re ruta litsela tsa Jehova, ba ile ba hlokomela hore na o ne a hloka eng moeeng ’me ba mo thusa hore a etse tsoelo-pele.
Lipakane tse Ncha Tseleng ea ho Loka
Kolecheng, ho ile ha ba le khanyetso e pepenene ea litumelo tseo joale ke ileng ka li amohela ka cheseho e khōlō. Moprofesa oa sehlopha sa heso, motho ea tsebahalang ka ho penta, a bontša hore ke ne ke tla lokela ho khetha pakeng tsa ho etsa litšoantšo le tumelo ea ka e ncha. Kahoo ke ile ka tlohela ho penta ’me ka batla mosebetsi o neng o tla re thusa ho finyella pakane ea rōna e ncha: tšebeletso ea bopula-maliboho. Re hopotse sena, ka makhetlo ’na le Linda re ne re bolella Jehova takatso eo ea rōna ka thapelo. Re ile ra romela likōpo tsa rōna halofo ea selemo pele ho letsatsi leo re neng re rerile ho qala ka lona, la 1 Loetse, 1977.
Koana, ha hoa ka ha e-ba bonolo ka mehla, empa ka thuso ea Jehova re ile ra finyella pakane ea rōna. Khabareng, ho tloha ka la 1 Pherekhong, 1985, ’na le Linda re ’nile ra sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng—kahoo takatso e ’ngoe e matla e phethahetse. Ho sebelisa matla ’ohle a rōna ho thusa batho ho ithuta tsela ea ho loka ha ’nete ho re khotsofatsa haholo.
Hape ho thoe’ng ka ho laba-labela ha ka ho loka? Na ho khotsofalitsoe? E. Kajeno ke tseba moelelo oa ’nete oa mantsoe a Jesu a ho Mattheu 5:6: “Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsoeng hona; hobane ba tla khorisoa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kommunistische Partei Deutschlands/Marxisten-Leninisten (Mokha oa Bokomonisi oa Jeremane/Mamarx-Malenin).