Banna ba Bararo ba Bohlale ba Bochabela—Na ke ’Nete Kapa Tšōmo?
“C + M + B”
Na litlhaku tsee li bolela ho hong ho uena? Haeba u phela tikolohong ea Roma e K’hatholike ea Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane, li ka ’na tsa bolela ho hong. Mono hangata u tla bona litlhaku le selemo li ngotsoe ka mokoetla likoseneng tsa mamati. Hobane’ng?
Pale e tloaelehileng e bolela hore litlhaku tsena ke litlhaku tse qalang tsa mabitso a Sejeremane a ba boleloang e le Banna ba bararo ba Bohlale ba Bochabela, kapa “banna ba bohlale,” Gaspar (Ka Sejeremane, Caspar), Melchior, le Balthasar.a Ho nahanoa hore, masapo a banna bana ba bohlale ba Bochabela a ile a isoa Cologne ka selemo sa 1164 ’me hamorao a kenngoa mohahong oa kereke ea motse eo mobishopo a leng ho eona, ka tsela ena ho etsoa hore Cologne e fetohe setsi sa borapeli ba bona. Selemo le selemo, ka la 6 Pherekhong—ka letsatsi le tsebjoang e le la Mokete oa Marena a Mararo a Halalelang—lihlotšoana tsa bacha ba apereng joaloka marena a boholo-holo li ea monyakong o mong le o mong li ngola litlhaku tseo ka mokoetla likoseneng tsa mamati. Ho latela moetlo, sena se sireletsa beng ba matlo hore ba se oeloe ke bomalimabe.
Litšoantšo tse ferefiloeng tsa bolumeli le moetlo li bontša hore Banna bana ba Bohlale ba bararo ba Bochabela, kapa “marena,” ba ne ba etelletsoe pele ke “naleli” ho ea moo Jesu a neng a hlahetse teng. Ha ho talingoa tlhompho eo, esita le borapeli, tse neoang “marena” ana, ho phahama potso ea hore na e be tumelo ena e theiloe Mangolong kapa che.
Tlaleho ea Molaetsa ea Mattheu ke eona feela e buang ka baeti bana. (2:1-12) Empa na Mattheu o bolela hore ba ne ba le bararo le hore e ne e le marena, ’me na o tlaleha mabitso a bona? Pampiri ea litaba ea K’hatholike Kirchenzeitung für das Bistum Aachen ea lumela: “Ha ho boleloe Marena a Mararo a Halalelang a le ka tsela eo ka Bibeleng. Ho tloha lekholong la bo6 la lilemo, ho ile ha utloisisoa hore banna ba bohlale e ne e le marena a mararo. . . . Tabeng ea lenane la balepi ba linaleli, Mattheu ha a fane ka lintlha tsa letho. . . . Lekholong la borobong la lilemo ba ile ba qala ho hlaha ka mabitso Gaspar, Melchior, le Balthasar.” Ho feta moo, buka ea tšupiso ea K’hatholike Lexikon für Theologie und Kirche e bolela hore lentsoe la Segerike maʹgoi ha le bolele marena empa, ho e-na le hoo, “ke ba nang le tsebo ea sephiri ea bolepi ba linaleli.” Justin Martyr, Origen, le Tertullian ka bomong ba ile ba utloisisa lentsoe leo le bolela “molepi oa linaleli.” Liphetolelo tsa kajeno tsa Bibele le tsona li sebelisa “balepi ba linaleli” ho Mattheu 2:1, 7.—The Living Bible; An American Translation.
Le hoja litšoantšo tsa Tsoalo ea Jesu joaloka lesea li tšoana kaofela ka ho kopanyelletsa “marena a mararo,” na a ne a le teng nakong ea tsoalo ea hae? Buka ena e hlalosang mantsoe ea phaella: “Mattheu 2:16 e bontša hore ketelo e etsahetse mohlomong selemo kapa ho feta moo kamor’a tsoalo ea Jesu.” Ka sebele, temana ea 11 e bua ka “ntlo,” e seng setala, moo ba “boneng ngoana e monyenyane.”—King James Version.b
Ho thoe’ng ka tlotla “Marena a Halalelang”? Na ka ho nepahetseng ho ka thoe baeti baa baa halalela? Lengolo ha le ba hlalose ba halalela. Ha e le hantle, e ne e le batlōli ba molao-motheo oa bomolimo. Ho Esaia 47:13, 14, Molimo o nyatsa “ba rapelang [“balepi ba linaleli,” ho latela Septuagint] maholimo, ba lekolang linaleli.” (NW) (Bapisa Deuteronoma 18:10.) Balepi bana ba linaleli ba ne ba tsoa “libakeng tsa bochabela,” moo ho nang le mabaka a utloahalang a ho lumela hore e ne e le setsi sa borapeli ba boloi, Babylona ea bohetene, moo ba neng ba rapela melimo ea bohata. Ka hona, ba ne ba tataisoa ke seo ba neng ba nahana hore ke “naleli” e tsamaeang, eo ho seng leha e le mang feela ea boleloang a kile a e bona. Hape, Mattheu o bontša hore “naleli” e ile ea qala ka ho ba etella pele ho ea ho Morena Heroda, eo joale a ileng a leka ho bolaea Jesu.—Mattheu 2:1, 2.
Che, Molimo ha oa ka oa romela “naleli” ho ba lebisa ho Jesu. Na hase ho utloahalang haholoanyane ho lumela hore “naleli” ena e ne e rometsoe ke e mong ea neng a batla ho bolaea Jesu pele a ka phethahatsa mosebetsi oo a neng a o filoe ke Molimo?—Bapisa Genese 3:15.
Jesu o ile a lemosa hore Lentsoe la Molimo le ne le ka etsoa “lefeela” ka ho le tsoakanya le ‘neano.’ (Mattheu 15:6) Lineano tse pota-potileng batho bana ka ho hlakileng hase tsa Mangolo. Ka hona, na ha u lumele hore e ne e ka ba ho fosahetseng ho bontša balepi ba linaleli tlhompho ea borapeli kapa ho ba nka ba halalela?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le tlhaloso, moruti o boetse o supa polelong ea Selatine Christus mansionem benedicat, “Kreste a ke a hlohonolofatse ntlo ena.”
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho fihla ha balepi ba linaleli, bona tokollo ea Molula-Qhooa oa March 15, 1982, leqephe la 31.