Toka ea Molimo—Lebaka la ho Thaba!
“TLONG re bineng . . . ‘Jah oa busa, fatšeng lohle ha’e be thabo.’” Mantsoe ao e ne e le karolo ea pina e neng e binoa ke baeti ba ka bang 9 000 ba tsoang Arabia, Greece, Italy, Portugal, le Spain ba neng ba tlile Kopanong ea Setereke ea “Toka ea Molimo” e neng e le Montreal, Canada. Batho bana ba neng ba tlile kopanong ba ile ba subuhlellana Lebaleng la Lipapali la Olympic bakeng sa metsotso ea ho qetela ea kopano ena ea matsatsi a mane hore ba kopanele pineng le baeti ba bang ba 36 900 ba neng ba se ba ntse ba le lebaleng leo la lipapali.
Lihlopha tsa lipuo tse ling li ne li mametse lenaneo le tšoanang la kopano mabaleng a lipapali a haufinyane le liholong tse haufinyane. Joale ba ile ba kopanela le batho ba Mafora le Manyesemane ba tlileng kopanong ponahatsong e susumetsang ea mokhatlo oa boena le ea botšepehi—e leng ntho e ka finyelloang feela har’a bahlanka ba Molimo oa toka ea ’nete, Jehova. Ha re talima ho hloka toka ho tletseng lefatšeng kajeno, sehlooho sa kopano—“Toka ea Molimo”—ruri se ne se le nakong. Se kenyellelitsoe lenaneong lohle, sehlooho sena se ile sa hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa tšobotsi ena a phahameng ea Jehova Molimo.
“Ho Thabile ba Bolokang Toka”
Sena e ne e le sehlooho sa letsatsi le qalang la kopano. (Pesaleme ea 106:3, NW) Puo ea kamohelo ea molula-setulo e ile ea hlakisa hore toka ea Molimo hase feela tšebeliso ea likahlolo tsa molao e hlokang qenehelo. Ho fapana le hoo, ke ho boloka se nepahetseng ka tsela e se nang khethollo le e se nang leeme ho latela litekanyetso tsa Molimo. Jehova o behile litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa ’me o phethehile tokeng hobane o khomarela litekanyetso tsena. Kahoo, ho ka boleloa hore “litsela tsa hae kaofela ke toka.”—Deuteronoma 32:4, NW.
Sena se ile sa totobatsoa ka ho eketsehileng puong ea sehlooho, e neng e e-na le sehlooho se reng “Toka ke Letšoao la Litsela Tsohle tsa Molimo.” Ha ho mohla Jehova a kileng a kheloha litekanyetso tsa hae tse lokileng empa o ’nile a sebelisa litsela tse lokileng tse tšoanang ha a sebetsana le batho bohle ba sa phethahalang. (Malakia 3:6) Le hoja ba bang ba ka ’na ba qosa Molimo ka bohata ka hore o hloka toka hobane ba bona ho hloka toka ho akaretsang mokhatlong oa batho, ha o ikarabelle bakeng sa ho tsoa tseleng ha batho ba silafetseng.
Kaha Jehova ke morati oa toka, o lebelletse hore re sebelise tšobotsi ena ka ho etsa se nepahetseng le se se nang leeme. Re tlameha ho etsa sena ho batho ba bang le ho malapa a rōna, ka phuthehong, le litšobotsing tsohle tsa borapeli ba rōna. Sena se tlisa mahlohonolo a enneng, joalokaha ho ka bonoa ho se ileng sa hlahisoa lenaneong la matsatsi a mararo a setseng a Kopano ea Setereke ea “Toka ea Molimo.”
“Amohela Taeo e Fanang ka Temoho”
Letsatsi la bobeli la kopano le ne le e-na le sehlooho se ka holimo, se theiloeng ho Liproverbia 1:3, (NW). Re ile ra nehoa khothatso e reng “Amohela Taeo ’me u Hlalefe,” kaha seo e ne e le sehlooho sa puo ea hoseng lenaneong. Taeo e tsoang ho Jehova ke letšoao la tsela ea bophelo e akarelletsang ho hloekisa matla a rōna a kelello le a boitšoaro. Hape ke pontšo ea lerato la Molimo ho rōna. (Ba-Heberu 12:4-11) Taeo e joalo e re boloka re e-na le matsoalo a sebetsang mabapi le litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa tsa toka—toka ea Molimo.
Lipolelo tsena tse khothatsang li ile tsa lateloa ke puo e reng “Hloeka Kelellong le ’Meleng.” E ne e susumetsa monahano hakaakang! E ile ea hatisa ho rōna tlhokahalo ea ho itlhahisa ho Molimo re le batho ba se nang letheba, ba hloekileng, ba halalelang. Hobane’ng? Hobane Jehova o phahametse tsohle ka ho hloeka le ho halalela—e leng boemo bo mo khethollang ho melimo eohle e litšila ea lichaba. Ha a hopola puo ena, moena e mong e mocha lilemong o ile a re: “Ho ile ha hlahlobjoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amang bohloeki ba rōna kelellong, boitšoarong, ’meleng, le moeeng. Moaparo, boitlhopho, lehae, koloi, le botho ba rōna kaofela li ile tsa tšohloa.” Moholo e mong o itse: “Ho sebelisa keletso e joalo ho tla etsa hore baena ba rona e be ba hlahelletseng ho feta leha e le neng pele har’a batho ba ba potileng ’me ho tla fana ka bophelo bo botle boo lefatše ka kakaretso le sa bo tsebeng.”
Drama ea mehleng ea kajeno “Ho Tšoaeloa Pholoho” e ile ea eketsa khopolo ea ho potlaka ha linako lenaneong, hobane haufinyane toka ea Molimo e tlameha ho phethahatsoa. Nehelano ena e susumetsang e ile ea bontša ka ho hlaka hore ho potlakile hore bohle ba bule mahlo a bona ’me ba bone se boleloang ke mehla ea rōna. Ka sebele, pele bolumeli ba bohata bo ripitloa, re tlameha ho balehela sebakeng sa tšireletseho ’me re tšoaeloe pholoho ka ho felletseng.
Motšehare oa mantsiboea, neheletsano ea libui e ile ea tiisa tlhokahalo ea “Ho Laea ka ho Loka Lelapeng.” Banna ba nang le bana le ba se nang bona ba ile ba eletsoa hore ba be le lenaneo la lintho tsa moea ka lapeng, ba etelle pele thapelong, thutong, le tšebeletsong e halalelang. Litšobotsi tsa bonna tsa ntate le tsela eo a tšoarang bohlooho ka eona li ka ba le phello e tla bolela hore na ngoana o talima tsamaiso joang, ebang ke ea Molimo kapa ea motho. Ka hona, bo-ntate ba Bakreste ba tlameha ho hloka leeme le ho tsoela pele ho laea ba sa khaotse. Ho hlokahala hore ba bontše kutloelo-bohloko le mofuthu, ka ho etsa joalo ba tla be ba boloka mecha ea puisano e bulehile mabapi le bana ba bona.
Batsoali ba ile ba khothalletsoa hore ba feto-fetole thupelo ea bona ho ea ka bana. Ke habohlokoa hore bana ba nehoe temoho ka ho nahana hore na ba ka rutoa joang le hore na ba rutoa eng e le hore ho finyelloe lipelo tsa bona. Sepheo ke ho etsa hore ’nete e susumetse lelapa lohle ka tsela e molemo.
Sebui sa ho qetela neheletsanong ena se ile sa etsa boipiletso bo mofuthu ho bana hore ba etse seo Jehova a se lebelletseng ho bona tokisetsong ea lelapa. Bacha ba ile ba phehelloa hore ba qobe moea oa bofetoheli oa mokhatlo oa kajeno o se nang lithibelo le hore ba thabele taeo e fanang ka temoho.
Polelong e theiloeng ho Liproverbia 2:1-9, e mong le a mong ea tlileng kopanong o ile a fuoa khothatso e reng “Tsoela Pele u bo Batla Joaloka Matlotlo a Patiloeng.” Ho ile ha bontšoa hore matlotlo a moea a ka fumanoa ka boithuto bo matla le phuputso e matla. Ha se bua ka sehlooho “Talima ho Jehova Bakeng sa Temoho,” sebui se latelang se ile sa hlalosa hore temoho ke matla a ho talima ka hare ho boemo, ho talima ka ’nģane ho se bonahalang le ho fumana moelelo oa ntho e itseng. (Mattheu 13:13-15; Ba-Roma 3:11; Ba-Efese 5:17) Letsatsi lena le thabisang joale le ile la fihla tlhorong ha Lebala la Lipapali la Olympic le hokahanngoa ka thelefono le metse e meng e mengata Canada le United States. Ketsahalo e thahasellisang haholo neheletsanong ena e likarolo li peli e ile ea totobatsoa ke ho lokolloa ha khatiso ea meqolo e ’meli Insight on the Scriptures, e nang le maqephe a fetang 2 500 a lihlooho tse nang le boitsebiso bo molemo le litšoantšo tse tla tebisa kananelo ea rōna ea litaba tsa moea.
“Likahlolo tsa Oona ke tsa ’Nete, ke tse Lokileng”
Letsatsing la boraro, le neng le e-na le sehlooho se theiloeng ho Tšenolo 19:2, ho ne ho e-na le ho hongata ho ileng ha re thabisa. Puo e reng “Ho Hloeka Boitšoarong ke Mokhabo o Motle oa Mocha” e ile ea ba le boipiletso bo matla ho bacha. Ba ile ba phehelloa hore ba tšoare joaloka letlotlo botle bo tsamaeang le ho boloka litekanyetso tsa Molimo tsa bohloeki ’meleng, boitšoarong, le moeeng. Lipina tse buang ka botona le botšehali, mananeo a thelevishine a boitšoaro bo bobe, libaesekopo le libuka tsa bootsoa, le khatello ea metsoalle ka mehla li hlasela bacha ba Bakreste. Ho latela mohloli o mong, ke mocha eo e leng mokhelo feela ea e-s’o be le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ha a le lilemo li 19. Empa bamameli ba ile ba opa mahofi ka mofuthu ha sebui se babatsa likete-kete tsa bacha ba Lipaki ba ipontšang e le mekhelo ka ho boloka tekanyetso e phahameng ea ho loka. Manyalo a bacha ba tlaase lilemong a tletse likhathatso, ’me ho ile ha bontšoa hore mantsoe a Pauluse a ho nyala ka baka la “ho cha” a ne a sa lebisoa ho bacha ba tlaase lilemong empa ho ‘ba fetileng palesa ea bocha.’—1 Ba-Korinthe 7:9, 36.
Sehlooho se latelang se ne se re “Le se Kene Jokong e le ’Ngoe le ba sa Lumelang.” Ho utloa taelo ea Molimo ea ho nyala “feela Moreneng” ho re sireletsa liphellong tse bohloko. (1 Ba-Korinthe 7:39, NW) Ho feta moo, ha ho letho le matlafatsang lenyalo ho feta borapeli bo kopanetsoeng ho Jehova le ho khomarela litekanyetso tsa hae tse lokileng. Ka mor’a moo re ile ra thusoa ho bona hore na ke joang re lokelang “Ho Itšoara ka Hlompho le ka Tšabo ea Molimo.”
Joale ho ile ha latela karolo e thahasellisang—puo e reng “Kolobetso e Isang Kahlolong e Molemo,” e ileng ea lateloa ke ho qoelisoa ha batho ba bacha ba inehetseng. Ho ile ha hatisoa hore ho ne ho lebelletsoe ho hongata ho bona ho feta feela ho lahla litšila tsa nama. Ho baka, ho sokoloha, le tšebeletso e halalelang ea bophelo bohle li tlameha ho tsamaea le boinehelo ba bona le kolobetso ea bona haeba ba tla fumana kahlolo a molemo e tsoang ho Jehova.
Ka sebele lenaneo la motšehare oa mantsiboea e ne e le le sa lebaleheng. Hape ka khokahanyo ea thelefono, litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsosa bamameli molota ho pholletsa le Amerika Leboea ka nehelano e susumetsang ea neheletsano e reng “Nako e Khethiloeng e Haufi.” Ka mashome a lilemo, lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova li ’nile tsa bolela melaetsa ea kahlolo ea Molimo khahlanong le Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, kopanong ena melaetsa ena e ile ea fanoa ka lentsoe le phefa haholoanyane. Babylona e Moholo o molato oa ho tlōla litaelo tse lokileng tsa Jehova. O tšoaneloa ke timetso, hobane “libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” Ka hona, joalokaha lengeloi la Jehova le phatlalatsa, “likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, Molimo o mo ahlolang.”-Tšenolo 18:5, 8.
Ha se bua ka sehlooho “‘Seotsoa’ se Tummeng Hampe—Ho oa le ho Timetsoa ha Sona,” sebui sa ho qetela neheletsanong ena se ile sa hlokomelisa ka tlhoro e hlollang ea Tšenolo. Tlhoro ena e finyelloa ka lenyalo la Konyana, e kopanang le monyaluoa oa eona, motse o halalelang, ho hlohonolofatseng batho ka bophelo bo sa feleng. Lebitso la Jehova lea tlotlisoa! Neheletsano ena e ile ea fella ka polelo e susumetsang ea hore nako e khethiloeng e haufi ho feta kamoo re ka nahanang! Ka sebele, tlhoro e hlollang ea Tšenolo e haufi!
Ha bamameli ba ntse ba opela sena mahofi, ho ile ha lokolloa buka e ncha e maqephe a 320 Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! E ne e le lebaka le lekaakang la ho thaba! Ka sebele khatiso ena e tla ba kofuto e sebetsang ea ho phatlalatsa hore Babylona e Moholo o ahlotsoe, hore joale lichaba li talimane le Harmagedone, le hore Jehova o haufi le ho liha kahlolo. Bohle ba nang le kananelo a ba ke ba arabele memo ea “moea le monyaluoa” ea hore ba ‘tle’ metsing a bophelo. (Tšenolo 21:2, 9; 22:17) Tokollo ena e thabisang e hatisitsoeng e ile ea lateloa ke ntho e ’ngoe e thabisang. Ka kholiseho e thabisang, bamameli kaofela ba ile ba nka qeto e hlakileng haholo le e tobileng ea ho nyonya ha rōna Babylona e Moholo.
“Toka—Toka u Lokela ho e Phehella”
Se theiloe ho Deuteronoma 16:20, sena e ne e le sehlooho sa letsatsi la ho qetela. Libui tsa hoseng li ile tsa hatella ’nete ea hore haeba re tla fumana molemo tokeng ea Molimo, re tlameha ho ba ba fapaneng le lefatše. Nahana ka puo e reng “Ho Boloka Bophelo bo Botle ba Moea Lefatšeng le Kulang.” E ile ea bontša hore na ke joang re ka qobang ho silafatsoa ke lefatše le kulang moeeng ka ho itebela khahlanong le mefokolo ea nama, tšusumetso ea lefatše, le “liketso tse bolotsana tsa Diabolose.” (Ba-Efese 6:11, 12, NW; Ba-Roma 7:21-26; 1 Johanne 2:15-17) Puo e reng “Na Tumelo ea Hao e Ahlola Lefatše?” e ile ea bontša hore haeba re e-na le tumelo e tšoanang le ea Noe, re tla hlahella re le ba fapaneng lefatšeng. Mehleng ea Noe, ho ne ho e-na le phapang e totobetseng pakeng tsa ba pholohileng Moroallo le ba ileng ba timela. Ho joalo le kajeno.
Ntlha ena ea bohlokoa e ile ea totobatsoa ka drama ea Bibele e reng “Likahlolo tsa Jehova Holim’a Banyefoli.” E ile ea bapisa ka ho hlaka banyefoli ba mehleng ea Noe le Lota le ba phelang mehleng ea rōna. Noe le Lota ba ile ba hlahella e le ba fapaneng ka ho totobetseng, ’me tumelo ea bona e ne e ahlola batho ba mehleng ea bona. Na kajeno rōna ka bomong re hlahelletse re le ba fapaneng le batho ba tšoarehileng ka ho fetisisa ka lintho tse bonahalang le ba ratang bobe?
Puo ea phatlalatsa, “Toka Bakeng sa Bohle ka Moahloli ea Khethiloeng ke Molimo,” e ne e tšohla ka mokhoa o qaqileng o hapang haholo puo ea moapostola Pauluse ho banna ba Athene, Areopago, Leralleng la Mars. Le hoja re potiloe ke ho hloka toka ho tšabehang le bolumeli ba bohata, mantsoe a moapostola a bolela ho hoholo ho rōna. Re na le lebaka la ho thaba haholo-holo hobane re phela nakong ea bohlokoahali ea kahlolo e bile e le nako ea hore re nke khato hore re fumane kamohelo ea Molimo. E, joalokaha Pauluse a boletse, Jehova o rera ho “ahlola lefatše . . . ka ho loka, ka monna [Jesu Kreste] eo [a] ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31.
Ha lenaneo le atamela qetellong, re ile ra nehoa khothatso e reng “Tsoelang Pele le Hahamalla Toka ha Tlhōro e Atamela.” Kopano ena e babatsehang ea matsatsi a mane e ile ea etsa hore re tlale boikemisetso ba ho etsa joalo. Lenaneo le ile la boela la hatisa ka ho rōna hore na mokhatlo oa machaba oa bana ba motho o pharalletse hakae. Ka mohlala, e ne e le thabo e kaakang ho utloa liphihlelo tsa baromuoa ba chakileng ba sebelelitseng ka botšepehi likabelong tsa bona ka lilemo-lemo!
Re ile ra tloha kopanong ka boikemisetso bo bocha ba ho lula re arohile lefatšeng lena le ho ipoloka re hloekile moeeng, boitšoarong, kelellong, le ’meleng. Ha re kopanela ka thabo pineng e qetellang, re ile ra thabela ho binela Jehova lithoriso, re tletse teboho hore e be toka ea Molimo e re nea lebaka le leholo la ho thaba.
Likopanong tse fetang 125 tse neng li le United States le Canada feela, ho bile teng batho ba 1 440 932 ’me ba 19 878 ba kolobetsoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
1, 2. Litho tsa Sehlopha se Busang J. E. Barr le W. L. Barry li lokolla likhatiso Insight on the Scriptures le Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Lebaleng la Lipapali la Yankee, Motseng oa New York
3, 4. Litsǒantšo tsa tšoantšiso ea Bibele “Likahlolo tsa Jehova Holim’a Banyefoli”
5. Ba likete-kete ba ile ba kolobetsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova Molimo
6. Setšoantšo sa drama ea mehleng ea kajeno “Ho Tšoaeloa Pholoho”
7. Baromuoa ba chakileng, ba kang John Cutforth oa Papua New Guinea, ba ile ba arolelana liphihlelo tsa bona le ba tlileng kopanong