Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
‘Kotulo e Butsoitse’ Burma
▫ NAHA e ntle ea Burma e na le baboleli ba litaba tse molemo ba fetang 1 500. Likopano tsa bona tsa morao-rao li ne li tšoeroe ka lipuo tsa Seburma, Selushai, le Sehaka Chin, ’me ho ne ho le teng kakaretso ea batho ba 2 273. Liphihlelo tse latelang li senola thahasello eo batho ba kang linku ba nang le eona molaetseng oa ’Muso ’me li tiisa seo Johanne a ileng a se bona ponong: “Tse kotuloang tsa lefatše li butsoitse.”—Tšenolo 14:15, TLP.
E ile ea Etsahala Dinam
▫ Ha pula-maliboho ea khethehileng a ntse a le tšebeletsong ea ntlo le ntlo Matupi, o ile a kopana le morutoana ea neng a thahasella ho tseba haholo ka lihele. Ha a hlalosetsoa hore lihele tseo Bibele e buang ka tsona ke lebitla le tloaelehileng la batho, o ile a makala haholo. O ne a sitoa ho ipolokela hona empa a batla ho bolella beng ka eena motseng oa Dinam. Matsatsing a phomolo a sekolo, a khutlela motseng oa habo ’me a hasa ’nete ka lihele. Monna oa khaitseli ea hae a thahasella ho tseba ka ho eketsehileng, ka hona a tsamaea ’moho le morutoana ho khutlela Matupi ho buisana le pula-maliboho ka boeena. O ile a lula libeke Matupi, a ithuta le pula-maliboho. Hamorao, leetong la hae la bobeli Matupi, o ile a phehella bo-pula-maliboho hore ba etele motse oa habo, hobane o ne a boletse hore, ho na le batho ba bangata ba thahasellang moo. Bo-pula-maliboho ba bararo ba ile ba amohela memo ka thabo. Ho ile ha ba nka lihora tse 12 ba hula ka thata ho ea fihla Dinam.
Letsatsing leo bo-pula-maliboho ba fihlang ka lona ho ne ho e-na le phupu Dinam, ’me batho ba tsoang metseng e haufinyane le bona ba ne ba le teng mono ho tla utloa ka ho eketsehileng ka lihele tsena tsa Bibele. Kaofela ba potlakela ho ea bona baeti. Ho ile ha latela puisano ea Bibele e ileng ea qala ho tloha ka 7:00 mantsiboea ho isa ka 11:00 bosiu. Motho e mong ea utloisisang har’a bongata o ile a emisa puisano ka hora ea 11:00 bosiu, a fa bo-pula-maliboho monyetla oa ho phomola ho se hokae bakeng sa letsatsi le latelang. Hoseng ho latelang, ba qala puisano ea Bibele hoo e ka bang ka hora ea bosupa ’me ba tsoela pele ho fihlela ka ea leshome bosiu, ba phomola feela ho se hokae bakeng sa lijo. Ha bo-pula-maliboho ba tsamaea motseng, batho ba kang linku ba ba kōpa hore ba tle ba khutle ’me ba qete nako e eketsehileng le bona. E bile tokelo e kaakang ho thusa batho ba joalo ba rutehang ka litaba tse molemo tsa bohlokoa tsa ’Muso! Ka ’nete, kotulo e ‘butsoitse’ Burma!
Ho Fumana ’Nete Bukeng e Lahliloeng
▫ Monna e mong Burma o ne a etetse motsoalle oa hae ea rekisang libuka tsa khale le likoranta tse seng li se na thuso, ’me a bona buka ea khale e seng e se na sekoahelo ka har’a lipampiri tseo. A e nka ’me a qala ho e bala. Kapele-pele o ile a hapeha. Ho etsahetse hore e be e ne e le buka ea Mokhatlo oa Watch Tower Ho Mamela Mosuoe e Moholo. O ile a ngolla ofisi ea lekala ho fumana libuka tse eketsehileng. Hang-hang ofisi ea lekala ea romela pula-maliboho hore e mo etele. Ha qalisoa thuto le eena, ’me ka mor’a ho ithuta ho se hokae, a elelloa hore sena ke ’nete ’me a qala ho hloekisa bophelo ba hae ka ho tlohela mekhoa a mebe ’me hamorao a lahla litšoantšo tsa bolumeli ba hae ba Hindu. Ka mor’a nakoana, eena le morali oa hae e moholo ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Hona joale ke pula-maliboho oa ka mehla.
Ka sebele, “kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae” tšimomg e beang litholoana ea Burma.—Mattheu 9:37, 38.