Lea Amoheloa Likopanong Tsa Setereke Tsa “Boinehelo ba Bomolimo”
“BOINEHELO ba Bomolimo,” ke sehlooho se setle hakaakang seo re nang le sona bakeng sa kopano ea setereke ea selemo see! ’Me ke mohlala o motle hakaakang oa boinehelo ba bomolimo oo Jesu Kreste a re behetseng oona! Hase ho makatsang hore e be moapostola Pauluse o ile a bululeloa ho ngola tjena ka eena: “’Me ruri sephiri sa borapeli [“boinehelo ba bomolimo,” NW] se seholo: o bonahetse nameng, o lokiselitsoe ke Moea, o bonoe ke mangeloi, o boletsoe har’a lichaba, o lumetsoe lefatšeng, o phahamiselitsoe khanyeng.”—1 Timothea 3:16.
Kopano ea rōna ea setereke e tla re matlafaletsa ho ba batho ba nang le boinehelo ba ’nete ba bomolimo, joaloka Jesu. Kahoo, pele ho tsohle, re batla ho tiisa hore ka hohle-hohle ha re lumelle letho ho kena-kenana le ho amohela ha rōna lijo tsena tse hlabosang tsa moea. Ka hona, ha re beng litulong tsa rōna hoseng ha letsatsi la pele la 9:50 a.m. ho thabela lehlaso la ’mino ’me ka hona re be boemong bo nepahetseng ba kelello e le ho rua molemo ka ho felletseng lenaneong le tla latela. Sehlooho se khethiloeng bakeng sa letsatsi la pele ke “Ho Sebeletsa Molimo o Batlang Boinehelo o ’Notši,” se theiloeng ho Exoda 20:5. (NW) Puo ea molula-setulo ke e tšoanelehang ka ho fetisisa: “Lea Amoheloa, Lōna Batho ba Boinehelo ba Bomolimo!” Letsatsing la pele, re tla boetse re lauoa ka lipuo tse bontšang lebaka leo ka lona Jehova a tsitlallelang boinehelo ba bomolimo le lebaka leo ka lona ho hlokahalang hore re ithute lekunutu la boinehelo ba bomolimo. Ho tla boetse ho e-ba le boitsebiso bo thabisang ka ho tsebahatsa Molimo oa ’nete. Ka baka la mathata ao bacha ba rōna ba talimaneng le ’ona, ho tla ba le molaetsa o khethehileng bakeng sa bona.
Sehlooho sa letsatsi la bobeli ke “Boinehelo ba Bomolimo bo Bolela Leruo le Leholo,” se theiloeng ho 1 Timothea 6:6. (NW) Hoseng, re tla fumana taeo ea se hlileng se hlokahalang ho hahamalleng boinehelo ba bomolimo. Hape, ho tla ba le puo ea kolobetso bakeng sa ba itokiselitseng ho kena tseleng ea bophelo ea boinehelo ba bomolimo. Letsatsing la bobeli motšehare oa mantsiboea ho tla hatisoa ka ho rōna tlhokahalo ea ho tšepahala ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ’me ka hona re tla ithuta kamoo re ka bonahatsang liketso tsa boinehelo ba bomolimo kateng tikolohong ea lelapa.
Sehlooho sa letsatsi la boraro, se nkiloeng ho Tite 2:12, ke “Telang ho se Tšabe Molimo ’me le Phele ka Boinehelo ba Bomolimo.” Hoseng, re tla fumana taeo e nakong e re lemosang khahlanong le ‘motho oa sebe’ le ho lahleha tabeng ea lijo le lino, ho itlhopha, le boithabiso. (2 Ba-Thessalonika 2:3) Sena se tla lateloa ke tšoantšiso ea kajeno e hatisang bohlokoa ba hore re ikokobeletse Molimo. Puo ea phatlalatsa motšehareng oa mantsiboea e tla fana ka litaba tse molemo tsa hore topollo ea batho ba nang le boinehelo ba bomolimo e haufi. Mokete oa rōna oa lijo tsa moea o tla phethoa ka puisano e bontšang hore “Ho Ikoetlisa ha Rōna ho Tsoelang Pele Boinehelong ba Bomolimo ho Molemo.”
Kahoo tloo u itokiselitse ho latela ka Bibele ea hao litšupiso tsa libui le ho ngola fatše lintlha tsa sehlooho tsa lipuo bukeng eo ho ngolloang lintlha tsa bohlokoa ho eona. Ho nka lintlha tsa bohlokoa ke thuso e khōlō ea ho tsepamisa mohopolo le ho rua molemo ka botlalo ho seo motho a se utloang. ’Me le ka mohla ha re se keng ra hlokomoloha ’nete ea hore ho hlokahala mosebetsi o mongata hore kopano e tle e tsoele pele hantle le ka katleho le hore letšoele le beta poho. Ka ho ithaopela ho thusa, re tla hlokomela thabo e kholoanyane ea ho fana.—Liketso 20:35, NW.
Kahoo e se eka boinehelo ba rōna ba bomolimo bo ka re khannela ho tla kopanong ena le ho re susumelletsa ho fumana se molemo ka ho fetisisa ho eona. E se eka re ka tloha re matlafetse ’me re ikemiselitse ho phela bophelo ba boinehelo ba bomolimo ka ho eketsehileng haholoanyane ka mehla.