Ho Nyarela ka Litabeng
“Ho Sheba ka Maikutlo a Macha”
Genese 1:1 ea bolela: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” Ka nako e fetang lilemo tse lekholo, boramahlale ba tšehetsang khopolo ea ho iphetola hoa lintho ba ile ba nyatsa temana ena ea Bibele. Leha ho le joalo, “ba bangata ho bona ba sheba ka maikutlo a macha tlaleho ena ea pele, e matla ka ho fetisisa ea boteng ba ’Mōpi,” ho tlaleha The Orange County Register, koranta ea California.
Ka mohlala, sehlooho se hlokometse se boletsoeng ke seithuti sa bophelo sa Australia Michael Denton bukeng ea sona Evolution: A Theory in Crisis. Se bolela hore ho tloha nakong eo Darwin a neng a hatisa buka ea hae On the Origin of Species ho fihlela hona joale, ha ho bopaki le bo bong bo fumanoeng bo tšehetsang khopolo ea Darwin.
Ka ho tšoanang, Register e qotsa buka The Mystery of Life’s Origins: Reassessing Current Theories, e ngotsoeng ke boramahlale ba bararo. Ho ea ka koranta ena, ba hlalosa hore bophelo bo ne bo ke ke ba itlhahela feela bo sa reroa ’me “ba pheha khang ka hore ‘’Mōpi ea phahametseng lefatše’ ke eena feela tlhaloso e ka lumeloang ea qaleho ea bophelo.” Ha sehlooho se tšehetsa pono ena, se bolela hore seithuti sa linaleli sa Brithani Fred Hoyle “se qotsoa ka ho pharaletseng ka polelo ea sona ea hore ho lumela hore sele ea pele e hlahile feela e sa reroa ho tšoana le ho lumela hore sefefo se matla se fetang jareteng e tletseng likotoana tsa likarolo tsa sefofane li ka hlahisa sefofane sa Boeing 747.”
Ho boramahlale ba bangata, bopaki bo tšehetsang Sesosa se Phahameng bo hlakile. Empa ho thoe’ng ka ba phehellang ho latola boteng ba ’Mōpi? Batho ba joalo ba tla etsa hantle ha ba ka nahana ka mantsoe ana a ngotsoeng ke moprofeta Esaia: “Jo! bothoto ba lōna. A le letsopa le ka lekanngoa le ’mōpi oa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi oa oona, ka hore: Hase eena ea nketseng, na? Kapa ntho e betliloeng e ka nyatsa ’metli oa eona ka hore: Ha a na bohlale, na?”—Esaia 29:16.
Ho Khothalla Haholo Ntho e Bolaeang
Ka Pherekhong selemog sena, ’molai Theodore Robert Bundy, o ile a behoa setulong sa motlakase Teronkong ea ’Muso e Florida ’me a bolaoa. O ne a ameha lipolaong tse sehlōhō tsa basali ba ka bang 36, le hoja ba boholong ba belaela hore palo ena e ka fihla ho 100.
Puisanong le Bundy pele ho lefu la hae, o ile a lumela hore litšoantšo tsa bootsoa e bile lebaka le leholo le ileng la tlatsetsa boitšoarong ba hae ba bonokoane. Ho ea ka Ngaka James Dobson, ea buisaneng le eena, ha a le lilemo tse “12 kapa 13 o ile a fumana litšoantšo tsa bootsoa mabenkeleng a rekisang lithethefatsi, tseleng, ’me o ile a fetoha lekhoba la bona ka ho bo khothalla haholo,” ho tlaleha Daily News.
Boipolelo ba Bundy bo pheta mantsoe a Arthur Gary Bishop, ’molai e mong ea neng a ahloletsoe lefu, ea bolailoeng selemong se fetileng ka baka la lipolao tsa ho beta bashanyana ba bahlano. Ho ea ka The Tribune, koranta ea San Diego, California, Bishop o lumetse hore litšoantšo tsa bootsoa “e bile ‘tse ntšang kotsi’ ho eena joaloka moshanyana ’me ke tsona tse ikarabellang ka ho oa ha hae.” Bishop o qotsitse ngaka ea mafu a kelello e tiisitseng kahlolo ea polao ea hore “ha batho ba bangata ba fetoha makhoba [a bootsoa] litakatso tsa bona lia eketseha, maikutlo a bona a tlhaho a fela ’me ba sekamela ho etsa seo ba se boneng.” Bishop o ipoletse: “Ho bile joalo ka ’na. Ke mosodoma ea bileng le likamano le bana ’me ke ahloletsoe lefu, litšoantšo tsa bootsoa e bile lebaka le ikarabellang la ho oa ha ka.”
Le hoja babolai ba ipoletseng ba lumetse hore litšoantšo tsa bootsoa li kotsi, ho sa ntse ho e-na le batho ba li talimang e le boithabiso bo se nang kotsi. Ho batho ba joalo keletso e fanoeng ho Esaia 5:20 ea sebetsa: “Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli le leseli ba le etsa lefifi.”
Ha se Sephiri
Moruti oa United Church Phyllis Smith o bolela hore tumelo ea baruti ba bang ho bonahala e sokeloa ke lipotso tse botsoang ke bakuli ba leng lintšing tsa lefu, ho tlaleha The Toronto Star, koranta ea Canada. Ho ea ka Smith, “batho ba shoang ba botsa lipotso ka liphiri tsa bophelo le lefu tseo ho seng motho ea li utloisisang.” O re: “Ha rea lokela ho ikutloa re tšohile hobane feela re ikutloa hore re lokela ho ba le likarabo tsohle.” Ha ho hlaha lipotso tse thata tse amanang le litaba tsa moea, Smith o hatella hore baruti “ha ba lokela ho sireletsa Molimo.”
Le hoja e le ’nete hore batho ka bomong ka mehla ba ke ke ba e-ba le likarabo tsohle lipotsong tsa bophelo le lefu, Bibele e na le tsona. Na ba ipolelang hore ke basebeletsi ba Molimo ha ba lokela ho tseba seo Lentsoe la oona le se bolelang? Moapostola o boletse hore ka mehla balumeli-’moho ba lokela ‘ho itokisetsa ho ikarabela ka mosa le ka hlompho ho ea botsang tšepo e ho bona.’ (1 Petrose 3:15) Bakreste ba pele ha ba ka ba thatafalloa ho utloisisa boemo ba bafu kapa litebello tsa batho ba shoang. Ba ne ba tseba seo Moeklesia 9:5 e se bolelang: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” ’Me Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:28, 29) Ho basebeletsi ba ’nete ba Molimo, bophelo le lefu ha se sephiri.