Ke Hokae Moo u Eang Bakeng sa Keletso?
NA HO na le motho ea kileng a u fa chelete ea bolotsana? Mohlomong ha ho joalo, empa u ne u tla itšoara joang haeba e mong a ne a u bolelletse hore chelete ea maiketsetso e ntse e potoloha? Na u ne u tla khopeha? Le hanyenyane! U ne u tla leboha ka sebele hore e be u ile ua hlokomelisoa hoo ’me u hlokomele hore u se ke ua fana ka e ’ngoe ea chelete ea hao eo u e sebelelitseng ka thata, ea sebele bakeng sa ea maiketsetso.
Boholo ba rōna re fumana keletso kapa litemoso nako le nako. Ke ’nete, litemoso tse ling li na le thuso haholoanyane ho feta tse ling. Empa esita leha re sa bone molemo oa botho oa keletso e itseng kapa taeo, na hoo ke lebaka la ho khopeha hobane e fanoe?
’Nete ke hore, e mong le e mong o hloka thuso le keletso nako le nako. Ha ho na ea nang le likarabelo kaofela. Ka baka la ho se tsitse ha moruo le lipolotiki tse re potolohileng, e mong le e mong o hloka tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso. Lefatšeng leo ho lona hoo e ka bang halofo ea manyalo a qetellang ka tlhalo, moo ho ima ha bacha ho atileng, le moo mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali e leng seoa, ho hlokahala ka potlako tataiso e hlaphohileng, e sebetsang. Batsoali ba hloka thuso ho khetheng tsela e molemohali ea ho hōlisa bana ba bona tsamaisong ena ea lintho e ferekanyang. Bacha ba hloka thuso ea ho tsitsisa maikutlo a bona a hohlanang le likhatello tse ka ’nang tsa bonahala li le khōlō. E mong le e mong o hloka thuso ea ho lokisetsa litekanyetso tse molemo tsa boitšoaro lefatšeng leo ho lona ho se tšepahale, boitšoaro bo bobe, le pefo li amoheloang ka ho eketsehileng.
Thuso e joalo e ka fumanoa hokae? Mohloli o molemohali ka ho fetisisa oa keletso mabapi le ho phela ke Bibele, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Mopesaleme oa boholo-holo o ngotse: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Ba balang le ho sebelisa Lentsoe la Molimo ba qoba bongata ba likotsi tse teng kajeno. Ke lebaka le leng leo ka lona Lipaki tsa Jehova li qetang lihora tse makholo a limillione selemo ka seng li etela baahisani ba tsona ’me li buisana le bona ka Bibele. Empa, batho ba bangata ha ba mamele ’me ba bang ba bile baa khopeha. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Likelello Tse Koalehileng—Hobane’ng?
Koana, batho ba bangata ba ameha kapele haholo mabapi le ho amohela keletso, haholo-holo ka taba ea bolumeli. Esita le litho tsa kereke hase ka mehla li batlang ho mamela keletso eo baruti ba tsona ba e fanang. Moruti e mong oa Lenyesemane o ile a tletleba: “E mong le e mong o na le likhopolo tsa hae ’me li nkoa li lokile joaloka tsa moruti.” Ka hona, ha ho makatse hore e be batho ha ba batle ho mamela motho osele ea monyakong oa bona.
Ho phaella moo, le hoja re phela mehleng e sa tsitsang, ba bangata ba sa ntsane ba e-na le maqhaama a tiileng, a boikutlo le kereke ea bona. Joalokaha encyclopedia e ’ngoe e hlokometse, “bolumeli bo ama maikutlo a tebileng a batho ba se nang palo.” Batho ba joalo ba ka ’na ba se ke ba bona ho hlokahala ho bua le motho e mong oa bolumeli bo bong ka Bibele, esita leha puisano e amana le ho fumana tharollo mathateng a bona.
Ba bang ha ba batle ho buisana ka Bibele hobane ba bone boikaketsi bo bongata le tšenyeho bolumeling. Ba khopisoa ke hore e be baeta-pele ba bang ba bolumeli ba lumella boitšoaro bo bobe, kapa ba tennoe ke meharo e se nang lihlong ea baevangeli ba bangata ba thelevishine. Mohlomong baa nyahama ha moruti a sebelisa matla a hae ho tšehetsa lehlakore le leng khahlanong le le leng ntoeng ea lipolotiki. Ho bona, bolumeli bo bonahala bo baka mathata a eketsehileng ho feta ao bo a rarollang.
Mathata ao ba joalo ba belaelang ka ’ona ke a sebele. Re bua re ipapisitse le bolumeli, ho na le “chelete ea bolotsana” e ngata e ntseng e potoloha. Empa ka sebele, ho hana ho amohela thuso ea bohlokoa e tsoang ka Bibeleng ka lebaka lena ke ho sa utloahaleng joaloka ho hana ho amohela chelete ea ’nete hobane lipampiri-chelete tsa bolotsana li ntse li potoloha!
’Me joalokaha ho se ho boletsoe, kaofela ha rōna re hloka keletso lefatšeng lena la likhetho tse thata le maemo a kotsi. Na ho na le tsela leha e le efe e bohlale tabeng ea ho amohela keletso? Na ha ho hlokahale kapa ho hobe ho bua le e mong oa bolumeli bo fapaneng ka Bibele? Na ho bonolo ho ba ea bulehileng ka kelellong ka ho lekaneng ho amohela keletso e molemo empa u ke ke ua thetsoa ke keletso ea bolotsana? Bibele e re’ng ka see?