Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“’Nete e Tla le Lokolla”—’Me e Tlise Thabo
BRITHANI ’nete ea Bibele e lokollotse batho ba ka holimo ho 113 000, ’me ba bangata ba amohela ’nete letsatsi le leng le le leng. Kannete mantsoe a Jesu aa phethahala: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Tokoloho ena e qetella ka thabo, joalokaha liphihlelo tse latelang tse tsoang Brithani li bontša.
◻ Ha Penny a ntse a le boboleling ba ntlo le ntlo, ho pheta ofisi ea lekala e Brithani, mosali ea hōlileng o ile a mo bolella ka bohale, “Ke tšoarehile.” Penny o ile a arabela ka hore o ne a tla tla hape. Matsatsi a seng makae hamorao, ka nako eo ka tloaelo a ka beng a sa fapohela, o ne a ntse a etela ba neng ba le sieo hae ’me e se ka morero a fapohela ntlong e tšoanang. Mosali ea hōlileng o ile a bula monyako ’me a memela Penny ka hare. O ile a re, “Ke ile ka tseba hore u tla khutla, ’me esale ke u emetse.” Ba ile ba buisana ka tšepo ea ’Muso, ’me mosali eo a re o tšepa hore e tla ipaka e le ’nete. O ne a le lilemo li 79, ’me monna oa hae o ne a hlokahetse lilemo tse tharo pejana. O ne a sa fumana matšeliso leha e le afe kerekeng ea hae ’me o ne a sa bone lebaka la ho phela. O ne a batla ho shoa. Hamorao, ka mor’a hore Penny a qalise thuto ea Bibele le eena, o ile a bolella Penny hore o ne a ntse a lohotha ho ipolaea empa o ne a tseba hore ho fosahetse. O ne a ile a rapela Molimo hore o ke o mo fe matšeliso ’me o mo thuse ho ba le tšepo hape. Butle-butle, ha a ntse a ithuta, ho nyahama ha hae ha fetoha tšepo, ka kholiseho e tebileng le teboho ho Jehova. O ile a khaola tšebelisano ea hae ea nako e telele le kereke, a kolobetsoa a le lilemo li 80, ’me hona joale ke mohoeletsi oa ka mehla ea nang le cheseho e khōlō. Kannete, ’nete ea Lentsoe la Molimo e mo lokollotse ’me e mo tliselitse thabo e khōlō.
◻ ’Nete e buang ka ’Muso oa Molimo e tlisa tokoloho botlamuoeng ba bolumeli ba bohata. E ka boela ea fetola botho ba motho, ’me hangata phetoho ena e khahla ba bang ’me e ba thusa hore le bona ba bone ’nete, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
Mosali e mong e mocha o ile a kokota monyako lapeng la Paki ’me a kōpa thuto ea Bibele. Ke eng se tlisitseng hoo? Batsoali ba mosali enoa ba ne ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me phello eo e bileng le eona ho batsoali ba hae—haholo-holo ntate oa hae—e ne e le khōlō ’me e tsoteha hoo ka sebele morali a ileng a makala. Ntate oa hae, ea ’nileng a tsuba lisakarete tse 80 ka letsatsi, o ile a tlohela ho tsuba ka ho felletseng ha a hlalosetsoa hore Jehova ha a ho amohele. Hoo e ka bang kapele ka mor’a moo o ile a khutlisetsa ho bahiri ba hae thepa e felletseng ea lintho tseo a neng a li utsoitse ho bona ka nako e telele. Morali o ile a ikutloa hore ntho leha e le efe e neng e ka ama batsoali ba hae ka tsela e joalo e ne e tlameha hore ka sebele e batlisisoe. Hona joale batsoali ba kolobelitsoe, ’me morali o ba teng libokeng tsohle.
’Nete eo Jesu a ileng a e bolela e tlisitse thabo ho ba boletsoeng ka holimo le ba bang ba se nang palo. E ka etsa se tšoanang ho bafe kapa bafe ba amohelang ’nete ea Bibele ’me ba e sebelisa bophelong ba bona.—Pesaleme ea 19:7, 8.