Baholo—Lebelang Letlotlo la Lōna
“Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape oohle, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli ba oona, hore le alose kereke ea Molimo, eo a iphumanetseng eona ka mali a Mora oa hae.”—LIKETSO 20:28, “TLP”.
1. Letlotlo la Bokreste le akarelletsa eng?
JEHOVA MOLIMO o file ba ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng letlotlo le babatsehang. Empa letlotlo ke eng? Ke ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoahali e nehiloeng motho ea tlamehang ho ikarabella. Letlotlo la Bokreste le akarelletsa ‘mohlala oa litaba tsa pholoho,’ ’nete e fanoang ka Mangolo le e abjoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” e le “lijo nakong ea teng.” (2 Timothea 1:13, 14; Mattheu 24:45-47) Letlotlo lena le akarelletsa tšebeletso e amanang le ’nete, e tlamehang bo boleloa ka hare ho phutheho le ka ntle ho eona. (2 Timothea 4:1-5) Baboleli ba ’Muso, ho akarelletsa baholo ba khethiloeng ke moea, ba lokela ho nka letlotlo lena e le la bohlokoa bo phahameng ka ho fetisisa.
2. Baholo ba na le letlotlo lefe le eketsehileng, ’me Petrose o ile a re’ng ka lona?
2 Baholo ba Bakreste ba na le letlotlo le eketsehileng—boikarabelo ba ho alosa mohlape oa Molimo. Ntlheng ena, moapostola Petrose o ngotse: “Ke khothatsa baholo ba ho lōna, ’na ke leng moholo le bona, le paki ea mahlomola a Kreste, le ea nang le kabelo khanyeng e tlang ho senoloa, ke re: Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata; e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala. ’Me mohla molisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka oa khanya, o sa boleng.”—1 Petrose 5:1-4.
3. Baholo ba Bakreste e tlameha ho ba mehloli ea eng?
3 Baholo ba Bakreste ba tlameha ho ipaka ba le “joale ka tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:1, 2) Sena se bolela hore baholo e lokela ho ba mehloli ea tšireletseho, khotso, le botsitso ho mohlape oa bahlanka ba Molimo ba seka linku. Ho hlokoa “ho fetang ho tloaelehileng” ho baholo, kapa balisa ba tlaasana, ba mohlape hobane ba “behiloe boikarabelong ba ho hongata.” (Luka 12:48, NW) ’Me ka sebele ba na le letlotlo la bohlokoahali le tlamehang ho lebeloa.
Ke Hobane’ng ha le Fuoe Uena?
4. Ke hobane’ng ha ho hlokahala baholo ba bangata hakaale?
4 Ho ba teng ha liphutheho tse fetang 60 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ho hloka mashome-shome a likete a banna ba tšoanelehang moeeng ho lebela mohlape oa Molimo. Ho na le baholo ba bangata naheng ka ’ngoe, ’me sena se tlisa thabo. Lefatšeng ka bophara ho na le karolelano ea baboleli ba ’Muso ba ka bang 60 phuthehong ka ’ngoe. Kahoo, ho na le mosebetsi o mongata oo baholo ba lokelang ho o etsa.—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.
5. Motho o fuoa tokelo ea ho sebeletsa e le moholo motheong ofe?
5 Haeba u moholo, ke hobane’ng ha u fuoe tokelo ee e hlohonolofalitsoeng? Ke hobane u entse lintho tse itseng, ’me u na le litšoaneleho tsa moea. Ka mohlala, e tlameha e be u ’nile ua ithuta Lentsoe la Molimo ka matla. (Joshua 1:7, 8) E tlameha e be u ’nile ua kopanela ka cheseho tšebeletsong ea tšimo, hape ua thusa ba bang ho fetoha baboleli ba ’Muso. Kaha ‘u lekiloe pele hore na ua tšoaneleha,’ u sebelelitse ka botšepehi u le mohlanka ea sebeletsang. U ‘ile ua hahamalla,’ kapa ua batla ho tšoaneleha, ho ba moholo, ua ananela hore ho ba molebeli ke “mosebetsi o motle.” (1 Timothea 3:1, 10, NW) Joaloka Timothea, u ne u “rorisoa ke baena.” (Liketso 16:2) Ha u buelloa ho ba moholo, mohlomong u ne u se u le haufi le ho ba lilemo li 30 kapa u hōlile ho feta moo ’me u se u e-na le phihlelo bophelong. Phutheho e ne e se e u hlompha joaloka moena ea hōlileng moeeng, ea atamelehang ea khonang ho fana ka keletso e sebetsang ea Mangolo le ea khonang ho boloka makunutu.—Liproverbia 25:9, 10.
Kamoo u ka Lebelang Letlotlo la Hao
6, 7. Timothea oa pele 4:13-15 e fana ka keletso efe ho thusa motho ho lebela letlotlo la hae joaloka moholo?
6 E, haeba u moholo, u fuoe bolebeli ba Bokreste ka mabaka a utloahalang. ’Me u ile ua ikutloa u fuoe tokelo e kaakang! Empa u ka lebela letlotlo la hao joang?
7 Tsela e ’ngoe ea ho lebela letlotlo la hao joaloka moholo ke ho ba le maikutlo a nepahetseng le ho ba mafolo-folo ho hlokomela boikarabelo ba hao. Kaofela ha rōna re na le likabelo tsa boikarabelo bo fapa-fapaneng ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka hona, boloka sebaka sa hao, ’me u khotsofalle ho ‘itšoara joaloka ea tlaasana.’ (Luka 9:46-48, NW; bapisa le Baahloli 7:21.) Nka litokelo tsa hao e le tsa bohlokoa, ’me le ka mohla u se sebetse ka ‘letsoho le botsoa.’ (Liproverbia 10:4) U se eme ’nģa e le ’ngoe, empa ka thuso ea Jehova, u etse tsoelo-pele likarolong tsohle tsa tšebeletso. Ka sebele, latela keletso ena eo Pauluse a ileng a e fa Timothea: “U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle. Hape, u se ke ua lebala mpho e ho uena, eo u e filoeng ka boprofeta hammoho le peo ea matsoho a baholo. Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:13-15.
8. Ke eng e tla thusa moholo ho fana ka keletso e utloahalang le ho fana ka ho hong ho entšang moeeng libokeng?
8 Tiisa hore u boloka kemiso e ntle, e behang litholoana ea boithuto ba botho. Joaloka moholo, ka nepo u lebelletsoe ho fana ka keletso e utloahalang ea Mangolo. Ho itlhomella bakeng sa boikarabelo bona, na u balile Bibele eohle ka ho thuisa, mohlomong ka makhetlo a mangata? (Liproverbia 15:28, NW) Ho thoe’ng ka likabelo tsa hao sethaleng? Li lokisetse hantle, ka thapelo u batle thuso ea Jehova e le hore u ka fana ka ho hong ho entšang moeeng ho ba bang teng libokeng tsa rōna. Baholo ka ho khethehileng ba lokela ho ‘bua polelo e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.’—Ba-Efese 4:29; Ba-Roma 1:11.
9. Ho latela 2 Timothea 4:2, moholo o tlameha ho etsa joang?
9 Joaloka moholo, utloa keletso ea Pauluse: “U bolele lentsoe, u phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe; u laee, u khalemele, u khothatse, ka mamello eohle le ka ho ruta.” (2 Timothea 4:2) Pauluse o ne a amehile ka bokoenehi hobane ba bang ka phuthehong ba ne ba ‘loana ka mantsoe,’ ba kenella ‘lipotsong tsa booatla,’ ’me ‘ba sa amohele ’nete.’ (2 Timothea 2:14-18, 23-25, NW; 3:8-13; 4:3, 4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na phutheho e ne e thulana le nako e sa tšoaneleheng kapa e tšoanelehang, Timothea o ne a lokela hore a “bolele lentsoe.” Sena se ne se tla matlafatsa balumeli ’moho hore ba hanyetse bokoenehi. Ka ho tšoanang kajeno, baholo ba tlameha ho bolela Lentsoe le phunyeletsang, kapa molaetsa oa Molimo, o finyellang pelo o bileng o khothalletsang ho khomarela litekanyetso tsa Jehova.—Ba-Heberu 4:12.
10. Ke hobane’ng ha moholo a lokela ho sebetsa le litho tsa lelapa la hae le ba bang ka mehla tšebeletsong ea tšimo?
10 Hore a tle a bue ka seriti, moholo o tlameha ho phela tumellanong le Lentsoe la Molimo. Empa ha aa lebela letlotlo la hae ka botlalo haeba a ‘bolela lentsoe’ feela sethaleng ka hare ho phutheho. Ha a bua ka taba eona eo Pauluse o ile a phehella Timothea: “U etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli.” Ho ‘phethisisa tšebeletso ea hao’ joaloka moholo, u tlameha ho bolela Lentsoe la Molimo “pontšeng le ka ntlo le ntlo.” (2 Timothea 4:5; Liketso 20:20, 21, NW) Ka hona, sebetsa hammoho le litho tsa lelapa la hao tšebeletsong ea tšimo. Sena se ka tlatsetsa tlamahanong ea moea e pakeng tsa hao le mosali oa hao ’me se tla tsoela bana ba hao molemo o moholo. Hape, qeta nako e itseng u kopanela mosebetsing oa boboleli le litho tse ling tsa phutheho. Sena se matlafatsa litlamo tsa moea ’me se eketsa lerato la boena. (Johanne 13:34, 35) Ke ’nete hore moholo o tlameha ho loanela ho leka-lekana tabeng ea ho arola nako ea bohlokoahali pakeng tsa lelapa la hae le phutheho. Ho sebelisa temoho ho tla mo thibela ho qeta nako e ngata haholo ka lehlakoreng le leng, a hlokomolohile lehlakore le leng ’me a bile a le ntša kotsi.
11. Ke hobane’ng ha moholo a lokela ho sebetsa ka thata ho eketsa matla a hae a ho ba tichere?
11 Hore u lebele letlotlo la hao joaloka moholo, sebetsa ka thata ho eketsa matla a hao a ho ba tichere. Pauluse o itse: “Ea rutang, a tiee ho ruteng,” kapa “ea khothatsang, a tiee khothatsong.” (Ba-Roma 12:7, 8) Kaha tichere e ema ka pel’a ba bang e le morupeli, ba na le tokelo ea ho lebella ho hongata ho eona. Haeba moholo a ka etsa phoso e tebileng thutong ea hae ’me sena sa hlahisetsa balumeli ’moho mathata, o tla ahloloa ke Molimo. E, matichere a “tla ahlōloa haboima ho feta.” (Jakobo 3:1, 2, TLP; Mattheu 12:36, 37) Kahoo ho hlokahala hore baholo e be liithuti tse ithutang Lentsoe la Molimo ka tieo ’me ba le sebelise bophelong. Joale thuto ea bona ea Mangolo, e tšehelitsoeng ke boikitlaetso ba botho, e tla ananeloa haholo ke balumeli ’moho. Hape e tla sireletsa phutheho litšusumetsong tse mpe, tse akarelletsang bokoenehi.
Qoba Maraba
12. Ke keletso efe e kileng ea hatisoa koranteng ee e tla thusa moholo ho qoba tšebeliso e mpe ea leleme?
12 Hape, lebela letlotlo la hao joaloka moholo ka ho qoba maraba. Le leng la maraba ana ke ho sebelisa leleme hampe joaloka tichere. Tlhokahalo ea ho ba seli ntlheng ena e ’nile ea hatisoa ka nako e telele ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka mohlala, tokollong ea eona ea May 15, 1897, koranta ena e ile ea tšohla Jakobo 3:1-13 ’me ka ho khethehileng ea re ka baholo: “Haeba ba e-na le leleme le kheleke hoo e ka ba mocha oa tlhohonolofatso e khōlō, ha hulela ba bangata ho Morena, ’nete le tsela ea ho loka; kapa, ka lehlakoreng le leng, haeba le e-na le ho fosa, leleme le ka etsa hoo e batlang e le kotsi e ke keng ea boleloa—ho hlahisa kotsi tumelong, boitšoarong, mesebetsing e metle. Ka sebele ke ’nete hore mang kapa mang ea sebelisang mpho ea ho ruta o ipepesetsa boikarabelo bo eketsehileng mahlong a Molimo le batho. . . . Mang kapa mang eo e ka bang mohloli oo Lentsoe la Molimo le hlahang ho oona, le e-na le tlhohonolofatso le khatholoho le matla, o lokela ho bona hore metsi a babang, lithuto tsa bohata tse neng li tla hlahisa thohako, kotsi—ho hlompholla Molimo le ho sotha Lentsoe la oona—a se iphumane e le mocha oa ho a bolela. Ha ho khethoa baeta-pele bakeng sa liboka tšoaneleho ea ‘leleme,’ joalokaha e boletsoe mona ha ea lokela ho hlokomolohuoa. Leleme le kang mollo ha lea lokela ho khethoa, empa e be ba bonolo, ba itekanetseng, ba ‘tšoarang’ maleme a bona ’me ba leka ka hloko ho ‘bua lipolelo tsa Molimo’ feela.” Ke habohlokoa hakaakang hore moholo a sebelise leleme la hae ka tsela e nepahetseng!
13. Ho hlokahala hore baholo ba be seli ka eng mabapi le boikhathollo?
13 Boikhathollo bo tlōlisang le bona ke leraba le lokelang ho qojoa. Boikhathollo e lokela ho ba bo khathollang le bo hahang, e seng bo qetang Mokreste matla le bo mo faposang. Ho feta moo, balebeli ba tlameha ho ‘ba le mekhoa e itekanetseng.’ (1 Timothea 3:2, NW) Haeba ho itekanela ho laola seo u se etsang boikhathollong, sena se tla lebela uena hammoho le lelapa la hao ’me se fane ka mohlala o motle bakeng sa phutheho. Ho hang u ne u tla be u sa fane ka mohlala o motle haeba nako le nako, u eta ka merero ea boikhathollo ka mafelo-beke ha balumeli ’moho le uena ba tšoarehile ka mafolo-folo tšebeletsong ea tšimo. Litaba tse molemo li tlameha ho boleloa, ’me baholo ba lokela ho etella pele mosebetsing ona e le baboleli ba chesehang ba ’Muso.—Mareka 13:10; Tite 2:14.
14. (a) Ke mehlala efe ea Mangolo e totobatsang tlhokahalo ea hore baholo ba itebele khahlanong le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali? (b) Baholo ha baa lokela ho hlokomoloha keletso efe e phetoang khafetsa mabapi le ho thusa bo-khaitseli ba moea?
14 Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ke leraba le leng le lokelang ho qojoa. Ho hlepha ha boitšoaro lefatšeng ho ka susumetsa esita le moholo haeba a sa hanyetse liteko tse sebelisoang ke Satane boitekong ba hae ba ho senya botšepehi ba batho ba Molimo. (Bapisa le Mattheu 4:1-11; 6:9, 13.) Hopola hore moprofeta Balaame, hoba a hlōlehe boitekong ba hae ba ho rohaka Baiseraele, o ile a beha lebaka la hore Jehova ka boeena o ne a tla ba rohaka haeba ba ne ba ka ekoa hore ba kenelle borapeling ba botona le botšehali. Kahoo Balaame o ile a ruta morena oa Bamoabe Balake “ho bea khopiso pel’a bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsoeng melimo ea bohata, ’me ba etse bohlola.” Na ba ile ba qoba leraba leo? Che, hobane Baiseraele ba 24 000 ba ile ba bolaoa ke seoa se tsoang ho Jehova ka baka la ho ba le likamano tsa boitšoaro bo bobe le basali ba Bamoabe le ho khumamela melimo ea bona. (Tšenolo 2:14; Numere 25:1-9) Hape, hopola hore esita le Davida, ‘monna ea lumellanang le pelo ea Molimo,’ o ile a khoptjoa lerabeng la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. (1 Samuele 13:14, NW; 2 Samuele 11:2-4) Ka hona, joaloka moholo utloa keletso e phetoang khafetsa ea “mohlokomeli ea tšepahalang” ea hore le ka mohla u se thuse khaitseli oa moea ka lekunutung empa u meme moholo e mong hore a be teng ha u hlokomela boikarabelo bona.—Luka 12:42, NW.
15. Lelapa la moholo le ka mo thusa joang ho qoba leraba la lerato la lintho tse bonahalang?
15 Lerato la lintho tse bonahalang ke leraba le leng leo moholo a lokelang ho le qoba. Khotsofalla litlhokahalo, kaha ua tseba hore Jehova o tla u fa se lekaneng. (Mattheu 6:25-33; Ba-Heberu 13:5) Koetlisa lelapa la hao hore le baballe lintho, hobane tšenyo ke lesholu la nako le chelete e neng e ka sebelisoa ho thusa lelapa, hammoho le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, ho matlafatsa phutheho, le ho phahamisa lithahasello tsa ’Muso. Moholo o fumana molemo tšebelisanong-’moho ea lelapa la hae ntlheng ena ’me o ananela hore ha ba mo hatelle ka lintho tse hlileng li sa hlokahaleng. Ha e le hantle, “leruonyana le lenyenyane la ea tšabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le lipelaelo.”—Liproverbia 15:16.
“Itlhokomeleng”
16.Pauluse o ile a fana ka keletso efe ho balebeli ba Efese?
16 Hore baholo ba tle ba lebele letlotlo la bona, ba tlameha ho sebelisa keletso ea Pauluse ho balebeli ba Efese. O ile a ba bolella: “Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape oohle, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli ba oona, hore le alose kereke ea Molimo, eo a iphumanetseng eona ka mali a Mora oa hae. Kea tseba hore, ha ke se ke tlohile, liphiri tse sehlōhō li tla kena har’a lōna, ’me li ke ke tsa qenehela mohlape. Esita le ho lōna ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha ’nete, ho khelosa barutuoa hore ba ba sale morao. Ka baka leo, falimehang, le ’ne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha kea ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokho motšeare le bosiu.”—Liketso 20:28-31, TLP.
17, 18. Ke keletso efe e hatisitsoeng makasineng ee hoo e ka bang lilemong tse 80 tse fetileng e sa ntsaneng e sebetsa ho baholo ba Bakreste?
17 Nakong e ka holimo ho lilemo tse 80 tse fetileng, The Watch Tower (March 1, 1909) e ile ea qotsa keletso e ka holimo ea Pauluse e eang ho baholo ’moho le eena ’me ea hlalosa: “Kae kapa kae ho hlokahala hore Baholo ba be seli ka mokhoa o khethehileng; kahobane tekong e ’ngoe le e ’ngoe ba fuoeng tlotla e khōlō ka ho fetisisa le ba hlahelletseng ka ho fetisisa ba fumana litlhaselo le liteko tse boima ka ho fetisisa. Kahoo [Jakobo] oa khothatsa, ‘Banab’eso, e se be ba bangata ho lōna bao e bang matichere, lea tseba hore monna o tla fumana teko e boima haholoanyane.’ Le rōna, ka ho tšoanang, re khothatsa Baholo bohle ba hloekileng pelong, ba se nang boikhabi, hore ba se be le letho haese lerato le litakaletso tse ntle bakeng sa batho bohle, le hore ba ’ne ba tlale litholoana le mehau ea Moea o halalelang, ba be seli hape ka mohlape. Hopolang hore mohlape ke oa Morena le hore le na le boikarabelo ho Morena, esita le ho oona. Hopolang hore le lokela ho lebela meea (lithahasello) ea bona joaloka ba tlamehang ho fana ka tlaleho ho Molisa oa Sehlooho e Moholo. Hopolang hore ntho e ka sehloohong ke Lerato, ho tsohle; ’me, le ntse le sa hlokomolohe lithuto, le be seli ka mokhoa o khethehileng ho hlaolela Moea oa Morena har’a litho tse fapa-fapaneng tsa ’Mele oa hae, hore ka tsela eo li ka fetoha ‘tse tšoanelehang bakeng sa lefa la bahalaleli ba leng leseling,’ ’me, ho latela thato ea Molimo, li se khoptjoe letsatsing lena le lebe, empa, ha li se li entse tsohle, li eme li felletse ho Kreste, ’Mele oa hae, Litho tsa hae, Ba Ikentseng Sehlabelo Hammoho le Eena, Majalefa Hammoho le Eena.”
18 Mantsoe ao a ne a lebisitsoe ho baholo ba tlotsitsoeng le balumeli ’moho tumellanong le kutloisiso le maemo a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova mehleng eo ea pejana. Empa, keletso eo e sebetsa hantle hakaakang kajeno! E-bang tšepo ea bona ke ea leholimo kapa ea lefatše, baholo ba Bakreste ba tlameha ho itlhokomela, ho lebela letlotlo la bona, ’me ka lerato ba hlokomele lithahasello tsa mohlape oa Molimo.
Thabo e Tlisoa ke ho Lebela Letlotlo la Hao
19, 20. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore thabo e tlisoa ke ha baholo ba lebela letlotlo la bona?
19 Nyakallo—ha e le hantle, thabo e tsoang botebong ba pelo—e tlisoa ke ho lebela letlotlo la hao joaloka moholo oa Mokreste. Hoa thabisa ho phetha boikarabelo bo tebileng hantle. Kahoo, e-ba seli, tšoarella thapelong, e-ba mafolo-folo. Lebela letlotlo la hao joaloka moholo ’me u lebelle nako eo ka eona, ho tšoana le monna ea nang le lenaka la mongoli, u ka reng: “Ke entse kamoo u ntaetseng kateng.”—Ezekiele 9:3, 4, 11.
20 E, sebetsa ka botšepehi joaloka moholo e le hore joaloka Noe ho ka thoe ka uena: “O entse sona seo.” (Genese 6:22, NW) Phutheho e fumana molemo ka litsela tse ngata tšebeletsong e mafolo-folo joalo. Ka holim’a tsohle, Jehova o tlotlisoa ke liphutheho tse matla, tse mafolo-folo tse sebeletsoang ke baholo ba tšepahalang ba lebelang letlotlo la bona. Empa ha e le hantle, ho hlokoa ho eketsehileng hore u tle u bolelloe: “U entse hantle, mohlanka ea khabane.” (Luka 19:17, TLP) Joaloka moholo, u tlameha hore hape u tšoare mohlape oa Molimo ka mosa.
U ne u Tla Re’ng?
◻ Baholo ba Bakreste ba na le letlotlo lefe le eketsehileng?
◻ Moholo a ka nka mehato efe e tiileng hore a lebele letlotlo la hae?
◻ Hore a lebele letlotlo la hae, ke maraba afe ao moholo a tlamehang ho a qoba?
◻ Ke hobane’ng ha thabo e hlaha ha baholo ba lebela letlotlo la bona?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Baholo ba Bakreste ba tlameha ho ba “joale ka lehaha ha sefefo se e-tla”
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Joaloka moholo, kopanela tšebeletsong ea tšimo le litho tsa lelapa la hao le ba bang ka mehla
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Haeba u lebela letlotlo la hao joaloka moholo, phutheho e tla fumana molemo ka litsela tse ngata