Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bafu?
LELAPA la batho ba bacha lilemong le ne le etela lebōpong le ka bochabela la Afrika Boroa ho ea phomolong. Batsoali ba mosali ba ne ba le koloing e ’ngoe ka pele. Ka tšohanyetso, lebili le ile la phatloha. Ha ba ntse ba lokisetsa ho kenya le leng ka thōko ho tsela, moqhobi ea tahiloeng a hloa likoloi tsena tse peli. Monna-moholo le mosali oa hae ba e-shoa. Monna e monyenyane a shoa matsatsi a ’maloa hamorao. Mosali oa hae o ile a robeha likhopo le ho tsoa likotsi tse ling tse itseng. Lesea la hae la tsoa kotsi e senyang boko.
Ebile tlokotsi e kaakang bakeng sa lelapa lee le malimabe! Ha Carolann, ngoan’abo mosali eo e monyenyane a utloa litaba tsena, o ile a ikutloa a shoele litho. Litlokotsi tse kang ena li etsahala linaheng tsohle. Beng ka batho ba tsoileng likotsi ba masoabing le metsoalle hangata baa ipotsa, ‘Na bafu ba hlile ba shoele,’ kapa . . .
‘Na Bafu Baa Phela?’
E batla e le malumeli ’ohle a rutang hore moea ha o shoe. Kahoo, balateli ba ’ona ba lumela hore ba shoang ha ba hlile ha baa shoa empa ba sa ntsane ba phela leholimong, pelekatoring, kapa liheleng. Joalokaha ho rutoa likerekeng tse ngata, ba liheleng ba hlokofatsoa habohloko ka ho sa feleng. Empa na Molimo o lerato o ka hla oa hlokofatsa libopuoa tsa oona joalo?—1 Johanne 4:8.
Ha ho bonahale eka ho ka ba joalo, empa re ka tiisa joang hore ha ho joalo? Nahana ka hloko ka bopaki bo latelang ba Bibele. “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Na polelo ee e bululetsoeng e bolela hore motho oa pele, Adama, o ile a neoa moea? Che, e ile ea e-ba moea, motho ea phelang. Hona ho tiisoa ke moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Motho oa pele, Adama, joalokaha lengolo le bolela, e ile ea e-ba moea o phelang.” Pauluse o ne a qotsa ho Genese.—1 Ba-Korinthe 15:45, The Jerusalem Bible.
Na moea oa motho o ka shoa? Moprofeta Ezekiele o ile a ngola: “Meea eohle ke ea ka: moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, 20; Moeklesia 9:5, 10) Ka ho totobetseng, haeba moea o shoele, motho ha a tsebe letho, kahoo a ke ke a utloa bohloko. Puong ea hae ea pele ea phatlalatsa ka morao ho Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a bolela phatlalatsa: “Ka sebele, moea ofe le ofe o sa mameleng Moprofeta eo [Jesu] o tla timetsoa ka ho felletseng har’a sechaba.” Ka hona moea oa shoa.—Liketso 3:23, NW.
Na Bafu ba Tla Phela Hape?
Bohle ba lumelang hore Bibele ke ’nete baa tseba hore Jesu o ile a shoa ’me a tsosoa ka letsatsi la boraro. (Liketso 10:39, 40) E be hona ho ne ho ka etsahala joang? Ka matla a moea o halalelang oa Molimo.
Na tsoho ea Jesu e ne e le mokhelo? Che. Joalokaha Pauluse a ile a ngolla phutheho ea Korinthe: “Kreste o fela a tsohile bafung, ’me ke eena letsibolo la ba shoeleng. Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ea bafu e hlaha ka motho . . . Kreste.” (1 Ba-Korinthe 15:20-22, TLP) Kahoo, ba bangata ba tla tsosoa bafung. Jesu o boetse a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo.” (Johanne 5:28, 29) Hona ho tiisa hore ba limillione ba tla tsoha.
Haeba tlhaloso e ka holimo e tsositse thahasello ea hao tsohong, mohlomong ua botsa, ‘E be ke bo-mang ba tla tsoha, hona neng?’ A re ke re hlahlobeng lipotso tseo tsa bohlokoa.